Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 11/1 leq. 32
  • O Ile a Hapa Moputso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ile a Hapa Moputso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 11/1 leq. 32

O Ile a Hapa Moputso

KIYOE moithuti oa sekolo se phahameng, o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Japane: “Hoja e se ka lōna.” Hobane’ng ha a leboha hakaale? Haufinyane Kiyoe o ile a hapa moputso o ka holimo-limo tlhōlisanong ea moqoqo ea sechaba, e neng e tšehelitsoe ka lichelete ke Mokhatlo oa Boipaballo ’Mileng oa Japane. Mpho eo ea bohlokoa e akarelletsa leeto la ho ea Sweden.

Kiyoe o ile a ngola ho hlalosa kananelo ea hae bakeng sa litokollo tse ngata tse molemo tse hatisoang ke Watch Tower Bible and Tract Society, tseo a utloang hore li mo thusitse haholo hore a atlehe. Ka ntle ho tlhōlisano ena, o ile a emela sekolo sa habo litlhōlisanong tse ngata tsa lipuo le meqoqo. O re: “Hangata litlhōlisanong tsena ho fanoa ka sehlooho, ’me liithuti li etsa lipatlisiso bakeng sa meqoqo ea tsona laebraring. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore ke ikhathatse hakaalo. Ke fumana boitsebiso bo molemo rakeng ea libuka lapeng!” O tsoela pele: “Ho sa tsotellehe hore na sehlooho se re’ng, ebang ke mathata a ho tsofala, tikoloho, likamano tsa lichaba tsohle, kapa bointlafatso, hangata li ba teng limakasineng tsa Molula-Qhooa kapa Tsoha! ’me li tšohliloe ka ho teba.”

Leha ho le joalo, hase litokollo tseo feela tse thusitseng Kiyoe. O re thuto eo a e amohetseng ka mananeo a ho ruta a Lipaki tsa Jehova e mo thusitse ho ntlafatsa ho bala le ho ngola ha hae, ’me sena se ile sa mo nolofalletsa ho ipabola litlhōlisanong. Oa lumela: “Ka nako e ’ngoe, ke ne ke hlile ke batla ho fumana thuto ea univesithi. Empa ke kae moo ke neng nka fumana thuto e kang ee?” Joale o na le tšepo ea ho sebetsa ka nako e tletseng ho thusa ba bang ho fumana molemo oa thuto ena eo a e amohetseng. Pelo ea Kiyoe e sa ntsane e nyakalletse ke moputso oa moqoqo, e labalabela ho fumana moputso oa bophelo.—Bapisa le Ba-Filippi 3:14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela