Ho Bokella “Tse Lakatsehang” Poland
HO BOLELOA hore Poland ke naha ea Mak’hatholike. Ho ea ka lipalo tsa molao, baahi ba teng ba etsang karolo ea 93 lekholong ba kena Kereke ea K’hatholike. Leha ho le joalo, liphetoho tsa morao-rao tsa lipolotiki le tsa sechaba tse etsahetseng moo, li bile le phello e babatsehang ho batho le bophelong ba bona ba bolumeli. Lipatlisiso li bontša hore ke batho ba etsang karolo ea 50 lekholong feela ho batho bao ho buisanoeng le bona ba ipolelang hore ke Mak’hatholike a chesehang.
Ka May 1989, Lipaki tsa Jehova li ile tsa nkoa ka molao e le mokhatlo oa bolumeli Poland. Ho tloha ka nako eo, batho ba bacha ba ka bang 11 000 ba kopane le tsona e le bahoeletsi ba litaba tse molemo tsa ’Muso. Hona joale bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 106 000 ba kopanela liphuthehong tse fetang 1 300, ’me batho ba 200 422 ba ile ba ba teng moketeng oa Sehopotso sa lefu la Kreste ka 1991. Ka hona, ho bokelloa ho boletsoeng esale pele ha ‘tse lakatsehang tsa lichaba’ hoa etsahala Poland. (Haggai 2:7) Haufinyane tjena, likopano tsa machaba tsa Lipaki tsa Jehova tseo e neng e e-ba lihlooho tsa likoranta li ile tsa tšoaroa Poland. Empa ho sheba tse ling tsa litoropo tse nyenyane naheng ena ho tla bontša ka ho khetheha hore na mosebetsi oa ho bokella o tsoela pele joang naheng eo.
Bo-pula-maliboho ba Bula Tsela
Sztum ke toropo ea baahi ba ka bang 10 000 e haufi le moo Nōka ea Vistula e kenang Leoatleng la Baltic. Ke khale ho nkoa hore toropo ena ke tšimo e thata haholo mabapi le mosebetsi oa boboleli. Ka 1987 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba robeli feela sebakeng seo. Leha ho le joalo, lintho li ile tsa qala ho fetoha ha bo-pula-maliboho, kapa baboleli ba nako e tletseng ba ’Muso ba fihla. Sebokeng sa bona sa bohlano, se neng se tšoaretsoe holong ea libaesekopo, ho ne ho tlile batho ba thahasellang ba 100! Ho ile ha thehoa phutheho ka mor’a lilemo tse peli tsa boiteko bo matla. Hona joale bahoeletsi ba 90 ba na le Holo ea bona ea ’Muso, ’me batho ba 150 ba ba teng libokeng tsa bona ka mehla.
Joalokaha ho ka lebelloa, khanyetso e ile ea hlaha Kerekeng e K’hatholike. Moitlami ea “khethehileng” o ile a fana ka puo e neng e bua Lipaki hampe, a li qosa ka hore li ruta lithuto tsa bohata. Empa joalokaha ho etsahala hangata, sena se ile sa ba le phello eo a sa e lebellang. Lipuo tsa hae li ile tsa etsa hore batho ba batle linnete. Bongata ba bona ba ithutile ’nete ’me hona joale ke bo-pula-maliboho ba ka mehla! Ba re: ‘Nakong ea ha re ntse re ithuta ’nete, re ne re nahana hore e mong le e mong ea batlang ho ba Paki o ne a tšoanela ho ba joaloka tichere ea hae, ho bolelang ho ba pula-maliboho.’ Kahoo moea o bopula-maliboho o aparetse phutheho eohle.
Ka baka la sena, ho khannoa lithuto tsa Bibele tse ka bang 180 sebakeng seo. Ka thuso ea buka U Ka Phela ka ho sa Feleng Paradeising Lefatšeng, batho ba bang ba bile ba rutoa ho bala. Ka nako e tšoanang, ba ithutile ’nete. Lithuto tsa ka mehla tsa Bibele tsa metsotso e leshome li khannneloa sehlopha sa batšoaruoa ba teronkong e sebakeng seo nakong ea ha ba tsoetse ka ntle ho hloekisa literata. E mong oa bona o ile a ema ka lehlakoreng la khaitseli e mong oa Paki nakong ea ha mosali ea fetang ka tsela a qala ho rohaka khaitseli eo. Motšoaruoa enoa o ile a mathela ho khaitseli, a nka buka ea Phela ka ho sa Feleng e neng e nkiloe ke khaitseli, a e phahamisa, ’me a botsa mosali eo ea rohakanang: “Ha u tsebe ho bala? Ho ngotsoe’ng moo? U ka phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng! Na u kile ua utloa ntho e joalo? Hantle-ntle u kenoe ke’ng ha u rohaka Molimo le barapeli ba oona?”
Ho Buuoa ka Tsona Haholo
Kruszwica, eo e kileng ea ba motse-moholo oa Poland o tummeng, ke setsi sa K’hatholike. Esita le bohareng ba 1990, ho ne ho e-na le Lipaki tse ’maloa feela har’a baahi ba moo ba 9 300. Empa tlhohonolofatso e enneng ea Jehova e ne e le boitekong ba bahoeletsi ba ’Muso.
Batho ba ntseng ba eketseha, ha ba hlokomela boikaketsi ba baeta-pele ba bona ba moea—haholo-holo bacha—ba ile ba batla likarabo ho Lipaki. Ka nako e khutšoaane, ho ile ha qalisoa lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 20. Moruti oa parishe o ile a bua Lipaki tsa Jehova hampe linehelanong tsa hae, empa sena ha sea ka sa nyahamisa batho ba pelo li ntle hore ba se be teng libokeng tsa tsona. Ho ne ho buuoa ka Lipaki mabenkeleng le lirapeng tsa boikhathollo esita le ka kerekeng. Likhoeling tse tšeletseng hamorao, ho ile ha thehoa lihlopha tse peli tse khōlō tsa thuto ea buka. Hona joale Kruszwica e na le phutheho e mafolo-folo ea barapeli ba Jehova ba ka bang 35. Ba khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 75 ’me ba tšoarehile ho tlisa “tse lakatsehang” tseo pele li neng li le botlamuoeng ba bolumeli ba bohata.
Har’a bona ho ne ho e-na le Bogdan ea lilemo li 23, eo e neng e le setho sa lelapa le chesehang la K’hatholike. O sa hopola: “Ke ne ke tloaetse ho noa joala, ho tsuba, le ho phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. Ke ne ke tsejoa ke le letekatse la lerabele, ’me ho ne ho bonahala ho se ea tsotellang seo. Leha ho le joalo, ha ke qala ho ithuta Bibele, ’mè o ile a etsa tšoso ea hore o tla noa chefu. Ka baka la ho hlōleha ho mamella khatello, ke ile ka khaola maqhama ’ohle le Lipaki. Hamorao, ka thuso e lerato ea bo-pula-maliboho ba khethehileng, ke ile ka khona ho itokolla litloaelong tsohle tse mpe. Ka mor’a ho kolobetsoa Kopanong ea Setereke ea 1991 ea ‘Barati ba Tokoloho,’ ke ile ka khetha tšebeletso ea nako e tletseng e le pakane ea ka bophelong ’me haesale ke le pula-maliboho ea thusang ho tloha ka nako eo.”
Sławomir ea lilemo li 21 o ne a tšoasitsoe ke ho buisana le meea le borapeli ba Satane, tseo a ileng a li tlohela hang ha a bona hore Bibele e nyatsa mekhoa e joalo. O re: “Empa Satane o ’nile a phehella. Ka bosiu bo bong seea-le-moea se ile sa qala ho bapala ’mino ho se motho ea se buletseng, ’me ke ile ka utloa ’mino oa bosatane, le hoja ke ne ke ntšitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tlung e neng e amana le borapeli ba Diabolose. Ke ile ka rapela Jehova, ’me o ile a nthusa hore ke be le ho leka-lekana moeeng. Ngaka ea mafu a kelello eo ke neng ke tloaetse ho ea ho eona ka khothalletso ea batsoali ba ka e ile ea hlokomela hore boemo ba ka boa ntlafala ’me ea etsa qeto ea hore ke phetse hantle. Kareteng ea ka e ile ea ngola: ‘O phekotsoe ke Lipaki tsa Jehova.’”
Ho Hanela Moea oa Lefatše
Ka boroa bo ka bophirimela ho Kruszwica ke Środa Śląska. “Tse lakatsehang” li boetse lia itlhahisa toropong ena e nyenyane e nang le baahi ba 9 000. Lilemong tse ’nè tse fetileng, ho ne ho e-na le khaitseli a le mong feela oa rōna oa moea ea neng a lula moo. Leha ho le joalo, hona joale palo ea bahoeletsi ba ’Muso e nyolohetse ho 47. Ba bangata ba Lipaki ba ne ba kile ba tšoasoa ke sefi sa ho buisana le meea, ho lemalla lithethefatsi, le boitšoaro bo bobe. Ba ikutloa hore sena se bakiloe haholo ke sekheo sa moea se teng kerekeng e khonang feela ho nyatsa batho moeeng ho e-na le ho ba thusa. Lipaki li fana ka topollo ea sebele.
Bacha ba ka phuthehong ba entse sekolo tšimo ea bona ea botho bakeng sa mosebetsi oa boboleli. Kasia ea lilemo li 18 oa tlaleha: “Hangata bana bao ke kenang sekolo le bona ba re ho ’na: ‘U bapala ka bocha ba hao.’ Empa ke qobile mathata a mangata, ’me bophelo ba ka bo na le morero. Ke khanna lithuto tse ’maloa sekolong ’me ha kea tlohela ho hlokomela mosebetsi oa ka oa sekolo kapa thuto ea botho. Banana ba bolelang hore ke ‘bapala ka bocha ba ka’ e se e le bo-’mè, ba sokolisoa ke mathata a mangata.”
Likhatiso tsa Watch Tower li tloaelehile haholo likolong tse libakeng tsena. Ka mohlala, tichere e rutang Sepolish e ile ea bolella liithuti hore li sebelise puo e bonolo e sebelisoang koranteng ea Tsoha! e le mohlala ha ba ngola meqoqo. Ewa eo e leng pula-maliboho ea thusang o fumana hore bukana e boholo ba makasine ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova e thusa haholo. “Ruri ke ananela khatiso ena. Matichere a ka a tloaelane le eona haholo. Ha ke e-so fumane bothata ha ke kōpa tumello ea ho se be teng sekolong e le hore nka ea likopanong tse khōlō.” Boikutlo bo joalo bo botle bo bontšoang ke bacha bo thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.
Batlōli ba Molao ba Thatafetseng Lipelo Baa Fetoha
Ka bochabela ho Środa Śląska ke Strzelce Opolskie, moo ho nang le literonko tse peli. E ’ngoe ke teronko eo ho eona batšoaruoa ba lebetsoeng ka thata-thata hore ba se ke ba baleha e etselitsoeng batlōli ba molao ba sa laoleheng. Ka mehla Lipaki li etela literonko tsena tse peli ho tlisetsa batšoaruoa ’nete, bao bongata ba bona e neng e le batšoaruoa ba Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.—Tšenolo 18:1-5.
Lipaki li ithuta Bibele le batšoaruoa ka bomong le ka lihlopha tse nyenyane, ’me ba bang ba bona ba se ba kolobelitsoe. Le hoja ba tlameha ho lula teronkong, ba bolela litaba tse molemo ka mafolo-folo ho batšoaruoa-’moho le bona. Motšoaruoa e mong ea neng a itokisetsa kolobetso o ile a etsa liphetoho tse hlollang hoo basebeletsi ba teronko ba ileng ba mo lumella hore a ee hae hanngoe ka beke. Ba bang ba ngoletse malapa a bona ho a tsebisa ka qeto ea bona ea hore ba tla tsoa teronkong e se e se batlōli ba molao, empa e le Lipaki tsa Jehova.
Ofisiri e ka sehloohong ho e ’ngoe ea literonko tsena e ile ea koma-koma ka hore baruti ba K’hatholike ba ne ba tloaetse ho tla moo empa ba sa finyelle letho. O ile a botsa Lipaki: “Ke eng se le nolofalletsang hore le fetole batho baa?” Lengolo la motšoaruoa le eang ho lelapa la hae le fana ka karabelo: “Mona teronkong, Lipaki tsa Jehova li mpolelletse ka tšepiso e babatsehang e mabapi le puso e ncha, ’Muso oa Molimo, eo haufi e tla busa lefatše. Mona ke bile le nako ea ho seka-seka mokhoa oa ka oa pele oa bophelo leseling la Bibele. Ka mor’a ho fihla liqetong tse mpe, ke tletse takatso e matla ea ho lokoloha le ho iphumana ke le mofo oa ’Muso oa Molimo. Kajeno ke Paki e kolobelitsoeng ea Jehova.”
Teronkong e ’ngoe, ba bangata ba sebeletsa lilemo tse 25 bakeng sa polao. Ho khannoa thuto ea ka mehla ea Bibele le banna ba 12. E mong oa bona o ile a nehelana ka bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa, ’me ba bang ba rerile ho nka mehato ena. E le ha a ananela mekhoa ea thuto e sebelisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, ofisiri e ka sehloohong ea teronko e ile ea re: “Ha ke na batšoaruoa ba 12. Ba 600. Ka kōpo nthuseng hore ke fetole botho ba bona. Ke tla le fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e batlang, empa ka kōpo hlophisang lenaneo. Ba hlokomeleng!”
Ke sona seo baena ba ileng ba se etsa. Ba ile ba fana ka lenaneo la Bibele le buang ka morero oa bophelo, tšepo ka bokamoso, le bohlokoa ba ho tela mekhoa e fosahetseng. Ba ile ba boela ba pheta liphihlelo tsa motho eo e kileng ea ba motšoaruoa ea ileng a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me ka mor’a nako a khethoa joaloka moholo oa phutheho. Lipaki li boetse tsa fana ka lintlha tse khōlō ho tsoa lipaleng tsa bophelo ba lesholu la litaemane le motho ea sebelisang lithethefatsi hampe ea ileng a ithuta ’nete.a Batšoaruoa ba 20 ba neng ba le teng ba ile ba fumana lenaneo leo le thahasellisa haholo ’me ba botsa lipotso tse ngata, ba bang ba bile ba kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele.
Tumelo le Mamello li Behoa Tekong
Lubaczów ke toropo e nyenyane ea batho ba 12 000 e haufi le leliboho la Ukraine. Mona mosebetsi oa boboleli o ile oa hōla ka 1988 ha bo-pula-maliboho ba fihla ho tla thusa bahoeletsi ba 12 ba sebakeng seo. Hona joale ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 72 ba mafolo-folo, ’me batho ba 150 ba bile teng moketeng oa Sehopotso ka 1991 o neng o tšoaretsoe ka Holong ea ’Muso e neng e sa tsoa hahoa.
Ka June 1991, Mopapa John Paul II o ile a etela Lubaczów. Empa sena ha sea ka sa thusa ho haha tumelo ea sebele ho batho. Ba bangata ba khathatsoa ke lipelaelo le lipotso ka morero oa bophelo le tšepo ea bokamoso. Ha ba hlōleha ho fumana likarabelo tse khotsofatsang ho baruti, ba ea ho Lipaki tsa Jehova. Le hoja qalong batho ba ka khathatsoa ke matsoalo ka baka la ho furalla bolumeli ba bona, ’nete ea Bibele eo ba ithutang eona e ba thusa hore ba bone hore ba entse qeto e nepahetseng.
Ho tloaelehileng ke phihlelo ea Honorata, eo hona joale e leng pula-maliboho oa ka mehla. Nakong e ka etsang selemo e fetileng, o ile a botsa moruti nakong ea maipolelo hore na lebitso la Molimo ke mang. Moruti o ile a arabela: “Molimo ke lerato—lena ke lebitso la oona le letle ka ho fetisisa.” Ka mor’a nako o ile a eketsa: “U tšoana le nkho e tletseng metsi a hloekileng ao motho e mong a tšetseng enke ka ho ’ona. A ke ke a hlola a tšoana le pele.” Kahoo Honorata o ile a fumana karabelo. O re: “Ka nako eo ke ile ka etsa qeto ea hore ke tl’o ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Sena le sona se ke ke sa fetoloa.”
Hoo e batlang e le e mong le e mong ea ithutileng ’nete Lubaczów o ile a tlameha ho mamella khanyetso e matla, e nang le cheseho ea bohlanya. Empa sena ha sea ka sa ba sitisa hore ba amohele ’nete ea Bibele le ho emela Jehova.
Elżbieta o re: “Pele batsoali ba ka ba ne ba nchapa lapeng. Joale lelapa leso le ile la itahlela ka Holong ea ’Muso. . . . Ba nkisa hae ’me ba qala ‘ho sebelisa toka’ ka thupa e tletseng makukuno. Ke ile ka shapuoa ’me ka rahoa ’mele ’ohle ka baka la ho kopanela le Lipaki. Ke ile ka shapuoa haholo hoo ke ileng ka hloka phekolo ea potlako ea meriana ’me ka romeloa sepetlele. Jehova o ile a nthusa, ’me ke ile ka fola. Lelapa leso le ile la ntahla. Ha ke bolella moruti sena, o ile a nyenyefatsa seo ke se bolelang, a re: ‘U tl’o koma-koma ka baka feela la ho tsipa-tsiptjoa?’”
Khaitseli e mong oa hopola: “Selemo se seng le se seng ke ne ke tloaetse ho ea Częstochowa ho ea tsamaea ka mangole ka Tsela ea Sefapano, e leng seo ke neng ke nahana hore ke tlamo ea Mok’hatholike e mong le e mong ea tiileng. Ke ntse ke e-na le mabali mangoleng a ka.” Ha a le lilemo li 18 o ile a ithuta ’nete ’me a bolella moruti le lelapa labo hore ha a sa tla ea kerekeng. O ile a shapuoa hampe—oa tlaleha: “Hampe hoo boko ba ka bo ileng ba sisinyeha. Empa ha ke le sepetlele ke ile ka ikutloa hamolemonyana ka ho lekaneng hore nka ba teng Kopanong ea Setereke ea ‘Barati ba Tokoloho.’ Ke ile ka ntša meokho ea thabo ha ke bona bonngoe ba ’nete le lerato har’a batho ba se nang cheseho ea bohlanya—e leng lintho tseo ke neng ke e-s’o li bone Częstochowa. Ke thabile hakaakang hore e be ke latsoitse molemo oa Jehova ’me ke ithutile ho mo tšepa.” Jehova o matlafatsa le ho tšehetsa batho ba lahlelang meroalo ea bona ho eena.—Pesaleme ea 55:22.
Hona joale batšoaruoa ba bangata ba Babylona e Moholo ba utloa pitso ea hore ba ‘tsoe ho eena’ naheng ena ea Bok’hatholike, joalokaha le libakeng tse ling ba tlameha ho etsa joalo. Haeba ke thato ea Jehova, batho ba hae ba hlokang tšabo ba tla tsoela pele ho bokella ba eketsehileng ba “tse lakatsehang” ba hasaneng Poland eohle. Ka sebele, ba bangata ba tla arabela pitsong: “‘Tlo!’ Le ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.”—Tšenolo 18:4; 22:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Awake! ea October 8, 1983, maqephe 16-19, le November 22, 1987, maqephe 21-3.
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
POLAND
Sztum
Kruszwica
Poznan
Warsaw
Środa Śląska
Częstochowa
Strzelce Opolskie
Lubaczów
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho bolela molaetsa oa ’Muso Kruszwica, Poland