Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 6/15 maq. 28-30
  • Diocletian o Hlasela Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Diocletian o Hlasela Bokreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohetene Khahlanong le Bokreste
  • Litaelo tsa Molao
  • Bokreste ba Lekholo la Bone la Lilemo
  • Bibele ea Hlaseloa
    Tsoha!—2011
  • Kamoo Bokreste-’mōtoana bo Fetohileng Karolo ea Lefatše Lena ka Teng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ha Baa ka ba Nahana ho Sekisetsa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bokreste ba Pele le Naha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 6/15 maq. 28-30

Diocletian o Hlasela Bokreste

MOKETENG oa molimo Terminus oa Baroma ka February 23, 303 C.E., o neng o tšoaretsoe motse-moholo o mocha oa ’muso Nicomedia, Asia Minor, banna ba ile ba bontša lerato la bona la naha ka ho nkhisetsana mahafi. Empa ho ile ha hlokomeleha hore Bakreste ba bangata ba ne ba le sieo.

Moemphera Diocletian le Galerius Cesare ea tlaasana, ba ne ba talimme sebaka seo Bakreste ba moo ba bokanang ho sona ba le sebakeng se phahameng sa ntlo ea bona ea borena. Ha ho etsoa pontšo, masole le basebeletsi ba ’muso ba ile ba kena moahong oa Bakreste ba hatela holimo, ba o senya, ’me ba chesa likopi tsa Bibele tseo ba ileng ba li fumana. Qetellong, ba ile ba heletsa moaho.

Ka hona ho ile ha qaleha nako ea mahloriso e ileng ea silafatsa puso ea Diocletian. Bo-rahistori ba re ke “mahloriso a maholo a ho qetela,” “mahloriso a sehlōhō ka ho fetisisa,” esita le “ho falatsoa ha lebitso la Mokreste.” Ho talima boemo ba liketsahalo tsena tse hlollang ke habohlokoa haholo.

Bohetene Khahlanong le Bokreste

Diocletian, ea tsoaletsoeng Dalmatia, sebaka se ileng sa fetoha Yugoslavia, o fihletse bophahamo ka ho sebeletsa lebothong la Roma. A hlomamisitsoe e le moemphera ka 284 C.E., o ile a tuma ka liphetoho tsa lipolotiki ha a ne a hloma ’muso oa tetrarchy, e leng boeta-pele bo kopanetsoeng ke batho ba bane, ho busa ’musong. Diocletian o ile a khetha Maximian, motsoalle oa hae oa khale ntoeng, ho sebeletsa haufi le eena joaloka moemphera oa bobeli, Augustus oa bobeli, ka boikarabelo bo khethehileng karolong e ka bophirima ea ’muso. Diocletian le Maximian ba ne ba e-na le Cesare ea tlaasana ea neng a fuoe litokelo tsa ho hlahlama moemphera. Constantius Chlorus o ne a sebeletsa joaloka Cesare ho Maximian, ha Galerius ea tsoang Thrace a ne a e-na le matla ka tlas’a Diocletian.

Joaloka Diocletian, Galerius Cesare o ne a e-na le cheseho e tukang borapeling ba melimo ea bohetene. A lakatsa ho hlahlama moemphera, Galerius o ile a iketsa eka o tšaba keko lebothong. O ne a hloile tšusumetso e hōlang ea masole a neng a ipolela hore ke Bakreste. Ho latela pono ea moemphera, ho hana ha bona ho kopanela borapeling ba bohetene ho ne ho lekana le phephetso matleng a hae. Kahoo Galerius o ile a phehella Diocletian ho nka mehato ea ho felisa Bokreste. Qetellong, mariheng a 302/303 C.E., moemphera o ile a inehela boikutlong ba Cesare ba ho se batle Bakreste ’me a lumela ho tlosa batho bana bolulong le boeta-peleng ba bona. Empa Diocletian o ne a le khahlanong le polao, a tšaba hore bashoela-tumelo tseleng ea Bokreste ba ka susumelletsa ba bang ho fetohela puso ka matla.

A ntse a sa khotsofatsoa ke tsela ena ea ho rarolla bothata, Diocletian o ile a iteanya le balaoli le ba boholong sesoleng ho akarelletsa Hierocles, ’musisi oa Bithynia. Motho enoa ea inehetseng ka cheseho Tsamaisong ea Magerike o ne a tšehetsa ketso e sehlōhō khahlanong le Bakreste. Ho tšehetsa ha Diocletian melimo ea neano ea Roma ho ile ha lebisa khohlanong le Bakreste. Ho latela Diocletian and the Roman Recovery ea Stephen Williams, phello e bile “ntoa e sa thibjoeng ho isa qetellong pakeng tsa melimo ea Roma le molimo oa Bakreste.”

Litaelo tsa Molao

Ho ntšetsa pele phutuho ea hae ea mahloriso, Diocletian o ile a tsebisa ka ho latellana litaelo tsa phatlalatsa tse ’nè. Letsatsi le latelang ka mor’a tlhaselo Nicomedia, o ile a laela hore libaka tsa Bakreste tsa liboka le thepa eohle ea teng li felisoe ’me a laela hore libuka tse halalelang li tlisoe ’me li chesoe. Bakreste bao e neng e le bahlanka ba ’Muso ba ne ba tla theoloa boemong ba bona.

Ha mollo o qaleha ka makhetlo a mabeli hantle ka hare ho ntlo ea borena, qoso e ile ea pharehoa ho Bakreste ba sebetsang moo. Sena se ile sa etsa hore ho fanoe ka taelo ea molao ea bobeli, e neng e laela ho tšoaroa le ho kenngoa teronkong ha babishopo, baholo, le badeakone bohle. Taelo ea boraro ea molao e ne e leka ho etsa banna bana hore ba koenehe, e ba hloka hore ba etsetse melimo ea Roma linyehelo ho sebelisoa tlhokofatso haeba ho hlokahala. Taelo ea bone ea fetela pele ’me ea etsa hore ho ipolela ha motho e le Mokreste e be tlōlo ea molao e otloang ka lefu.

Tlhaselo e sehlōhō e ileng ea latela e ile ea hlahisa sehlopha se tšoauoeng traditores (ho bolelang, “ba ileng ba inehela”), mahlaba-phio ho Molimo le Kreste ba ileng ba leka ho sireletsa bophelo ba bona ka ho nehela likopi tsa bona tsa Mangolo. Ho latela rahistori Will Durant, “Bakreste ba likete-kete ba ile ba kheloha . . . Empa ba bangata ho ba ileng ba hlorisoa ba ile ba ema ba tiile; ’me ho bona ka mahlo kapa ho fumana tlaleho ea ho tšepahala ho sebete tlas’a tlhokofatso ho ile ha matlafatsa tumelo ea ba sa tsitsang le litho tse ncha tsa liphutheho tse batloang.” Bakreste Frygia, Cappadocia, Mesopotamia, Fenicia, Egepeta le libaka tse ling tse ngata tsa ’Muso oa Roma ba ile ba shoela tumelo.

Rahistori oa kereke Eusebius oa Caesarea o lekanya hore Bakreste ba likete-kete ba ile ba shoa mahlorisong. Ka lehlakoreng le leng, Edward Gibbon, mongoli oa The Decline and Fall of the Roman Empire, o bolela palo e ka tlaase ho likete tse peli. Mongoli e mong oa hlalosa: “Gibbon o tšohla bongata ba lipale tsena ka pelaelo e itseng, joalokaha li tsoa mehloling ea Bokreste e fetelletsang litaba haholo ka ho tlotlisa bashoela-tumelo le ho tataisa ba tšepahalang.” O tsoela pele: “Ha ho pelaelo, ho na le bangoli ba fetelletsang litaba ba bolelang hore mafu a ’maloa a ‘mangata’, a sa bontšeng phapang pakeng tsa ho shoela tumelo ha boithaopo le ho bang teng ka ho susutlelloa ka boomo; le ba bolelang kamoo libatana tse sebakeng sa lipapali li ileng tsa harola ka bohale linokoane tsohle empa tsa sitisoa ke ‘matla a fetang a tloaelehileng’ hore li se etse Bakreste letho. Empa, esita leha ho ka lumelloa ho loha mano bakeng sa ho thetsa batho, se etsahetseng sea tšosa.” Ka sebele tlhoriso e sehlōhō ka ho fetisisa e etsahetse ho sebelisoa lintho tsa tlhokofatso tseo batho ba thakhalatsoang ho tsona, ho chesoa, ho tlosoa letlalo, le litang bakeng sa tlhokofatso.

Ba bang ba boholong ba na le pono ea hore Galerius ke eena ea hlohlellelitseng mahloriso, eseng Diocletian. Moprofesa William Bright ho The Age of the Fathers, o re: “Hase ntho ea lefeela hore ebe boiteko bo phahameng ba ’muso oa lefatše oa bohetene ba ho felisa ’Muso oo eseng oa lefatše lena bo amahanngoe le Diocletian, ho fapana le moqapi oa oona oa ’nete Galerius.” Leha ho le joalo, esita le har’a puso ea batho ba bane, Diocletian o ne a e-na le taolo e phahameng, joalokaha mongoli Stephen Williams a tiisa: “Ha ho pelaelo hore Diocletian o ne a laola morero leha e le ofe o moholo ’Musong ho fihlela ka 304, ’me o bile le boikarabelo bo boholo ba tlhoriso ho fihlela ka nako eo.” Diocletian o ile a kula ’me qetellong a tlohela bolaoli ka 305 C.E. Hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng ka mor’a moo, tlhoriso e ileng ea tsoela pele e ile ea bontša lehloeo le tšabehang la Galerius linthong tsohle tse amanang le Bokreste.

Bokreste ba Lekholo la Bone la Lilemo

Liketsahalo tsena tse tšabehang tse etsahetseng mathoasong a lekholo la bone la lilemo li tiisa se ileng sa boleloa esale pele ke baapostola Pauluse le Petrose, hammoho le bangoli ba bang ba bululetsoeng. “Motho ea hlokang molao” ea boletsoeng esale pele, e leng lequloana le etelletseng pele la baruti ba batho ba ipolelang hore ke Bakreste, o ne a se a ntse a hlomame ka tieo, joalokaha litaelo tsa molao tsa Diocletian, haholo-holo ea bobeli, li tiisa. (2 Ba-Thessalonika 2:3, 4, NW; Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:12) Lekholong la bone la lilemo, liketso tsa bokoenehi li ne li se li tloaelehile hohle. Palo e khōlō ea ba neng ba ipolela hore ke Bakreste e ne e le litho tsa lebotho la Roma. Na ho ne ho se Bakreste morao koo ba neng ba tšepahala “mohlaleng oa litaba tsa pholoho” tse fumanoeng ho baapostola?—2 Timothea 1:13.

Eusebius o re bolella mabitso a ba hlorisitsoeng, haesita le ho hlalosa ka ho hlaka tlhokofatso, ho utloisoa bohloko, le ho shoela tumelo ha bona qetellong. Hore na bashoela-tumelo bana bohle ba shoele ba tšepahala ’neteng e senotsoeng ka nako eo kapa che, re ke ke ra tseba hona joale. Ha ho pelaelo hore ba bang ba ile ba mamela temoso ea Jesu ea ho qoba lihlotšoana tsa bokhelohi, boitšoaro bo bobe, le ho sekisetsa ha mofuta ofe kapa ofe. (Tšenolo 2:15, 16, 20-23; 3:1-3) Kamoo ho bonahalang ka teng, ba bang ba tšepahalang ba ile ba lula ba sa tsejoe historing. (Mattheu 13:24-30) Kannete, mehato ea ho falatsa borapeli ba Bakreste e bile e atlehileng hoo seemahale se Spain sa nako eo se thoholetsang Diocletian ka ho ‘felisa tumela-khoela ea Kreste.’ Leha ho le joalo, boiteko ba ho fumana le ho felisa likopi tsa Mangolo, e leng karolo e ka sehloohong ea tlhaselo ea Diocletian Bakresteng, bo ile ba hlōleha ho felisa Lentsoe la Molimo ka ho felletseng.—1 Petrose 1:25.

A hlōlehile ka ho felletseng ho felisa Bokreste, morena oa lefatše Satane Diabolose, o ile a ntšetsa pele liketso tsa hae tse mano ka Moemphera Constantine, ea ileng a busa ho tloha ka 306 ho ea ho 337 C.E. (Johanne 12:31; 16:11; Ba-Efese 6:11, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Constantine oa mohetene ha a ka a loantša Bakreste. Ho fapana le hoo, o fumane ho le molemo ho matahanya bohetene le litumelo tsa Bakreste ho etsa bolumeli bo bocha ba naha.

Ke temoso e kaakang bakeng sa rōna kaofela! Ha re tobane le tlhoriso e sehlōhō, lerato la rōna ho Jehova le tla re thusa ho qoba ho sekisetsa bakeng sa ho lopolloa nameng ka nakoana. (1 Petrose 5:9) Ka ho tšoanang, re ke ke ra lumella nako ea khotso ho monya matla a rōna a Bokreste. (Ba-Heberu 2:1; 3:12, 13) Ho khomarela melao-motheo ea Bibele ka tieo ho tla re boloka re tšepahala ho Jehova, Molimo o ka pholosang batho ba oona.—Pesaleme ea 18:25, 48.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]

Musei Capitolini, Roma

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela