Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 1/15 maq. 3-4
  • Moroallo o ke Keng oa Lebaloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moroallo o ke Keng oa Lebaloa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlaleho ea Bibele ka Moroallo
  • Ho Batla Areka
  • Na ba Fumane Areka ea Noe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Moroallo o Moholo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Batho ba Robeli ba Pholoha Moroallo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Areka ea Noe le Tsela eo Likepe li Raloang ka Eona
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 1/15 maq. 3-4

Moroallo o ke Keng oa Lebaloa

HOO e ka bang lilemong tse 4 300 tse fetileng, moroallo o timetsang o ile oa koahela lefatše lohle ka metsi. Ka sekhohola se le seng se seholo, o ile oa felisa hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang. O ne o le moholo hoo o ileng oa siea mohopolo o sa lebaleheng ho batho, ’me moloko o mong le o mong o fetiselitse pale ena ho o latelang.

Lilemo tse 850 ka mor’a Moroallo, mongoli oa Moheberu Moshe o ile a ngola tlaleho ena ea Moroallo oa lefatše lohle. E bolokiloe bukeng ea Bibele eaGenese, moo re ka balang makolopetso a felletseng likhaolong 6 ho ea ho 8.

Tlaleho ea Bibele ka Moroallo

Genese e fana ka makolopetso ana, ao ka ho hlakileng e leng a paki e boneng ka mahlo: “Ka selemo sa makholo a tšeletseng sa ho phela ha Noe, ka khoeli ea bobeli, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la khoeli, ka tsatsi leo, mehloli ea boliba bo boholo ea phunyeha, ’me lithoba tsa leholimo tsa thiboloha. Moroallo oa tlala lefatšeng litšiu tse mashome a mane; metsi a kokomoha, a phahamisa areka, ’me ea emisetsoa holim’a lefatše. Metsi a ipha matla haholo-holo lefatšeng; ’me lithaba tsohle tse telele tse ka tlas’a maholimo ’ohle tsa apesoa.”—Genese 7:11, 17, 19.

Mabapi le phello ea Moroallo linthong tse phelang, Bibele e re: “Eaba nama eohle e nyekenyehang lefatšeng ea e-shoa: linonyana, le makhomo, le liphoofolo, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng, le batho kaofela.” Leha ho le joalo, Noe le batho ba bang ba supileng hammoho le mofuta ka mong o emelang liphoofolo tsohle, libōpuoa tse fofang, le tse hahabang li ile tsa pholoha. (Genese 7:21, 23) Tsohle li ne li bolokiloe ka har’a areka e khōlō e phaphametseng holim’a metsi e neng e le bolelele ba limithara tse ka bang 133, bophara ba limithara tse ka bang 22, le bophahamo ba limithara tse ka bang 13. Kaha mesebetsi ea areka e ne e le feela ho se kenele metsi le ho lula e phaphametse holim’a metsi, e ne e se na karolo e ka tlaase e motopo, karolo e ka pele e nchocho, enjine bakeng sa ho e tsamaisa, kapa lebili la ho e khanna. Areka ea Noe e ne e e-na le sebōpeho sa sekepe se kang lebokose leo eseng mahlakore ’ohle a lona a lekanang.

Likhoeli tse hlano ka mor’a hore Moroallo o qale, areka e ile ea lula holim’a lithaba tsa Ararate, tse leng ka bochabela ho Turkey ea kajeno. Noe le lelapa la hae ba ile ba tsoa ka arekeng ba tsoela lefatšeng le ommeng selemo ka mor’a hore Moroallo o qale ’me ba qala kemiso e tloaelehileng ea bophelo. (Genese 8:14-19) Ha nako e ntse e feta, batho ba ne ba se ba atile ka ho lekaneng hore ba ka qala ho haha motse oa Babele le tora ea ’ona e tummeng hampe pel’a Nōka ea Eufrate. Ho tloha moo butle-butle batho ba ile ba qhalanela likarolong tsohle tsa lefatše ha Molimo o ferekanya puo ea bona. (Genese 11:1-9) Empa ho ile ha etsahala’ng ka areka?

Ho Batla Areka

Ho tloha lekholong la bo19 la lilemo, ho bile le boiteko bo matla ba ho batla areka lithabeng tsa Ararate. Lithaba tsena li na le litlhōrō tse peli tse hlahelletseng, e ’ngoe e bophahamo ba limithara tse 5 165 ’me e ’ngoe e bophahamo ba limithara tse 3 914. E phahameng ka ho fetisisa ho tsena tse peli e lula e koahetsoe ke lehloa. Ka baka la liphetoho tsa boemo ba leholimo tse bileng teng ka mor’a Moroallo, e lokela ebe kapele-pele areka e ile ea koaheloa ke lehloa. Bafuputsi ba bang ba lumela ka tieo hore areka e sa ntse e le teng hona moo, e koahetsoe ke leqhoa. Ba bolela hore ho bile le linako tseo ka tsona leqhoa le ileng la qhibiliha ka ho lekaneng hore karolo ea areka e ka hlaha ka nakoana.

Buka In Search of Noah’s Ark e qotsa George Hagopian oa Learmenia a bolela hore o ile a hloa Thaba ea Ararate ’me a bona areka ka 1902 a boela a e bona ka 1904. Leetong la hae la pele o boletse hore o hlile a hloella ka holim’a areka. “Ke ile ka ema ke otlolohile ’me ka sheba sekepe sohle. Se ne se le selelele. Bophahamo ba sona e ne e ka ba [limithara tse 12].” Mabapi le seo a ileng a se bona leetong la hae le latelang, o itse: “Ha kea ka ka bona moo e kobehileng teng. E ne e sa tšoane le sekepe leha e le sefe seo nkileng ka se bona. E ne e shebahala joaloka sekepe se nang le bokatlaase bo batalletseng.”

Ho tloha ka 1952 ho ea ho 1969, Fernand Navarra o ile a etsa boiteko ba ho fumana bopaki ba boteng ba areka ka makhetlo a mane. Leetong la hae la boraro ho ea Thabeng ea Ararate, o ile a ea botlaaseng ba lepatso la leqhoa, moo a ileng a fumana sekoto sa lepolanka le letšo le pota-potiloeng ke leqhoa. O ile a re: “E tlameha ebe e se e le khale, ’me mohlomong le ne le ntse le maname likarolong tse ling tsa sekepe. Ke ile ka khona ho ratha karolo e ka holimo ea lepolanka ho fihlela ke petsola sekoto se bolelele bo ka bang [limithara tse 1,5].”

Moprofesa Richard Bliss, e mong oa litsebi tse ngata tse ileng tsa hlahloba lepolanka lena o itse: “Mofuta oa sampole ea sefate sa Navarra ke lehong le tlotsitsoeng ka boka. Le na le likarolo tse kopantsoeng ka ho fata mokoti sekotong se seng sa sefate le ho betla karolo ea sekoto se seng e le hore e ka kena mokoting ona. Ha e le hantle, le betliloe ka letsoho ha ba ha etsoa hore le be le mahlakore a mane a lekanang.” Ho hakanngoa hore lepolanka lena le bile teng ka nako e ka bang lilemo tse 4 000 kapa tse 5 000.

Le hoja ho entsoe boiteko ba ho batla areka Thabeng ea Ararate, bopaki bo tiileng ba hore e ile ea sebelisetsoa ho pholoha moroallo o timetsang bo teng tlalehong e ngotsoeng ea ketsahalo eo bukeng ea Bibele ea Genese. Bopaki bo tiisang tlaleho ena bo ka bonoa lipaleng tse ngata tsa moroallo har’a batho ba boholo-holo lefatšeng lohle. Nahana ka bopaki ba sena sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Areka e ne e le boholo ba literene tse tšelang thepa tse 10 tseo e le ’ngoe ea tsona e leng boholo ba literaka tsa Maamerika tse laelang thepa tse 25!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela