Tšaba Jehova ’me U Tlotlise Lebitso la Hae le Halalelang
“Ea sa tl’o u tšaba ke ha e le mang, Morena? Ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ea halalelang ke uena u ’notši.”—TŠENOLO 15:4.
1, 2. (a) Jehova o ile a bula liphororo tsa leholimo joang ka 1991? (b) Ke phihlelo efe e etsahetseng bophelong ba moromuoa e mong ea tšepahalang e ileng ea mo susumelletsa ho fana ka keletso e reng: “Tšabang Jehova”? (Hape bona Yearbook ea 1991, maqephe 187-9.)
JEHOVA ‘o ile a bula liphororo tsa leholimo ’me ka sebele a tšolla tlhohonolofatso ho fihlela ho se ho sa hlokehe letho.’ Mantsoe ao a ka sebelisoa nako le nako ho Lipaki tsa Jehova morao tjena. (Malakia 3:10) Ka mohlala, selemong sa tšebeletso sa 1991, cheseho ea Lipaki tse etileng le batho ba sebaka seo ba neng ba tlile kopanong e ne e le e khaphatsehang tabeng ea botsoalle ba Bokreste likopanong tse khethehileng tse neng li tšoeroe lefatšeng ka bophara—ho tloha Likopanong tsa “Puo e Hloekileng” tse neng li tšoaretsoe Buenos Aires Amerika Boroa; le Manila, Taipei, le Bangkok e ka Bochabela; ho fihlela Likopanong tsa “Barati ba Tokoloho” tse neng li tšoaretsoe Budapest, Prague, le Zagreb (August 16-18, 1991) Europe Bochabela.
2 E bile thabo e kaakang ho baeti baa ba tsoang mose ho maoatle ho teana le Lipaki tse leng libakeng tseo tse ’nileng tsa tšepahala ka nako e telele! Ka mohlala, Bangkok, Frank Dewar—eo ka nako e ’ngoe e neng e le eena feela mohoeletsi oa ’Muso Thailand—o ile a pheta litaba tsa tšebeletso ea hae ea boromuoa ea lilemo tse 58. O ne a etsa mosebetsi oa hae lihleke-hlekeng tsa Pacific ho ea fihla ka Boroa-bochabela ho Asia, haesita le Chaena. O ne a ile a tobana le likotsi ka baka la ho robeheloa ke sekepe, liphoofolo tse hlaha merung, maloetse a libakeng tse chesang, le lebotho le sehlōhō la baeta-pele ba sesole sa Majapane. Ha a botsoa hore na ke keletso efe eo a ka e fang batho ba tlileng kopanong, karabelo ea hae e bile e bonolo: “Tšabang Jehova!”
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho bonahatsa tšabo ea bomolimo?
3 “Tšabang Jehova!” Ke habohlokoa hakaakang hore kaofela ha rōna re hlaolele tšabo eo e loketseng! “Qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova.” (Pesaleme ea 111:10) Tšabo ena hase e hlokisang motho tšepo ho Jehova. Ho fapana le hoo, ke tlhompho e tebileng ea borena ba hae bo hlomphehang le litšoaneleho tsa hae tsa bomolimo, e leng e thehiloeng temohong eo re e fumanang ka ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ho Tšenolo 15:3, 4, pina ea Moshe le ea Konyana e re: “E meholo, ea babatseha, mesebetsi ea hao, Morena Molimo o matla ’ohle! Oho, Morena oa lichaba, litsela tsa hao li lokile hakakang, ke ’nete feela! Ea sa tl’o u tšaba ke ha e le mang, Morena? Ea sa tl’o tlotlisa lebitso la hao ke mang? Hobane ea halalelang ke uena u ’notši.” Ka baka la botšepehi ba hae ho barapeli ba hae, Jehova o na le “buka ea khopotso . . . [e ngolloang] ba tšabang Jehova le ba hlokomelang lebitso la hae.” Ba putsoa ka bophelo bo sa feleng.—Malakia 3:16; Tšenolo 20:12, 15.
Tšabo ea Bomolimo ea Hlōla
4. Ke topollo efe ea nako e fetileng e lokelang ho re khothalletsa ho tšaba Jehova?
4 Ha Baiseraele ba entse mokoloko o tsoang Egepeta ea Faro, Moshe o ile a bontša ka ho hlaka hore o tšaba Jehova feela. Kapele-pele, Baiseraele ba ile ba kenngoa lipakeng ke Leoatle le Lefubelu le lebotho le matla la Egepeta. Ke eng seo ba neng ba ka se etsa? “Eaba Moshe o re ho sechaba: Se tšoheng; ikemeleng, le bone pholoso eo Jehova a tla le etsetsa eona kajeno, hobane ba-Egepeta bao le ba bonang kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona hape, le ka ho sa feleng. Jehova o tla le loanela; ha e le lōna, ikhutsetseng.” Ka mohlolo, Jehova o ile a arohanya metsi. Baiseraele ba ile ba tšela leoatle ba entse mokoloko. Eaba metsi a boetse a kopana hape. Lebotho la Faro le ile la timetsoa. Jehova o ile a pholosa sechaba seo se tšabang Molimo, empa ka nako e tšoanang o ile a liha kahlolo holim’a Baegepeta ba hlomphollang Molimo. Ka ho tšoanang kajeno, o tla bonahatsa botšepehi ba hae ka ho lopolla Lipaki tsa hae tse tšabang Molimo lefatšeng la Satane.—Exoda 14:13, 14; Ba-Roma 15:4.
5, 6. Ke liketsahalo life tse etsahetseng mehleng ea Joshua tse bontšang hore re lokela ho tšaba Jehova ho fapana le batho?
5 Ka mor’a ho Falla Egepeta, Moshe o ile a roma lihloela tse 12 Naheng e Tšepisitsoeng. Tse leshome li ne li tšohile ha li bona baahi ba eona ba linatla ’me tsa leka ho nyahamisa Baiseraele hore ba se ke ba kena naheng eo. Empa tse ling tse peli, Joshua le Kalebe, li ile tsa tlaleha: “Ke lefatše le letle, le letle haholo. Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatšeng leo, ’me o tla re nea lona; ke lefatše le kollang lebese le linotši. Feela, le se ke la ikhantšetsa Jehova; ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; lesoiti le se le tlohile holim’a bona, kanthe Jehova o na le rōna; le se ke la ba tšaba.”—Numere 14:7-9.
6 Leha ho le joalo, Baiseraele bao ba ile ba inehela tšabong ea batho. Ka baka leo, ha baa ka ba fihla naheng e tšepisitsoeng. Empa Joshua le Kalebe, hammoho le moloko o mocha oa Baiseraele, ba ile ba fuoa tokelo ea ho kena naheng eo e nonneng le ho lema masimo a merara le lifate tsa mohloare. Puong ea hae ha a arohana le batho ba Iseraele ba phuthehileng, Joshua o ile a fana ka keletso ena: “Tšabang Morena, le mo sebeletse ka botšepehi le ka ’nete.” ’Me Joshua o ile a phaella: “Ha e le ’na le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.” (Joshua 24:14, 15, BPN) Ke mantsoe a khothatsang hakaakang ho lihlooho tsa malapa le ba bang bohle hore ba tšabe Jehova ha re ntse re itokisetsa ho kena lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka!
7. Davida o ile a hatisa bohlokoa ba ho tšaba Molimo joang?
7 Molisana Davida le eena o ile a beha mohlala o motle ka ho bonahatsa tšabo ea Jehova ha a ne a phephetsa Goliathe ka lebitso la Molimo. (1 Samuele 17:45, 47) Ha Davida a le makhatheng a lefu, o ne a ka re: “Moea oa Jehova o bua ka ’na, lentsoe la hae le lelemeng la ka. Molimo oa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ea busang batho ka ho loka, ea renang ka ho tšaba Molimo, o joale ka leseli la meso, ha tsatsi le chaba, ha meso e se na maru.” (2 Samuele 23:2-4) Tšabo ena ea Molimo ha e eo ho hang har’a babusi ba lefatše lena, ’me ho ’nile ha ba le liphello tse kotsi hakaakang! Ho tla ba le boemo bo fapaneng hakaakang ha Jesu, “mor’a Davida,” a busa lefatše ka tšabo ea Jehova!—Mattheu 21:9.
Ho Itšoara Tumellanong le Tšabo ea Jehova
8. Ke hobane’ng ha Juda e ile ea atleha tlas’a puso ea Josafate, ’me see se bontša eng bakeng sa kajeno?
8 Hoo e ka bang lilemo tse lekholo ka mor’a hore Davida a shoe, Josafate e ile ea e-ba morena Juda. Le eena ke morena ea ileng a sebeletsa ka tšabo ea Jehova. O ile a khutlisetsa taolo ea bomolimo Juda, a hlomamisa baahloli naheng eohle, ’me a ba neha litaelo tsena: “Ha le na ho ahlolela motho, empa e le Jehova; o tla ba le lōna tabeng tsohle tsee le tla li ahlola. Le ke le tšabe Jehova ho qala joale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Molimo oa rōna, ha a na bokhopo, ha a ee ka tšobotsi ea batho, [’me] ha a amohele limpho. . . . Le ke le etse ka botšepehi le ka pelo e phethehileng, le ntse le tšaba Jehova.” (2 Likronike 19:6-9) Ka hona, Juda e ile ea atleha ka baka la ho tšaba Jehova, feela joalokaha batho ba Molimo ba rua molemo tšebeletsong ea balebeli ba nang le kutloelo-bohloko kajeno.
9, 10. Josafate o ile a hlōla joang ka baka la ho ba le tšabo ea Jehova?
9 Leha ho le joalo, Juda e ne e e-na le lira. Lira tsena li ne li rerile ho felisa sechaba sa Molimo. Makhotla a ikopantseng a Ammone, Moabe, le Thaba ea Seire a ile a seohela naha ea Judea ’me a sokela Jerusalema. E ne e le lebotho le matla. Josafate o ile a retelehela ho Jehova ka thapelo ’me “Ba-Juda bohle ba ema joalo pel’a Jehova, hammoho le bana ba bona ba banyenyane, le basali ba bona le bara ba bona.” Joale, ha Jehova a arabela thapelo eo, moea oa hae o ile oa theohela holim’a Jahaziele oa Molevi, ea ileng a re: “Ho itsoe ke Jehova: Se tšabeng, ’me le se ke la tepeletsoa ke sera se seholohali seno, hobane ntoa hase ea lōna, ke ea Molimo. Hosasane, le theoheleng ho bona . . . Le ke ke la tšoanela ho loana ntoeng ena; le mpe le hlahe, ’me le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ea Jehova ea nang le lōna. Oho, lōna ba-Juda le ba Jerusalema, se tšabeng, le se ke la tepella. Hosasane, le tsoele ho bona, hobane Jehova o tla ba le lōna.”—2 Likronike 20:5-17.
10 Hoseng ha letsatsi le latelang, banna ba Juda ba ile ba tsoha esale hoseng. Ha ba bontša kutlo ka ho tsoela ka ntle ho ea khahlana le sera, Josafate o ile a ema ’me a re: “’Mameleng, lōna ba-Juda le lōna baahi ba Jerusalema! Ke re: Tšepang Jehova, Molimo oa lōna, le tle le tiee; le lumele baprofeta ba hae, le tle le atlehe.” Ka pele ho banna ba hlometseng ba entseng mokoloko ho ne ho tsamaea libini tse binelang Jehova: “Bokang Jehova, hobane mohau [“mosa o lerato,” NW] oa hae o hlola ka ho sa feleng!” Jehova o ile a bontša mosa oo o lerato ka ho ferekanya mabotho a sera hoo a ileng a bolaeana ka booona. Ha banna ba Juda ba hloella qhooeng lefeelleng, ho ne ho rapaletse litopo tsa lira feela.—2 Likronike 20:20-24.
11. Mabapi le tšabo, lichaba li fapana joang le batho ba Molimo?
11 Ha lichaba tsa boahisani li utloa ka topollo ena ea mohlolo, li ile tsa “tšaba Molimo.” Ka lehlakoreng le leng, joale sechaba se ileng sa bontša kutlo ka baka la tšabo ea Jehova se ile sa ba le “boiketlo kahohle.” (2 Likronike 20:29, 30, BPN) Ka ho tšoanang, ha Jehova a liha kahlolo ka Harmagedone, lichaba li tla tšaba Molimo le Mora oa oona ea Phethahatsang Kahlolo, Jesu Kreste, ’me li ke ke tsa khona ho ema letsatsing le leholo la khalefo ea Molimo.—Tšenolo 6:15-17.
12. Ho tšaba Jehova ho ’nile ha putsoa joang mehleng ea pele?
12 Liketsahalo tse ngata tse matla tse etsahetseng mehleng ea Bibele li bontšitse kamoo tšabo e loketseng ea Jehova e tlisang meputso e enneng ka teng. Noe “o ile a bontša tšabo ea bomolimo ’me a aha areka bakeng sa ho pholosa lelapa la hae.” (Ba-Heberu 11:7, NW) ’Me mabapi le Bakreste ba lekholo la pele la lilemo, ho tlalehoa hore, ka mor’a nako ea mahloriso, phutheho ‘e ne e lutse ka khotso, e ahoa, e tsamaea ka tšabo ea Jehova ’me ea ’na ea anafala’—feela joalokaha ho etsahala kajeno Europe Bochabela.—Liketso 9:31.
Rata se Molemo, Hloea se Sebe
13. Ke ka ho etsa joang feela re ka fumanang tlhohonolofatso ea Jehova?
13 Jehova o molemo ka ho felletseng. Ka hona, “ho tšaba Jehova ke ho hloea bobe.” (Liproverbia 8:13) Ho ngotsoe sena ka Jesu: “U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo; ka baka leo, Molimo, Molimo oa hao o u tlotsitse ka oli ea nyakallo.” (Ba-Heberu 1:9) Haeba, joaloka Jesu, re lakatsa ho fumana tlhohonolofatso ea Jehova, re tlameha ho nyonya bobe, boitšoaro bo bobe, pefo, le meharo ea lefatše la Satane le ikhohomosang. (Bapisa le Liproverbia 6:16-19.) Re tlameha ho rata seo Jehova a se ratang ’me re hloee seo a se hloileng. Re tlameha ho tšaba ho etsa ntho leha e le efe e ka halefisang Jehova. “Ke ka ho tšaba Jehova batho ba phemang bobe.”—Liproverbia 16:6.
14. Jesu o re fa mohlala joang?
14 Jesu o re sietse mohlala oa hore re latele mehato ea hae haufi-ufi. “Enere ha a rohakoa, o na a sa rohake; ha a na a utloisoa bohloko, o na a sa bope; empa o na a tšepa ea ahlolang ka ho loka.” (1 Petrose 2:21-23) Ka ho ba le tšabo ea Jehova, le rōna re ka mamella lipuo tse nyefolang, ho songoa, mahloriso, tseo lefatše la Satane le li phaellang holim’a rōna.
15. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšaba Jehova ho fapana le batho ba ka bolaeang ’mele?
15 Ho Mattheu 10:28, Jesu oa re phehella: “Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ba mpa ba se na matla a ho bolaea moea [“sephefumolohi,” NW]; le mpe le tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea le ’mele liheleng [“sephefumolohi le ’mele Gehenna,” NW].” Esita le haeba motho ea tšabang Jehova a ka bolaoa ke sera, bohloko ba lefu ke ba nakoana feela. (Hosea 13:14) Mohla motho ea joalo a tsosoang, o tla re: “Uena lefu, tlhōlo ea hao e hokae? Uena lefu, motsu oa hao o hokae?”—1 Ba-Korinthe 15:55, BPN.
16. Jesu o ile a bonahatsa tšabo ea Jehova joang ’me o ile a mo tlotlisa joang?
16 Jesu o fana ka mohlala o tsotehang bakeng sa bohle ba ratang ho loka ha Jehova le ba hloeang se sebe. Tšabo ea hae ho Jehova e bonahala mantsoeng a hae a ho qetela ho barutuoa ba hae, a fumanoang ho Johanne 16:33: “Ke le boleletse taba tseo, hore le be le khotso ho ’na. Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.” Tlaleho ea Johanne e tsoela pele: “Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae leholimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao a u tlotlise le eena . . . Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng.”—Johanne 17:1-6.
Tšaba Jehova ’me U mo Rorise
17. Re ka etsisa mohlala oa Jesu ka litsela life?
17 Na le rōna kajeno re ka etsisa mohlala o sebete oa Jesu? Ka sebele re ka etsa joalo ka ho ba le tšabo ea Jehova! Jesu o re tsebisitse lebitso la Jehova le khanyang le litšoaneleho tsa hae. Kaha re tšaba Jehova joaloka ’Musi Morena oa rōna, re mo phahamisa ka holim’a melimo e meng eohle, ho akarelletsa le Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana bo se nang lebitso, boo e leng sephiri. Jesu o ile a sebeletsa Jehova ka tšabo e loketseng, o ile a hana ho tšoasoa ke leraba la ho tšaba batho ba shoang. “Mehleng ea nama ea hae Kreste o ile a hlahisa lithapeli hammoho le likōpo ho Ea neng a ka mo pholosa lefung, ka mehoo e matla le ka meokho, ’me o ile a utluoa hamolemo ka baka la tšabo ea hae ea bomolimo.” Joaloka Jesu, e se eka le rōna re ka tšaba Jehova ha re ntse re tsoela pele ho ithuta kutlo linthong tse re hlahelang—ka linako tsohle re hahamalle bophelo bo sa feleng joaloka pakane ea rōna.—Ba-Heberu 5:7-9, NW.
18. Ke joang re ka nehelanang ka tšebeletso e halalelang ho Molimo ka tšabo ea bomolimo?
18 Kae-kae lengolong lona leo le neng le ea ho Bakreste ba Baheberu, Pauluse o khothatsa Bakreste ba tlotsitsoeng: “Kaha re tla amohela ’Muso o ke keng oa sisinngoa, a re tsoeleng pele ho ba le mosa o sa tšoanelang, oo ka oona re ka nehelanang ka tšebeletso e halalelang ho Molimo ka mokhoa o amohelehang ka tšabo ea bomolimo le thothomelo.” Kajeno, “bongata bo boholo ba batho” bo kopanela tšebeletsong eo e halalelang. E akarelletsa eng? Ka mor’a ho hlalosa mosa o sa tšoanelang oa Jehova ka ho fana ka sehlabelo sa Mora oa Hae, Jesu Kreste, Pauluse o re: “Ka mehla a re ke re hlahiseng ka eena sehlabelo sa thoriso ho Molimo, ke hore, tholoana ea melomo e etsang polelo ea phatlalatsa lebitsong la hae.” (Ba-Heberu 12:28, NW; 13:12, 15, NW) Re susumetsoa ke kananelo bakeng sa mosa o sa tšoanelang oa Jehova, re lokela ho sebelisa hora e ’ngoe le e ’ngoe tšebeletsong ea hae e halalelang. Joaloka metsoalle e tšepahalang ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba sa ntsaneng ba setse, bongata bo boholo ba batho kajeno bo phetha karolo e khōlō ea tšebeletso eo. Bo lebisa poloko ho Molimo le Kreste, ha bo ntse bo eme ka tsela ea tšoantšetso ka pel’a terone ea Molimo, bo “nehelana ka tšebeletso e halalelang ho oona motšehare le bosiu.”—Tšenolo 7:9, 10, 15, NW.
Tlotlisa Jehova ka ho sa Feleng
19, 20. Ke tšabo ea mefuta efe e ’meli e tla bonahala ka “letsatsi la Jehova”?
19 Letsatsi le khanyang la ho itlotlisa ha Jehova le atamela ka potlako! “Bonang, [letsatsi] lea tla, le chesang joale ka mollo oa sebopi, ’me baikhohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba joale ka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba chesa, ho bolela Jehova oa makhotla.” Nako eo ea tlokotsi ke “letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang.” (Malakia 4:1, 5) Le tla kenya “tšabo” ka lipelong tsa batho ba khopo, ’me “ba ke ke ba phonyoha.”—Jeremia 8:15, NW; 1 Ba-Thessalonika 5:3.
20 Leha ho le joalo, batho ba Jehova ba susumetsoa ke tšabo ea mofuta o fapaneng. Lengeloi le nehiloeng “litaba tse molemo tsa ka ho sa feleng” le ba laela ka lentsoe le phahameng, le re: “Tšabang Molimo ’me le o nehe tlotla, hobane nako ea ho liha ha oona kahlolo e se e fihlile.” (Tšenolo 14:6, 7, NW) Re tla hlolloa ha re bona kahlolo eo ha mocheso oa lebatama la Harmagedone o chesang lefatše la Satane. Tšabo e loketseng ea Jehova e tla ngoloa lipelong tsa rōna ’me e ke ke ea hlakoha. E se eka ka nako eo re ka fumana mohau e le hore re ka iphumana re le har’a ‘ba pholositsoeng ba ’nileng ba rapela lebitso la Jehova’!—Joele 2:31, 32; Ba-Roma 10:13.
21. Tšabo ea Jehova e tla lebisa mahlohonolong afe?
21 Ho tla latela mahlohonolo a tsotehang, ho akarelletsa “lilemo tsa ho phela” tse tlang ho tsoela pele ka ho sa feleng! (Liproverbia 9:11; Pesaleme ea 37:9-11, 29) Ka hona, ebang tšepo ea rōna ke ho rua ’Muso kapa ho sebeletsa sebakeng se tlas’a taolo ea oona lefatšeng, joale a re tsoeleng pele ho nehelana ka tšebeletso e halalelang ho Molimo ka tšabo ea bomolimo le thothomelo. A re tsoeleng pele ho tlotlisa lebitso la oona le halalelang. ’Me phello e hlohonolofalitsoeng e tla ba efe? Ho tla ba le teboho ka ho sa feleng hobane re ile ra nka ka ho teba keletso e bohlale ea ho tšaba Jehova ka mehla!
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ “Ho tšaba Jehova” ho bolela eng?
◻ Tšabo ea Molimo e ile ea ruisa batho ba oona ba boholo-holo molemo joang?
◻ Jesu o re sietse mohlala ofe oa tšabo ea bomolimo?
◻ Ke joang re ka bolokang botšepehi tumellanong le tšabo ea Jehova?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bukeng ea Tšenolo, baena ba Jesu ba bonoa ba bina “pina ea Moshe,” pina e rorisang Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Lebotho la Josafate lea hlōla ka baka la tšabo ea Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lilemo tsa ho phela tse tla ba teng ka ho sa feleng e tla ba moputso oa ba tšabang Jehova