Lipotso tse Tsoang ho Babali
Na ka sebele Faro o ile a nyala Sara, mosali oa Abrahama, joalokaha ho bonahala joalo phetolelong ea Genese 12:19 liphetolelong tse ling tsa Bibele?
Che, Faro o ile a thibeloa ho inkela Sara (Sarai) ho ba mosali oa hae. Kahoo, Sara ha aa ka a hlompholloa le ho tlosoa seriti.
Re thusoa ho hlokomela sena ka ho hlahloba taba e potolohileng boemo bona. Tlala e ile ea qobella Abrahama (Abrame) hore a tšabele Egepeta ka nakoana. O ile a tšoha hore bophelo ba hae moo bo ka ba kotsing ka baka la mosali oa hae e motle, Sara. Ka nako eo Abrahama o ne a e-s’o be le mora ka Sara, kahoo haeba a ne a ka bolaoa Egepeta, leloko la Peō le ne le tla khaoha, e leng Peō eo malapa ’ohle a lefatše a neng a tla hlohonolofatsoa ka eona. (Genese 12:1-3) Kahoo Abrahama o ile a laela Sara hore a itsebahatse e le khaitseli ea hae, hobane ha e le hantle e ne e le khaitseli ea hae ka ntat’a bona.—Genese 12:10-13; 20:12.
Tšabo ea hae e ne e utloahala. Setsebi August Knobel se ile sa hlalosa: “Abrame o ile a kōpa Sarai hore a itlhahise joaloka khaitseli ea hae Egepeta e le hore a se ke a bolaoa. Haeba Sara a ne a ka nkoa e le mosali ea nyetsoeng, Moegepeta o ne a ka iphumanela eena feela ka hore a bolaee monna oa hae e leng mong’a hae; haeba a ne a ka nkoa e le khaitseli, ho ne ho e-na le monyetla oa ho mo hapa ho ngoan’abo ka khotso.”
Leha ho le joalo, mahosana a Egepeta ha aa ka a buisana le Abrahama ka hore Faro a nyale Sara. A ile a mpa a tlisa Sara e motle ka tlung ea Faro, ’me morena oa Egepeta a fa Abrahama eo ho neng ho nahanoa hore ke ngoan’abo limpho. Empa ka mor’a sena, Jehova o ile a otla ntlo ea Faro ka likotlo. Ha Faro a senoleloa boemo ba ’nete ka tsela e sa boleloang, o ile a re ho Abrahama: “Ke hobane’ng ha u itse, ‘Ke khaitseli ea ka,’ hoo ke neng ke le lekhatheng la ho mo nka ke mo etsa mosali oa ka? ’Me joale mosali oa hao ke enoa. Mo nke le be le tsamaee!”—Genese 12:14-19, NW.
Bibele ea Sesotho le liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela karolo ena e ka holimo e ngotsoeng ka mongolo o tšekaletseng e le “ka ba ka mo nka hore e be mosali oa ka” kapa ka mantsoe a tšoanang le ao. Le hoja e se phetolelo e fosahetseng, mantsoe a joalo a ka fana ka maikutlo a hore Faro o ne a hlile a nyetse Sara, hore lenyalo leo ke taba e hlileng ea phethahala. Ho ka hlokomeloa hore ho Genese 12:19 leetsi la Seheberu le fetoletsoeng e le ‘ho nka’ le boemong bo sa phethahalang, e leng se bontšang ketso e e-song ho phethoe. New World Translation e fetolela leetsi lena la Seheberu tumellanong le taba e potolohileng temana le ka tsela eo ka ho hlaka e bonahatsang boemo ba leetsi—“hoo ke neng ke le lekhatheng la ho mo nka ke mo etsa mosali oa ka.”a Le hoja Faro a ne a le ‘lekhatheng la ho nka’ Sara ho mo etsa mosali oa hae, o ne a e-s’o etse moetlo kapa mokete leha e le ofe o amehang.
Hangata Abrahama o ’nile a nyatsoa ka baka la tsela eo a ileng a sebetsa taba ena ka eona, empa o ile a etsa lintho a nahanne ka Peō e tšepisitsoeng ’me ka hona a nahanetse batho bohle.—Genese 3:15; 22:17, 18; Ba-Galata 3:16.
Ketsahalong e tšoanang eo le eona e neng e ka ’na ea ba kotsi, Isaaka o ile a laela mosali oa hae Rebeka, hore a qobe ho bolela boemo ba hae ba hore o nyetsoe. Nakong eo mora oa bona Jakobo, eo leloko la Peō le neng le tla hlaha ka eena, o ne a se a ntse a tsoetsoe ’me ka ho hlakileng e ne e se e le mohlankana. (Genese 25:20-27; 26:1-11) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba lebaka le neng le etsa hore a sebelise mokhoa ona o lokileng o masene e ne e le le tšoanang le la Abrahama. Nakong ea tlala Isaaka le lelapa la hae ba ne ba lula naheng ea morena oa Mofilista ea bitsoang Abimeleke. Haeba Abimeleke a ne a ka hlokomela hore Rebeka o nyetsoe ke Isaaka, o ne a ka ’na a bolaea bohle ba lelapa la Isaaka, e leng ho neng ho ka bolela hore le Jakobo o ne a tla shoa. Le tabeng ena, Jehova o ile a kenella ho sireletsa bahlanka ba hae le leloko la Peō.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phetolelo ea J. B. Rotherham e baleha tjena: “Ke hobane’ng ha u itse, Ke khaitseli ea ka; ’me kahoo ke ne ke le lekhatheng la ho inkela eena hore e be mosali oa ka?”