Ho Hlompha Litšoantšo—Khang e Khōlō
SEBAKENG se seng Poland, monna e mong o se a loketse ho kena leetong la hae. Leha ho le joalo, o sa ntsane a tlameha ho etsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa. O khumama ka pel’a setšoantšo sa Jesu, o etsa nyehelo, ’me o rapella hore a sireletsehe maetong a hae.
Lik’hilomithara tse likete ho tloha moo, Bangkok, Thailand, u tla bona mokete oa pele oa potoloho ea selemo le selemo oa Buddha, ha khoeli e tolokile ka May. Nakong ea mokete setšoantšo sa Buddha se tsamaisoa ho pota literata.
Ntle le pelaelo ua hlokomela hore ho hlompha litšoantšo, joalokaha ho hlalositsoe, ho atile. Ha e le hantle batho ba libillione ba khumama ka pel’a litšoantšo. Ka likete tsa lilemo litšoantšo li ’nile tsa nkoa e le tsela ea bohlokoa ea ho atamela Molimo.
U nahana joang ka ho sebelisoa ha litšoantšo borapeling? Na ho hlompha litšoantšo ho nepahetse kapa ho fosahetse? Molimo o ikutloa joang ka hona? Na ho na le bopaki ba hore o amohela borapeli bo joalo? Mohlomong ha u e-s’o nahanisise ka lipotso tse joalo. Leha ho le joalo, haeba u nka ho ba le kamano le Molimo e le ntho ea bohlokoa, ho hlokahala hore u fumane likarabelo tsa lipotso tseo.
Rea lumela hore ho batho ba bangata ha ho bonolo ho etsa qeto ka taba ena. Ha e le hantle, ke taba e ’nileng ea tsosa likhang tse matla esita le tse mabifi ka likete-kete tsa lilemo. Ka mohlala, morao koana selemong sa 1513 B.C.E., moeta-pele oa Moheberu Moshe o ile a senya setšoantšo sa namane ea gauda ’me a laela hore ho bolaoe batho ba ka bang 3 000 ka lerumo ba neng ba se hlompha.—Exoda, khaolo 32.
Hase Bajode feela ba neng ba haneloa ka matla ho sebelisa litšoantšo tsa bolumeli. Bo-rahistori ba lefatše ba boholo-holo ba bolokile tšōmo ea Takhmūrūp, ’musi oa Persia eo ho boleloang hore o ile a etsa matšolo a maholo a ho felisa ho hlompha litšoantšo lilemo tse makholo pele ho Moshe. Ho na le tlaleho e reng morena eo ho boleloang hore o phetse khale haholo Chaena o ile a hlasela liemahale tsa melimo e fapa-fapaneng ka sesole. Ka mor’a ho senya litšoantšo, o ile a bolela hore ke bothoto ho hlompha melimo e entsoeng ka letsopa. Hamorao, ha Muhammad e sa ntsane e le ngoana, ho ne ho e-na le Maarabe a neng a le khahlanong le tšebeliso ea litšoantšo borapeling. Tšusumetso ea ’ona ho Muhammad e ile ea tlatsetsa ho etseng hore a be khahlanong le borapeli ba litšoantšo lilemong tsa morao. Bukeng ea Koran, Muhammad o ruta hore borapeli ba litšoantšo ke sebe se ke keng sa tšoareloa, hore barapeli ba litšoantšo ha baa lokela ho rapelloa, le hore ho nyalana le morapeli oa litšoantšo ho thibetsoe.
Esita le ho Bokreste-’mōtoana lekholong la bobeli, la boraro, la bone, le la bohlano la lilemo C.E., batho ba neng ba hlahelletse bolumeling ba kang Irenaeus, Origen, Eusebius oa Caesarea, Epiphanius, le Augustine, ba ne ba le khahlanong le tšebeliso ea litšoantšo borapeling. Hoo e ka bang qalong ea lekholo la bone la lilemo C.E., Elvira, Spain, sehlopha sa babishopo se ile sa etsa liqeto tse ’maloa tsa bohlokoa tse khahlanong le ho hlompha litšoantšo. Seboka sena se tummeng sa Elvira se ile sa fella ka hore ho etsoe molao oa hore litšoantšo ha lia lokela ho ba teng ka likerekeng ’me ho ile ha ba ha thehoa likotlo tse matla khahlanong le barapeli ba litšoantšo.
Batho ba Khahlanong le Borapeli ba Litšoantšo
Likhatelo-pele tsena li ile tsa betla khoro bakeng sa e ’ngoe ea likhang tse khōlō ka ho fetisisa historing: khang ea lekholong la borobeli le la borobong la lilemo ea batho ba khahlanong le borapeli ba litšoantšo. Rahistori e mong o bolela hore “khang ena e mabifi e bile teng ka lekholo la lilemo le halofo, ’me e ile ea baka mahlomola a ke keng a hlalosoa” le hore “e bile se seng sa lisosa tse tobileng tsa karohano pakeng tsa mebuso ea Bochabela le Bophirimela.”
Boiteko bona bo hlophisitsoeng khahlanong le litšoantšo bo ile ba akarelletsa ho tlosoa le ho senngoa ha litšoantšo Europe eohle. Melao e mengata e khahlanong le litšoantšo e ile ea kenngoa tšebetsong e le ho felisa tšebeliso ea litšoantšo borapeling. Ho hlompha litšoantšo ho ile ha fetoha tseko e khōlō ea bopolotiki e ileng ea hulela baemphera le bapapa, balaoli ba sesole le babishopo ntoeng e mahlo-mafubelu ea bolumeli.
Ena e ne e se ntoa ea mantsoe feela. Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea McClintock le Strong, e bolela hore ka mor’a hore Moemphera Leo oa III a ntše taelo e khahlanong le tšebeliso ea litšoantšo ka likerekeng, batho ba ile ba “iketsa khokanyana-phiri ho loantša taelo eo, ’me merusu e mabifi, Constantinople ka ho khetheha,” e ile ea fetoha ketsahalo ea letsatsi le leng le le leng. Likhohlano pakeng tsa mebuso le batho li ile tsa fella ka ho ahloleloa polao le tšollo ea mali. Baitlami ba banna ba ile ba hlorisoa ka tsela e hlokang mohau. Lilemo tse makholo hamorao, lekholong la bo16 la lilemo, ho ile ha ba le liphehisano tse hlophisitsoeng pakeng tsa batho ka kakaretso Zurich, Switzerland, mabapi le taba ea litšoantšo ka likerekeng. Ka baka la sena, ho ile ha etsoa molao oa hore litšoantšo tsohle li ntšoe ka likerekeng. Batho ba bang ba ileng ba tlisa liphetoho tsa bolumeli ba ne ba tsejoa ka ho nyatsa ha bona borapeli ba litšoantšo ka matla esita le ka mabifi ka linako tse ling.
Esita le kajeno ho na le ho se lumellane ho hoholo pakeng tsa batho ba ithutetseng thuto ea bolumeli mabapi le tšebeliso ea litšoantšo borapeling. Sehlooho se latelang se tla u thusa hore u seka-seke taba ea hore na ka sebele litšoantšo li ka thusa motho hore a be haufi le Molimo.