Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 9/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Isaka o Fumana Mosali ea Molemo
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Rebeka Mosali ea Neng a le Mafolofolo a Bile a Tšaba Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Rebeka o ne a Ikemiselitse ho Khahlisa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “Ke Ikemiselitse ho Tsamaea”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 9/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Ha Abrahama (’me hamorao Isaaka) a ne a hlalosa mosali oa hae joaloka khaitseli ea hae, na hoo e ne e le mohlala oa kamano e kileng ea e-ba teng Bochabela bo Hare ea hore mosali oa motho ebe khaitselie?

Thuto ea kajeno e ntšelitse khopolo eo pele, empa ho bonahala ho e-na le mabaka a tšehetsang boitšoaro ba Abrahama le ba Isaaka.

Moprofesa E. A. Speiser o hlahisitse khopolo ea hore mosali ebe khaitseli ho The Anchor Bible. O hlokometse tse fumanoeng ka Mahurrian a boholo-holo ao ho bonahalang a kile a phela Mesopotamia e ka leboea, ho akarelletsa le Harane moo Abrahama a kileng a lula nakoana le moo e ka ’nang eaba Rebeka o kile a phela teng. Speiser o ngotse:

“Tsamaisong ea Hurrian litlamo tsa lenyalo e ne e le tse matlahali le tse ikhethang haholo ha mosali ka molao e ne e boetse e le khaitseli ea monna, ho sa tsotellehe hore na ba tsoalana joang. Ke ka lebaka lena ka linako tse ling monna a neng a nyala ngoanana ebe ka nako e tšoanang o mo etsa khaitseli ea hae ka molao, mehatong e ’meli e arohaneng e tlalehiloeng litokomaneng tsa molao tse ikemetseng. Ho siteloa litokisetso tse joalo tsa bokhaitseli e ne e le kotlo e kholoanyane ho feta ho khaola litlamo tsa lenyalo . . . Kamano ea mosali eo e bileng e leng khaitseli e pakoa haholo-holo har’a ba maemong a phahameng tsamaisong ea Mahurrian . . . Rebeka e ne e se feela letsoalloa la Har(r)an e busoang ke Hurrian, empa o ne a hlile a filoe Isaaka e le mosali, ka mokena lipakeng, ka ngoan’abo Rebeka Labane . . . Kahoo ho na le mabaka a lekaneng bakeng sa ho bea manyalo a mabeli ana, la Abrahama le Sara le la Isaaka le Rebeka, sebakeng se le seng sa hore motho a nyale khaitselie.”

Histori ea Genese e re bolella hore Abrahama o ile a hlalosa mosali oa hae Sara (eo ha e le hantle e neng e le khaitseli ea hae ka malapa) ka makhetlo a mabeli e le khaitseli ea hae, e seng e le mosali oa hae. Hona ho etsahetse ha ba le Egepeta hape le Filistia. (Genese 12:10-20; 20:1-7) Isaaka o latetse tsela e tšoanang le Rebeka. Kaha Isaaka le Rebeka ba ne ba amana, o ne a ka ’mitsa khaitseli ea hae.—Genese 26:6-11.

Mabakeng ana Abrahama le Isaaka ba ne ba batla hore ho nahanoe hore basali ba bona ke likhaitseli tsa bona ka lebaka la kotsi e neng e ka ’na ea hlahela banna haeba ho ne ho ka tsebahala hore basali ba batle bao ba ne ba nyetsoe. (Genese 12:12; 26:9) Kahoo ha ho bonahale eka banna bana ba ne ba ipiletsa boemong boo ho thoeng mosali ke khaitseli e le mokhoa oa tšireletso; sepheo e ne e le ho pata hore Sara le Rebeka ba nyetsoe.

Abrahama o nyetse khaitseli ea hae ka malapa pele Molimo o fa Iseraele melao e khahlanong le likamano tse haufi joalo. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba ’nile ba nyatsa ho hlalosa hoa hae (le hoa Isaaka) mosali oa hae e le khaitseli ea hae. Koana, ha rea tlameha ho lebala hore ka linako tse ling Bibele e bolela liketsahalo e sa amohele boitšoaro bo amehang. (Genese 9:20, 21; 19:30-38) Leha ho le joalo ho na le litsela tsa ho talima seo Abrahama/Sara le Isaaka/Rebeka ba se entseng se lumellanang le boemo ba bona le Molimo bo beang mohlala.

Pele liketsahalo tsena li etsahala, Molimo o ile oa bolella Abrahama hore: “Ke tla u etsa sechaba se seholo, ke u hlohonolofatse, ’me ke tla holisa lebitso la hao, ’me u tla fetohela ba bang lehlohonolo. Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke rohake ba u rohakang, ’me mefuta eohle ea lefatše e tla hlohonolofalla ho uena.” (Genese 12:2, 3) Jehova o boetse a bontša hore tlhohonolofatso e itšetlehile ka peo ea Abrahama. (Genese 12:7; bapisa Genese 15:4, 5; 17:4-8; 22:15-18.) Kahoo, Abrahama (’me hamorao Isaaka) ho ne ho hlokahala hore a lule a ntse a phela ho tsoala bana.

Hona e ka ’na eaba ho ile hoa susumetsa Abrahama le Isaaka ho hlalosa basali ba bona ba tšepahalang e le likhaitseli tsa bona. Haeba bohle ba ne ba ka tseba hore Abrahama ke monna oa molao oa Sara ea lakatsehang, le Isaaka oa Rebeka ea ratehang, ho ne ho tla ntša kotsi leloko la peo eo, banna bana ba tumelo e ka ’na eaba ba ile ba rera hore ke bohlale ho se lumelle hore kamano e joalo e tsejoe ha ba le sebakeng se kotsi.

Sara o qoolloa e le mohlala oa tumelo le mosali ea neng a ‘tšepile Molimo.’ (1 Petrose 3:5, 6; Ba-Heberu 11:11) O ile a khetha ho amohela boemo bo nkiloeng ke hlooho ea lelapa la hae ’me ka nako e itseng ha a ka a phatlalatsa boemo ba hae ba lenyalo. E ne e tla ba mosa ho talima hona e le ho entsoeng ntle ho boikhabi, ho hatella maikutlo a botho le lithahasello e le hore batho bohle ba ne ba ka fumana tlhohonolofatso. ’Me, kaha Jehova o mo sirelelitse ho Faro ’me hamorao ho Abimeleke, morena oa Gerare, ha ho makatse hore e be Rebeka ka tšepo o ile a latela tsela e tšoanang a sebelisana le Isaaka, eo le eena e neng e le monna oa tumelo e hlokomelehang.—Ba-Heberu 11:20.

Ka baka leo, hore na batho ba Kanana le ba Egepeta ba ne ba tseba ka boemo ba hore mosali ebe khaitseli bo neng bo bonahala bo le teng Harane kapa che, tsela e latetsoeng ke Abrahama/Sara le Isaaka/Rebeka, ho latela lintho tse amehang, e ne e susumelitsoe ke melao-metheo e phahameng le lipheo tse phahameng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela