Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 3/1 maq. 24-25
  • Etela Naha, Etela Linku!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etela Naha, Etela Linku!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Hlokomela Linku Tsa Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Moo re ka Fumanang Matšeliso Teng
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • “E Lahlehileng ke Tla e Batla”
    Khutlela ho Jehova
  • Balisa ba Lerato, Linku Tse Tšepang Balisa
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 3/1 maq. 24-25

Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng

Etela Naha, Etela Linku!

BAKRESTE ba likete ba ’nile ba etela Naheng e Tšepisitsoeng, hobane ba nahana hore ho bona libaka tseo liketsahalo li ileng tsa etsahala ho tsona ho ne ho tla ba thusa hore ba utloisise Bibele, le ho etsa hore moelelo oa eona o hlake haholoanyane. ’Me ho ile ha fela ha e-ba joalo.

Ho sa tsotellehe hore na u ile ua li etela ka sebele kapa u ile ua li etela ka monahano ka ho ithuta libuka le lihlooho tse buang ka naha ena, ho thoe’ng ka ho etela linku? U ka ’na ua ipotsa: ‘Linku li amana joang le Naha e Tšepisitsoeng?’ Ha e le hantle, linku e ne e le karolo ea bophelo linakong tsa Bibele hoo ho etela Naha e Tšepisitsoeng, ka kutloisiso e ’ngoe, ho neng ho sa fella ha ho ne ho sa akarelletse linku.

Lifoto tseo u li bonang mona e ka ba karolo ea ketelo ea hao, kaha linku tseo u ka li bonang sebakeng sena kajeno li tšoana haholo le tse neng li atile nakong ea Bibele.a Mehatla ea tsona e sephara e imeloa ke mafura. (Levitike 7:3; 9:19) Boea ba tsona bo bongata hangata bo bosoeu. Empa hopola hore mohlape o moholo oa Jakobo o ne o akarelletsa “linku tse maroboko le tse nang le matheba, le . . . linku tse sootho.”—Genese 30:32, NW.

Tlaleho eona ena e bontša hore motho ea nang le mohlape o moholo oa linku o ne a talingoa e le morui. (Genese 30:43) Re bala sena ka Jobo: “Leruo la hae e ne e le linku tse likete tse supileng, le likamele tse likete tse tharo, le likhomo tse lekanang lijoko tse makholo a mahlano, le liesele tse tšehali tse makholo a mahlano . . . [Eena] monna eo o na a fetisa bana kaofela ba Bochabela ka boholo.” (Jobo 1:3; 42:12) Kapa u hopole hore Nabale o ne a e-na le linku tse 3 000 le lipoli tse 1 000. U nahana hore boemo ba hae e ne e le bofe mehleng ea Davida, hona o ne a e-na le tšusumetso e kae? (1 Samuele 25:2) Empa hantle-ntle ke hobane’ng ha mohlape o moholo o ne o emela leruo le leholo?

Ke hobane linku li ne li fa balisa kapa beng ba tsona lintho tsa bohlokoa. Boea ka bobona e ne e le letlotlo le sa feleng. Liproverbia 31:13, 21, 22 e re thusa ho bona kamoo mosali ea bohlale, ea mahlaha-hlaha a neng a ka bo sebelisa ka teng ho etsetsa lelapa la hae liaparo kapa a etsa liaparo tse ka rekisoang. (Jobo 31:20) Boea e ne e le thepa ea bohlokoa e rekisoang. Sena se bontšoa polelong e reng morena oa Moabe “e ile ea e-ba morui, ’me o ile a lefa morena oa Iseraele ka likonyana tse likete tse lekholo le linku tse tona tse sa kutoang tse likete tse lekholo.” (2 Marena 3:4, NW) E, e ne e le linku tse “sa kutoang”; boea ba tsona bo bongata bo ile ba ekelletsa bohlokoeng ba tsona.

Linku tse tona, lipheleu, li ne li e-na le linaka tse telele, tse joaloka tse fotong e ho elella ka letsohong le letona. Na see se u hopotsa hore lenaka la pheleu le ne le sebelisetsoa ho tsebisa ka Jubile? (Levitike 25:8-10) Linaka tse tšoanang le tsena tse sekoti li ne li sebelisetsoa ho hlaba mokhosi kapa ho laola ntoa.—Baahloli 6:34; 7:18, 19; Joele 2:1.

Hoa utloahala hore, haeba u ne u e-na le mohlape oa linku, u ne u kholisehile hore u na le mohloli oa lijo hobane linku li ne li le har’a liphoofolo tse hloekileng tseo Baiseraele ba neng ba ka li ja. (Deuteronoma 14:4) Nama ea tsona (nama ea nku kapa ea konyana) e ne e ka phehoa kapa ea besoa. Nama ea nku e besitsoeng e ne e le sejo se ka sehloohong Pasekeng ea selemo le selemo. (Exoda 12:3-9) Linku e ne e boetse e le mohloli oa kamehla oa lebese, le neng le sebelisoa bakeng sa ho nooa le ho etsa chisi.—1 Samuele 17:17, 18, NW; Jobo 10:10, NW; Esaia 7:21, 22, NW.

Leeto la ho ea linkung e ne e ke ke ea e-ba le felletseng ha ho sa hlokomeloe kamano e haufi pakeng tsa mohlape le molisa oa oona. Molisa ea tšepahalang o ne a hlokomela linku tsa hae. Joalokaha Jesu a boletse, li ne li utloa lentsoe la molisa oa tsona li be li arabele ha a li bitsa ka mabitso. (Johanne 10:3, 4) Haeba e ’ngoe e ne e lahlehile, molisa ea hlokolosi o ne a e batla. Ha a e fumane, o ne a ka e jara mahetleng a hae ’me a e busetsa mohlapeng.—Luka 15:4, 5.

Davida o ile a sebelisa phihlelo ea hae ea botho ea mohlape ha a ne a itšoantša le nku eo Jehova e leng Molisa oa eona. Davida o ne a sirelelitsoe, joalokaha linku li ne li sirelelitsoe liphoofolong tse ka li hlaselang. Linku li ne li ka utloa molisa oa tsona ea li hlokomelang. Haeba li ne li ka tsoa kotsi, o ne a tlamella maqeba a tsona, mohlomong a li tlotsa ka oli e thobang. Sena se fapane hakaakang le liketso tsa baeta-pele ba Iseraele, ba hlalositsoeng ho Ezekiele 34:3-8!

Bibele e na le litšupiso tse ngata tsa boprofeta le tsa tšoantšetso tsa linku. Kahoo ketelo ea hao, ho tseba ha hao le linku tsa Naha e Tšepisitsoeng ho ka tebisa kutloisiso ea hao ea mantsoe a joaloka “mohlatsoana,” “Konyana ea Molimo,” le “linku tse ling.”—Luka 12:32; Johanne 1:36; 10:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Re ka ithuta se boleloang ke foto ena e ka holimo ea linku tse leng lefeelleng la Judea ho Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1992.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Garo Nalbandian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela