Ke ka Tsela Efe Jesu Kreste e Neng e le Moprofeta ea Tšoanang le Moshe?
JEHOVA MOLIMO ha a thetse. (Tite 1:2; Ba-Heberu 6:18) Kahoo, boprofeta ba Lentsoe la hae, Bibele, boa tšepahala ebile ke ba ’nete. Re kholisehile hore bo tla phethahala.
Bo bong ba boprofeta bona bo bululetsoeng ke Molimo ke boo moprofeta oa Moheberu Moshe a ileng a bo tlaleha mabapi le Messia. Ha a qotsa mantsoe a Jehova, Moshe o itse: “Ke tla ba [Baiseraele] hlahisetsa moprofeta ea tsoang har’a banab’abo bona, ea joale ka uena [Moshe]; ke tla bea mantsoe a ka molomong oa hae; ’me o tla ba bolella tsohle tsee ke tla mo laela tsona.”—Deuteronoma 18:17, 18.
Moapostola Petrose o ile a sebelisa boprofeta bona ho Jesu Kreste ha a re: “Moshe a na a re: ‘Har’a bana babo lōna, Morena, Molimo oa lōna, o tla le hlahisetsa Moporofeta ea kang ’na. Le tle le mo mamele linthong tsohle tseo a tla li bua ho lōna.’” (Liketso 3:22, BPN) Ha e le hantle, Jesu ka boeena o ile a re: “Hola le lumela ho Moshe, le ho ’na le ka be le lumela; hobane o ngolile taba tsa ka.” (Johanne 5:46) Jesu le Moshe ba ne ba tšoana ka litsela life?
Ba ne ba Tšoana Qalong ea Mesebetsi ea Bona
Moshe le Jesu ba ile ba pholoha ha ho bolaoa masea a bashemane. Moshe oa lesea o ile a patoa ka har’a lehlaka lebopong la Nōka ea Nile ’me kahoo a pholoha ha ho bolaoa masea a bashemane a Baiseraele joalokaha Faro oa Egepeta a ne a laetse. Ha e sa le lesea, Jesu Kreste le eena o ile a pholoha ha ho bolaoa bashemane Bethlehema le literekeng tsa eona, ho tloha ho masea ho fihlela ho ba lilemo li peli. Polao ena e ne e laetsoe ke Morena Heroda e Moholo, eo, joaloka Faro, e neng e le sera sa Molimo le batho Oona.—Exoda 1:22–2:10; Mattheu 2:13-18.
Moshe le Jesu ba ile ba bontša moea oa ho ba pelo-nolo, kapa ho ba mosa. Le hoja a ne a hōlisitsoe joaloka mora lelapeng la morena ea matla oa Egepeta, Moshe o ne a le “mosa ho fetisa motho ofe le ofe ea lefatšeng.” (Numere 12:3) Ka ho tšoanang, Jesu o ne a sebeletsa joaloka Mikaele, khosana e matla leholimong empa ka boikokobetso o ile a tla lefatšeng. (Daniele 10:13; Ba-Filippi 2:5-8) Ho feta moo, Jesu o ne a utloela batho bohloko ’me o ile a re: “Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea [“liphefumolohi,” NW] ea lōna phomolo.”—Mattheu 11:29; 14:14.
Molemong oa tšebeletso ea Jehova, Moshe le Jesu ba ile ba siea maemo a phahameng le maruo a maholo. E le hore a ka sebeletsa Jehova le batho ba Hae, Moshe o ile a tela leruo le botumo Egepeta. (Ba-Heberu 11:24-26) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a siea boemo bo nang le menyetla e khethehileng le maruo leholimong e le hore a ka sebeletsa Molimo le sechaba sa Oona lefatšeng.—2 Ba-Korinthe 8:9.
Moshe le Jesu ka bobeli e ile ea e-ba batlotsuoa ba Molimo. Moprofeta Moshe o ile a sebeletsa joaloka motlotsuoa oa Jehova sechabeng sa Iseraele. Joalokaha moapostola Pauluse a boletse, Moshe o ile “a kholoa hoba sekhobo sa [ho ba] Kreste [motlotsuoa] ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta.” (Ba-Heberu 11:26; Exoda 3:1–4:17) Jesu e bile Kreste kapa Motlotsuoa neng? Sena se ile sa etsahala ha a ne a tlotsoa ka moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, nakong ea ha a kolobetsoa. Jesu o ile a paka hore e ne e le Messia kapa Kreste, ho mosali oa Mosamaria selibeng sa Jakobo se Sikare le ka pel’a moprista e moholo oa Iseraele nakong ea ha a ahloloa.—Mareka 14:61, 62; Johanne 4:25, 26.
Moshe le Jesu ba ile ba itima lijo ka matsatsi a 40. Qalong ea mosebetsi oa hae joaloka ’muelli oa Molimo, Moshe o ile a itima lijo ka matsatsi a 40 ha a ne a le thabeng ea Sinai. (Exoda 34:28) Jesu o ile a itima lijo ka matsatsi a 40 ha a ne a le lefeelleng a ba a hlōla teko ea Satane qalong ea mosebetsi oa hae joaloka Messia ea tšepisitsoeng.—Mattheu 4:1-11.
Banna Bana ka Bobeli ba Ile ba Tlotlisa Jehova
Jehova o ile a sebelisa Moshe le Jesu ho phahamisa lebitso la Hae le halalelang. Molimo o ile oa bolella Moshe hore a ee ho Baiseraele ka lebitso la ‘Jehova, Molimo oa bo-ntat’a bona.’ (Exoda 3:13-16) Moshe e ne e le moemeli oa Molimo ka pel’a Faro, ea ileng a tlohelloa hore a ’ne a phele e le hore matla a Jehova a ka bonahala le lebitso la Hae le tumisoe lefatšeng lohle. (Exoda 9:16) Ka ho tšoanang Jesu o ile a tla ka lebitso la Jehova. Ka mohlala, Jesu o itse: “Ke tlile ka lebitso la Ntate, ’me ha le nkamohele.” (Johanne 5:43) Jesu o ile a tlotlisa Ntate oa hae, a senolela batho bao Molimo o neng o mo nehile bona lebitso la Jehova, ’me a le tsebahatsa lefatšeng.—Johanne 17:4, 6, 26.
Ka matla a Molimo, Moshe le Jesu ba ile ba etsa mehlolo e ileng ea tlotlisa Molimo. Moshe o ile a etsa mehlolo ka morero oa ho paka hore o ne a ronngoe ke Jehova Molimo. (Exoda 4:1-31) Ho pholletsa le mosebetsi oa hae, Moshe, ea ileng a sebelisoa ke Molimo ho arola Leoatle le Lefubelu, o ile a tsoela pele ho etsa mehlolo e ileng ea tlotlisa Jehova. (Exoda 5:1–12:36; 14:21-31; 16:11-18; 17:5-7; Pesaleme ea 78:12-54) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a tlisetsa Molimo khanya ka ho etsa mehlolo e mengata. Kahoo ho ne ho loketse hore Jesu a bue tjena: “Ntumeleng hobane ke ho Ntate, le hoba Ntate o ho ’na; ho se joalo, ntumeleng ka baka la eona mesebetsi.” (Johanne 14:11) O mong oa mehlolo ea hae e bile oa ho etsa hore sefefo se mabifi se kokobele, e le hore Leoatle la Galilea le ka khutsa.—Mareka 4:35-41; Luka 7:18-23.
Ho Tšoana ho Hong ha Bohlokoa
Moshe le Jesu ka bobeli ba ile ba amahanngoa le ho hlahisoa ha lijo ka mohlolo. Moshe e ne e le moprofeta oa Jehova ha Baiseraele ba ne ba fuoa lijo ka mohlolo. (Exoda 16:11-36) Ka ho tšoanang, liketsahalong tse peli tsa tlaleho ea Bibele, Jesu o ile a fepa matšoele lijo tsa nama ka mohlolo.—Mattheu 14:14-21; 15:32-38.
Manna a tsoang leholimong a ne a amana le tšebeletso ea Moshe hammoho le Jesu. Moshe o ne a etelletse Baiseraele pele nakong eo ka eona ba fuoang manna a tsoang leholimong. (Exoda 16:11-27; Numere 11:4-9; Pesaleme ea 78:25) Ka tsela e tšoanang, empa ea bohlokoa haholoanyane, Jesu o ile a fana ka nama ea hae joaloka manna a tsoang leholimong bakeng sa bophelo ba batho ba baikokobetsi.—Johanne 6:48-51.
Moshe le Jesu ba ile ba ntša batho botlamuoeng ho ba isa tokolohong. Moshe o ile a sebelisoa ke Molimo hore a etelle Baiseraele pele ha ba tsoa botlamuoeng ba Baegepeta ho ea tokolohong ea batho ba Oona. (Exoda 12:37-42) Ka ho tšoanang, Jesu Kreste o ’nile a etella balateli ba hae pele ho ba isa tokolohong. Kreste o sa ntse a tla etella pele batho ba utloang ho ba lokolla botlamuoeng ba mokhatlo oa Satane Diabolose, esita le sebeng le lefung.—1 Ba-Korinthe 15:24-26; Ba-Kolosse 1:13; 1 Johanne 5:19.
Moshe le Jesu e bile bakena-lipakeng ba lilekane. Moshe e ne e le mokena-lipakeng oa selekane sa Molao, pakeng tsa Jehova Molimo le Baiseraele. (Exoda 19:3-9) Jesu ke Mokena-lipakeng oa selekane se secha pakeng tsa Molimo le Iseraele oa moea.—Jeremia 31:31-34; Luka 22:20; Ba-Heberu 8:6-13.
Moshe le Jesu Kreste ba ile ba fuoa matla a ho ahlola. Moshe o ile a sebeletsa joaloka moahloli le monei-molao oa Iseraele ea nama. (Exoda 18:13; Malakia 4:4) Jesu o sebeletsa joaloka Moahloli ’me o file ‘Iseraele ea moea ea Molimo’ melao le litaelo tsa hae. (Ba-Galata 6:16; Johanne 15:10) Kreste ka boeena o itse: “Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle, hore bohle ba hlonephe Mora, joale ka ha ba hlonepha Ntate. Ea sa hlonepheng Mora, ha a hlonephe le Ntate ea mo romileng.”—Johanne 5:22, 23.
Moshe le Jesu ba ne ba tšepetsoe mosebetsi oa bohlooho ka tlung ea Molimo. Moshe o ne a tšepahala joaloka hlooho ea ntlo ea Molimo Iseraeleng ea boholo-holo. (Numere 12:7) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a etsoa Hlooho ea ntlo ea Jehova ea bara ba moea ’me o ipakile a tšepahala kabelong ea hae. Ka sebele, Jesu o ile “a tšepahala ho ea ’meileng, joalokaha Moshe a ile a tšepahala tlung eohle ea Molimo. Jesu o bile o lokeloa ke tlōtla e fetang ea Moshe, joalokaha sehahi sa ntlo se hlompheha ho feta ntlo ka boeona. . . . Moshe o ile a tšepahala tlung eohle ea Molimo e le mosebeletsi ea pakang tse tlang ho boleloa ke Molimo, empa Kreste, e le Mora, o tšepahala tlung ea hae eo a e okametseng. Ntlo eo ke rōna ha re ka ba sebete, ’me ra bōlōka tšepo eo re leng motlōtlō ka eona.”—Ba-Heberu 3:2-6, BPN.
Esita le ho fihlela lefung, Moshe le Jesu ba ile ba tšoana. Ka tsela efe? Jehova o ile a tlosa setopo sa Moshe, ka morero oa ho thibela batho ho se hlompholla kapa ho se rapela. (Deuteronoma 34:5, 6; Juda 9) Ka ho tšoanang, Molimo o ile oa tlosa setopo sa Jesu, oa se ke oa se lumella hore se bone ho bola, kahoo oa thibela hore e ka ba lejoe la khopiso tumelong.—Pesaleme ea 16:10; Liketso 2:29-31; 1 Ba-Korinthe 15:50.
Ela Boprofeta Hloko
Tsena ke tse ling tsa litsela tseo ka tsona Jesu Kreste a ipakileng e le moprofeta ea tšoanang le Moshe. Mantsoe a Molimo ho Moshe mabapi le ho tla ha moprofeta eo a ile a phethahala ka mokhoa o babatsehang hakaakang!
Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ea boprofeta ea ho hlahisa moprofeta ea tšoanang le Moshe. Mantsoe a Deuteronoma 18:18 a ile a phethahala bophelong le liphihlelong tsa Jesu Kreste. ’Me phethahatso e joalo e re fa lebaka la ho ba le tšepo e tiileng likarolong tse ling tsa boprofeta ba Lentsoe la Molimo. Kahoo, a re eleng boprofeta ba Bibele hloko ka mehla.