Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 9/1 maq. 26-30
  • Jehova o ’Nile a Ntlhokomela Hantle Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o ’Nile a Ntlhokomela Hantle Haholo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pejana Bophelong
  • Ho Pakela Beng ka ’Na
  • Litlhohonolofatso ho sa Tsotellehe Khanyetso
  • Bopaki bo Eketsehileng ba Tlhokomelo ea Jehova
  • Kabelo Mose
  • Litokelo Tse Eketsehileng Tsa Tšebeletso—Le Teko
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Kamoo ke Hlōtseng Takatso ea ka e Nkhannang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 9/1 maq. 26-30

Jehova o ’Nile a Ntlhokomela Hantle Haholo

HO BEHA taba hakhutšoanyane, ke ile ka qala ho sebeletsa Jehova ka tsela e sa tloaelehang. Ke hōletse sebakeng sa naha e ntle leboea le hōle la New Zealand, moo ho phelang batho ba kang ’na ba Maori. Ha ke ntse ke palame pere ka letsatsi le leng, ngoana oa rangoane Ben o ile a nkhahlanyetsa tseleng. E ne e le 1942, e le hoetla (Karolong e ka Boroa ea Lefatše, e le selemo Karolong e ka Leboea ea Lefatše). Ke ne ke le lilemo li 27 ’me ka nako eo ke le setho se chesehang sa Kereke ea Chache.

Ka lilemo tse ngata Ben o ne a ile a bala libuka tsa Moahloli Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, ’me joale o ne a tšoere lengolo le tsoang ofising e khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e New Zealand le mo kōpang ho memela batho ba tikoloho eo sebakeng se itseng moo ba neng ba ka khona ho keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea hammoho. Ho feta moo, Ben o ne a tlamehile ho etsa litlhophiso tsa hore ho be le motho ea tla tsamaisa tšebeletso eo. A nchebile, Ben o ile a re: “Ke uena ea tla etsa hoo.” Ke le motlōtlō ho nkoa ke tšoaneleha—ke bile ke le ea jang selallo kerekeng—ke ile ka lumela.

Bosiung boo, ke batho ba ka bang 40 ba ileng ba phuthehela ha Ben bakeng sa ho keteka lefu la Morena oa rōna, ’me ha ho le ea mong oa bona eo e neng e le Paki ea Jehova. Hoba ke fihle ngoan’a rangoane o ile a mpha kemiso ea puo. Ke ile ka tlohella pina e hlahisitsoeng ’me ka kōpa soare sa Ben hore se bule ka thapelo. Eaba ke qala ho fana ka boitsebiso bo lokiselitsoeng, bo neng bo akarelletsa letoto la lipotso hammoho le likarabo tse thehiloeng Mangolong. Moruti oa moo ea neng a le teng o ile a re sitisa ka likhanyetso, empa tsena li ile tsa arabeloa ka ho bala Mangolo a leng kemisong.

Ke hopola hore e ’ngoe ea lipotso tse neng li le teng kemisong e ne e amana le nako ea selemo eo ketsahalo ena e lokelang ho ketekoa ka eona. E ne e le ho khotsofatsang hakaakang ha bohle ba neng ba le teng ba hlaha ka fensetere ba bona khoeli e tolokile. Ka ho hlakileng, letsatsi e ne e le Nisane 14.

E ne e le bosiu bo thahasellisang hakaakang! Mokete oa rōna o ile oa nka lihora tse ’nè! Ho ile ha phahamisoa lipotso tse ngata ’me tsa arajoa ka Mangolo a leng kemisong ea Mokhatlo. Ha ke talima morao, kea tseba hore nka be ke sa ka ka feta hantle phihlelong eo ntle le tlhokomelo e lerato ea Jehova—le hoja ka nako eo ke ne ke se e mong oa Lipaki tsa hae tse inehetseng. Leha ho le joalo, bosiung boo ba Sehopotso ka 1942, ke ile ka hlokomela morero oa ka bophelong.

Pejana Bophelong

Ke hlahile ka 1914. Ntate o ile a hlokahala likhoeli tse ’nè pele ke hlaha, ’me ke hopola ha ke sa le monyenyane ke honohela bana ba bang ba neng ba e-na le bontat’a bona ba ba ratang. Ke ile ka laba-labela seo haholo. Bophelo e ne e le ntoa e thata bakeng sa ’mè oa ka a se na monna, bo ile ba thatafatsoa haholoanyane ke liphello tse tšabehang tsa Ntoa ea I ea Lefatše.

Ke sa le mocha, ke ile ka nyala moroetsana e mocha ea bitsoang Agnes Cope, ’me e ’nile ea e-ba molekane oa ka bophelong ka lilemo tse fetang 58. Qalong re ile ra sōkōla ’moho hore re atlehe bophelong. Ke ile ka hlōleha joaloka sehoai ka baka la komello e tšabehang. Ke ile ka fumana matšeliso lipapaling, empa pele ho phihlelo eo ea Sehopotso sa 1942, ke ne ke se na morero oa sebele bophelong.

Ho Pakela Beng ka ’Na

Ka mor’a Sehopotso seo, ke ile ka ithuta Bibele ka tieo, ke buisana le ba bang ba bao ke amanang le bona ka libuka tsa Bibele tse hatisoang ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ka September 1943 Lipaki tse ling tsa Jehova tse tsoang sebakeng sesele li ile tsa etela motse oa rōna o ka thōko. Re ile ra ba le puisano e matla, e ileng ea nka lihora tse ’nè. Eaba, ka mor’a ho tseba hore ba tla tsamaea hoseng ho latelang, ke ile ka botsa: “Ke eng se nthibelang hore ke kolobetsoe hona joale?” ’Na le bana ba rangoane ba babeli re ile ra qoelisoa metsing metsotso e mashome a mararo ka mor’a hora ea pele hoseng.

Ka mor’a moo, ke ile ka eta haholo hore ke pakele beng ka ’na. Ba bang ba ne ba arabela hantle. ’Me ke ne ke theha lipuisano tsa ka le bona ho Mattheu khaolo 24. Ba bang ba ne ba sa arabele hantle, ’me maemong ao ke ne ke sebelisa mantsoe a Jesu ho Bafarisi a tlalehiloeng ho Mattheu khaolo 23. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, ke ile ka ithuta ho ba masene haholoanyane, ke etsisa Ntate oa leholimo ea mosa le ea lerato.—Mattheu 5:43-45.

Qalong mosali oa ka o ne a le khahlanong le takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova. Leha ho le joalo, kapele o ile a kopanela le ’na, ’me ka December 1943 e ile ea e-ba mothusi ea inehetseng, ea kolobelitsoeng. Ka letsatsi leo le sa lebaloeng ho ne ho e-na le ba bang ba bahlano ba tsoang motseng oa Waima ba neng ba kolobetsoa le eena, ba etsa hore kakaretso ea baboleli ba ’Muso sebakeng sa rōna e fihle ho robong.

Litlhohonolofatso ho sa Tsotellehe Khanyetso

Ka 1944 re ile ra boela ra eteloa ke baena ba tsoang sebakeng se seng, ’me khetlong lena ba ile ba re fa thupelo e hlokahalang tšebeletsong e reriloeng ea ntlo le ntlo. Kaha ho ba teng ha rōna motseng ho ile ha ’na ha bonahala haholoanyane, khanyetso e tsoang ho baemeli ba Bokreste-’mōtoana e ile ea hōla. (Johanne 15:20) Re ne re e-ba le likopano tse sa feleng le baruti ba moo, phello ea e-ba ho buisana halelele ka litaba tsa tumelo. Empa Jehova o ile a fana ka tlhōlo, ’me litho tse ling tsa motse ho akarelletsa khaitseli ea ka, li ile tsa ba tlhokomelong e lerato ea Jehova.

Ka June 1944 ho ile ha thehoa phutheho Waima. Mahloriso a bolumeli le lehloeo li ile tsa hōla. Lipaki tsa Jehova li ne li haneloa ho pata bafu mabitleng a moo. Ka linako tse ling khanyetso e ne e-ba mabifi. Ho ne ho ee ho tšoaranoe ka matsoho. Koloi ea ka le karache eo e neng e kentsoe ka hare ho eona li ile tsa chesoa lore. Leha ho le joalo, ka tlhohonolofatso ea Jehova, ka nako e ka tlaase ho likhoeli tse tharo, re ile ra khona ho reka teraka. ’Me ke ne ke sebelisa kariki e huloang ke lipere ho isa lelapa la ka le neng le ntse le hōla libokeng.

Lenane le neng le ntse le eketseha la ba kopanelang le ne le bolela hore re hloka sebaka se seholoanyane sa ho kopanela kapele, kahoo re ile ra etsa qeto ea ho aha Holo ea ’Muso Waima. E ne e le Holo ea ’Muso ea pele ea ho ahoa New Zealand. Likhoeli tse ’nè ka mor’a hore ho sakhoe lifate tsa pele ka December 1, 1949, ho ile ha tšoaroa kopano e matahantsoeng le khakolo ka holong ena e ncha e ka nkang batho ba 260. Mehleng eo e ne e-ba ho finyelletsoe se seholo, se finyelletsoe ka thuso ea Jehova.

Bopaki bo Eketsehileng ba Tlhokomelo ea Jehova

Kaha lenane la baboleli ba ’Muso leboea le hōle la New Zealand le ne le ntse le tsoela pele ho eketseha, balebeli ba tsamaeang ba eta ba ile ba fana ka khothaletso ea ho ea sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane. Ka baka leo, ka 1956, ke ile ka fallisetsa lelapa la ka Pukekohe, e ka boroa feela ho Auckland. Re ile ra sebeletsa teng lilemo tse 13.—Bapisa le Liketso 16:9.

Mehlala e ’meli ea tlhokomelo ea Jehova nakong ena ha e tsoe ka kelellong ea ka. Ha ke ntse ke hiriloe ke lekhotla la setereke ke le mokhanni oa teraka ke bile ke sebetsa ka mochini, ke ile ka memeloa thupelong ea libeke tse ’nè ea Sekolo sa Tšebeletso ea ’Muso ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Auckland. Ke ile ka kōpa phomolo ea libeke tse ’nè bakeng sa morero ona, ’me moenjinere ea ka sehloohong o ile a re: “Ho lokile. Ke lakatsa eka batho ba bangata ba ka be ba tšoana le uena tjena. Ha u khutla, u tl’o mpona ofising ea ka.” Ha ke e-ea ofising ea hae hoba ke khutle, ke ile ka amohela moputso oa beke tse ’nè tseo ke neng ke le sieo ka tsona. Ka hona, litlhoko tsa nama tsa lelapa la ka li ile tsa hlokomeloa.—Mattheu 6:33.

Oo ke mohlala oa pele. Oa bobeli o ile oa etsahala hoba ’na le mosali oa ka re nke tšebeletso ea bopula-maliboho ka 1968. Re ile ra boela ra itšetleha ka Jehova bakeng sa tšehetso, ’me o ile a re putsa. Hoseng ho hong ka mor’a ho ja lijo tsa hoseng, mosali oa ka o ile a bula lemati la sehatsetsi ’me a fumana ho se na letho ka hare haese ligramo tse 250 tsa botoro. O ile a re: “Sarn, ha re sa na letho le setseng leo re ka le jang. Na re ntse re ea tšebeletsong kajeno?” Karabelo ea ka e ile ea ba efe? “E!”

Ntlong ea pele, mong’a ntlo o ile a amohela libuka tseo re neng re fana ka tsona ’me ka mosa a re fa tosene tse seng kae tsa mahe e le monehelo. Motho oa bobeli eo re ileng ra mo etela o ile a re fa mpho ea meroho—kumaras (lipatata), cauliflower, le lihoete. Lijo tse ling tseo re ileng ra khutlela hae re li tšoere tsatsing leo e ne e le nama le botoro. Boemong ba rōna mantsoe a Jesu e ne e le ’nete hakaakang: “Talimang linonyana tsa leholimo; hobane ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa. Ha ke re, lōna le li fetisa haholo na?”—Mattheu 6:26.

Kabelo Mose

Rarotonga e Lihleke-hlekeng tsa Cook! E ne e le kabelo ea rōna ea bopula-maliboho bo khethehileng ka 1970. E ne e lokela ho ba lehae la rōna ka lilemo tse latelang tse ’nè. Phephetso ea pele mona e ne e le ea ho ithuta puo e ncha. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho tšoana ho teng pakeng tsa Semaori sa New Zealand le Semaori sa Sehleke-hleke sa Cook, ke ile ka khona ho fana ka puo ea ka ea phatlalatsa ea pele ka mor’a libeke tse hlano re fihlile.

Lihleke-hleke tsa Cook, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba seng bakae, ’me re ne re se na moo re kopanelang teng. Hape, e le karabelo ea thapelo, Jehova o ile a khotsofatsa litlhoko tsa rōna. Ho ba le moqoqo le rakhoebo e mong ho ile ha ba le phello ea hore re reke setša se loketseng, ’me nakong ea selemo re ile ra ba le lehae le lenyenyane le Holo ea ’Muso e ka nkang batho ba 140. Ka mor’a moo re ile ra amohela mahlohonolo a ipheta-phetileng, thorisong ea Jehova.

Haholo-holo re ne re ananela moea oa ho amohela baeti oa sehleke-hlekeng seo oo re neng re o bontšoa. Khafetsa, ha re ne re le tšebeletsong, re ne re fuoa lino-mapholi tse khathollang—tse neng li loketse boemo ba moo ba leholimo bo chesang, bo mongobo. Hangata e ne e ee e re ha re fihla hae re fumane libanana, liphopho, limango le lilamunu li siiloe monyakong oa rōna re sa tsebe hore li siiloe ke mang.

Ka 1971 ’na le mosali oa ka, hammoho le bahoeletsi ba bang ba bararo ba Rarotonga, re ile ra ea sehleke-hlekeng sa Aitutaki, se tummeng ka baka la letamo la sona le letle. Re ile ra fumana barati ba Lentsoe la Molimo har’a baahi ba teng ba nang le moea oa ho amohela baeti ’me re ile ra qalisa lithuto tse ’nè tsa mahae tsa Bibele, tseo re ileng ra li ntšetsa pele ka ngollano hoba re khutlele Rarotonga. Ka mor’a nako liithuti tseo tsa Aitutaki li ile tsa kolobetsoa, ’me phutheho e ile ea thehoa. Ka 1978 Holo ea ’Muso ea bobeli Lihleke-hlekeng tsa Cook e ile ea ahoa teng. Jehova o ile a tsoela pele ho etsa hore lintho li hōle ka lebaka la ho jala ha rōna le ho nosetsa ha rōna.—1 Ba-Korinthe 3:6, 7.

Ke ile ka fumana tokelo ea ho etela lihleke-hleke tse leshome tse sehlopheng sa Sehleke-hleke sa Cook, hangata e le ka tlas’a maemo a boima. Leeto le leng la sekepe la ho ea Atiu, la bohole ba lik’hilomithara tse 180, le ile la hloka ho fetang matsatsi a tšeletseng ka baka la lifefo le leoatle le halefileng. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 11:26.) Esita le hoja lijo li ne li fokola le ba bangata bao ke neng ke tsamaea le bona ba ne ba kulisoa ke leoatle, ke ne ke leboha tlhokomelo ea Jehova, e ileng ea fella ka hore ke fihle ke sireletsehile moo ke eang teng.

Ka 1974 re ile ra haneloa tumello ea ho lula Lihleke-hlekeng tsa Cook kahoo re ile ra tlameha ho khutlela New Zealand. Ka nako eo ho ne ho e-na le liphutheho tse tharo lihleke-hlekeng tseo.

Litokelo Tse Eketsehileng Tsa Tšebeletso—Le Teko

Ha re le New Zealand, re ile ra buleheloa ke menyetla e mecha. (1 Ba-Korinthe 16:9) Mokhatlo o ne o hloka motho ea ka fetolelang Molula-Qhooa le libuka tsa Bibele ka Semaori sa Sehleke-hleke sa Cook. Ke ile ka fuoa tokelo eo, ’me e ’nile ea ba ea ka ho tla fihlela letsatsing lena le holimo. Eaba ke fumana tokelo ea ho etsetsa baena ba ka ba Lihleke-hlekeng tsa Cook maeto a ho boela khafetsa, pele ke le molebeli oa potoloho, ’me hamorao ke le molebeli oa setereke ea tšoereng molepo.

Ho e ’ngoe ea liketelo tseo, Moena Alex Napa, pula-maliboho e khethehileng ho tsoa Rarotonga, o ile a nka leeto la leoatle le ’na la matsatsi a 23 le neng le re isa Manahiki, Rakahanga, le Penrhyn—lihleke-hleke tse ka leboea tsa Cook. Sehleke-hlekeng se seng le se seng, Jehova o ile a susumetsa lipelo tsa batho ba moo ba nang le moea oa ho amohela baeti ho re fa bolulo le ho amohela libuka tse ngata tsa Bibele. (Bapisa le Liketso 16:15.) Lihleke-hlekeng tsena, likhetla tsa perela li ngata, ’me ka makhetlo a mangata batho ba ne ba fana ka liperela e le monehelo oa litšenyehelo tsa mosebetsi oa ho ruta oa lefatše lohle. Kahoo, ha re ntse re fana ka liperela tsa moea, re ile ra amohela tsa sebele.—Bapisa le Mattheu 13:45, 46.

Karolo eo e khethehileng ea lefatše e ntle hakaakang! Nahana li-shark tse khōlō li sesa ka khotso hammoho le bana ka letamong! Ke pono e ntle hakaakang eo maholimo a bosiu a neng a e hlahisa! Mantsoe a mopesaleme e ne e le ’nete hakaakang: “Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong.”—Pesaleme ea 19:2.

Eaba, lilemo tse robong tse fetileng, ho tla teko ea sebele ea botšepehi. Mosali oa ka o ile a kena sepetlele ka baka la ho tlala mali bokong. Ho ne ho hlokahala hore a buuoe, empa ngaka e ne e ke ke ea lumela ho etsa joalo e sa sebelise mali. ’Na le mosali oa ka re ne re sitoa ho lumela ka tsoalo le khutsitseng tsamaiso e neng e tla tlōla molao oa Molimo. Empa letsoalo la ngaka eo le ne le e bolella hore e sebelise mokhoa ofe le ofe oa ho pholosa bophelo, ho akarelletsa le mali.

Bophelo ba mosali oa ka bo ile ba fokola ho ea pele, ’me o ile a kenngoa phapusing ea tlhokomelo e khethehileng, a lumelletsoe ho eteloa ka makhetlo a lekanyelitsoeng. O ile a lahleheloa ke kutlo ka baka la khatello e litsebeng. E ile ea e-ba boemo bo thata. Ka mor’a leeto le leng ngaka e ’ngoe e ile ea ntšala morao ho ea koloing ea ka, e phehella hore monyetla feela oo mosali oa ka a nang le oona ke hore a buuoe ho sebelisoa mali ’me ea nkōpa hore ke lumellane le seo. Leha ho le joalo, ’na le mosali oa ka re ne re itšepetse Jehova—le haeba ho ikokobelletsa molao oa hae ho ne ho ka fella ka ho lahleheloa ke lilemo tse seng kae bophelong bona.

Eaba, ho ba le phetoho e hlollang boemong ba mosali oa ka. Ka letsatsi le leng ke ile ka mo fumana a lutse betheng a bala. Ka matsatsi a latelang o ile a qala ho pakela bakuli le baoki. Eaba ke bitsetsoa ofising ea ngaka. E ile ea re: “Monghali Wharerau, ka sebele u monna ea lehlohonolo! Re lumela hore bothata ba mosali oa hao bo phekolehile.” Ka tšohanyetso, khatello ea hae ea mali e ile ea tsitsa. Bobeli ba rōna, ’na le mosali oa ka re ile ra leboha Jehova ’me ra nchafatsa boikemisetso ba rōna ba ho etsa sohle se matleng a rōna tšebeletsong ea hae.

Hona joale ke boetse ke abetsoe Lihleke-hlekeng tsa Cook ’me ke sa boetse ke sebeletsa Rarotonga. Ke tokelo e kaakang! Ha re talima morao ’na le mosali oa ka re leboha kamoo Jehova a ileng a re hlokomela lilemo tse mashome a mahlano re le tšebeletsong ea hae. Linthong tse bonahalang, ha re e-s’o ka re hloka litlhoko tsa bophelo. Ka kutloisiso ea moea, litlhohonolofatso e ile ea e-ba tse ngata hoo re sitoang ho li bala. E ka sehloohong ke ea bongata ba beng ka ’na ba nkileng ’nete. Nka bala ba fetang 200 bao hona joale e leng Lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova, ho akarelletsa le litloholo tsa sebele tse 65. Mora e mong oa ka oa setloholo ke setho sa lelapa la Bethele New Zealand, athe morali e mong hammoho le monna oa hae le bana ba babeli ba etsa mosebetsi oa kaho makaleng.—3 Johanne 4.

Ha ke talima pele, ke ananela tokelo ea ho phela paradeising moo, lefatše lohle, botle ba lona bo tla feta hōle botle ba motse o motala oo ke hlahetseng ho oona. E tla ba tokelo e kaakang ho amohela ’mè le ntate tsohong le ho ba tsebisa ka thekollo, ’Muso, le bopaki bo bong bohle ba tlhokomelo ea Jehova.

Boikemisetso ba ka, bo tšehelitsoe ke tsebo ea hore Molimo oa ntlhokomela, ke bo tšoanang le boo mopesaleme a buileng ka bona ho Pesaleme ea 104:33: “Ke tla binela Jehova ha ke sa ntse ke phela, ke rorise Molimo oa ka, ha ke sa ntse ke le teng.”—Joalokaha ho boletse Sarn Wharerau.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Holo ea ’Muso ea pele e ileng ea ahoa New Zealand, ka 1950

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela