Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/15 maq. 30-31
  • Ho Boleloa’ng ka “Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boleloa’ng ka “Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Phethahatso e Khōloanyane
  • Ho Feta ha leholimo la pele le lefatše la pele
  • Maholimo a Sebele a Tla ’ne a be Teng ka Nako Tsohle
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/15 maq. 30-31

Ho Boleloa’ng ka “Maholimo a Macha le Lefatše le Lecha”?

“MAHOLIMO” a ka bolela Jehova Molimo boemong ba hae ba bobusi. Ka hona, ha Daniele a ne a bolella Nebukadnezare hore phihlelo eo moemphera enoa oa Babylona a neng a tla ba le eona e ne e tla etsa hore a ‘tsebe hore Leholimo ke lona le busang,’ o ne a bolela ntho e tšoanang le ho tseba “hore Ea Holimo-limo ke eena ea laolang ’muso oa batho.”—Daniele 4:25, 26, BPN.

Leha ho le joalo, ntle le hore lentsoe “maholimo” le bolela ’Musi ea Phahameng, le ka boetse la bolela matla a mang a busang a phahamisitsoeng kapa a nketsoeng holimo ho feta batho ba leng ka tlas’a ’ona. Lona lesika la borena la Babylona le neng le emetsoe ke Nebukadnezare le hlalosoa ho Esaia 14:12 e le le tšoanang le naleli, “mphatlalatsane, mor’a mafube.” Ka ho hlōla Jerusalema ka 607 B.C.E., lesika leo la Babylona la borena le ile la phahamisetsa terone ea lona “holim’a linaleli tsa Molimo,” ’me ka ho totobetseng “linaleli” tsena li bolela marena a Juda a lesika la Davida.

Kamano ena ea “maholimo” le matla a busang e re thusa ho utloisisa se boleloang ke polelo “maholimo a macha le lefatše le lecha” e hlahang ho Esaia 65:17 le 66:22 e qotsitsoeng ke moapostola Petrose ho 2 Petrose 3:13. Ha e bua ka kamano e joalo, Cyclopædia ea McClintock le Strong (1891, Moq. IV, leqephe 122) e hlalosa hore: “Ho Esa. lxv, 17, maholimo a macha le lefatše le lecha li bolela puso e ncha, ’muso o mocha, sechaba se secha.”

Joalokaha “lefatše” le ka bolela mokhatlo oa batho, ka ho tšoanang le “maholimo” a ka tšoantšetsa matla a phahameng a busang kapa puso e busang “lefatše” le joalo. (Pesaleme ea 96:1) Boprofeta bo fuoeng Esaia bo fanang ka tšepiso ea “maholimo a macha le lefatše le lecha,” ke boo sethathong bo neng bo sebetsa tabeng ea ho tsosolosoa ha Iseraele kholehong Babylona. Ha Baiseraele ba khutlela naheng ea habo bona, ba ile ba kena tsamaisong e ncha ea lintho. Cyruse e Moholo o ile a sebelisoa ke Molimo ka ho hlahelletseng hore a tlise tsosoloso eo. Morao koana Jerusalema, Zorobabele (setloholo sa Davida) o ile a sebeletsa e le ’musisi, ’me Joshua o ile a sebeletsa e le moprista e moholo. Tumellanong le morero oa Jehova, tlhophiso ena e ncha ea puso, kapa “maholimo a macha,” e ile ea laola le ho hlokomela batho ba tlas’a eona. (2 Likronike 36:23; Haggai 1:1, 14) Ka baka leo, joalokaha temana 18 ea Esaia khaolo 65 e ile ea bolela esale pele, Jerusalema e ile ea fetoha “motse oa thabo, le sechaba sa oona [ea ba] sechaba se khotšeng thabo.”

Phethahatso e Khōloanyane

Leha ho le joalo, mantsoe a Petrose a bontša hore ho ne ho ka lebelloa phethahatso ea nakong e tlang, motheong oa tšepiso ea Molimo. (2 Petrose 3:13) Kaha tabeng ena tšepiso ea Molimo e amana le ho ba teng ha Kreste Jesu, joalokaha ho bontšitsoe temaneng ea 4, e tlameha ebe “maholimo a macha le lefatše le lecha” li bolela ’Muso oa Molimo oa Bomessia le puso ea ’ona holim’a bafo ba utloang. Ka tsoho ea Kreste Jesu le ho nyolohela ha hae ka letsohong le letona la Molimo, o ile a ‘phahamisoa ho fetisa leholimo’ ka kutloisiso ea hore o ile a “phahamisetsoa ka holimo ho puso e ’ngoe le e ’ngoe le bolaoli le matla le borena . . . eseng tsamaisong ena ea lintho feela, empa le ho e tlang ho tla.”—Ba-Heberu 7:26; Ba-Efese 1:19-21, NW; Mattheu 28:18.

Balateli ba Jesu ba Bakreste, joaloka “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo,” ba abetsoe ke Molimo ho ba “majalefa” hammoho le Kreste. (Ba-Heberu 3:1) Ba etsa “Jerusalema e mocha” e bonoeng ponong ea Johanne e “theoha leholimong ho Molimo.” (Tšenolo 21:2, 9, 10; bapisa le Ba-Efese 5:24-27.) Kaha qalong ho boleloa hore pono ena ke ea “maholimo a macha le lefatše le lecha,” hoa utloahala hore maholimo le lefatše ka bobeli li emeloa ke se hlalosoang hamorao. (Tšenolo 21:1) Ka hona, e tlameha ebe “maholimo a macha” a emela Kreste le “monyaluoa” oa hae e leng “Jerusalema e mocha,” ’me “lefatše le lecha” ke ‘lichaba tsa batho’ tseo e leng bafo ba bona le ba amohelang mahlohonolo a puso ea bona, joalokaha ho bontšitsoe litemaneng 3 le 4: “Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”

Ho Feta ha leholimo la pele le lefatše la pele

Pono ea Johanne e bolela ka ho feta ha “leholimo la pele le lefatše la pele.” (Tšenolo 21:1; bapisa le 20:11.) Ka Mangolong a Bakreste a Segerike, ho bontšoa hore mebuso ea lefatše le batho ba eona e tlas’a puso ea Satane. (Mattheu 4:8, 9; Johanne 12:31; 2 Ba-Korinthe 4:3, 4; Tšenolo 12:9; 16:13, 14) Moapostola Pauluse o ile a bua ka “meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo,” le mebuso ea eona, balaoli ba eona, le babusi ba lefatše. (Ba-Efese 6:12) Kahoo ho feta ha “leholimo la pele” ho bolela bofelo ba mebuso ea lipolotiki hammoho le Satane le batemona ba hae. Tlhaloso ena ea “leholimo la pele” e lumellana le ’nete ea hore nakoana ka mor’a hore Johanne a bolele ka ‘ho feta ha leholimo la pele,’ o ne a ile a bona pono ea ho hlōloa ha mabotho a Satane le ho lahleloa ha Satane “sekoting.” (Tšenolo 19:19–20:3) Bafo ba lefatšeng ba puso ea Satane ba felisoa pele a akheloa sekoting, joalokaha ho bontšitsoe ho Tšenolo 19:17, 18. (Bapisa le 1 Johanne 2:15-17.) Tlhaloso ea timetso ea leholimo le lefatše ka mollo e boletsoeng ho 2 Petrose 3:7-12 e lumellana le lipono tsa Tšenolo.

Maholimo a Sebele a Tla ’ne a be Teng ka Nako Tsohle

Elifaze oa Themane o ile a re ka Molimo: “Bona, ha esitile bahalaleli ba oona o sa ba tšepe, le leholimo le sa hloeka mahlong a oona.” Leha ho le joalo, Jehova o ile a bolella Elifaze hore eena le metsoalle ea hae e ’meli ‘ha baa ka ba bolela tsa hae hantle, joale ka ha ho entse Jobo, mohlanka oa hae.’ (Jobo 15:1, 15; 42:7) Ho fapana le sena, Exoda 24:10 e hlalosa hore maholimo a emela bohloeki. Ka hona, ha ho lebaka le boletsoeng ka Bibeleng la hore Molimo o felise maholimo a sebele.

Hore maholimo a sebele a tla ’ne a be teng ka nako tsohle ho bontšoa ke ’nete ea hore a sebelisoa e le lipapiso tsa lintho tse lulang li le teng ka ho sa feleng, joaloka liphello tse tletseng khotso, tse lokileng tsa ’muso oa Davida oo mojalefa oa ’ona e leng Mora oa Molimo. (Pesaleme ea 72:5-7; Luka 1:32, 33) Ka hona, litemana tse kang Pesaleme ea 102:25, 26 tse bolelang hore maholimo ‘a tla fela’ le hore ‘a tla tsofala joale ka seaparo’ ha lia lokela ho utloisisoa joalokaha li le joalo.

Ho Luka 21:33, Jesu o bolela hore “leholimo le tla feta le lona lefatše, empa lipolelo tsa ka li ke ke tsa ba tsa feta.” Moelelo oa polelo ena o bonahala o tšoana le oa Mattheu 5:18: “Ka ’nete kea le bolella, ke re: leholimo le lefatše ha li e-so ho fete, [kapa, ‘ho bonolo hore leholimo le lefatše li fete’; Luka 16:17] jota leha e le ’ngoe le hlaku leha e le ’ngoe ea molao, e ke ke ea feta, ho e-so ho etsahale ntho tsohle.”

Pesaleme ea 102:25-27 e hatisa ho hloka qalo le qetello ha Molimo le hore o ke ke oa shoa, athe pōpo ea oona e bonahalang ea maholimo le lefatše e ka fela, ke hore, e ka felisoa—haeba ntho e joalo e le morero oa Molimo. Ho fapana le ho ba teng ha Molimo ka ho sa feleng, karolo leha e le efe ea pōpo ea oona e bonahalang e ke ke ea ba teng ka ho sa feleng e sa itšetleha ka letho. Joalokaha ho bonahala lefatšeng, pōpo e bonahalang e tlameha ho ’na e nchafatsoa joalo-joalo e le hore e tle e tšoarelle kapa e lule e le sebopehong seo e leng ho sona hona joale. Hore maholimo a bonahalang a itšetlehile ka thato ea Molimo le matla a oona a tšehetsang ho bontšoa ho Pesaleme ea 148, moo, ka mor’a ho bua ka letsatsi, khoeli, le linaleli, hammoho le likarolo tse ling tsa pōpo ea Molimo, temana 6 e bolelang hore Molimo “o li beile hore li tle li be teng ka ho sa eeng kae le ka ho sa feleng; o li file melao, ha ho le e ’ngoe e e tlōlang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela