Ho Hahamalla Pakane eo ke Ipehetseng Eona ha ke ne ke le Lilemo li Yšeletseng
JOALOKAHA HO BOLETSE SANDRA COWAN
Batsoali ba bangata ba khethela bana ba bona mosebetsi, o kang ’mino kapa motjeko, ebe ba qala ho ba koetlisetsa oona ba sa le banyenyane haholo. Sena ke sona seo ’mè a ileng a se etsa ho ’na. Ho tloha ha ke le libeke li peli, ke ile ka isoa libokeng tsohle tsa Bokreste le tšimong.
HA KE ne ke le lilemo li ’nè, ’Mè o ile a nahana hore ke se ke loketse ho paka ke le mong. Ke sa hopola hantle haholo boiteko ba ka ba pele. Re ne re le ntlong e khōlō ea polasi, ’me ha ’Mè le ba bang ba setse koloing, ke ile ka ea monyako. Mosali ea mosa o ile a mamela ha ke mo tsamaisetsa libukana tse leshome. O ile a li lefella ka ho ’neha setene se seholo sa sesepa. Ke ile ka se tšoara ka matsoho a mabeli. Ke ne ke thabile haholo!
Selemong sona seo, ka 1943, Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se ile sa bula menyako ea sona bakeng sa ho koetlisa basebeletsi ba nako e tletseng ba bo-pula-maliboho bakeng sa mosebetsi oa boromuoa. ’Mè o ile a nkhothalletsa ho etsa tšebeletso ea boromuoa pakane ea ka bophelong. Ka nako eo, Ntoa ea II ea Lefatše e ne e ntse e kupa Europe, ’me Mè o ne a ee a mpolelle litaba tsa bana ba banyenyane ba Lipaki ba Europe ba ileng ba tlosoa ho batsoali ba bona. O ne a batla hore ke be matla ka ho lekaneng hore nka mamella teko leha e le efe.
Ke ile ka kolobetsoa nakong ea lehlabula ka 1946, kopanong ea machaba e neng e tšoaretsoe Cleveland, Ohio. Le hoja ke ne ke le lilemo li tšeletseng feela, ke ne ke ikemiselitse ho phethahatsa boinehelo ba ka ho Jehova. Lehlabuleng leo ke ile ka sebeletsa joaloka pula-maliboho ka lekhetlo la pele. Ke hopola hoseng ho hong ha ke ne ke abela batho ba neng ba lutse Setsing sa Mabenkele se San Diego, California limakasine tse 40. Ke kholisehile hore bonyenyane ba ka le ho bua haholo ha ka ho ne ho na le tšusumetso e khōlō.
Hangata re ne re etsa mosebetsi oa boboleli pel’a Beth-Sarim, e leng moo Moena Rutherford, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ea neng a kula, a neng a kile a lula teng mariha pele a e-shoa ka 1942. Re ne re mo etela khafetsa re bile re ba lijong tsa motšehare le basebeletsi ba nako e tletseng hona teng. Liketelo tse thabisang hakaalo li ile tsa etsa hore ke etse qeto ea hore bona ke bona bophelo boo ke bo ratang. Eaba ke etsa tšebeletso ea boromuoa le Sekolo sa Gileade pakane ea ka bophelong.
Selemong se latelang batsoali ba ka ba ile ba hlalana, empa boemo bo bocha ba lelapa ha boa ka ba senya bomoea ba rōna. ’Mè e ne e le pula-maliboho ’me a amehile haholo ka koetliso eo ’na le khaitseli ea ka re neng re e fumana. Baena le bo-khaitseli ba Bakreste ba ne ba atisa ho etela lehae la rōna le lenyenyane. ’Mè o ne a lokisetsa hore joang kapa joang ke kopane le ba qetileng Gileade. Batho ba babeli ba joalo ba qetileng e ne e le Lloyd le Melba Barry, ba neng ba etile ba le mosebetsing oa potoloho ha ba ntse ba emetse ho ea kabelong ea bona e Japane. Ba ile ba ipha nako ea ho khothatsa ’na—ngoanana e monyenyane ea neng a laba-labela ho ba moromuoa—’me seo se ile sa nthabisa.
Ha ke le lilemo li leshome, ’Mè o ile a nyaloa ke Paki e molemo eo le eona e neng e le mosebeletsi oa pula-maliboho. O ile a re nka le khaitseli ea ka hore re be bana ba hae e seng pampiring feela empa hape o ne a re amohetse pelong ea hae. Lerato la hae ho Jehova le cheseho bakeng sa tšebeletso li ne li le matla.
’Mè le Ntate ba ne ba sebelisana hammoho tabeng ea ho re tataisa lilemong tsohle tse thata tsa bocha. Lehae la rōna le ne le enne moeeng hoo ke ntseng ke le hopola ka thabo. Ho ne ho se bonolo bakeng sa bona hore ba bule maliboho ba fumana moputso o monyenyane ba bile ba hōlisa bana ba babeli; ho ne ho hloka hore ba itele. Empa ’Mè le Ntate ba ne ba itšetlehile ka Jehova ba bile ba etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele.
Ke hopola hantle hakaakang kopano ea machaba e neng e tšoaretsoe Motseng oa New York ka 1950! Ntate o ile a fumana chelete ea kalimo bankeng, ’me re ile ra palamisa baeti ba bararo koloing ea rōna hore ba tle ba re thuse ho lefa litšenyehelo tsa leeto. Re ne re lutse setulong se ka pele le ’Mè, Ntate, le khaitseli ea ka leetong leo lohle ho tloha San Diego ho ea New York, ha ba bang ba ne ba lutse setulong se ka morao. Kaha mohiri oa Ntate o ne a hanne ho mo fa matsatsi a phomolo ea beke tse peli, ho ea kopanong eo ho ile ha etsa hore a felloe ke mosebetsi. Empa Ntate o ile a re tiisetsa hore Jehova o ne a tla re fa seo re se hlokang, ’me O ile a fela a etsa joalo. Ntate o ile a rekisa koloi hore a lefe chelete ea kalimo bankeng, eaba o fumana mosebetsi o molemo haholoanyane. Liphihlelo tsena le tse ling tse tšoanang le tsona li ile tsa ipaka ho ba molemo haholo ho ’na lilemong tsa morao ha ’na le monna oa ka re tobana le maemo a boima.
Leetong la rōna ho tloha New York, re ile ra etela Kingdom Farm, moo ke ileng ka bona Sekolo sa Gileade ka lekhetlo la pele. Ke hopola ha ke ne ke eme ka har’a e ’ngoe ea likamore tsa thupelo ’me ke ipolella, ‘Ha ke e-s’o be lilemo li 11. Ho ke ke ha etsahala hore ke tle mona le ka mohla. Harmagedone e tla tla pele.’ Empa ketelo eo e ile ea etsa hore ke ikemisetse ho etsa Gileade pakane ea ka ho feta leha e le neng pele.
Ho Hahamalla Pakane ea ka
Nakong e ’ngoe le e ’ngoe ea phomolo ea lehlabula lilemong tsohle tsa sekolo, ho tloha ke le sehlopheng sa pele ho ea pele, ke ne ke bula maliboho. Joale, libeke tse peli ka mor’a hore ke qete sekolong se phahameng ka June 1957, ke ile ka ba pula-maliboho oa ka mehla.
Seboka sa kopano ea setereke sa ba thahasellang ho ea Gileade se neng se tšoeroe kopanong ea Los Angeles ka 1957 e ne e le se khethehileng ho ’na. Ha ke kena ka tenteng eo seboka seo se neng se tšoaretsoe ho eona, ke ile ka kopana le Bill, moena e mocha eo ke ileng ka mo tseba ho tloha ha ke le lilemo li tšeletseng. O ne a le sieo selemong se fetileng, o ne a sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōlō Louisiana. Re ile ra makala ha re hlokomela kamoo ka bobeli re neng re thahasella tšebeletso ea boromuoa ka teng. Likhoeli tse tšeletseng hamorao re ile ra etsa qeto ea ho ba ’moho mosebetsing ona. Re ile ra ngolla Mokhatlo ra kōpa kabelo, ’me khoeli e le ’ngoe pele re nyalana, re ile ra e fuoa Romney, Virginia Bophirimela.
Re ile ra fallela moo ha re ne re le tseleng e eang kopanong ea New York ka 1958. Ha re le kopanong eo, re ile ra ba teng sebokeng sa ba thahasellang ho ea Gileade. Batho ba makholo ba ne ba le teng. Ha re bona letšoele lena, re ile ra nahana hore ruri ha re na monyetla o mokaalo oa ho ea Gileade. Leha ho le joalo, re ile ra etsa kōpo ea rōna ea pele, le hoja re ne re qetile libeke tse 11 feela re nyalane. Selemong se latelang ha re le kopanong ea setereke ea Philadelphia, re ile ra nehelana ka kōpo ea rōna ea bobeli.
’Na le Bill re ile ra ithuta ho itšetleha ka Jehova ha re ne re le tlas’a maemo a boima Romney. Romney e ne e le toropo e nang le baahi ba 2 000. Mosebetsi o ne o sa fumanehe. Re ne re lula ka tereilareng e boholo ba limithara tse hlano ea maiketsetso e entsooeng hore e lumellane le boemo ba leholimo ba California. Re ne re se na metsi, sefuthumatsi le sehatsetsi. Ka har’a eona ho ne ho bata hoo ka linako tse ling re neng re lokela ho thuha leqhoa le ka emereng e le hore re ka fumana metsi. Baena ba ile ba re thusa ka hohle kamoo ba ka khonang, ba re arolela lijo tseo ba neng ba li tsoma. Re ne re ja khama, raccoon le mochalla. Ka makhetlo a ’maloa re ile ra nahana hore ha ho letho leo re tla le ja letsatsi lohle, ebe ha re fihla hae re tsoa tšebeletsong, re fumana liapole kapa chisi li siiloe ka pel’a monyako oa rōna.
Re ile ra hula ka thata ka likhoeli tse robong nako le nako re phela ka chelete e nyenyane hoo e neng e sa lekane litlhoko tsa rōna. Qetellong, re ile ra etsa qeto ea hore ho ne ho ka ba molemo hore re fallele Baltimore, Maryland, moo Bill a neng a ka fumana mosebetsi. Ha re bolella baena qeto eo re e entseng, ba ile ba lla eaba le rōna ra lla. Kahoo re ile ra etsa qeto ea ho lula sebakeng sena ka nako e teletsana.
Hang ka mor’a moo Paki eo e neng e le mookameli oa lebenkele le leholo le Westernport, Maryland, e leng bohōle ba lik’hilomithara tse 60, o ile a fa Bill mosebetsi oa nakoana. Khoeling eona eo se seng sa liithuti tsa rōna tsa Bibele se ile sa re fa ntlo e nyenyane e ntle e nang le thepa ea ntlo le setofo sa mashala se seholo. E bile ka nako ena ke ileng ka rata lengolo la Malakia 3:10 haholo. Jehova o ne a re tšolletse mahlohonolo a fetang ao re neng re a lebelletse.
Gileade Qetellong!
Letsatsi le thabisang ho feta matsatsi ’ohle bophelong ba rōna ke letsatsi la November 1959, ha re ne re fumana memo ea ho ea Gileade. Re ile ra memeloa sehlopheng sa bo35, e leng sa ho qetela se ileng sa tšoareloa Kingdom Farm. Ha ke ne ke eme ka kamoreng ea thupelo eo ke ileng ka e etela ha ke ne ke sa le ngoana, ke ile ka ba le boikutlo bo mofuthu, ka ba ka ikutloa ke thabile hoo ho seng mantsoe a tšoanelehang ho bo hlalosa hantle.
Gileade e ne e le sekhutlo sa lintho tsa moea. Ho ile ha tšoana le ho phela lefatšeng le lecha ka likhoeli tse hlano. Ke ka seoelo bophelong re tlamehang ho emela ntho e itseng ka nako e telele ebe re fumana hore e molemo ho feta kamoo re neng re lebelletse ka teng. Empa Gileade e ile ea ba joalo hantle.
Re ile ra fuoa kabelo ea ho ea India, empa qetellong re ile ra haneloa ka litokelo tsa ho lula teng. Kahoo, ka mor’a ho leta selemo se le seng Motseng oa New York, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa re fa kabelo Morocco, Afrika Leboea.
Ho Sebeletsa Joaloka Baromuoa Morocco
Re ile ra qeta lilemo tse 24 re thabile Morocco, hang feela ha re fihla re ile ra rata baahi ba teng. Re ile ra ithuta Sefora le Sepanishe, e leng lipuo tse ileng tsa re thusa hore re buisane le batho ba mefuta e mengata ba phelang moo. Ke batho ba neng ba tsoa linaheng tse ling ba neng ba arabela ka bongata molaetseng oa ’Muso.
Mosali e mong eo ke neng ke ithuta Bibele le eena e ne e le setsebi sa motjeko oa Spain o bitsoang flamenco ea neng a sebetsa lebenkeleng la lijo le la boithabiso le Casablanca. Ka mor’a ho ithuta melao-motheo ea Bibele, o ile a siea mong’a lebenkele la lijo le boithabiso eo a neng a lula le eena ’me a khutlela Spain. Ha a le moo o ile a pakela lelapa lohle labo, ’me litho tse ling tsa lona li ile tsa amohela linnete tsa Bibele tseo a neng a li arolelana le tsona. Ka mor’a moo o ile a khutlela Casablanca, moo a ileng a tšepahala ho Molimo ho fihlela a e-shoa ka 1990.
Lilemong tse seng kae tse qalang tsa ha re le Morocco ho ile ha ba le keketseho lenaneng la bahoeletsi ba ’Muso. Leha ho le joalo, eitse ha melata e thatafalloa ho fumana tumello ea bolulo, Lipaki li ile tsa fallela Europe. Ba bang bao re neng re ithuta le bona hona joale ba New Zealand, Canada, United States, Bulgaria, Russia, le France, ’me ba bang ba bona ba tšebeletsong ea nako e tletseng.
Ka tšohanyetso, ka April 1973 mosebetsi oa rōna oa boboleli o ile oa thibeloa ka molao Morocco. Eo e ile ea e-ba taba e makatsang hakaakang! Ka Labone mantsiboea, re ne re le letšoele le thabileng Holong ea ’Muso, ra qoqa ho fihlela mabone a tingoa bakeng sa ho re hlokomelisa hore ke nako ea ho ea hae. Re ne re sa tsebe hore re ne re ke ke ra hlola re bona mabone ao a khantšitse nakong ea botsoalle ba Bokreste bo lokolohileng joalo. Ka tlas’a maemo a ho thibeloa ka molao, liboka tsa rōna le likopano tsa potoloho li ne li tšoareloa malapeng a baena ka lihlopha tse nyenyane. Lipaki li ne li ea Fora kapa Spain bakeng sa likopano tsa setereke.
Ha lenane la rōna le ntse le fokotseha, Lipaki tse seng kae tse neng li setse Morocco li ile tsa khomarelana haufi haholo. Kahoo eitse qetellong ha Mokhatlo oa Watch Tower o etsa qeto ea ho koala lekala leo le ho re fa kabelo e ’ngoe, kaofela ha rōna re ile ra lla haholo.
Re ea Afrika Bohareng
Kabelo ea rōna e ncha e ile ea e-ba Rephabliking ea Afrika Bohareng. E ne e fapane le Afrika Leboea hakaakang! Le hoja boemo ba leholimo ba Morocco bo ne bo tšoana le ba California boroa, joale re ile ra iphumana re le libakeng tse chesang haholo, tse mongobo.
Ho ile ha e-ba le mathata a macha ao re neng re lokela ho tobana le ’ona. Ka mohlala, ke ne ke lokela ho laola tšabo ea ka ea lihahabi. Ka makhetlo a mararo mokholutsoane o ile oa nkoela hloohong ha ke kena monyako. Ka nako e ’ngoe, ha ke khanna thuto ea Bibele, khoto e ile ea etsa qeto ea ho ba le rōna thutong! Le hoja ke ne ke batla ho qhoma ke balehe, ke ile ka ithuta ho itšoara, ke sa tlose leihlo la ka ho Monghali Khoto ke phahamisitse maoto ke bile ke tlositse mokotlana oa ka oa libuka fatše ho fihlela a tloha. Ke ile ka hlokomela hore motho a ka tloaela ntho leha e le efe haeba a sa tele.
Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng re le moo, seea-le-moea se ile sa etsa tsebiso ea hore mosebetsi oa rōna o thibetsoe ka molao. Kahoo Liholo tsa rōna tsa ’Muso li ile tsa koaloa, ’me baromuoa ba ile ba kōptjoa hore ba tsamaee. Ke rōna feela le banyalani ba bang bao re ileng ra khona ho lula lekaleng ka lilemo tse latelang tse tharo. Joale hoseng ho hong ka Sontaha nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa, mapolesa a hlometseng a ile a kena ’me a re nka a re isa ntlo-khōlō ea sepolesa. A ile a lokolla basali le bana, empa a ile a kenya baena ba 23 litlamong, ho akarelletsa le monna oa ka, Bill. Ka mor’a matsatsi a tšeletseng a ile a mo lokolla hore a ee hae a e’o tlama thoto; matsatsi a mararo hamorao, re ile ra tloha naheng ena ka taelo ea ’muso, ka May 1989. E bile karohano e ’ngoe e llisang ha re ne re le boema-fofaneng, moo bongata ba baena ba rōna ba ratehang bo neng bo re felehelitse.
Qetellong, ra ea Sierra Leone
Kabelo eo re leng ho eona hona joale ke Sierra Leone, Afrika Bophirimela, naha e ratehang e nang le mabopo a leoatle a matle, a nang le lehlabathe le lesoeu. Batho ba na le botsoalle, le tšebeletso ea tšimo ke e thabisang. Re memeloa ho lula fatše ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, hangata ka tlas’a moriti oa sefate sa mango kapa sa palema e bitsoang coconut. Batho ba rata ho bua ka Molimo le ho iphumanela likopi tsa bona tsa Bibele e le hore ba ka latela ha re ntse re e bala.
’Na le Bill re sebetsa Lehaeng la Bethele le Freetown. Ke sebeletsa joaloka ea amohelang baeti le ho sebetsana le lipeeletso le litlaleho tsa lichelete tsa liphutheho. Ka mor’a lilemo tse 16 tsa ho sebeletsa linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa boboleli o thibetsoeng ka molao, hoa thabisa ho ba naheng eo ho eona mosebetsi o sa thibeloang ’me o atlehang.
Ke ile ka qeta lilemo tse 30 tsa tšebeletso ea boromuoa ka June 1991. Ka sebele, ’Mè o ile a mpehela pakane e molemo! Haeba a ne a ntse a phela, ke ne nka rata ho mo bolella hape hore, “Kea Leboha ’Mè!” Ka ho thabisang ke sa ntsane nka re, “Kea Leboha Ntate!”
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Kopano ea New York, 1958
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
35th class—July, 1960
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Bill le Sandra Cowan, 1991