Litaba tse Molemo li Fihla Libakeng tsa Mahaeng tsa Afrika Boroa
LIHLOPHA tse halefileng tsa mahoo-hoo, mapolesa a thibelang merusu, khase e fahlang. Lilemong tsa morao tjena, litoropo le metse ea Afrika Boroa e ’nile ea tsukutloa ke likhohlano tse joalo. Esita le libaka tse ntle tsa mahaeng—moo ho lulang karolo e ka holimo ho 40 lekholong ea baahi—ha lia phonyoha tšenyong e hlahisoang ke pefo ea lipolotiki. Leha ho le joalo, har’a sena sohle, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tsoela pele ho phatlalatsa “litaba tse molemo tsa khotso.”—Ba-Efese 6:15, NW.
Ka lilemo tse ngata Lipaki li ’nile tsa etsa phutuho ea ho bolela ea likhoeli tse tharo ka selemo eo haholo-holo e lokiselitsoeng batho ba lulang mahaeng. Ka mohlala, ka 1990 bahoeletsi ba ’Muso ba ka holimo ho 12 000 ba tsoang liphuthehong tse 334 ba ile ba nka karolo phutuhong ena. Joalokaha re ka lebella, ho tlameha ho hlōloe litšitiso tse ngata e le hore ho ka fihloa ho baahi bana ba qhalakaneng ba mahaeng ba Afrika e ka boroa.
Har’a lintho tse ling, Lipaki li tlameha ho sebetsana le batho ba nang le mekhoa ea bophelo ba sechaba le lipuo tse fapaneng haholo. Ke motsoako o kopa-kopaneng hakaakang! Ka mohlala, ho na le bo-rapolasi ba buang Senyesemane le Seafrikaanse, haesitana le Bapedi, Basotho, Matsonga, Batswana, Mavenda, Maxhosa, le Mazulu. Sehlopha ka seng se na le mokhoa oa sona oa bophelo ba sechaba le puo ea sona e ikhethang. Libaka tsena li boetse li arohane haholo ’me litsela li tletse likoti. Sena sohle se hloka moea oa ho intša sehlabelo le ho sebelisa nako le chelete. Leha ho le joalo, Jehova o hlohonolofalitse ka ho enneng boiteko bo entsoeng. A re ke re u bolelle hanyenyane ka mathata le katleho ea tšobotsi ena e ikhethang ea mosebetsi oa boboleli.—Bapisa le Malakia 3:10.
“Sekolo sa Sontaha” Zululand
Bohareng ba Zululand ho na le khohlo e tebileng ea Nōka ea Umvoti. Motho ha a sheba lilomong, a ka bona lihlopha tsa matlo a joang a Mazulu tse qalikaneng ho ea fihla mose mane. Sontaheng se seng ka 1984, bahoeletsi ba babeli ba ’Muso ba ile ba tla khohlong ena e tseleng e matsoelintsoeke, e tletseng lerōle. Sebaka sena sea chesa ebile se lesoe hoo se bitsoang Kwa-Sathane (Ha Satane)—e leng ho bontšang ka ho totobetseng thuto ea bohata ea mollo oa lihele o rotetsoang ke Diabolose!
Ba re tee! ke mofufutso, baena ba ile ba ea ho mosali ea bitsoang Doris, ea neng a ntse a ruta sehlopha sa sekolo sa Sontaha. Ka mor’a hore Doris a utloe molaetsa oa ’Muso, ka potlako o ile a memela Lipaki ho ea bua le sehlopha sa hae sa bacha ba ka bang 40. Phello e bile efe? Baena ba ile ba khutla bekeng e hlahlamang ba nkile likopi tse 70 tsa khatiso ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele bakeng sa hore e sebelisoe sekolong se hona moo. Ka libeke tse ’maloa, sekolo sa Sontaha se ile sa fetoloa sehlopha sa thuto ea Bibele. Ho e-na le hore ho binoe lifela tsa kereke, ho ile ha binoa lipina tsa ’Muso ka tsela ea Maafrika, ka tumellano e thabisang. Kapele sehlopha se ile sa hōla sa ba le litho tse ka holimo ho 60. Moena e mong o ile a re: “E bile phihlelo e thabisang hakaakang ho ba le karolo ho fetoleng sekolo sena sa Sontaha hore ebe sebaka sa borapeli ba ’nete!”
Hlatheng e Lerōle
Ka lebaka la ho kenella ha likereke merusung ea lipolotiki, bo-rapolasi ba bangata ba basoeu ba seli kapa ba qoaea e mong le e mong ea tlang ho bona ka molaetsa oa Bibele. Hlokomela tlaleho ena ea sehlopha se tsoang Johannesburg se ileng sa tsamaea lik’hilomithara tse 640 ho ea bolela litaba tse molemo karolong e ’ngoe ea Transvaal.
“Nakong ena re se re tsamaile nako e ka bang lihora tse ’nè re lebile leboea ho pholletsa le hlathe e saballetseng. Tseleng e bataletseng ho bonahala ho phatsima ho kang ha metsi ho bakoang ke letsatsi le bataolang la Afrika. Hang-hang, tsela ea sekontiri ea fella ’me ho qaleha tsela e matsutla, e tletseng liforo le likoti. Qetellong, tsela e tletseng lehlabathe e re fihlisa polasing.
“Re lumelisa rapolasi oa senatla: ‘Lumela, Meneer [Monghali].’
“O arabela ka ho fela pelo: ‘Lumelang. Na nka le thusa?’
“Ka mor’a ho itsebahatsa hore na re bo mang, re hlalosa lebaka leo re etileng ka lona. Re e-s’o qete le ho bua o hoeletsa ka bohale: ‘Moruti oa ka o ntlhokomelisitse ka lōna! Le Makomonisi le bo-Antikreste feela. Tsoang bakeng sena sa ka pele ke le . . . !’
“Ponahalo ea rapolasi e bontša hore a ka ’na a re loantša neng kapa neng. Kaha ha ho ho hong hoo re ka ho etsang, re etsa qeto ea ho tsamaea le ho ‘hlohlora lerōle maotong a rōna.’ (Mattheu 10:14) Ho na le lerōle le lekaneng hore re ka etsa sena ka mokhoa o tobileng.
“Polasing e hlahlamang karabelo ke e tšoanang. Joale re hlokomela hore moruti oa sebaka seo oa Dutch Reformed o ’nile a sebelisa thelefono, a lemosa ‘mohlape oa hae’ ka ‘kotsi’ e ka ’nang ea hlahela sebaka seo. Qetellong re teana le rapolasi eo, le hoja eena a sa thahaselle, a reng: ‘E, le ka bua le basebeletsi ba ka.’
“Re ne re emetse sona seo. Mekhoro e menyenyane ea boemo bo tlaase e litsoeng ka mobu e ka bang leshome e khobokane haufi le lifate tsa boloukatlele. Re ka lemoha hore ho na le mahlo a laba-labelang ho bona se etsahalang a nyaretseng ho tsoa mekhorong ena ha re ntse re bokella liqubu tsa lingoliloeng holim’a koloi ea rōna. Pokello e ’ngoe ke ea Libibele, pokello e ’ngoe ke ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, le pokello ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, ’me libukana tse sa tšoaneng tse lekanang le makasine ke tsona tseo re qetellang ka tsona libukeng tseo re li bontšang. E mong oa bashanyana ba hona moo oa matha ho ea tsebisa baahi ba motseng oo hore re fihlile. Kapele sehlopha sa batho ba ka bang 30 se khobokana ho pota-pota koloi ho tla utloa molaetsa.
“Ba bapalloa nehelano e hatisitsoeng ka sebapala-lik’hasete esale pele ka Setswana. Batho bana ba thabile hakaakang ha ba utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le tšepo ea Paradeise ka puo ea bona! Batho ba buisana ka thabo ha ho nehelanoa ka libuka. Ka nakoana e khutšoaane, re se re sitoa ho ba fa libuka kapele kamoo ba batlang. Monna-moholo e mong o bile o batla ho reka mochine oa sebapala-lik’hasete. Re ikutloa re ameha maikutlo ka ho tebileng ha kananelo bakeng sa litaba tse molemo e bonahatsoa ka litsela tse ngata tse nyenyane—ho bososela ka mokhoa o lihlong, ho phathatsoa, le ‘kea leboha’ e bueloang tlaase.
“Ka boithaopo, bana ba etsa mola o matsoelintsoeke ’me ba bina pina ea moetlo ea hore batho ba tsamaee hantle. Hang-hang, re furalla litsela tse tletseng lerōle, tse nang le liforo le ho se arabele hantle ho bang teng ka linako tse ling. E bile ho tšoanelang boiteko bohle!”
Morena o Ntša Taelo!
Phutheho e ’ngoe ea Soweto e ile ea ba le kabelo ea ho bolela sebakeng sa mahaeng se pel’a toropo e ka bochabela ea Piet Retief. Tloaelo ea moo ke hore moeti o tlameha ho bolela seo a tlileng ka sona ho induna (morena) ea sebaka seo pele. Baena ba ile ba ikokobeletsa tokisetso eo. E bile ho makatsang hakaakang ha morena a ba amohela ka mofuthu a bile a ithaopela ho ba fa marobalo lelapeng la hae! Ho ekelletsa moo, a sebelisa setempe sa hae sa molao, o ile a ngola lengolo le tsebahatsang bahoeletsi e le hore ba tle ba tsamaee ka lona ha ba ea ka ntlo le ntlo. Le ne le re: “Bana ke baboleli ba ’Muso oa Molimo. Ba amoheleng malapeng a lōna, ’me le ba mamele.”
Karabelo e ile ea ba e hlollang hoo Lipaki li ileng tsa lokisetsa hore ho nehelanoe ka puo ea phatlalatsa ka jareteng ea morena Sontaha thapama. Sebaka se kang “holo” e bulehileng se ile sa tlala tsoete! ’me seboka se ile sa qalisa le ho qetella ka pina le thapelo. Liphihlelo tse tšoanang tsa batho ba thahasellang li ile tsa ba teng le libakeng tse ling tsa mahaeng.
Motho e mong ea thabelang e ne e le Nathaniel, ea lulang motsaneng oa Pitsedisulejang o sekhutlong sebakeng se hlasetsoeng ke komello sa Bophuthatswana. O ne a sebetsa lefapheng la ntlafatso ea metse ’me o ne a le morerong oa ho ruta batho ba sebaka seo ho lema meroho le litholoana ka katleho. O ne a laba-labela ho fetola sebaka sena se sa beheng paradeise. Empa ha a ithuta ka paradeise ea lefatše lohle e tla tla haufinyane, mahlo a hae a ile a ela. Ka cheseho o ile a ngola lengolo le leng le le leng leo bahoeletsi ba neng ba ’montša lona. Ka potlako Nathaniel o ile a kopana le phutheho e haufinyane, e ka bang lik’hilomithara tse 30 ho tloha moo a leng teng.
Ho Thusa Batho ba Bangata ba Batlang ’Nete ka Thabo
Monika eo e leng pula-maliboho, kapa ’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso o re: “Jehova o ile a re bontša hore bofutsana ha bo thibele motho ea lapileng moeeng hore a ka ithuta ’nete.” Monika e ne e le e mong oa sehlopha sa bo-pula-maliboho ba neng ba bolela ho tloha polasing e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe lithoteng tsa karolo e bohareng ea naha Foreisetata. Bo-pula-maliboho ba ile ba ikutloa joang ka ho ikitlaetsa ho isa litaba tse molemo ho batho baa? Ba ile ba arabela: “Ke mang ea ka lekanyetsang theko ea lintho tseo re li latsoitseng?” Ha e le hantle, bo-pula-maliboho ba ile ba putsoa hantle moeeng bakeng sa boiteko ba bona.
Esita le ho se tsebe ho bala ha ho thibele motho ea lapileng moeeng hore a ithute ’nete ea Mangolo. Bukana e lekanang le makasine e nang le litšoantšo Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! e ratoa haholo-holo ke ba sa tsebeng ho bala le ho ngola kapa ba khonang ho bala hanyenyane. Ba banyenyane le ba baholo ka ho tšoanang ba thabela litšoantšo tse ntle tsa Paradeise. Mosebeletsi e mong oa nako e tletseng ea thusang ho hatisa boitsebiso bo joalo o ile a re: “Bukana ena e lekanang le makasine e thusa batho ho bona Paradeise e le ntho ea sebele ’me e matlafatsa tlhompho ea bona ea tlhaho le tšabo bakeng sa Bibele.”
Ka lebaka lena, khatiso ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e ratoa haholo. Sebakeng se ka thōko sa mahaeng sa Lebowa, bo-khaitseli ba rōna ba moea ba babeli ba ile ba makala ho fumana hore monna-moholo ea seng a batla a foufetse le mosali oa hae ba ne ba e-na le kopi ea buka ena ka puo ea Sepedi. Banyalani bana ba ne ba e sebelisa joaloka buka ea ho ruta bana sebakeng seo. Ha e le hantle, buka ena e ne e ithutiloe hantle ’me e tšoailoe hoo e neng e se e e-ba litsekana. Ba ile ba thaba hakaakang ho iphumanela kopi e ncha!
Kahoo ke ’nete hore libuka tsa Bakreste ba ’nete li khotsofatsa tlhoko e khōlō ka ho thusa ba lapetseng ’nete. Ka ho thahasellisang, karolo e khōlō ea boitsebiso bo ngotsoeng ka lipuo tsa libaka tsa Afrika e ka boroa ke bo hatisoang ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ka 1990 feela, libuka, libukana tse lekanang le makasine, le limakasine tse 113 529 tse hatisitsoeng ke Mokhatlo li ile tsa abuoa libakeng tsa mahaeng tsa Afrika Boroa.
Litholoana tsa Mosebetsi oo
Na liphihlelo tsena tse monate le ho abuoa ha lingoliloeng li ile tsa hlahisa litholoana tse tšoarellang libakeng tsa mahaeng tsa Afrika Boroa? Ka sebele li bile le tsona. Ho tloha ka 1989 ho se ho thehiloe liphutheho tse ’nè le lihlopha tse ka thōko tse robong e le phello e tobileng ea ho boleloa ha litaba tse molemo libakeng tsa mahaeng tsa Afrika Boroa. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana le bo-pula-maliboho ba ka mehla ba ile ba etella pele boholo ba mosebetsi ona.
Na u sa hopola Doris le sekolo sa hae sa Sontaha khohlong ela e hōle Zululand? Kajeno, ke Paki ea Jehova e inehetseng le e kolobelitsoeng. Ho feta moo, sehlopha se hōlang sa bahoeletsi ba ’Muso ba robong se tsoela pele ho hatela pele moeeng hona moo. Ba bangata ba bacha ba kopanela libokeng tse tšoareloang lehaeng la Doris, ’me batho ba supileng bao a neng a ba khannela lithuto tsa Bibele ba ile ba kolobetsoa kopanong ea setereke e neng e tšoeroe Durban ka December 1990.
Litholoana tse joalo ke khothatso e thabisang ho bahoeletsi ba ’Muso Afrika Boroa. Ba nka ka ho teba mantsoe a moapostola Pauluse: “Ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle.” (Ba-Galata 6:10) E, bahlanka ba Jehova ba ikemiselitse ho finyella batho bohle ba pelo li tšepahalang, ho kopanyelletsa le ba lulang libakeng tsa mahaeng tsa ‘karolo ena e hōle ea lefatše.’—Liketso 1:8, NW.
[Limmapa/Litšoantšo tse leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lebowa
TRANSVAAL
Soweto
Piet Retief
Bophuthatswana
FOREISETATA