‘Buka e Nyamela Joalo-joalo’
Ke seo tichere ea sekolo se phahameng se California e ka boroa, U.S.A., e ileng ea se bolela ka buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Sekolo se ile sa qala ho fana ka nako e itseng ea ho bala letsatsi le letsatsi eo ka eona liithuti li neng li ka bala ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li e batlang. Tichere e ile ea beha lingoliloeng, ho kopanyelletsa le buka ea Bacha Baa Botsa, bakeng sa liithuti tse neng li sa tla le se baloang.
Ea hlalosa: “Buka ena e fetohile e ratoang ka ho fetisisa sehlopheng. E nyamela ka lihora tse ’maloa, kapa esita le letsatsi kapa a mabeli, ebe ea khutla. Liithuti li botsa metsoalle ea tsona, ‘Na u kile ua bala see?’ kapa li etsa tlhaloso, ‘Ke buka e ntle.’ Ka mor’a ho supisa metsoalle ea tsona lintho tse itseng, lia khutla ’me li bale ho eketsehileng.
“Maqephe a kobuoe, ’me buka e se e bontša matšoao a ho tsofala. Khaolo e tsofetseng ka ho fetisisa ke ea 23, ‘Ho Thoe’ng ka Likamano tsa Botona le Botšehali Pele ho Lenyalo?’ Liithuti li rata litšoantšo, ’me li li bapisa le se ngotsoeng pel’a tsona. Ke ile ka bona seithuti se seng se bala khaolo ‘Ke Hobane’ng ha Ntate le ’Mè ba ile ba Arohana?’
“Ka mor’a nakoana buka ea pele e ile ea nyamela, kahoo ke ile ka beha e ’ngoe hape. Eaba buka ea pele ea khutla, kahoo hona joale li peli. Ho se ho fetile likhoeli tse tharo kapa tse ’nè haesale ke beha buka ea pele, ’me libuka tsena li ntse li baloa.”
Likhaolo tse ling har’a tse 39 tse bukeng ena ke “Ke Joang Nka Etsang Metsoalle ea Sebele?” “Chebahalo e Bohlokoa Hakae?” le “Nka Tseba Joang Haeba ke Lerato la ’Nete?” Haeba u ka thabela ho amohela kopi ea buka ena e nang le litšoantšo tse khahlehang, ka kōpo tlatsa le ho romela setlankana se ka tlaase mona.
Nka thabela ho amohela buka e sekoahelo se thata e maqephe a 320 Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. (Ka ntle ho R.S.A., ngolla lekala la Watch Tower le sebakeng sa heno ho fumana boitsebiso. Bona leqephe 2.)