Na U tla Nkeloa Leholimong?
BATHO ba bangata ba lumela hore ba tla ea leholimong ha ba shoa. Empa ba bang ba nahana hore ba tla nkeloa leholimong ka tsela e bitsoang rapture (ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama). Na u lebeletse seo?
Ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ke “ho nyamela ka tšohanyetso ha batho ba limillione ho sa tsejoe hore na ba ile hokae!” Moevangeli e mong oa Moprostanta o ile a bolela joalo. Ho latela Evangelical Dictionary of Theology, lentsoe “rapture” le bolela “ho kopanngoa ha kereke le Kreste ha a tla la bobeli.”
Batho ba bang ba khathatsoa ke ho nahana ka ho siea metsoalle le litho tsa lelapa ka morero oa ho ea kopana le Jesu Kreste. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba lumela hore ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ho tlameha ho etsahala. Na ho tla etsahala? Haeba ho joalo, neng?
Maikutlo a sa Tšoaneng ka ho Nkeloa Leholimong ka ’Mele oa Nama
Bibele e bontša hore pele Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e tšepisitsoeng e qala, ho tla ba le nako e bitsoang “mahlomola a maholo.” Jesu o itse: “Mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” (Mattheu 24:21; Tšenolo 20:6) Ba bang ba re ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ho tla etsahala pele ho mahlomola a maholo. Ba bang ba ho lebeletse nakong ea mahlomola a maholo. Ba bang ba nahana hore ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ho tla etsahala ka mor’a nako eo ea mahlomola ao ho seng a lekanang le ’ona.
Khopolo ea hore ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ho tla etsahala ka mor’a mahlomola a maholo e ne e atile ho fihlela qalong ea lekholo la bo19 la lilemo. Joale, Engelane ho ile ha hlaha mokhatlo o mong o neng o eteletsoe pele ke eo e neng e le moruti oa Kereke ea Ireland, John Nelson Darby. Eena le Machache a nang le maikutlo a tšoanang le a hae ba ile ba tsejoa e le Baena. Ho tloha setsing sa kereke ea hae se Plymouth, Darby o ne a nka maeto ka morero oa ho ruta Switzerland le libakeng tse ling Europe. O ile a tiisa hore ho khutla ha Kreste ho ne ho tla etsahala ka mehato e ’meli. Ho ne ho tla qala ka ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ka lekunutu, hoo ho hona “bahalaleli” ba neng ba tla nkoa pele lilemo tse supileng tsa mahlomola li felisa lefatše. Joale Kreste o ne a tla hlaha ka sebōpeho se bonahalang, a na le “bahalaleli” bana, ’me ba tla busa lefatšeng ka lilemo tse sekete ba le hammoho.
Darby o ile a hatisa bohlokoa ba ho aroha lefatšeng, ’me ba neng ba na le likhopolo tse tšoanang le tsa hae qetellong ba ile ba tsejoa e le Baena ba Khethehileng. B. W. Newton o ile a etella pele sehlopha se fapaneng le seo se neng se lumela ho ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama empa se sa lumele hore ho tla etsahala pele ho mahlomola a maholo. Alexander Reese ea tšehetsang tumelo ea hore batho ba tla nkeloa leholimong ka mor’a mahlomola a maholo o ne a lumela hore “likhopolo tsa ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ka Lekunutu ke tšokelo tšepong ea Ho Tla ha Kreste.”
Batho ba tšehetsang khopolo ea hore ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ho tla etsahala pele ho mahlomola a maholo ba lumela hore ho se tšoane ha lipono ho tebile hoo ho ka amang “boleng ba tšepo ea [bona] mabapi le ho tla ha Kreste.” Ba bang ba beha tšepo ea bona “khopolong ea ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ho khethollang,” ba lumela hore ba tšepahalang haholo ho Kreste ba tla nkoa pele ’me ba sekametseng lefatšeng haholoanyane ba tla nkoa hamorao.
Lihlopha tse ngata tsa baevangeli li phatlalatsa ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama ho etsahalang hang-hang ho Bakreste ba tšepahalang. Leha ho le joalo, ka baka la maikutlo a sa tšoaneng, bukana e hatisitsoeng ke Kereke ea Brithane ea Pentekonta ea Elim e re: “Le hoja re lumela tlhalosong e pharaletseng ea liketsahalo tse amanang le ho khutla ha Morena Jesu . . . , ho lumeletsoe bolokolohi tabeng ea ho hlalosa boprofeta ho latela seo motho ka mong a se lumelang. Ba bangata ba khotsofalla boemo ba ho se be le lithuto tsa motheo, ka mamello ba emetse hore liketsahalo ka botsona li phutholle boprofeta.”
Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, Bibele, ke tekanyo eo ho hlokahalang hore re lekanye bonnete ba litumelo tsohle tsa rōna ka eona. (2 Timothea 1:13; 3:16, 17) Kahoo, e reng ka ho nkeloa leholimong ka ’mele oa nama?