Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 7/15 maq. 19-22
  • U ka Fumana Matšeliso Nakong ea Tsieleho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Fumana Matšeliso Nakong ea Tsieleho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moapostola ea Leng Tsielehong o Fumana Matšeliso
  • Kamoo re Lokelang ho Talima Likabelo Tseo re li Fuoeng ke Molimo
  • Matšeliso ha re le Tsielehong ka Baka la ho Ikoahlaea
  • Le ka Mohla U se ke Ua Lebala Thapelo
  • Na U Tsielehile ka Baka la Lipelaelo?
  • Hopola Hore Jehova O Fana ka Matšeliso
  • U Se Ke Ua Tela!
  • Tšepa Jehova, “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jehova, ‘Qhobosheane ea Rōna Nakong ea Mahlomola’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • “Tšelisa Bohle ba Siameng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Jehova oa re Tšelisa ha re E-na le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 7/15 maq. 19-22

U ka Fumana Matšeliso Nakong ea Tsieleho

RE LOKELA ho talima maikutlo a ho tsieleha joang? Haeba re inehetse ho Jehova, na re lokela ho a talima a sa tloaeleha ka baka la tšepo ea rōna e hlollang le matla a rōna a moea? Na maikutlo a joalo a bolela hore moeeng ha re tšoanelehe bakeng sa tšebeletso ea Molimo?

Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Elia e ne e le motho ea ikutloang joale ka rōna.” (Jakobo 5:17) Le hoja Molimo o ile oa sebelisa Elia ka tsela e sa tloaelehang, moprofeta eo ea tšepahalang o ile a ba tsielehong. Ka lekhetlo le leng Elia o ile a phasoloha: “Ho lekane! Oho, Jehova, nka moea oa ka [“sephefumolohi sa ka”, NW] joale, hobane ha ke fete bo-ntate ka molemo.” (1 Marena 19:4) Jobo, monna ea bolokileng botšepehi, Anna mosali ea tšepahalang, le bahlanka ba bang ba tšepahalang kannete ba Jehova ba ile ba ba tsielehong. Esita le Davida mopesaleme ea tšabang Molimo o ile a rapela: “Litsieleho tsa pelo ea ka li eketsehile; u ntokolle tsietsing tsa ka.”—Pesaleme ea 25:17, NW.

Hore ebe Jehova o sebelisa batho tšebeletsong ea hae ha ho etse hore ba hloke mathata ka ho felletseng. Ba ntse ba e-na le mefokolo le maikutlo a botho ’me ba ka ba tsielehong ha ba le tlas’a teko. (Liketso 14:15) Leha ho le joalo, bahlanka ba Molimo ba na le thuso e fetang ea ba bang ea ho sebetsana ka katleho le khatello ea maikutlo. A re ke re hlahlobeng mehlala e ’maloa ea Bibele ho bona se ileng sa thusa batho ba bang ho hlōla ho tepella maikutlo ha kelello le maikutlo a ho ba tsielehong.

Moapostola ea Leng Tsielehong o Fumana Matšeliso

Moapostola Pauluse o ne a tseba hore na ho tepella maikutlong ke ntho e joang. O itse: “E sa le re fihla Macedonia, nama ea rōna ha ea ka ea phomola le hanyenyane, . . . kantle e bile lintoa, kahare ea e-ba litšoho. Empa Molimo o tšelisang ba kokobetseng, o re tšelisitse ka ho fihla ha Tite.” (2 Ba-Korinthe 7:5, 6) Ho tepella maikutlo ha Pauluse ho ile ha bakoa ke maemo a mangata a bakang tsieleho a neng a hlaha ka nako e le ’ngoe. Ka ntle ho ne ho e-na le “lintoa”—e leng mahloriso a matla a neng a beha le bophelo kotsing. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 1:8.) Ho feta moo, ka hare ho ne ho e-na le “litšoho” e leng ho khathatseha ka liphutheho, joaloka e neng e le Korinthe.

Likhoeli tse ’maloa pele ho moo, Pauluse o ne a ngotse lengolo la hae la pele le eang ho Bakreste ba Korinthe. Ho lona o ne a nyatsitse maemo a mangata a mabe ka phuthehong ’me kamoo ho bonahalang ka teng o ne a tšoentsoe ke hore na ebe Bakorinthe ba ne ba tla arabela joang lengolong la hae. Leha ho le joalo, Pauluse o ile a tšelisoa ke ha Tite a khutla Korinthe a nkile tlaleho e thabisang ea karabelo ea bona. Ka ho tšoanang, Jehova a ka ’na a sebelisa e mong oa bahlanka ba hae ba hona joale ho re tlisetsa litaba tse molemo ’me a bebofatsa ho tsieleha ha rōna.

Kamoo re Lokelang ho Talima Likabelo Tseo re li Fuoeng ke Molimo

Bakreste ba bang ba ba le tekanyo e itseng ea ho tsieleha mabapi le tšebeletso ea bona. Ka sebele, ba bang ba bahlanka ba Jehova ba nahanne hore likabelo tseo ba li fuoang ke Molimo e tla ba tse batlang ho hoholo haholo hore ba ka li phetha. Ka mohlala, Moshe o ile a ikutloa a sa tšoanelehe ho ba moemeli oa Molimo ho Baiseraele ha ba le Egepeta. Har’a lintho tse ling, o ile a bolela hore e ne e se sebui se hloahloa. (Exoda 3:11; 4:10) Empa ka baka la ho tšepa Molimo le hore Aarone e be molomo oa hae, Moshe o ile a qala ho phetha kabelo ea hae.

Ha nako e ntse e feta Moshe ha aa ka a hlola a itšetleha ka Aarone. Ka ho tšoanang, ba bang qalong ba ne ba fumana tšebeletso ea Bokreste e le thata, empa ba ile ba koetlisoa ’me ba fetoha baboleli ba nang le tsebo. Ka mohlala, bacha ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba hōtse hore e be baboleli ba nako e tletseng e le bo-pula-maliboho le baromuoa. Hoa tšelisa ho tseba hore ka mehla re ka tšepa Jehova hore a etse hore basebeletsi ba hae ba tšoanelehe ’me a ba fe matla a ho phetha kabelo ea bona eo ba e fuoeng ke Molimo.—Zakaria 4:6; 2 Ba-Korinthe 2:14-17; Ba-Filippi 4:13.

Matšeliso ha re le Tsielehong ka Baka la ho Ikoahlaea

Re ka ’na ra nyahama lipelo hobane re ikoahlaea ka hore ha rea etsa se eketsehileng tšebeletsong ea Molimo. Moena ea neng a ile a fola ka lilemo tse telele o ile a qalella ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Nakoana ka mor’a moo, o ile a kula haholo ’me a se ke a hlola a khona ho tsoha liphateng. Moena enoa ea nyahameng o ile a re: “Pele, ha ke ne ke tlameha ho ba mafolo-folo, ke ile ka qoba boikarabelo. Hona joale, ha ke batla ho ba mafolo-folo, ha ke khone.”

Na ho ke ke ha ba bohlale hore re etse sohle seo re ka se khonang hona joale ho e-na le ho senya matla a rōna a maikutlo ka se etsahetseng nakong e fetileng? Banab’abo Jesu ka ’ma-bona Jakobo le Juda ha baa ka ba fetoha balumeli ho fihlela ka mor’a lefu le tsoho ea hae. Le haeba ba ile ba ikoahlaela sena, ha hoa ka ha ba thibela hore e be bahlanka ba Molimo esita le ho ngola Bibele.

Le ka Mohla U se ke Ua Lebala Thapelo

Batho ba Molimo ha ba tepelletse maikutlo, ba lokela ho rapela ka matla. Ha e le hantle, Mangolo a na le lithapelo tse ngata tse entsoeng linakong tsa tsieleho. (1 Samuele 1:4-20; Pesaleme ea 42:8) Ba bang ba ka ’na ba nahana: ‘Ke tepelletse maikutlo hoo ke sitoang ho rapela.’ Joale ke hobane’ng u sa nahane ka Jonase? Ha a le ka mpeng ea tlhapi, o ile a re: “Eanaeare ha moea [“sephefumolohi”, NW] oa ka o fela ka ho ’na, ka hopola Jehova, ’me thapelo ea ka ea fihla ho uena, tempeleng ea hao e khethehileng. . . . Ke tla u hlabela mahlabelo ka lipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ea Jehova.” (Jonase 2:4-9) E, Jonase o ile a rapela, ’me Molimo o ile oa mo tšelisa ’me oa ’moloka.

Le hoja khaitseli e mong Sweden e ne e bile pula-maliboho ka lilemo tse ngata, ka tšohanyetso o ile a ikutloa a lahliloe ’me a feletsoe ke matla ho sa tsotellehe tšebeletso e putsang eo a neng a e etsa. O ile a bolella Jehova ho nyahama ha hae ka thapelo. Matsatsi a ’maloa hamorao, o ile a amohela thelefono e tsoang ho moena ea ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower. O ile a botsa khaitseli enoa hore na o ne a ka khona ho ba thusa moo hoo e ka bang hanngoe ka beke mabapi le mohaho oa Bethele o neng o eketsoa. Hamorao khaitseli enoa o ile a re: “Moea o Bethele le ho ba le monyetla oa ho bona mosebetsi oa ho eketsa mohaho le ho kopanela ho ’ona li ile tsa mpha matla a eketsehileng ao ke neng ke a hloka.”

Haeba re tepelletse maikutlo, ke habohlokoa ho hopola hore thapelo ke e ’ngoe ea litsela tsa ho loantša ho tepella maikutlo. (Ba-Kolosse 4:2) E le ho arabela lithapelo tsa rōna, Jehova a ka ’na a bula monyako o lebisang tšebetsong e khōloanyane tšebeletsong ea hae, kapa a ka hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna ka katleho e eketsehileng. (1 Ba-Korinthe 16:8, 9) Boemong leha e le bofe, “tlhohonolofatso ea Jehova—ke eona e entšang, ha ho bohloko boo e bo tlisang.” (Liproverbia 10:22, NW) Ka sebele sena se tla re khothatsa.

Na U Tsielehile ka Baka la Lipelaelo?

Ka makhetlo a itseng, e mong oa bahlanka ba Jehova a ka ’na a ba le lipelaelo. Haeba seo se ka re hlahela, ha rea lokela hore ka potlako re etse qeto ea hore re lahlehetsoe ke kamohelo ea Molimo. Jesu ha aa ka a lahla moapostola Thomase bakeng sa ho belaella litlaleho tsa lipaki tse boneng ka mahlo tse mabapi le tsoho ea Morena oa hae. Ho e-na le hoo, ka lerato Jesu o ile a thusa Thomase hore a hlōle lipelaelo tsa hae. ’Me Thomase o ile a thaba hakaakang ha a hlokomela hore Jesu o ne a phela!—Johanne 20:24-29.

Ka baka la thuto ea bona ea bohata, ho korotla, joalo-joalo, “batho ba hlokang borapeli” ba neng ba kenelletse phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo ba ne ba etsa hore ba bang ba be le lipelaelo. Ka hona, morutuoa Juda o ile a ngola: “Le hauhele ba bang ba lika-likang; ’me le pholose ba bang ka ho ba tšosa, le ba tlose mollong.” (Juda 3, 4, 16, 22, 23) E le hore ba tsoele pele ba amohela ho nahanela ha Molimo ka mohau, barapeli-’moho le Juda—haholo-holo baholo ba phutheho—ho ne ho hlokahala hore ba bontše batho ba nang le lipelaelo mohau o ba tšoanetseng. (Jakobo 2:13) Ho fumana ha bona bophelo bo sa feleng ho ne ho le kotsing, hobane ba ne ba le kotsing ea “mollo” oa timetso ea ka ho sa feleng. (Bapisa le Mattheu 18:8, 9; 25:31-33, 41-46.) ’Me ho na le thabo e kaakang ha ho fanoa ka thuso ka mosa ho balumeli-’moho ba nang le lipelaelo ’me ba ba matla hape moeeng!

Haeba liteko tse matla li etsa hore re belaelle hore na ebe Molimo o na le rōna, ho hlokahala hore re tobe seo lithapelong tsa rōna. Maemong a joalo, a re phehelleng ho kōpa bohlale ho Jehova. O fana ka seatla se bulehileng ka ntle le ho re nyatsa ka baka la ho haelloa ke bohlale le ho bo rapella. Re tlameha ho ‘kōpa ka tumelo, re sa belaele letho,’ hobane motho ea belaelang o “tšoana le leqhubu la leoatle le tsokotsoang ke moea.” Batho ba joalo ha ba fumane letho ho Molimo hobane ha baa etsa qeto, ‘ha baa tsitsa’ thapelong le litseleng tsohle tsa bona. (Jakobo 1:5-8) Kahoo a re beng le tumelo ea hore Jehova o tla re thusa hore re talime liteko tsa rōna ka tsela e loketseng le hore re li mamelle. Balumeli-’moho le rōna ba ka ’na ba re hlokomelisa Mangolo kapa ra a hlokomela nakong ea thuto ea Bibele. Lintho tse etsoang ka tataiso ea Molimo li ka re thusa ho bona seo re tlamehang ho se etsa. Mangeloi a ka kopanela ho re fa tataiso, kapa re ka amohela tataiso ea moea o halalelang. (Ba-Heberu 1:14) Ntho ea bohlokoa ke ho rapella bohlale re tšepile ka ho felletseng Molimo oa rōna o lerato.—Liproverbia 3:5, 6.

Hopola Hore Jehova O Fana ka Matšeliso

Ka thapelo Pauluse o ile a itšetleha ka Jehova ’me a tseba hore ke mohloli oa matšeliso. Moapostola o ile a ngola: “Ho bokoe Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna, hore ba leng mahlomoleng, leha e le afe le afe, re tle re tsebe ho ba tšelisa ka matšeliso ao le rōna re tšelisoang ka ’ona ke Molimo.”—2 Ba-Korinthe 1:3, 4.

Molimo oa matšeliso ’ohle o bona ho tsieleha ha bahlanka ba oona ’me o batla ho ba fa phomolo. Tabeng ea kameho ea Pauluse ka Bakorinthe, phomolo e ile ea hlaha ka motsoalle oa hae oa Mokreste Tite. Ena ke tsela e ’ngoe eo re ka tšelisoang ka eona kajeno. Ka baka leo, ha re le tsielehong, re lokela ho qoba ho itšehla thajana. (Liproverbia 18:1) Ho kopana le Bakreste-’moho ke o mong oa mekhoa eo Molimo o re tšelisang ka eona. Re ka ’na ra nahana: ‘Ke nyahame hoo ke se nang matla a ho ba le metsoalle ea ka ea Bakreste.’ Leha ho le joalo, re lokela ho loantša maikutlo a joalo ’me re se ikhanele ka matšeliso ao balumeli-’moho le rōna ba ka fanang ka ’ona.

U Se Ke Ua Tela!

Ho ka etsahala hore ba bang ba rōna ha ba e-so hlaheloe ke teko e bileng matla hoo re ileng ra tepella maikutlo ka tsela e sekhahla. Empa ho kula ho fokolisang, lefu la molekane oa lenyalo, kapa boemo bo bong bo lekang li ka tlisa khatello ea maikutlo. Haeba seo se ka etsahala, re se ke ra etsa qeto ea hore rea kula moeeng. Motho ea tepelletseng maikutlo a ka tšoaneleha hantle bakeng sa tšebeletso ea Molimo, esita le ho khona ho thusa ba bang moeeng. Pauluse o ile a khothatsa baena hore ba “tšelise ba pelo li tepeletseng,” ho e-na le hore ba ba belaelle hore ho na le ntho e phoso eo ba e entseng ’me ba kula moeeng. (1 Ba-Thessalonika 5:14) Le hoja ka linako tse ling ho tepella maikutlo ho amana le phoso le molato, ha ho joalo ka batho ba sebeletsang Molimo ka pelo e hloekileng. Borapeli ba bona, boo mohlomong bo etsoang ka bothata bo boholo, boa amoheleha ho Jehova. Oa ba rata ’me o ba fa thuso e hlokahalang le matšeliso.—Pesaleme ea 121:1-3.

Batho ba bōpang masala a Iseraele oa moea ba ile ba ba tsielehong e khōlō ka baka la liteko selemong sa 1918. (Bapisa le Ba-Galata 6:16.) Ho ile ha sala hanyane hore tlhophiso ea bona ea boboleli e felisoe, ba bang ba bona ba ile ba kenngoa teronkong ka phoso, ’me metsoalle ea bona e mengata e ile ea ipaka e sa tšepahale, ea ba bakoenehi ba hanyetsang. Ho feta moo, batlotsuoa ba tšepahalang ba ne ba sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo o ne o lumelletse hore sena se etsahale. Ka nakoana, ‘ba ile ba jala ka meokho,’ empa ha baa ka ba tela. Ba ile ba tsoela pele ba sebeletsa Jehova ’me ba ’na ba itlhahloba. Phello e bile efe? Ba ‘ile ba khutla ka thabo, ba ntse ba thotha mangata a bona.’ (Pesaleme ea 126:5, 6) Hona joale batlotsuoa ba hlokomela hore Molimo o ile oa lumella liteko tse joalo hore li ba hloekise bakeng sa mosebetsi oa bona oa kotulo ea machaba o neng o atametse.

Haeba re ka ba tsielehong hobane re hlasetsoe ke liteko tse fapa-fapaneng, re ka rua molemo phihlelong ea masala a tlotsitsoeng. Ho e-na le ho tela, a re tsoeleng pele ho etsa se nepahetseng, esita le haeba re tlameha ho etsa joalo re lla. Ha nako e ntse e feta, ho tla ba le mokhoa oa ho tsoa litekong tsa rōna, ’me re tla ‘khutla ka mohoo oa thabo.’ E, thabo—tholoana ea moea o halalelang oa Molimo—e tla ba ea rōna ka baka la ho mamella liteko. Ho rōna, ka sebele Jehova o tla ipaka hore ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela