Hase Litšiea Tse Thahasellisang Feela
Baeti ba thahasella litšiea tse Leoatleng la Mediterranean le Caesarea, e leng kou ea boholo-holo e lebōpong la leoatle la Iseraele. Heroda e Moholo o ile a haha sebaka sena seo likepe li fihlelang ho sona ’me a rea motse oo lebitso tlotlisong ea Cesare Augustus.
Baepolli ba lintho tsa khale ba koahollotse boholo ba motse ona, ho kopanyelletsa le holo ea ’ona e khōlō. Ba ile ba boela ba ea ka tlas’a metsi ho bona hore na sebaka sena seo likepe li fihlelang ho sona se ne se hahiloe joang lebōpong le tletseng lehlabathe.
The New York Times (January 8, 1991) e ile ea tlaleha ka ho sibolloa ha litšiea lithakong tsa ntlo ea borena eo pele e neng e kenelletse leoatleng. Litšiea tsena li khethehile hobane mongolo o ho tsona o na le mabitso a babusisi ba Roma bao pele ba neng ba sa tsejoe. Ho boetse ho buuoa ka “molebeli” oa likepe, “e leng oona mongolo oa pele o kileng oa fumanoa o buang ka sebaka sena seo likepe li neng li fihlela ho sona.”
Liithuti tsa Bibele lia tseba hore moapostola Pauluse o ile a kena sebakeng sena seo likepe li neng li fihlela ho sona a tsamaea ka sekepe qetellong ea maeto a hae a mabeli a boromuoa. Ha a fihla mona o ile a lula le Filippi moevangeli, ’me e tlameha ebe liphihlelo tsa hae li ile tsa khothatsa barutuoa haholo. (Liketso 18:21, 22; 21:7, 8, 16) Re ka bala bongata ba liphihlelo tsena tse thabisang bukeng ea Bibele ea Liketso tsa Baapostola.
Kahoo litšiea tsena tse lebōpong la leoatle hase mesaletsa feela e se nang thuso ea histori. Li hopotsa Bakreste ka baena ba bona ba pele, bao ka mafolo-folo ba neng ba hasa litaba tse molemo libakeng tseo likepe li neng li fihlela ho tsona le “ho isa pheletsong ea lefatše.”—Liketso 1:8.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Garo Nalbandian