Ho Kotula Barapeli
MOAPOSTOLA JOHANNE o ile a nehoa pono ea liketsahalo tse sisinyang lefatše tse neng li tla etsahala ‘letsatsing la Morena.’ O ile a bona Morena oa leholimo Jesu Kreste a khemisa ho ea ntoeng e lokileng, e tšoantšetsoang ke pere e tšoeu ea katola—“e le ea hlōlang le ea tla hlōla.” Ntho ea pele eo a e etsang ke ho leleka sera se seholo sa Molimo, Satane, maholimong ho mo theolela tikolohong ea lefatše lena. Satane o arabela ka ho utloisa batho bohloko ka lipolao, tlala, le mafu tseo ho e-s’o be le tse tšoanang le tsona, tse tšoantšetsoang ke bapalami ba tšoantšetso le lipere tsa bona—e khunong, e ntšo, le e tšehla. (Tšenolo 1:10; 6:1-8; 12:9-12) Bomalimabe bona bo ile ba hlaha pele ka 1914 ’me bo ’nile ba phahama ho tloha ka nako eo. Haufinyane, bo tla fihla sehlohlolong ka hoo Jesu a ho hlalositseng e le ‘mahlomola a maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.’—Mattheu 24:3-8, 21.
Barapeli ba Jehova ba tla tsoella joang ka nako eo? Tšenolo khaolo 7, litemana 1 ho ea ho 10, e bolela ka makhotla a mangeloi ‘a thibetseng’ meea ea timetso ho fihlela ha barapeli bana ba bokelletsoe. Ho tloha ka 1914, ba ho qetela ba teng lefatšeng ba Iseraele oa moea, bao palo ea bona e leng 144 000, ba ntse ba bokelloa. ’Me joale “ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” Bongata bona bo boholo ba batho bo se bo baloa ka limillione. Bo eme bo amoheleha ka pel’a terone ea Molimo ka baka la ho bontša tumelo maling a thekollo a Jesu, ea ileng a hlajoa joaloka konyana e se nang molato. “Ba ntse ba hooa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Barapeli bana ba chesehang ba ntse ba re “Tlo!” ho ba bang, bao le bona ba bokelloang bakeng sa ho bolokeha ‘mahlomoleng a maholo.’—Tšenolo 7:14-17; 22:17.
“Lefatšeng Lohle”
Ka barapeli bana ba inehetseng, ho ka boleloa hore: “Lentsoe la bona le utloahetse lefatšeng lohle, ’me lipolelo tsa bona li fihlile lipheletsong, pheletsong tsa lefatše.” (Ba-Roma 10:18, BPN) Mosebetsi oa bona o thata o hlohonolofalitsoe ka litholoana tse babatsehang. Ka mohlala:
Hona joale Mexico e tlaleha barapeli ba mafolo-folo ba Jehova ba 335 965, e leng keketseho ea ba ka bang likete tse lekholo ka lilemo tse tharo feela! Ke hobane’ng ha ho na le keketseho e khōlō hakaalo? Tlaleho e latelang e ka ’na ea thusa ho fana ka tlhaloso. Mohlankana e mong ea bitsoang Aurelio e ne e le mohlokomeli oa thepa ea kereke e K’hatholike. Ka mehla e ne e re ha Lipaki tsa Jehova li fihla motseng oo, o ne a letsa tšepe ea kereke ho thibela mang kapa mang ho li mamela. Ha nako e ntse e-ea o ile a reka Jerusalem Bible ea K’hatholike ’me a qala ho e bala, empa o ne a sa e utloisise. Eaba ka tsatsi le leng o bona motsoalle oa hae a nkile kopi ea New World Translation a e khoaetse ka lehafing. Aurelio o ile a nyatsa motsoalle oa hae a ba a ’molella hore Bibele ea hae e fosahetse, eaba o mo isa ha hae ho ’montša Bibele “ea sebele.” Motsoalle oa hae o ile a re ho eena: “Bala Exoda 20,” eaba oa tsamaea.
A qala ka khaolo 1, mohlokomeli eo oa thepa ea kereke o ile a bala Exoda ho fihlela a fihla ho khaolo 20, litemana 4 le 5. O ile a tšosoa ke seo Bibele ea hae ea K’hatholike e neng e se bolela ka litšoantšo. Ka mor’a ’Misa, Sontaheng se hlahlamang, o ile a atamela moruti ka litemana tse buang ka litšoantšo. Qalong moruti o ile a bolela hore eena ka boeena o ne a mpa a hlompha litšoantšo tseo feela; o ne a sa li rapele. Ha moruti a hlokomela hore sena ha se khotsofatse Aurelio, o ile a mo qosa ka hore o ithuta le Lipaki tsa Jehova. Aurelio o ile a latola sena empa a eketsa, “Joale ke tla ithuta le tsona!”
Lekhetlong le hlahlamang ha Lipaki li ea motseng oo, Aurelio o ile a kopana le tsona ’me a qala ho ithuta Bibele le tsona. O ile a khaotsa ho sebetsa kerekeng ’me ka mor’a likhoeli tse tharo o ile a tšoanelehela ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa le Lipaki tsa Jehova. Lehae la pele leo a ileng a le etela ke la moruti, ea ileng a sitoa ho kholoa mahlo a hae ha a bona eo e neng e le mohlokomeli oa thepa ea kereke e se e le ’moleli oa ’Muso. Moruti o ile a mo tšosa ka hore o tla mo leleka kerekeng, empa Aurelio o ile a ’molella hore seo se ne se sa hlokahale kaha o ne a se a ntse a tsoile kerekeng. Tsela ea hae e sebete e ile ea khothatsa baahi ba bang ba bangata ba motse oo ba neng ba se ba ntse ba ithuta le Lipaki tsa Jehova. Aurelio le ba bang ba 21 ba tsoang motseng oo ba ile ba kolobetsoa kopanong e latelang ea setereke. Khōlo e potlakile haholo sebakeng sena hoo ho neng ho e-na le moholo a le mong feela ea fumanehang bakeng sa ho hlahloba sehlopha sena ka lipotso tsa ba eang kolobetsong.
“Lentsoe la Bona le Utloahetse”
Ha ho mokhoa oa ho balehela boboleli ba ’Muso. Mok’hatholike e mong oa Letaliana o ne a atisa ho khopeha lekhetlo le leng le le leng ha Lipaki tsa Jehova li mo etela. Kahoo ha k’hamphani eo a sebetsang ho eona e mo isa Singapore, o ile a ikutloa hore qetellong o ne a ke ke a hlola a tšoenngoa ke tsona. Empa ho ileng ha mo makatsa haholo ke hore le hona moo Lipaki li ne li le teng. Kahoo o ile a rua lintja tse peli tse bohale hore li hlasele Lipaki tse ling tse neng li tla tla. Ha Lipaki tse peli li mo etela, lintja li ile tsa li khorohela. Basali bao ba ile ba tšoha ’me ba baleha ho pholosa bophelo ba bona, ba phasalla ka litsela tse sa tšoaneng ha ba fihla mateanong a litsela. Ha ntja e ’ngoe e fumana e mong oa bona, o ile a hula libukana tse peli tse lekanang le makasine mokotleng oa hae ’me a li sunya ka hanong la ntja eo e ahlameng. Ka mor’a sena, ntja e ile ea khaotsa ho mo lelekisa, ea reteleha, ea mathela hae.
Bekeng e hlahlamang, Lipaki tsona tseo tse peli li ne li il’o etsa leeto la ho boela ntlong e seterateng se pel’a seo. Mong’a lintja o ne a le serapeng sa hae, ’me ka ho makatsang, o ile a lumelisa basali bana ’me a ba memela hore ba kene ka tlung. O ile a ba bolella hore le ka mohla o ne a e-s’o bue le Lipaki tsa Jehova kapa hona ho bala likhatiso tsa tsona. Empa o ile a makala ha a fumana libukana tse lekanang le makasine molomong oa e ’ngoe ea lintja tsa hae. Mantsiboeeng ao o ile a bala libukana tseo tse lekanang le makasine ’me ka sebele o ne a hlile a khahliloe ke tsona. Le hoja e ne e bile Mok’hatholike bophelo bohle ba hae, o ile a bontša takatso ea ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova.
Kaha monna eo o ile a boela a busetsoa Italy ka mosebetsi, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore Lipaki tsa Jehova li ithute le eena moo. Ha eena le mosali oa hae ba qala ho kopanela libokeng, moruti oa parishe o ile a ba atamela ka bohale ka litšoso. Ha motho e mong a chesa serapa sa bona, banyalani bao ba ile ba khaola maqhama ’ohle le kereke. Hona joale monna enoa o re: “Ke se ke ’nile ka pakela ba bangata bao e leng litho tsa lelapa leso hobane ke batla ho ba tsebisa hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete.”
‘Ho ea Fihla Pheletsong ea Lefatše’
Phihlelo e ’ngoe e tsoang karolong e hōle-hōle ea lefatše e bontša kamoo molaetsa oa ’Muso o ananeloang ka teng le kamoo o thusang ho fetola mekhoa ea bophelo. Ha Paki e ’ngoe ea Australia e ntse e tsamaea thupelo ea basali ba baimana, e ile ea teana le mosali ea neng a na le mekhoa e mengata e mebe, a bile a hana le ho tlohela ho tsuba nakong ea ha e le moimana. Paki eo e ne e khathatsehile haholo ka boikutlo ba mosali enoa. Ho ile ha etsahala hore ba be le bana ka nako e le ’ngoe ka kamoreng e le ’ngoe ea sepetlele, kahoo ba ile ba ba le monyetla oa ho qoqa. Ho ile ha bonahala hore mosali enoa o ne a ile a ba le mathata ho hōleng ha hae, ’me joale lenyalo la hae le ne le le lekhatheng la ho senyeha. Kahoo, ka mor’a ho tsoa sepetlele, Paki eo e ile ea etela mosali enoa ’me ea qalisa thuto ea Bibele le eena, e sebelisa buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng.
Monna oa mosali enoa o ne a ntse a rapela Molimo hore a fumane bolumeli ba ’nete, a eketsa ka mantsoe ana: “Hafeela e se ba Lipaki tsa Jehova!” Ho sa tsotellehe hoo, ha a fumana hore mosali oa hae o ne a se a ntse a ithuta le Lipaki, o ile a qala ho botsa lipotso ’me a memeloa ho kopanela thutong. O ile a fela a etsa sena, ’me kapele o ile a qala ho kopanela libokeng tsa phutheho. Hona joale, monna le mosali ba kolobelitsoe ’me ka ho totobetseng boemo ba bona ba lenyalo bo ntlafetse haholo.
Lithuto tsa mahae tsa Bibele tse thehiloeng holim’a lingoliloeng tse joalo li felletse ka ho bokelloa ha barapeli ba bangata ba bacha. Linaheng tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova li ileng tsa tlameha ho sebetsana le liphetohelo, lintoa tsa lehae, kapa lithibelo tse etsoang ke mebuso, mosebetsi oa lithuto tsa mahae tsa Bibele o eketsehile. Ntoa ea lehae e ile ea kupa Angola ka lilemo tse ngata, ’me Lipaki li ile tsa utloisoa bohloko ke mahloriso le mathata. Mathoasong a selemo se fetileng, litlaleho li bontšitse hore, ka karolelano, mohoeletsi a le mong o khannile hoo e ka bang lithuto tse tharo tsa mahae tsa Bibele, empa bahoeletsi ba ne ba e-na le lingoliloeng tse fokolang tsa Bibele. Balebeli ba tsamaeang ba ne ba etela sehlopha se senyenyane ka letsatsi, ba hlophisa tšebeletso ea tšimo nakong ea motšehare le liboka mantsiboea a mang le a mang. E bile thabo e kaakang ha likhohlano li fela ’me lingoliloeng tse neng li hlokoa ka matla tsa Bibele tsa boima ba litone tse 42 li fihla ho tsoa Afrika Boroa. Ka sebele, lerato la baena bao le tla “hōla ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng le temoho e felletseng,” joalokaha hona joale ba khona ho “tiiseha ka lintho tseo e leng tsa bohlokoa haholoanyane.” (Ba-Filippi 1:9, 10, NW) Ena ke tšusumetso e kaakang bakeng sa ba nang le lithuso tse lekaneng tsa ho ithuta Bibele hore ba sebelise ka ho felletseng monyetla oa tokisetso eo Jehova a e etsang ka mohau o moholo hakaale!—1 Timothea 4:15, 16.
Thabo ea barapeli bana ba tšepahalang e re hopotsa mantsoe a Jesu Thutong ea Thabeng: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona. . . . Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka; hobane ’muso oa maholimo ke oa bona. . . . Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong.” (Mattheu 5:3-12) Ke kotulo e kaakang e seng e ntse e bokelloa Angola!
Libakeng tse ling tsa lefatše, ho ntse ho nyehlisoa kapa ho tlosoa lithibelo mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova. Jesu o ile a hlalosa tjena mehleng ea hae: “Kotulo e kholo ruri, empa basebetsi ha ba bakae.” (Mattheu 9:37) See ke ’nete hakaakang kajeno! Tlhokahalo ea basebetsi ba eketsehileng e lula e le teng ka linako tsohle. Rea thaba hore borapeli ba rōna bo akarelletsa ho bokella kotulong. Ha ho thabo e ka fumanoang lefatšeng kajeno ho feta e fumanoang tšebeletsong ea rōna ea boinehelo ho Jehova Molimo e hlahisang litholoana.
Leha ho le joalo, ke eng se susumelletsang barapeli ba Jehova ho bontša thabo le cheseho e joalo? Re tla bona.