Na Ruri Bolumeli Boa Hlokahala?
NA BOLUMELI ke ba bohlokoa ho uena? Na mohlomong, u setho sa sehlopha sa bolumeli kapa sa kereke? Haeba ho joalo, u tšoana le batho ba phetseng morao koo ka 1844, e leng selemo seo ka sona rafilosofi oa Lejeremane Karl Marx a ileng a ngola: “Bolumeli . . . ke matekoane ho batho.” Mehleng eo hoo e batlang e e-ba e mong le e mong o ne a e-ea kerekeng ’me bolumeli bo ne bo e-na le tšusumetso e matla mesebetsing eohle ea sechaba. Kajeno, hoo ho fetohile haholo, ’me bolumeli bo phetha karolo e nyenyane kapa ho hang ha ho seo bo se etsang bophelong ba batho ba limillione tse makholo. Haeba u kena kereke, mohlomong le ’maloa feela motseng oa heno.
Ke eng se ileng sa baka phetoho ena? Lebaka le leng ke hore, Karl Marx o ile a hōlisa filosofi e khahlanong le bolumeli e ileng ea fana ka tšusumetso e khōlō. Kamoo ho bonahalang ka teng, Marx, o ne a nka bolumeli e le tšitiso tsoelo-peleng ea batho. O ile a bolela hore litlhoko tsa motho li ka finyelloa hamolemo ka lerato la lintho tse bonahalang, e leng filosofi e ileng ea qhelela Molimo ka thōko kapa bolumeli ba meetlo. Sena se ile sa etsa hore a re: “Tlhokahalo ea pele bakeng sa thabo ea batho ke ho felisoa ha bolumeli.”
Filosofi ea Marx ea lerato la lintho tse bonahalang e ile ea boetse ea hōlisoa hape ke Friedrich Engels oa Mojeremane ea tšehetsang leano la ho arolelana moruo ka ho lekana sechabeng le moeta-pele oa Russia oa Lekomonisi Vladimir Lenin. Filosofi ena e ile ea tsejoa e le Marxism-Leninism. Ho fihlela morao tjena, ka holimo ho karolo ea boraro ea batho e ’nile ea phela tlas’a puso ea lipolotiki e ileng ea latela filosofi ena ea ho se lumele hore Molimo o teng ka tekanyo e khōlō kapa e nyenyane. Banna le basali ba bangata ba ntse ba etsa joalo.
Ho Hōla ha ho Iphapanyetsa Bolumeli
Empa ho ata ha filosofi ea Bokomonisi e ne e se hona feela ho ileng ha fokolisa matla ao bolumeli bo nang le ’ona ho batho. Tsoelo-pele e ileng ea etsoa lefapheng la saense le eona e ile ea phetha karolo e ’ngoe. Ka mohlala, ho ata ha thuto ea ho iphetola ha lintho ho ile ha etsa hore ba bangata ba belaelle ho ba teng ha ’Mopi. Ho ne ho boetse ho e-na le litšusumetso tse ling.
Encyclopædia Britannica e bolela ka “ho sibolloa ha litlhaloso tsa saense bakeng sa liketsahalo tseo pele ho neng ho utloisisoa hore li bakoa ke matla a phahametseng a tlhaho” le “ho felisoa ha tšusumetso ea bolumeli bo hlophisitsoeng mafapheng a tšebetso a kang a tsa meriana, thuto le mahlale.” Likhatelo-pele tse kang tsena li entse hore ho iphapanyetsa bolumeli ho hōle. Ho iphapanyetsa bolumeli (secularism) ke eng? Ho hlalosoa e le “pono ea bophelo . . . e thehiloeng khakanyong ea hore bolumeli le likhopolo tsa bolumeli li lokela ho hlokomolohuoa kapa li behelloe ka thōko ka boomo.” Ho Iphapanyetsa Bolumeli ho na le tšusumetso e khōlō linaheng tsa Bokomonisi le tseo e seng tsa Bokomonisi.
Empa ho iphapanyetsa bolumeli le Marxism-Leninism hase tsona feela tse ileng tsa fokolisa tšusumetso ea bolumeli. Likereke tsa Bokreste-’motoana li tlameha ho behoa molato. Hobane’ng? Hobane ka makholo a lilemo li ’nile tsa sebelisa matla a tsona hampe. ’Me li ile tsa ruta lithuto tse neng li thehiloe lineanong tseo e seng tsa mangolo le lifilosofing tsa batho ho e-na le Bibele. Kahoo, batho ba bangata mehlapeng ea bona ba ne ba fokola haholo moeeng hore ba ka emellana le tlhaselo e mabifi ea ho iphapanyetsa bolumeli.
Ho feta moo, qetellong hangata likereke ka botsona li ile tsa inehela mokhoeng oa ho iphapanyetsa bolumeli. Lekholong la bo19 la lilemo, litsebi tsa bolumeli tsa Bokreste-’motoana li ile tsa hlahisa mokhoa oa ho hlahlobisisa Bibele ka morero oa ho fumana liphoso tsa eona oo ho ba bangata, o ileng oa felisa tšusumetso ea bona e matla ea ho lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. Likereke, ho kopanyelletsa le Kereke ea Roma e K’hatholike, li ile tsa amohela thuto ea ho iphetola ha lintho. E, li ne li ntse li ipolela hore li lumela pōpo. Empa li ile tsa lumella mohopolo oa hore ho ka etsahala hore ebe ’mele oa motho o ile oa iphetola, le hore ke sephefumolohi feela se ileng sa bōptjoa ke Molimo. Lilemong tsa bo-1960, Boprostanta bo ile ba hlahisa thuto ea bolumeli e neng e bolela ka “lefu la Molimo.” Baruti ba bangata ba Maprostanta ba ile ba lumella mokhoa oa bophelo oa lintho tse bonahalang. Ba ile ba lumella likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo esita le bosodoma. Litsebi tse ling tsa thuto ea bolumeli tsa Mak’hatholike li ile tsa hōlisa thuto ea bolumeli ba tokoloho, ba kopanya Bokh’atholike le boMarxism bo batlang liphetoho.
Ho Felloa ke Matla ha ho Iphapanyetsa Bolumeli
Ka hona, ho iphapanyetsa bolumeli ho ile ha busa, haholo-holo nakong ea lilemo tsa bo-1960 ho fihlela bohareng ba lilemo tsa bo-1970. Eaba lintho li boela li fetoha. Ho ile ha bonahala bolumeli bo boea sekoele empa haholo-holo e seng likereke tse khōlō. Lefatšeng ka bophara, lilemong tse qetellang tsa bo-1970 le tsa bo-1980 ho ile ha bonahala ho ata ha lihlopha tse ncha tsa bolumeli.
Ke hobane’ng ha bolumeli bo ile ba boea sekoele? Mosebeletsi oa sechaba oa Lefora Gilles Kepel o ile a bolela hore “batho ba rutehileng bao eseng baruti . . . ba lumela hore mokhoa oa bophelo o sa laoloeng ke Molimo ha ho moo o ba lebisitseng teng le hore ka ho itokolla ho Molimo, batho ba kotula seo ba se jetseng ka boikhantšo le boikhohomoso ba bona e leng botlokotsebe, tlhalo, AIDS, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, [le] ho ipolaea.”
Ho felloa ke matla ha ho iphapanyetsa bolumeli ho boetse ha matlafatsoa ke ho ileng ha bonahala e le ho oa ha morao-rao tjena ha Marxism-Leninism. Ho batho ba bangata filosofi ena ea ho se lumele hore Molimo o teng e ne e fetohile bolumeli bo nepahetseng. Joale, ak’u inahanele hore na ba behileng tšepo ea bona ho eona ba ile ba makala hakaakang! Washington Post e tsoang Moscow e ile ea qotsa eo e kileng ea e-ba mookameli oa Sekolo se Phahameng sa Mokha oa Bokomonisi ea ileng a re: “Naha ha e phelisoe feela ke moruo oa eona le libaka tsa thupelo, empa e phelisoa le ke litšōmo le ke bathehi ba eona. Ke koluoa sechabeng leha e le sefe ho sibolla hore litšōmo tsa sona tse khōlō ha lia theoa ’neteng empa li theiloe mashanong le linthong tseo e seng tsa sebele. Empa seo ke sona seo re se latsoang hona joale tabeng ea Lenin le phetohelo.”
Ha a bua ka mafatše a Bokomonisi le ao ho ’ona moruo oa naha o sa laoloeng ke ’muso, mosebeletsi oa sechaba oa Lefora ’me ebile e le rafilosofi Edgar Morin o ile a lumela hore: “Ha rea bona feela ho senyeha ha bokamoso bo khanyang bo neng bo tšepisitsoe batho feela ba tloaelehileng empa hape re bone le ho oa ha tsoelo-pele ea sechaba e sa itšetlehang ka bolumeli, moo ho neng ho lebelletsoe hore saense, ho beha mabaka, le puso ea sechaba ka sechaba li tla tsoela pele ka botsona. . . . Hona joale ha ho tsoelo-pele e ka tiisoang. Bokamoso boo re neng re bo lebelletse bo senyehile.” Boo ke boikutlo ba ho felloa ke tšepo boo batho ba bangata ba tšepileng boiteko ba motho ba ho etsa lefatše le molemonyana ka ntle ho tataiso ea Molimo ba nang le bona.
Ho Thahasella Bolumeli Bocha
Boikutlo bona ba lefatše ka bophara ba ho se be le tšepo bo etsa hore batho ba bangata ba tiileng ba hlokomele tlhoko ea moea bophelong ba bona. Ba bona tlhoko ea ho ba le bolumeli. Empa ha ba khotsofatsoe ke likereke tse khōlō, ba bang ba boetse ba na le pelaelo ka malumeli a macha—ho kopanyelletsa lihlotšoana tse folisang, lihlopha tsa mehlolo, lihlotšoana tsa bokhelohi tsa sephiri, haesita le lihlopha tsa barapeli ba Satane. Ho chesehela bolumeli ka ho fetelletseng ho boetse ho hlahella ka litšoaneleho tsa hona tse seng ntle. Kahoo, ke ’nete hore, bolumeli bo boea sekoele ka mekhoa e sa tšoaneng. Empa na ho boea sekoele ho joalo ha bolumeli ke ntho e molemohali bakeng sa batho? Ha e le hantle, na bolumeli leha e le bofe ruri bo finyella litlhoko tsa moea tsa batho?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
“Bolumeli ke ho feheloa ha sebōpuoa se hatelletsoeng, ke boikutlo ba lefatše le khopo, le boikutlo bo mofuthu boemong bo se nang mofuthu. Ke matekoane ho batho”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo: New York Times, Berlin—33225115
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Vladimir Lenin (ka holimo) le Karl Marx ba ile ba bona bolumeli e le tšitiso tsoelo-peleng ea batho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée d’Histoire Contemperaine—BDIC (Universitiés de Paris)
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Khopolo ea Marxist-Leninist e file batho ba limillione tšepo e matla
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musée d’Histoire Contemperaine—BDIC (Universitiés de Paris)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover photo: Garo Nalbandian