Ha e Mong a Bitsa, na ua Arabela?
JOALOKAHA SHINICHI TOHARA A BOLETSE
KAROLONG ea pele ea bophelo ba ka, ha kea ka ka bitsa ho Molimo, leha e le hona ho batla tataiso ho eena. Nkhono le ntate-moholo ba ne ba falletse Japane ba tsoa Hawaii, ’me batsoali ba ka e ne e le Mabuddha. Ba ne ba se mafolo-folo hakaalo bolumeling ba bona, kahoo ke ne ke sa nahane ka Molimo hakaalo ha ke ntse ke hōla.
Eaba ke ithuta thuto ea ho iphetola ha lintho ’me ka hlokomela hore ho lumela ho Molimo ke bothoto bo boholo. Leha ho le joalo, ha ke tsoela pele ka thuto ea ka ea sekolo, liklaseng tsa saense ka ithuta ka tsebo ea bolepi ba linaleli, ea lintho tsa tlhaho le ea lintho tse phelang. Bosiu ke ne ke ee ke shebe leholimo ’me ke ipotse hore na ho tlile joang hore linaleli li be teng. Lentsoe le lesesanyane ka hare ho ’na le ile la qala ho botsa: ‘Na ho ka ba le Molimo ea laolang lintho tsee tsohle?’ Ke ile ka ba le boikutlo ba hore e tlameha ebe e mong o teng sebakeng se sa bonahaleng. Pelo ea ka e ile ea qala ho botsa, ‘Molimo eo ke mang?’
Ka mor’a hore ke qete sekolong se phahameng, ke ile ka iphumana ke tšoarehile mosebetsing oa ka oa ho tea mechine femeng ea thitelo ea joala, ’me ke ne ke se na nako ea ho nahanisisa ka Molimo. Kapele ke ile ka kopana le Masako, eo e bileng mosali oa ka ka 1937, ’me qetellong re ile ra hlohonolofatsoa ka bana ba bararo. Masako o ipakile e le molekane ea tšepahalang le ’mè ea sebetsang ka thata hakaakang!
Joale ha ke se ke na le lelapa, ke ile ka nahana ka ho teba ka bokamoso ba rōna. Ke ile ka tsoela ka ntle hape ka sheba linaleli. Ke ne ke kholisehile hore Molimo o teng. Ke ne ke sa tsebe hore na Molimo eo ke mang, empa ho ntse ho le joalo ke ile ka qala ho bitsa ho eena. Ke ile ka kōpa khafetsa: ‘Haeba u le teng sebakeng se sa bonahaleng, ke kōpa hore u thuse lelapa la ka hore le fumane tsela ea ho phela ka thabo.’
Qetellong Kōpo ea ka e ile ea Arabeloa
Re ne re ntse re lula le batsoali ba ka haesale re nyalana, empa ka 1941 re ile ra qala ho lula re le bang Hilo, Hawaii. Hantle feela ka mor’a hore re tsitse lehaeng la rōna le lecha, Majapane a ile a hlasela Pearl Harbor, ka December 7, 1941. E ne e le nako ea pherekano, ’me motho e mong le e mong o ne a tšoenyehile ka bokamoso.
Khoeli e le ’ngoe ka mor’a hore Pearl Harbor e hlaseloe, ke ne ke ntse ke bentša koloi ea ka ha monna e mong a nkatamela ’me a mpha buka e nang le sehlooho se reng Children. O ile a mpolella hore lebitso la hae ke Ralph Garoutte, mosebeletsi oa Lipaki tsa Jehova. Ke ne ke sa utloisise seo a se buang, empa ke ne ke thahasella Molimo, kahoo ke ile ka amohela buka ena. Bekeng e latelang, Ralph a khutla ’me a ithaopela ho nkhannela thuto ea Bibele. Le hoja ke ne ke ile ka utloa ho hong ka Bibele, lena e ne e le lekhetlo la pele leo ke ileng ka e bona. Ke ile ka amohela thuto ea Bibele, ’me mosali oa ka le ngoan’abo oa ngoanana e monyenyane ba ile ba kopanela ho eona.
’Nete ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo e ile ea nkhahla haholo. (2 Timothea 3:16, 17) Taba ea hore Jehova o na le morero le eona e ile ea thabisa haholo. Ke ’Mōpi eo esale ke mo batla! (Esaia 45:18) Re ile ra thabela ho ithuta hore Paradeise ea pele e ileng ea lahleha e tla tsosolosoa hona mona lefatšeng, ’me re ka ba karolo ea eona. (Tšenolo 21:1-4) Ena e ne e le karabelo ea kōpo ea ka ho Molimo!
Re ile ra bua le motho e mong le e mong ka linnete tsena tse ncha. Batsoali ba ka ba ne ba nahana hore rea hlanya, empa seo ha sea ka sa re nyahamisa. Ka mor’a likhoeli tse tharo tsa thuto e matla ea Bibele, ka April 19, 1942, ’na le mosali oa ka ra kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba rōna ho Molimo oa rōna, Jehova. Ngoan’abo Masako oa ngoanana e monyenyane Yoshi le monna oa hae, Jerry eo ka nako ena a neng a kopanela thutong ea rōna ea Bibele, ba ile ba kolobetsoa le rōna. Re ne re na le tsebo e lekanyelitsoeng feela ea Mangolo a Halalelang, empa e ne e lekane ho re susumelletsa ho batla ho sebeletsa Molimo.
Ka baka la ho befa ha ntoa ea bobeli ea lefatše, ke ile ka hakanya hore bofelo ba tsamaiso ena bo ne bo le haufi haholo, ’me ’na le mosali oa ka re ile ra bona hore ho na le tlhokahalo ea hore re lemose batho ka bona. Lelapa la Garoutte e bile mehlala ea rōna tabeng ena. Ralph le mosali oa hae ba ne ba sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho, basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka bapisa boemo ba rōna le ba Ralph. O ne a na le mosali le bana ba bane. Ke ne ke na le mosali le bana ba bararo feela. Haeba a ne a ka ho etsa, nka khona ho ho etsa le ’na. Kahoo khoeling e latelang eo re kolobelitsoeng ka eona, re ile ra etsa kōpo ea tšebeletso ea bopula-maliboho.
Esita le pele ke fumana tumello ea ho ba pula-maliboho, ke ile ka rekisa lintho tsohle tseo ke neng ke sa li hloke, ho akarelletsa le katara ea ka ea tšepe, saxophone, le violin. Ke ne ke chesehela ’mino haholo, empa ke ile ka rekisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ntle le harmonica ea ka e nyenyane. Ho feta moo, mosebetsi oa ka femeng ea thitelo ea joala o ne o se o sa ipiletse. (Ba-Filippi 3:8) Ke ile ka haha caravan ’me ka emela ho bona hore na Jehova o ne a tla arabela thapelo ea ka ea hore ke sebelisoe. Ha kea ka ka tlameha ho ema nako e telele. Re ile ra fumana tumello ea ho ba bo-pula-maliboho ho tloha ka June 1, 1942. Re ile ra sebeletsa Jehova ka nako e tletseng hang-hang ’me le ka mohla ha rea ka ra ikoahlaela qeto eo.
Ho Bula Maliboho Hawaii
Rōna hammoho le lelapa la Garoutte, re ile ra koahela Hawaii, Sehleke-hleke se Seholo, ho akarelletsa le Kona, sebaka sa kofi se tummeng le Kau. Matsatsing ao re ne re sebelisa keramafono. E ne e le boima haholo, empa re ne re sa le bacha re bile re le matla. Kahoo, ke tšoere keramafono ka letsoho le leng le mokotlana oa libuka ka le leng, re ile ra latela mohlala ofe le ofe o ka re lebisang ho batho ba ka re utloang masimong a kofi, mapolasing a eona le sebaka leha e le sefe se seng. Joale, ka mor’a ho koahela sehleke-hleke sohle, re ile ra abeloa hore re ee Kohala e leng Sehleke-hlekeng se Seholo. Kohala e ne e le polasi e nyenyane ea ’moba, eo ho eona ho neng ho lula Macaucasus, Mafilipino, Machaena, Mahawaii, Majapane le Mapotoketsi. Sehlopha ka seng se ne se na le meetlo, likhopolo, litšekamelo le bolumeli ba sona.
Hang ha ke qala ho bula maliboho, ha kea ka ka hlola ke sebetsa mosebetsi oa boipheliso hape. Re ile ra phela ka chelete eo ke neng ke e bolokile ka nako e itseng, ’me ha tlhokahalo e hlaha, ke ile ka sebetsa mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi. Hoa makatsa hore ebe ka mehla ke ne ke khutlela hae ke e-na le litlhapi. Re ne re kha meroho ea naheng le limela tse metseng ka thōko ho tsela, ’me lintho tsena li ne li khabisa lipoleiti tsa rōna tsa lijo tsa mantsiboea. Ke ile ka etsa onto ka lekotikoti le koahetsoeng ka lekapa, ’me Masako o ile a ithuta ho paka bohobe. E ne e le bohobe bo monate ho feta bohobe bohle boo nkileng ka bo ja.
Ha re ea Honolulu bakeng sa kopano ea Bokreste ka 1943, Donald Haslett, eo ka nako eo e neng e le molebeli oa lekala Hawaii, o ile a re memela ho fallela moo le ho lula phaposing e nyenyane e neng e hahiloe ka holim’a karaje ea Mokhatlo oa Watch Tower. Ke ile ka abeloa mosebetsi oa ho hloekisa lekala lena ’me ke ile ka thabela lilemo tse hlano tse latelang tsa ho bula maliboho ke le sebakeng seo.
Pitso e sa Lebelloang
Ka 1943 re ile ra utloa hore Mokhatlo o qalile sekolo sa ho koetlisa baromuoa bakeng sa ho sebeletsa linaheng tseo eseng tsa habo bona. Re ne re ka thaba hakaakang haeba re ne re ka se kena! Leha ho le joalo, malapa a nang le bana ha a ka a mengoa, kahoo ha rea ka ra hlola re nahana ka sona. Leha ho le joalo, ka 1947, Moena Haslett o ile a re bolella hore Mokhatlo o batla ho tseba haeba ho na le Mahawaii a ikemiselitseng ho ea sebeletsa naheng eo e seng ea habo ’ona ea Japane. O ile a botsa hore na re nahana eng ka hona, ’me joaloka Esaia, ke ile ka re: “Roma ’na.” (Esaia 6:8) Mosali oa ka o ile a ikutloa ka tsela e tšoanang. Ha rea ka ra qea-qea tabeng ea ho arabela pitso ea Jehova.
Kahoo re ile ra memeloa ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower bakeng sa ho koetlisetsoa ho ba baromuoa. Memo ena e ne e akarelletsa bana ba rōna ba bararo. Ho ile ha mengoa le ba bang ba bahlano, Donald le Mabel Haslett, Jerry le Yoshi Toma le Elsie Tanigawa, ’me re ile ra ea New York hammoho mariheng a 1948.
Re ile ra fetela ka ’nģane ho kontinente ka bese. Ka mor’a matsatsi a mararo re le beseng, kaofela re ne re khathetse, ’me Moena Haslett o ile a etsa tlhahiso ea hore re phomole ’me re robale hoteleng bosiu bo le bong. Ha re theoha beseng, monna e mong o ile a re atamela ’me a hoeletsa: “Majapane! Ke ea hae ke il’o lata sethunya sa ka ke a thunye!”
Moena Haslett o ile a re: “Hase Majapane. Ke Mahawaii. Ha u hlokomele phapang?” Re ile ra sireletsoa ke polelo ea hae e bohlale.
Na re ne re hlile re le litho tsa klase ea bo11 ea Gileade? Ho ne ho bonahala eka ke toro e hlollang. Leha ho le joalo, bonnete ba eona bo ile ba totobala kapele. Klaseng ea rōna, liithuti tse 25 li ne li khethiloe ke eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo, Nathan H. Knorr, bakeng sa ho koetlisetsoa mosebetsi oa boromuoa o ka bang teng Japane. Kaha ke setloholo sa Majapane ke bile ke bua Sejapane hanyenyane, ke ile ka fuoa kabelo ea ho ruta sehlopha sena sa liithuti puo ena. ’Me kaha ke ne ke se phollatsi hakaalo puong ena, kabelo ena e ne e se bonolo; empa ka tsela e itseng kaofela re ile ra utloisisa se hlokahalang!
Ka nako eo mora oa rōna, Loy o ne a le lilemo li leshome, ’me barali ba rōna, Thelma le Sally, ba ne ba le lilemo tse robeli le tse tšeletseng. Ha re ntse re le sekolong, ho ile ha etsahala eng ka bona? Le bona ba ile ba ea sekolong! Bese e ne e ba nka hoseng ’me e ba khutlisa motšehare oa mantsiboea. Ha bana ba fihla hae ba tsoa sekolong, Loy o ne a sebetsa le baena polasing ea Mokhatlo, ’me Thelma le Sally ba ne ba sebetsa kamoo liphahlo li hlatsoetsoang ka teng ba mena lisakatuku.
Ho Lokisa Kelello Bakeng sa Lintho tse sa Tsejoeng
Ha re qeta sekolong sa Gileade ka August 1, 1948, re ne re lakatsa ho fihla kabelong ea rōna. Moena Haslett o ile a re etella pele bakeng sa ho fumana sebaka seo baromuoa ba ka lulang ho sona. Qetellong, o ile a fumana mohaho o mekato e ’meli Tokyo, ’me ka August 20, 1949, lelapa la rōna le ile la tloha ho ea lehaeng la rōna la kamoso.
Pele ke fihla Japane, ke ne ke atisa ho nahana ka naha ena ea Bochabela. Ke ne ke nahanisisa ka ho tšepahala ha batho ba Japane ho marena le ho moemphera oa bona. Majapane a mangata a ile a shoela babusi bana ba batho. Ntoeng ea bobeli ea lefatše, bakhanni ba lifofane bao e leng masole ba ile ba shoela moemphera ka ho lebisa sefofane sa bona chomeleng ea likepe tsa ntoa tsa sera. Ke hopola nakong eo ke neng ke nahana hore haeba Majapane a tšepahala hakaalo ho marena a batho, a ne a tla etsa joang haeba a ka fumana Morena oa ’nete, Jehova?
Ha re fihla Japane, ho ne ho na le baromuoa ba supileng feela le bahoeletsi ba seng bakae naheng eohle. Kaofela ha rōna re ile ra qala ho sebetsa, ’me ka leka ho ntlafatsa tsebo ea ka ea puo ena ’me ke ile ka khona ho qala lithuto tsa Bibele le batho ba bangata ba neng ba bitsa ho Molimo ka lipelong tsa bona. Ba bangata ho liithuti tseo tsa pele tsa Bibele ba ’nile ba tšepahala ho fihlela kajeno.
Tšebeletso ea Boromuoa Hammoho le Bana ba Rōna
Ke joang re neng re tla khona ho etsa mosebetsi oa boromuoa re na le bana ba bararo ba banyenyane bao re lokelang ho ba hlokomela? Ha e le hantle, e bile Jehova ea tsamaisang litaba tsena tsohle. Re ne re amohela chelete e nyenyane ho Mokhatlo bakeng sa ho re buselletsa litšenyehelo tsa rōna, ’me Masako o ne a rokela bana liaparo. Ho phaella moo re ne re thusoa ke batsoali ba ka.
Ka mor’a hore Loy a qete sekolong se phahameng, o ile a sebetsa lekaleng la Japane la Watch Tower Bible and Tract Society ka nako e seng kae. Leha ho le joalo, ka baka la ho kula, o ile a etsa qeto ea ho khutlela Hawaii bakeng sa phekolo. Hona joale eena le mosali oa hae ba sebeletsa Jehova California. Lenyalo la hae le ile la re tlisetsa tlhohonolofatso ea ho ba le litloholo tse ’nè tse tšepahalang. Kaofela ha tsona li kolobelitsoe, ’me se seng, hammoho le mosali oa sona, se sebeletsa Bethele ea Brooklyn, ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova.
Barali ba ka, Thelma le Sally, ba ile ba fuoa boemo ba boromuoa ha ba hōla. Hona joale Thelma o sebeletsa joaloka moromuoa motseng oa Toyama. Sally o ile a nyaloa ke moena eo e leng moromuoa, Ron Trost, ’me ba ’nile ba sebeletsa joaloka baromuoa ba leng mosebetsing oa ho tsamaea Japane ka lilemo tse 25.
Ho Tloha Leboea ho ea Boroa
Ka mor’a ho qeta lilemo tse peli re lula Tokyo, re ile ra isoa Osaka ka lilemo tse peli. Kabelo ea rōna e latelang e ile ea re isa ka leboea Sendai, moo re ileng ra sebeletsa ka lilemo tse tšeletseng. Lilemo tseo re li qetileng re le Sendai li ile tsa re lokisetsa likabelo tse leng sehleke-hlekeng sa Japane se leng leboea le hōle, Hokkaido. Ke Hokkaido moo barali ba rōna ba ileng ba fumana boemo ba boromuoa. Hape ke sebakeng sena moo re ileng ra tlameha ho tloaelana le mohatsela oa mariha oo ka linako tse ling o neng o ba matla haholo. Ka mor’a ho lula naheng e chesang haholo ea Hawaii ena e bile phetoho ea sebele!
Joale, ka tsatsi le leng ke ile ka fumana pitso e ncha ka sebōpeho sa lengolo le tsoang ho Mokhatlo. Le ne le nkōpa hore ke bule ofisi ea lekala Okinawa, eo e neng e ntse e le ka tlas’a taolo ea U.S. Ho tloha ntlheng ea Japane e batang e ka leboea ho ea sebakeng seo hona joale e leng sebaka se ka boroa bo hōle ka ho fetisisa seo kajeno ho lulang basebetsi ba ’muso oa Japane ba boemo bo phahameng e ne e le phephetso e khōlō. Ke ne ke tla etsa joang? Le hoja ke ikutloa ke sa tšoanelehe ke ile ka fihla Okinawa ka November 1965, ke ntse ke na le mosali oa ka ea tšepahalang joalokaha e le tloaelo. Na bophelo ba Okinawa bo ne bo tla tšoana le bophelo ba Japane? Ho thoe’ng ka litloaelo? Na batho ba ne ba tla arabela hamolemo molaetseng oa Jehova oa poloko?
Ha re fihla Okinawa, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka tlaase ho 200. Hona joale ba se ba le ka holimo ho 2 000. Matsatsing a pele, ke ne ke le molebeli oa potoloho le molebeli oa lekala oa nakoana. Ho tsamaea ho pholletsa le lihleke-hleke ho ile ha nthusa ho haha kamano e haufi le baena sebakeng seo, ’me ho ba sebeletsa e bile tokelo.
Na ke ne ke Lokolohile Mathateng?
Mosebetsi oa rōna oa boromuoa o ne o na le mathata a ’ona. Ha re ntse re le phomolong United States ka 1968, Masako o ile a kula a ba a tlameha ho buuoa. Ho ile ha tlosoa boshoa ka maleng a hae ’me a hlaphoheloa ka mokhoa o hlollang. Re ne re se na inshorense ea ho lefella litšenyehelo tsa phekolo, ’me re ne re tšoenyehile ka hore mohlomong re ke ke ra khona ho khutlela kabelong ea rōna. Leha ho le joalo, e bile ho makatsang hore ebe metsoalle ea rōna tumelong e ile ea hlokomela lintho tsohle.
Ha e le ’na, hona joale ke na le mathata a tloaelehileng bathong ba lefu la tsoekere. Le hoja ke sa foufala, matla a pono ea ka a fokotsehile haholo. Empa ka baka la mosa o lerato oa Jehova, ke khona ho fepeha moeeng ka ho mamela litheipi tsa The Watchtower le Awake! Baena le bo-khaitseli tumelong le bona ba nthusa ka ho mpalla lingoliloeng tse sa tšoaneng.
Ke joang ke neng nka tsoela pele ho nehelana ka lipuo tsa phatlalatsa ke sa bone hantle mahlong? Qalong ke ne ke rekota lipuo tsa ka ’me theipi li kenngoe ho lihōlisa-lentsoe ’me ke etse boitšisinyo ba ’mele le ho bebenya molomo ha theipi e ntse e bapala. Leha ho le joalo, ho latela tlhahiso ea morali oa ka, ke ile ka ntlafatsa tabeng ena. Hona joale ke rekota lipuo tsa ka ka sebapala lik’hasete se senyenyane e be ke fana ka tsona ha ke ntse ke mametse puo ea ka eo ke e rekotileng ke roetse li-earphone.
Neng le neng ha re ne re thulana le mathata a sebele, le ka mohla ha rea ka ra hlōleha ho bitsa ho Jehova. Qetellong, mahlohonolo a tsoang tharollong eo Jehova a ileng a fana ka eona a ne a feta hōle mathata ka booona. Tsela feela eo re ka bontšang teboho ea rōna ka eona ke ka ho tsoela pele tšebeletsong ea hae.
Ka mor’a lilemo tse 23 re le Okinawa, re ile ra boela ra fuoa kabelo sebakeng seo re kileng ra sebeletsa ho sona ha re fihla Japane. Ofisi e khōlō ea Mokhatlo le lehae la baromuoa le leholo ka ho fetisisa li setšeng seo pele ho neng ho na le mohaho o mekato e ’meli Tokyo, se neng se rekiloe ke Moena Haslett lilemong tse ngata tse fetileng.
Ka ntle ho ’na le Masako, hona joale beng ka rōna ba 11 ba sebeletsa joaloka baromuoa Japane. Kaofela ba ho nka e le tokelo hore ebe ba bone khōlo eo Jehova a e tlisitseng naheng ena e leng tlas’a tšusumetso ea litloaelo tsa Bobuddha le Boshinto. Mosebetsi ona o ile oa ba le qaleho e nyenyane Japane, empa matla a Jehova a ile a atisa “sechaba” kapele ka hore palo ea sona e nyolohele ho bahoeletsi ba litaba tse molemo ba fetang 167 000.—Esaia 60:22.
Ha ke bitsa ho Molimo, o ile a nkarabela. Ha a ’mema, ke ile ka arabela hamolemo. ’Na le mosali oa ka re entse feela seo re neng re lokela ho se etsa. Ho thoe’ng ka uena? Ha ’Mōpi oa hao a bitsa, na ua arabela?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Lelapa la Tohara hammoho le ba bang sehlopheng sa bona sa bo-pula-maliboho Hawaii, 1942
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Bana ba ha Tohara Gileade ka 1948
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ba thabetse hore ebe ba ile ba arabela pitso, Shinichi le Masako Tohara ba nkile lilemo tse 43 ba le mosebetsing oa boromuoa