Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 4/15 maq. 26-30
  • Jehova o Ile a re Hlokomela Tlas’a Thibelo—Karolo 1

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Ile a re Hlokomela Tlas’a Thibelo—Karolo 1
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Qaleha Likhathatso
  • Mosebetsi oa Rōna oa Thibeloa
  • Ho Tšoara Liboka Tlas’a Thibelo
  • Kabelo ea ka ea Pele e Khōlō
  • Tšepo ho Jehova
  • Tlhokomelo ea Botho ea Jehova
  • Jehova O Ile a re Hlokomela Tlas’a Thibelo—Karolo 2
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jehova O ile a re Hlokomela Tlas’a Thibelo—Karolo 3
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ke Susumelitsoe ke Botšepehi Bo sa Sekisetseng ba Lelapa Leso ho Molimo
    Tsoha!—1998
  • Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 4/15 maq. 26-30

Jehova o Ile a re Hlokomela Tlas’a Thibelo—Karolo 1

Ka mashome a lilemo Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ipotsa ka baena ba tsona ba linaheng tseo mosebetsi oa bona oa Bokreste o neng o hanetsoe. Re thabela ho le hlahisetsa sehlooho sa pele letotong la tse tharo tse bontšang tse ling tsa liketsahalo tse etsahetseng. Tsena ke litlaleho tsa botho tsa Bakreste ba tšepahalang naheng e neng e tsejoa e le Jeremane Bochabela ka nako eo.

KA 1944, ke ne ke le motšoaruoa oa Lejeremane oa ntoa, ’me ke sebetsa joaloka molebeli oa sepetlele Kampong ea Cumnock, haufi le Ayr, Scotland. Ke ne ke lumelletsoe ho tsoela ka ntle ho kampo, le hoja ke ne ke thibetsoe ho itsoakanya le batho ba sebaka seo. Ha ke ntse ke otlolla maoto ka Sontaha se seng, ke ile ka kopana le monna ea ileng a etsa boiteko bo matla ba ho ntlhalosetsa lintho tse tsoang ka Bibeleng. Ka mor’a moo re ne re atisa ho otlolla maoto ’moho.

Ka mor’a nako o ile a ’memela sebokeng se neng se tšoaretsoe ntlong e ’ngoe. Ho ne ho le kotsi hore a etse joalo, kaha ke ne ke le setho sa sechaba sa lira. Ka nako eo ke ne ke sa lemohe hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova—ka ho totobetseng seboka seo e ne e le se seng sa lihlopha tsa bona tse nyenyane tsa thuto ea Bibele. Le hoja ke ne ke sa utloisise hakaalo, ke hopola hantle setšoantšo sa ngoana ea apereng seaparo se selelele se sesoeu, a e-na le tau le konyana. Setšoantšo sena sa lefatše le lecha, joalokaha se hlalosoa bukeng ea Bibele ea Esaia, se ile sa nkhapa maikutlo haholo.

Ka December 1947, ke ile ka lokolloa kampong ea teronko. Ha ke fihla hae Jeremane, ke ile ka nyala Margit, eo ke mo tsebileng pele ho ntoa. Re ile ra aha lehae la rōna Zittau, haufi le meeli ea Poland le Czechoslovakia. Ka mor’a matsatsi a ’maloa feela, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a kokota monyako oa rōna. Ke ile ka bolella mosali oa ka: “Haeba sena ke sehlopha seo ke kopaneng le sona Scotland, re lokela ho ikopanya le sona.” Bekeng eona eo, re ile ra ba teng sebokeng sa rōna sa pele le Lipaki.

Kapele re ile ra ithuta ka tlhokahalo ea ho ba teng ka mehla libokeng tsa Bokreste le ho nka karolo mosebetsing oa boboleli ho latela se boleloang ke Bibele. Ha e le hantle, seo Lipaki li neng li se ruta ho tsoa ka Bibeleng, kapele se ile sa fetoha ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba rōna. Ka mor’a nako ke ile ka qala ho khanna thuto ea sehlopha ea Bibele. Joale ka February 1950, balebeli ba babeli ba tsamaeang ba Bakreste ba ile ba botsa: “Na ebe ha ho mohla le batlang ho kolobetsoa?” Motšehareng oona oo oa mantsiboea ’na le Margit re ile ra tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Molimo ka kolobetso.

Ho Qaleha Likhathatso

Zittau e ne e le lebatooeng la Soviet le Jeremane, ’me ka 1949 boiteko ba ho etsetsa Lipaki tsa Jehova khathatso bo ne bo se bo qalile. Ke feela ka mor’a bothata bo boholo sebaka se ileng sa fumaneha bakeng sa kopano e nyenyane Bautzen. Nakong ea lehlabula, literene tse khethehileng tsa kopano e khōloanyane ea setereke e Berlin hang li ile tsa haneloa. Empa ho bile teng ba likete.

Liboka tsa phutheho le tsona li ile tsa sitisoa. Bahanyetsi ba ne ba ba teng feela ho tla hoeletsa le ho tea meloli. Lekhetlong le leng re batlile re qobelloa ho emisa puo ea molebeli ea tsamaeang. Mecha ea phatlalatso e ne e re bitsa baprofeta ba tsuo. Lihlooho tsa likoranta li ne li bolela hore re ile ra bokana liqhooeng tsa lithabana re letetse ho nkuoa ke maru. Likoranta li ile tsa qotsa hape basetsana ba bang ba neng ba bolela hore Lipaki li lekile ho kopanela boitšoaro bo bobe le bona. Tlhaloso ea hore ‘ba etsang boinehelo ho Jehova ba tla fumana bophelo bo sa feleng e ile ea sothoa ho bolela hore ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali le Lipaki ba tla fumana bophelo bo sa feleng.’

Hamorao re ile ra qosoa ka hore re ba khothalletsang ntoa. Seo re neng re se bolela ka ntoa ea Molimo ea Harmagedone se ile sa hlalosoa hampe ho bolela hore re khothalletsa pokello ea libetsa le ntoa. Ke bothoto bo bokaakang! Leha ho le joalo, ka August 1950, ha ke fihla bakeng sa ho qalisa mosebetsi oa bosiu moo ho hatisoang koranta ea sebaka seo moo ke neng ke sebetsa joaloka mohatisi, ke ile ka emisoa hekeng. Molebeli, ea neng a e-na le lepolesa, o ile a re: “U lelekiloe mosebetsing. Lōna batho ting le khothalletsa ntoa.”

Ha ke fihla lapeng, Margit o ile a imoloha. O ile a re: “Ha u sa tla sebetsa bosiu.” Ha rea ka ra khathatseha. Kapele ke ile ka fumana mosebetsi o mong. Re ile ra tšepa Molimo hore o re hlokomele, ’me o ile oa etsa joalo.

Mosebetsi oa Rōna oa Thibeloa

Ka August 31, 1950, mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa Rephaboliking ea Puso ea Sechaba ka Sechaba ea Jeremane. Ho ile ha latela ho tšoaroa ha ba bangata. Lipaki li ile tsa qosoa, tse ling tsa fumana kahlolo ea bophelo bohle teronkong. Banna ba babeli ba tsoang Zittau, ba neng ba hlokofalitsoe likampong tsa mahloriso tlas’a puso ea Manazi, ba ile ba kenngoa teronkong ke Makomonisi.

Molebeli oa phutheho ea rōna o ile a tšoaroa hammoho le mosali oa hae. Ba neng ba ba tšoara ba ile ba siea bana ba bona ba babeli ba banyenyane ba le bang ka tlung hore ba ikhoantlelle. Ntate-moholo le nkhono ba ile ba nka bana, ’me kajeno banana bao ka bobeli baa cheseha ho bolelleng ba bang ka ’Muso oa Molimo.

Manģosa a tsoang liphuthehong tsa Jeremane Bochabela a ne a ea Berlin le ho khutla ho nka libuka litsing tsa polokelo tse karolong e lokolohileng ea bophirima. Ba bangata ho manģosa ana a sebete ba ile ba tšoaroa, ba qosoa, ’me ba ahloleloa ho kena teronkong.

Ba boholong ba ile ba fihla hoseng ho hong ho tla lekola lehae la rōna. Re ne re letetse hore ba tle, kahoo ke ne ke behile litlaleho tsohle tsa phutheho, tseo ke neng ke li boloka, ka molikong oa rōna, haufi le sehlaha sa bobi. Bobi bona bo ne bo sa ntšoenye, empa ha banna bao ba qala ho lekola sebaka seo, hang-hang ba ile ba iphumana ba aparetsoe ke bobi. Seo banna bao ba neng ba ka se etsa ke feela hore ba balehe!

Jehova o ne a re hlomelletse bakeng sa thibelo ka likopano tse neng li tšoeroe ka 1949. Lenaneo le ile la re phehella ho tiisa thuto ea botho, ho ba teng libokeng, le tšebeletso ea rōna ea boboleli, hammoho le ho itšetleha ka baena ba rōna ho fumana tšehetso le khothatso. Kannete hona ho ile ha re thusa ho ipoloka re tšepahala. Ka hona, esita leha batho ba re hanyetsa le ho re hlapaola, ha rea ka ra lumella sena ho re ama hampe.

Ho Tšoara Liboka Tlas’a Thibelo

Ka mor’a tsebiso ea thibelo, ke ile ka ikopanya le Lipaki tse ling tse peli ho buisana kamoo re ka ntšetsang pele liboka tsa rōna tsa phutheho ka teng. Ho ba teng libokeng ho ne ho le kotsi, kaha ho tšoaroa sebokeng ho ne ho ka bolela ho kenngoa teronkong. Re ile ra etela Lipaki tse sebakeng sa rōna. Ba bang ba ne ba tšoenyehile, empa ho ne ho khothatsa hore bohle ba ne ba lemoha tlhokahalo ea ho ba teng libokeng.

Monna e mong ea thahasellang ea neng a na le moliko o ile a nehelana ka oona hore e be sebaka sa liboka. Le hoja o ne o le sebakeng se bulehileng, moo bohle ba ka o bonang, moliko ona o ne o e-na le monyako o ka morao o neng o lebisa tselaneng e patiloeng ke lihlahla. Kahoo re ne re sa bonahale ha re kena le ha re tsoa. Mariha ’ohle moliko oo e bile sebaka sa liboka tsa rōna re khantša ka kerese, ’me ho e-na le batho ba ka bang 20. Re ne re kopana beke e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa thuto ea rōna ea makasine oa Molula-Qhooa le bakeng sa Seboka sa Tšebeletso. Lenaneo le ile la etsoa hore le lumellane le maemo a rōna, le hatella hore re lokela ho ipoloka re le mafolo-folo moeeng. Kapele re ile ra thabela ho amohela eena monna enoa ea thahasellang joaloka moena oa rōna e mocha ’neteng.

Mahareng a bo-1950, likahlolo tsa lekhotla li ile tsa kokobela, ’me baena ba bang ba ile ba lokolloa teronkong. Ba bangata ba ile ba isoa Jeremane Bophirima. Lintho li ile tsa mphetohela kamoo ke neng ke sa lebella ka mor’a ketelo ea moena ea tsoang Jeremane Bophirima.

Kabelo ea ka ea Pele e Khōlō

Moena eo o ne a ipitsa Hans. Ka mor’a puisano ea rōna, ke ile ka kōptjoa ho ea atereseng e ’ngoe Berlin. Ha ke se ke fumane lebitso leo ke le batlang tšepeng ea monyako, ho ile ha thoe ke kene ka tlung. Banna ba babeli ba ile ba lula le ’na ’me ra buisana ka lintho tse thahasellisang empa e le tse akaretsang. Eaba ba fihla ho seo e sa le ba nkhannela ho sona: “Haeba u ka nehoa kabelo e khethehileng, na u ka e amohela?”

Ke ile ka arabela: “Ho joalo.”

Ba ile ba re: “Ho lokile, ke sona seo re neng re batla ho se tseba. U khutlele hae u sireletsehile.”

Libeke tse tharo hamorao ke ile ka kōptjoa ho khutlela Berlin ’me ka iphumana ke le ka kamoreng eane hape. Ha baena ba ’neha ’mapa oa sebaka se potolohileng Zittau, ba ile ba mpolella lebaka la seboka sena. “Ha re khone ho ikopanya le Lipaki tse tikolohong ena. Na u ka boela oa re kopanya le tsona?”

Ke ile ka arabela kapele, ka re: “Ho hlile ho joalo.” Sebaka seo se ne se le seholo, bolelele ba sona e le lik’hilomithara tse fetang 100, ho tloha Riesa ho ea Zittau, se le bophara bo ka fihlang ho lik’hilomithara tse 50. ’Me ke ne ke na le baesekele feela. Ha re se re ikopantse le Lipaki ka bomong, e mong le e mong o ile a kopanngoa le phutheho ea habo, eo ka mehla e neng e romela moemeli Berlin ho ea lata libuka le litaelo. Mokhoa ona oa tšebetso o ne o thibela ho beha liphutheho tse ling kotsing ha ba boholong ba hlorisa phutheho e ’ngoe.

Tšepo ho Jehova

Ho sa tsotellehe mahloriso, ka ho mamela litaelo tsa Bibele, ha rea ka ra khaotsa ho ea ka ntlo le ntlo ka molaetsa oa rōna oa ’Muso oa Molimo. (Mattheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 20:20) Re ne re ea liatereseng motheong oa puello ea batho bao re seng re ba tseba, ’me re thabetse liphihlelo tse tsotehang. Ka linako tse ling esita le liphoso tsa rōna li ne li fetoha mahlohonolo, joalokaha e latelang e bontša.

’Na le mosali oa ka re ile ra nehoa aterese ea moo re tla etela teng, empa re ile ra ea ntlong esele. Ha monyako o buloa, ra bona seaparo sa mapolesa se le sefoleng. Sefahleho sa Margit se ile sa pulufala; pelo ea ka ea thanya kapele. Hona ho bolela hore re ka ’na ra kenngoa teronkong. E ne e le nako ea thapelo ea kapele.

Monna eo o ile a botsa a sa hlathe koana le koana: “Le bo-mang?” Ha rea ka ra bontša ho tšoha.

Margit o ile a re: “Ekare ke u tsebella kae-kae, empa ha ke hopole hore na ke hokae. E, u lepolesa. E tlameha ebe ke u bone u le mosebetsing.”

Sena se ile sa mo kokobetsa bohale, ’me a botsa ka lentsoe le nang le setsoalle. “Na le bo-Jehova?”

Ke ile ka kenella: “E, re bona, ’me u ka lumela le uena hore ho hlokahala sebete ho rōna ho kokota monyako oa hao. Re na le thahasello ho uena.”

O ile a re re kene ka tlung. Re ile ra mo etela ka makhetlo-khetlo ’me ra qalisa thuto ea Bibele. Ka mor’a nako monna enoa o ile a fetoha moena oa rōna oa Mokreste. Phihlelo eo e matlafalitse tšepo ea rōna ho Jehova hakaakang!

Hangata bo-khaitseli e ne e e-ba manģosa, ho neng ho ba hloka ho beha tšepo e felletseng ho Jehova. Ke se ileng sa etsahala ha Margit a ea Berlin ho ea lata libuka. Ho ne ho e-na le tse ngata ho feta kamoo re neng re lebelletse. Terata e ile ea sebelisoa ho tlama lekase la liaparo le boima le le tletseng ho feta tekanyo. Tsohle li tsamaile hantle ho fihlela ha Margit a le tereneng. Eaba lepolesa la malibohong lea tla.

Le ile la batla ho tseba le supa lekase la liaparo: “Ke la mang, hona le tšetse’ng?”

Margit o ile a araba: “Ke liphahlo tsa ka.”

Le ile la mo laela hore a le bule le ntse le tletse pelaelo. Margit o ile a qala ho lokolla terata e thatetseng lekase a etsa joalo butle le ka boomo, a lokolla mafito ka bonngoe. Kaha mosebetsi oa mapolesa a malibohong o ne o mo hloka ho tsamaea ka terene sebaka se itseng feela ebe oa theoha ’me o kena tereneng e ’ngoe ha e khutlela morao, le ile la fela pelo le ho feta. Qetellong, ha ho se ho setse mafito a mararo feela, le ile la tela. Le ile la meketsa: “Nka liphahlo tsa hao u tsamaee!”

Tlhokomelo ea Botho ea Jehova

Hangata ke ne ke khona ho robala lihora tse ’nè feela bosiu, kaha ke ne ke atisa ho hlokomela litaba tsa phutheho bosiu. E ne e le ka mor’a bosiu ba mosebetsi o joalo ha mapolesa a kokota monyakong oa rōna hoseng ho hong. A ne a tlil’o lekola ntlo. Ho ne ho se ho se na nako ea ho pata eng kapa eng.

Mapolesa a qetile hoseng hohle a ntse a phenyekolla ntlo ka hohle-hohle, haesita le ho lekola ntloana esebe ho na le ho patiloeng teng. Ha ho ea ileng a nahana ho lekola baki ea ka e neng e fanyehiloe sefoleng. Ke ne ke phohletse litokomane tse itseng ka lipokothong tsa eona tse ngata. Lipokotho li ne li tletse ka tsona lintho tseo mapolesa a neng a li batla, empa a tsamaile a itlhophere.

Ka lekhetlo le leng, ka August 1961, ke ne ke le Berlin. E ne e le lekhetlo la ho qetela ke lata libuka pele Lerako la Berlin le ahoa. Seteishene sa terene sa Berlin se ne se phethesela ke batho ha ke itokisetsa ho khutlela Zittau. Ha terene e fihla, batho bohle ba ile ba mathela seemelong sa eona. Ke nkehile ’moho le letšoele, ke ile ka iphumana ke le karolong e lephaka ea terene. Hang-hang ha ke se ke palame, molebeli o ile a notlela mamati a le ka ntle. Ke ne ke eme ke le mong ka karolong e ’ngoe, ha bapalami ba bang bohle ba ne ba khanneloa lehlakoreng le leng la terene.

Re ile ra tloha ho ea Zittau. Ka nako e itseng ke ne ke le mong ka letorokong la terene. Terene e ile ea ema, ’me menyako e karolong eo ke neng ke le ho eona e ile ea buleha. Masole a mangata a Soviet a ile a kena. Ke feela moo ke ileng ka hlokomela hore ke ntse ke palame karolong e neng e behetsoe masole a Soviet. Ke ile ka lakatsa hore lefatše le ahlame ke kene. Leha ho le joalo, masole a ne a bonahala a sa bone letho le phoso.

Re ile ra tsoela pele ka leeto ho ea Zittau, moo mamati a karolo ea rōna a ileng a buloa, ’me masole a tlōlela ka ntle. A ile a qala ho lekola baeti bohle ba seteisheneng. E bile ’na feela ea sa kang a sitisoa ha ke tsamaea. Masole a mangata a ne a bile a ntumelisa, a nahana hore ke mosebeletsi oa ’muso ea phahameng.

Ke feela ka morao ho moo re ileng ra hlokomela bohlokoa ba libuka tseo, kaha ho ahoa ha Lerako la Berlin ho ile ha sitisa tsela ea rōna ea phepelo ka nakoana. Leha ho le joalo, libuka tseo li ne li lekane ho phethahatsa litlhoko tsa rōna ka likhoeli tse ’maloa. Ho sa le joalo, litokisetso tsa ho ikopanya le rōna li ne li ka etsoa.

Ho ahoa ha Lerako la Berlin ka 1961 ho ile ha re tlisetsa liphetoho Jeremane Bochabela. Empa joaloka mehleng, Jehova o ne a etella liketsahalo pele. O ile a tsoela pele ho re hlokomela tlas’a thibelo.—Joalokaha ho boletse Hermann Laube.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Re thabetse kopano e nyenyane Bautzen

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela