“Aparang Seaparo se Felletseng sa Ntoa se Tsoang ho Molimo”
BAKRESTE ba apare seaparo sa ntoa? Ke ka baka la’ng ha ba lokela ho nka thepa e joalo ea ntoa? Na ha ba rate khotso? (2 Timothea 2:24) E, baa e rata. Leha ho le joalo, Bakreste bohle ba ’nete ba ntoeng—ntoa eo ho eona ba sa hahamalleng ho bolaea, empa ho hlōla.
Haeba Satane a ne a sa ka a fetohela Molimo, ho ne ho se mohla ho tla hlokahala hore ho loanoe ntoa e joalo. Empa o hlile a fetohela Molimo, ’me a khelosa Adama le Eva hore ba kopanele le eena bofetoheling. Ho tloha ka nako eo, tsamaiso ea lefatše e teng e matleng a “e mobe,” Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) Batho ba ikokobelletsang ’Musi ea loketseng, Jehova, ba tlameha ho hanela tšusumetso ea lefatše le molaoli oa lona. Ba tlameha ho loanela bophelo ba bona ba moea. E le hore Bakreste ba finyelle sena, baa khothatsoa: “Aparang seaparo se felletseng sa ntoa se tsoang ho Molimo hore le tle le tsebe ho ema le tiile khahlanong le liketso tse bolotsana tsa Diabolose.”—Ba-Efese 6:11, NW.
Seaparo sa Ntoa
Hlokomela hore re hloka “seaparo se felletseng sa ntoa se tsoang ho Molimo” haeba re tla sireletseha ka ho loketseng. Joale, a re ke re hlahlobe karolo ka ’ngoe ea seaparo sena sa ntoa joalokaha e hlalositsoe ke moapostola Pauluse ’me re itlhahlobe ka ho tšepahalang ho bona haeba re hlomelletse ka ho felletseng bakeng sa ntoa ea moea.—Ba-Efese 6:14-17.
“Tieang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa ’nete.” (Ba-Efese 6:14a) Mehleng ea Bibele masole a ne a itlama ka lebanta la letlalo le ka bang bophara ba lisenthimithara tse 15. Lebanta lena le ne le sireletsa letheka. Ha lesole le tiisa lebanta, sena se ne se bontša hore le loketse ntoa.
Ka hona, ke ho loketseng hakaakang hore ebe ’nete ea Molimo e tšoantšoa le lebanta la lesole! Sena se bontša hantle hore re lokela ho boloka Lentsoe la Molimo la ’nete le le haufi le rōna, joalokaha eka re itlamme ka lona. Re lokela ho nahana ka botebo ka se fuperoeng ke Lentsoe la Molimo. Sena se tla re sireletsa hore re se khelosoe ke mashano le lithetso. Ho feta moo, lipolelo tsa molomo oa Jehova li tla re tšehetsa le ho re matlafatsa moeeng ’me li matlafatse botšepehi ba rōna.
“Le apere tšireletso ea sefuba e leng ho loka.” (Ba-Efese 6:14b) Tšireletso ea lesole ea sefuba e ne e sireletsa setho sa bohlokoa sa ’mele—pelo. Ka hona, seaparong sa ntoa seo re se filoeng ke Molimo, ho loka ho sireletsa pelo ea rōna. Ho latela Mangolo, pelo ke pontšo e loketseng ea seo re leng sona ka hare—maikutlo a rōna, mehopolo, le litakatso. Kaha Bibele e boetse e bolela hore pelo e sekametse bobeng, ho bohlokoa ho hlaolela boikemisetso ba ho itšoarella tekanyetsong ea Jehova ea ho loka. (Jeremia 17:9) Ho utloa Molimo ha ea tlameha ho ba pontšo ea ka ntle feela ea boikaketsi; ho tlameha ho tsoa ka hare. Sena se hloka hore re hlaolele lerato le matla bakeng sa ho loka le lehloeo le matla joalo bakeng sa ho hloka molao. (Pesaleme ea 45:7) Ka hona, pelo ea rōna e tla sireletseha.
“Maotong a lōna le roale mafolo-folo a Evangeli ea khotso.” (Ba-Efese 6:15) Na maoto a hao a joalo? Na ka mehla a u isa tšebeletsong ea tšimo hore u phatlalatse litaba tse molemo? Na u loanela ho ntlafatsa boleng ba mosebetsi oa hao oa boboleli le oa ho ruta? Ke ’nete hore, masimo a mang ha a arabele hantle. Batho ba ka ’na ba iphapanya, ba hloka thahasello, kapa ba ba le bora. Ho ka etsahala hore boboleli ba rōna bo re hlahisetse mahloriso. Empa ka ho tiisetsa, Bakreste ba ba le mamello, e leng tšobotsi e fanang ka tšireletso khahlanong le litlhaselo tsa Satane. Le hoja a ne a hlorisoa, Pauluse e ne e le ’moleli ea chesehang, ’me re khothalletsoa hore re be ‘baetsisi ba hae, joalokaha le eena e le oa Kreste.’—1 Ba-Korinthe 11:1.
Ho ipoloka re tšoarehile mosebetsing oa boboleli ba ’Muso ho matlafatsa tšepo ea rōna litabeng tse molemo. Ho feta moo, ho lumella moea oa Jehova ho sebetsa ka ho rōna phethahatsong ea thato ea hae. Ha e le hantle, mosebetsi o joalo o re etsa basebetsi-’moho le mangeloi—esita le Jehova Molimo ka boeena. (1 Ba-Korinthe 3:9; Tšenolo 14:6) ’Me ‘ho eketsa ka mehla ho sebeletsa Morena’ ho re etsa ‘ba tiileng matla, ba sa sisinyeheng.’ (1 Ba-Korinthe 15:58) See se fana ka tšireletseho e babatsehang hakaakang!
“Le tšoare thebe [e khōlō, “NW”] ea tumelo.” (Ba-Efese 6:16) Ha le tšoere thebe e khōlō, lesole la mehleng ea boholo-holo le ne le itšireletsa marumong le ho liqha. Haeba le ne le ka hlōleha ho sebelisa thebe, le ne le ka tsoa kotsi e mpe kapa esita le ho bolaoa. Bakreste ba tobane le libetsa tse bolaeang ho feta tseo—“limisaele tse tukang tsa e mobe.” Tsena li kopanyelletsa lintho tsohle tse sebelisoang ke Satane ho fokolisa tumelo ea rōna le ho re bolaea moeeng. Li kopanyelletsa mahloriso, mashano, lifilosofi tse thetsang tsa lefatše, khoheli ea lintho tse bonahalang, le teko ea ho kopanela boitšoarong bo bobe. E le hore re itšireletse khahlanong le sena sohle, re hloka thebe e khōlō. Ha ho karolo ea rōna e ka salang e sa sireletseha.
Abrahama le mosali oa hae, Sara, ba ne ba e-na le tumelo e matla. Ha ba fetile lilemo tsa ho ba le bana, ba ile ba lumela tšepisong ea Molimo ea hore ba ne ba tla tsoala peō. Hamorao, Abrahama o ile a bontša tumelo e tsotehang ha a ne a utloa taelo ea hore a etse Isaaka sehlabelo, e leng mora oa hae a ’notši ka moratuoa oa hae Sara. Jehova o ile a tšoara letsoho la Abrahama ’me a fana ka ntho e neng e tla etsoa sehlabelo bakeng sa mora oa hae. Empa Abrahama o ne a ikemiselitse ho utloa. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo e felletseng ea hore Jehova a ka tsosa mora oa hae bafung ’me a phethahatsa litšepiso tsa hae ka eena.—Ba-Roma 4:16-21; Ba-Heberu 11:11, 12, 17-19.
Moshe le eena o ne a e-na le mofuta oa tumelo oo re o hlokang. O ile a hana maruo a Egepeta, a ikhethela ho hatelloa le sechaba sa Molimo. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo ea hore Jehova o teng ’me o tla boloka Baiseraele. Tumelo ea Moshe e ne e le matla hoo a neng “a tiea joale ka hoja a bona ea sa bonoeng.”—Ba-Heberu 11:6, 24-27.
Na re na le tumelo e tšoanang ho Jehova? Na kamano ea rōna le Jehova e haufi hoo e kang rea ’mona? Na re ikemiselitse ho itela kapa ho mamella bothata leha e le bofe e le ho boloka kamano ea rōna le Molimo? Na re na le tumelo e felletseng ho Jehova? (Ba-Heberu 11:1) Haeba ho joalo, limisaele tse tukang tsa Satane li ke ke tsa phunyelletsa thebeng ea rōna ea tumelo.
“Roalang heleme ea poloko.” (Ba-Efese 6:17a) Heleme ea lesole e ne e sireletsa hlooho ea lona ka hona e sireletsa boko—setho se laolang methapo le mohopolo. Tšepo ea Mokreste ea poloko e tšoantšoa le heleme hobane e sireletsa kelello. Kelello ea Mokreste e nchafalitsoe ka tsebo e nepahetseng, empa e ntse e le kelello ea motho ea fokolang le ea sa phethahalang. (Ba-Roma 7:18; 12:2) Haeba re lumella kelello ho iphepa ka khopolo e sa hloekang e bolaeang tumelo e hlahisoang ke moea oa lefatše lena, tšepo ea rōna ea hore re tla fumana poloko e tla ba lerootho ’me qetellong e fele. Ka lehlakoreng le leng, haeba ka mehla re fepa kelello ea rōna ka mantsoe a matlafatsang a Molimo, tšepo ea rōna e tla lula e khanya ’me e hlakile. Na u boloka heleme ea hao ea poloko e khohletse hantle?
“Lerumo la Moea, e leng lentsoe la Molimo.” (Ba-Efese 6:17b) Polelo e reng ho molemo ho nka khato ea pele ntoeng ke ’nete ntoeng ea Bakreste. Ha maoto a rōna, a roetse litaba tse molemo tsa khotso, a re isa ho batho ba sa lumelang, ha re sale re se na lihlomo. Lentsoe la Molimo, Bibele, le sebetsa joaloka sabole e matla ho ratha mashano a moea le likhopolo tse fosahetseng ’me le thusa batho ba lipelo li lokileng hore ba fumane tokoloho ea moea.—Johanne 8:31, 32.
Jesu o ile a bontša matla a sebetsa sena ha a loana le Satane Diabolose. Ha a lekoa felleng, Jesu o ile a itšireletsa khahlanong le litlhaselo tse tharo tsa bosatane ka hore ka katleho a sebelise Lentsoe la Molimo le ho re: “Ho ngoliloe, ho thoe.” (Mattheu 4:1-11) Haeba re ithuta ho sebelisa sabole ena ka tsebo, re ka thusa batho ba ikokobelitseng hore ba tsoe tlas’a taolo ea Satane. Hape, baholo ba phutheho ba sebelisa Lentsoe la Molimo ho sireletsa mohlape khahlanong le batho ba lekang ho fokolisa tumelo ea ba fokolang.—Liketso 20:28-30.
Hore lesole le tsebe ho sebelisa sabole ha ho bobebe. Ho ikoetlisa ho etsoang ka tieo ho hlokahala ka sebele e le hore le tsebe ho e sebelisa ka masene. Ka ho tšoanang, ntoeng ea moea ho hlokahala boithuto bo eketsehileng le boikoetliso ba ka mehla tšebeletsong e le hore motho a ka tseba ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka tsebo. Ka litsela tsohle, a re etseng boiteko bo hlokahalang hore re be batšoari ba nang le tsebo ba sabole ea moea, ba “rutang lentsoe la ’nete ka ho loka.”—2 Timothea 2:15.
Le ’Ne le Rapele, le Eme le Tiile
Likarolo tsohle tsa seaparo sa rōna sa ntoa ea moea li bohlokoa bakeng sa hore re boloke botšepehi ho Molimo. Empa ke joang re ka lulang re ntse re apere seaparo see sa ntoa? Ho ithuta Bibele ka mehla, ho lokisetsa esale pele liboka tsa Bokreste, le ho mamela ka hloko le ho nka karolo ka mafolo-folo ho tsona ho tla re thusa ho lula re ntse re apere seaparo sa rōna sa ntoa. (2 Timothea 3:16; Ba-Heberu 10:24, 25) Ho kopanela ka mehla le ka cheseho tšebeletsong ea tšimo hammoho le botsoalle bo botle ba Bokreste li tla re thusa ho boloka seaparo sa rōna sa ntoa sa moea se qholotsang le se sireletsang se ntse se le boemong bo botle.—Liproverbia 13:20; Ba-Roma 15:15, 16; 1 Ba-Korinthe 15:33.
Ho ba le boikutlo bo nepahetseng ba kelello ke habohlokoa. Re tlameha ho se lumelle likhoheli tsa lefatše lena hore li re sitise. Ho e-na le hoo, a re hlaoleleng ho ba le ‘leihlo le bonolo.’ (Mattheu 6:19-24, NW) Re etsisa Jesu Kreste, re tlameha ho ithuta ho rata ho loka le ho hloea ho hloka molao. (Ba-Heberu 1:9) Lintho tsena tsohle li re thusa ho lula re apere seaparo sa rōna sa ntoa seo re se filoeng ke Molimo.
Ka mor’a ho bua ka karolo ka ’ngoe ea seaparo sa ntoa sa moea, Pauluse o qetella ka hore: “Le rapele ka Moea ka mehla, ka merapelo eohle, le falimehele teng ka tiisetso eohle, ’me le rapelle bahalaleli bohle.” (Ba-Efese 6:18) Masole a tšepahalang a buisana ka mehla le ntlo-khōlō ea sesole ’me a boloka litaelo. Joaloka masole a Bakreste, ho hlokahala hore ka linako tsohle re ’ne re buisane le ’Musi oa rōna, Jehova Molimo, ka ‘molaoli oa hae e moholo oa lichaba,’ Jesu Kreste. (Esaia 55:4) Sena se ke ke sa etsoa ka thapelo e sa reng letho, empa ka thapeli e tsoang botebong ba pelo, e bontšang ho ba le boinehelo bo haufi-ufi le bo tebileng ho Jehova. Ka ho buisana le Jehova ka mehla, re fumana matla letsatsi ka leng a re matlafatsang ntoeng.
Jesu o itse: “Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) Jehova o boetse o batla hore re hlōle. Ha lefu la moapostola Pauluse le atamela, o ne a ka re: “Ke loanne ntoa e molemo, ke titimile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.” (2 Timothea 4:7) E se eka le rōna re ka khona ho bua joalo ka karolo eo re e nkileng ntoeng. Haeba ka sebele re lakatsa sena, a re ‘emeng re tiile khahlanong le liketso tse bolotsana tsa Diabolose’ ka ho lula re ntse re apere seaparo se felletseng sa ntoa se tsoang ho Molimo.—Ba-Efese 6:11.