Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 3/15 maq. 23-26
  • Tšibollo ea Mofuta o Fapaneng Bahamas

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšibollo ea Mofuta o Fapaneng Bahamas
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Tšibollo ea Mofuta Osele
  • Ho Arabela ho Tletseng Botsoalle ha Baahi ba Sehleke-hleke
  • Ho Lokela Nako e Tlang
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 3/15 maq. 23-26

Tšibollo ea Mofuta o Fapaneng Bahamas

BAHAMAS e kang majoe ao ho hatoang ho ’ona leoatleng le boputsoa ba leholimo pakeng tsa Florida le Cuba, e ile ea amohela thahasello e sa tloaelehang ea baqolotsi ba litaba ba lefatše ka 1992. Hobane’ng? Hobane ba bangata ba boholong ba nka Bahamas e le naha e sibollotsoeng leetong la sekepe le tummeng la Christopher Columbus ka 1492, ha a tla sibolla linaha tsa Amerika. Mokete oa ho qeta lilemo tse 500 tsa ho fihla ha Columbus ka October 12 o ile oa hapa thahasello ea machaba.

Leha ho le joalo, maikutlo a matla a mokete oa ho qeta lilemo tse makholo a mahlano a ne a sa hloke ba khahlanong le ’ona. Ha John Carew (moprofesa oa lithuto tsa machaba) a nehela puo Sebokeng sa Sechaba sa Baemeli ba Molao ba Batšo sa bo23, o ile a re Columbus “o ne a ikarabella bakeng sa ho baka polao ea baahi ba bangata ba Lihleke-hleke tsa Caribbean.”—The Nassau Guardian.

Kajeno, ha ho lea mong oa baahi ba 250 000 ba Bahamas ea ka latelang leloko la hae har’a baahi ba neng ba tletse khotso bao Columbus a ileng a kopana le bona ’me a ba hlalosa e le “batho ba shahlileng, ba nang le ’mele e metle le lifahleho tse ntle.” Ho ile ha etsahala eng ka baahi bao ba sehleke-hlekeng? A History of the Bahamas ea arabela: “Pakeng tsa 1500 le 1520 baahi bohle ba Bahamas, mohlomong baahi ba Lucayo ba 20 000, ba ile ba nkoa ka likhoka” e le makhoba ho ea sebetsa merafong ea gauda ea Spain e Hispaniola.

Bahamas e se na baahi joalo, e ile ea “sibolloa hape” pele ke Brithani ’me hamorao ke lihlopha tse khōlō tsa “ba neng ba tšepahala ’musong oa Brithani.” Bana e ne e le lihoai tse tsoang likoloneng tsa Amerika Leboea. Ka ho tšepahalla Borena ba Brithani, ba ile ba baleha ntoa ea boipuso e neng e kupa naheng eo. Baahi ba Bahamas kajeno haholo-holo ke litloholo tsa bajaki bana le makhoba a bona. Ha makhoba a mangata a qeta ho lokolloa a ile a boloka mabitso a bao e neng e le beng ba ’ona.

Tšibollo ea Mofuta Osele

Ha ho na pelaelo hore Columbus o ile a ipona e le moromuoa ea itseng. Ho boleloa hore o ile a re: “Molimo o nkentse moromuoa oa leholimo le lecha le lefatše le lecha. . . . O mpontšitse moo nka le fumanang teng.” Leha ho le joalo, timetso e ileng ea oela sebaka seo e ile ea paka se fapaneng. ‘Maholimo a macha le lefatše le lecha’ tse lokileng tseo Molimo a li tšepisitseng li ne li lokela ho emela tšibollo ea mofuta osele.—2 Petrose 3:13.

Ka 1926, Edward McKenzie le mosali oa hae ba ile ba fihla Bahamas. Ho fapana le basibolli ba bang ba pele ho bona, banyalani bana ba tsoang Jamaica ba ne ba tlile ho tla batla batho ba lipelo li tšepahalang bao ba neng ba ka ba neha letlotlo. Ke bona ba pele ba ileng ba tlisa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo Bahamas. (Mattheu 13:44; 24:14) Hamorao selemong seo ba ile ba lateloa ke ba bang ba babeli ba tsoang Jamaica, Clarence Walters le Rachel Gregory. Ka 1928 ho ne ho se ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba supileng Bahamas. Ka lilemo tse ’nè ba ile ba sebetsa ka thata ho ruta baahi ba sehleke-hlekeng litaba tse molemo.

Eaba ho tla E. P. Roberts, sebui se matla se tsoang Trinidad. Lipuo tsa hae tsa phatlalatsa liholong tse tummeng tsa liboka li ile tsa etsa ho hongata ho leleka litumelo tsa bohata ’me tsa ama lipelo tsa ba bangata ka ’nete ea Bibele. Ea neng a lutse a hloletsoe har’a ba neng ba le teng ho se seng sa liboka tsena e ne e le Donald Oscar Murray, eo hamorao ka lerato a ileng a tsejoa e le D. O. Qetellong ke eena ea ileng a etella mosebetsi pele.

Moromuoa Nancy Porter o hopola hantle kamoo D. O. Murray a ileng a bua ka lithapelo tsa hae tse tiileng bakeng sa thuso mosebetsing oa ho ruta. Ka 1947, Nancy le monna oa hae, George, hammoho le ba bang ba babeli, e bile baromuoa ba pele ba ileng ba romeloa Bahamas ke Mokhatlo oa Watch Tower. Oa hopola: “Seboka sa pele seo re ileng ra ea ho sona ke ntho eo ke sa kholoeng hore re tla ke re e lebale. Ho ne ho le teng ba ka bang robong kapa leshome. Moena Murray e ne e le molula-setulo ’me o ile a bula ka thapelo, a leboha Jehova ka ho fihla ha baromuoa. O ile a bolela hore thuso e ne e hlokahala ’me ‘ke khale re rapella thuso.’ Mokhatlo o ne o tšepisitse ho romela thuso, ’me joale re ne re le teng. Thapelo eo e ne e ama pelo hoo e ileng ea etsa hore re ikutloe hore re batla ho lula moo ’me re se ke ra hlola re tsamaea.” Hona joale, hoo e ka bang lilemo tse 45 hamorao, ’me ho sa tsotellehe lefu la monna oa hae, Khaitseli Porter o ntse a isa molaetsa o khathollang oa ’Muso ho baahi ba sehleke-hlekeng seo.

Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso Bahamas o ’nile oa thusoa ke liketelo tsa basebeletsi ba nako e tletseng le ba bang ba ileng ba etela lihleke-hleke tseo ka sekepe haholo-holo ho tloha ka 1947. Hangata ba ne ba lokela ho feta mabōpong a leoatle a kotsi le libakeng tsa metsi a sa tebang tse sa tsitsang ebe ba tsamaea ka metsing ho ea fihla moo ho ommeng bakeng sa ho isa litaba tse molemo libakeng tse arohileng. Boiteko boo ba pele bo beha litholoana esita le kajeno.

Ka 1950 ho ile ha fihleloa ketsahalo e khōlō. Ka December ea selemo seo, Nathan H. Knorr, eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong eo, le mongoli oa hae, Milton G. Henschel, ba ile ba etela Bahamas ka lekhetlo la pele. Knorr o ile a bua le batho ba 312 ba neng ba petetsane ka Holong ea Mother’s Club, e leng moaho oa lehong o monyenyane o Jail Alley. Le batho ba ’maloa ba tsebahalang ba ne ba le teng, ho akareletsa setho sa palamente le mohlophisi oa koranta ea letsatsi le letsatsi. Bosiung boo, Moena Knorr o ile a phatlalatsa ho ahoa ha ofisi ea lekala ea Mokhatlo Bahamas.

Ho Arabela ho Tletseng Botsoalle ha Baahi ba Sehleke-hleke

Ka kakaretso batho ba tletseng botsoalle ba Bahamas ba ’nile ba sekehela molaetsa oa ’Muso tsebe. Ho ntse ho le joalo, ke phephetso ho fihla ho bona kaofela. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Koana, le hoja batho ba bangata ba lula motse-moholo, Nassau, le Grand Bahama ea boahelani, ba bang ba qhalane lihleke-hlekeng tse khōlō tse 15 haesita le lihleke-hlekeng tse nyenyane tse 700 le mepopotlong ea mahoholi a leoatle e kenellang sehlopheng sena sa lihleke-hleke.

Ka ho bona tlhoko, palo e ntseng e eketseha ea Lipaki tsa moo le tse ngata tse tsoang libakeng tse ling e ile ea fallela libakeng tsa lihleke-hleke tse nyenyane bakeng sa ho thusa ka mosebetsi oa ho bolela. Hona hoa babatseha hobane li entse joalo ka ho itela le litšenyehelo tse khōlō. Empa boiteko ba tsona bo putsitsoe haholo.

Banyalani ba bang ba bacha ba ile ba fallela sehleke-hlekeng se seholo sa Andros. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba bolela ka ntlo le ntlo, ba ile ba kopana le mojaki e mong ea tsoang Haiti. Ho na le batho ba joalo ba likete Bahamas. Kapele-pele monna eo o ile a amohela thuto ea lehae ea Bibele. E ’ngoe e ile ea qalisoa bosiung bona boo, ho sebelisoa likopi tsa Senyesemane le Sefora tsa buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Mantsiboeeng a latelang, o ile a ba teng sebokeng sa hae sa pele sa Bokreste. Kapele, monna eo o ile a khaotsa ho tsuba, a etsa tsoelo-pele e potlakileng, ’me a qala ho kopanela mosebetsing oa ho bolela.

Hoseng ha letsatsi leo monna eo a neng a kolobetsoa ka lona, o ile a amohela khatiso ea theipi ho tsoa lelapeng labo le Haiti, le hoja a ne a sa ka a utloa letho ho tsoa ho bona ka lilemo tse hlano. Ba ne ba batla ho ’molella eng? Ba ne ba mo phetela kamoo e neng e se e le Lipaki tsa Jehova ka teng. Ba ile ba hlalosa hore khaitseli ea hae e ne e se e bile e le pula-maliboho ea ka mehla, kapa ’moleli oa nako e tletseng, ’me ba ile ba mo khothaletsa ho batla Lipaki le ho ithuta Bibele le tsona. Ntle le pelaelo, letsatsing leo monna eo o ile a kolobetsoa a kholisehile ka ho feletseng hore o ne a etsa ntho e nepahetseng.

Ho arabela ka cheseho e khōlō ho kang hona ho ’nile ha futhumatsa lipelo tsa Lipaki tsa moo. Ba ntseng ba eketseha ba bona ba nkile mosebetsi oa boevangeli ba nako e tletseng, ’me sena se phaelletse khōlong. Kahoo ke ka 1988 ha palo ea baboleli ba ’Muso Bahamas e fihla ho 1 000. Kajeno, liphuthehong tse 19, ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 1 300, hoo e batlang e le lihleke-hlekeng tsohle tse khōlō.

Ho Lokela Nako e Tlang

Ka baka la palo ea Lipaki e eketsehileng, li ’nile tsa thulana le bothata ba ho fumana libaka tse theko e tlaase tse khōlō ka ho lekaneng bakeng sa ho tšoarela likopano tsa tsona tsa selemo le selemo. Likopano tse peli li ile tsa lokela ho tšoareloa lihleke-hlekeng tse fapaneng bakeng sa ho kopa letšoele. Kahoo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho haha Holo ea Kopano hammoho le ofisi e ncha ea lekala. Mosebetsi o ile oa qaloa ka December 1989. Baithaopi ba makholo ba machaba le ba moo ba ile ba sebetsa morerong oa kaho ‘ka pelo e ratang joaloka hoja ba etsetsa Jehova.’—Ba-Kolosse 3:23.

Ntle le pelaelo, kopano e khōlō le e thabileng ka ho fetisisa ea Lipaki Bahamas ho tla fihlela lena le holimo e bile ketsahalo ea ho neheloa ha ofisi e ncha ea lekala le Holo ea Kopano ka February 8 le 9, 1992. Tebello e chesehang e ne e ntse e eketseha ha baena ho tsoa likarolong tsohle tsa lihleke-hleke ba etsa litokisetso tsa ketsahalo ena. Ho ne ho pholile ka tsela e sa tloaelehang, ’me pula e ne e ile ea na bosiu ba pele ho lenaneo la nehelo. Empa ha ho letho le neng le ka kolobisa thabo ea letšoele le thabileng haholo la ba 2 714 ha John E. Barr, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, a fana ka puo ea nehelo, e nang le sehlooho se reng “Pina ea Keketseho ea Puso ea Molimo.”

Lipelo li ne li tletse teboho ho Ntate oa leholimo, Jehova Molimo, bakeng sa ketsahalo e joalo ea thabo le monyaka. Ba neng ba le teng ba ne ba ikemiselitse haholoanyane ho sebelisa matla a bona a feletseng mosebetsing oa ho ruta oa moea o neng o entse hore katoloso eo e bonahalang e hlokahale.

Hore na tšibollo ea Columbus e ne e le phetoho bakeng sa ho molemonyana lihleke-hlekeng tsena mohlomong e sa ntse e le khang. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova tse Bahamas li ntsoe-leng tebohong ea tsona ho Molimo bakeng sa ho fana ka baboleli ba ’Muso bao moea oa bona oa boitelo o ba susumellelitseng ho ba sebete bakeng sa maemo ao li neng li sa a tsebe le ho tlisa litaba tse molemo tse khanyang moo e neng e le metsi a moea a sa tsejoeng. Mosebetsi oa bona le “tšibollo” li bile le phello ea leruo la moea le ke keng la bapisoa le letho ho bohle ba neng ba batla ’nete Bahamas.

[’Mapa/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Grand Bahama

Abaco

Andros

New Providence

Nassau

Eleuthera

Cat Island

Great Exuma

Rum Cay

San Salvador

Long Island

Crooked Island

Acklins Island

Mayaguana

Little Inagua

Great Inagua

CARIBBEAN SEA

FLORIDA

CUBA

[Litšoantšo]

Ho bolela Straw Market

Ho tsamaea ka metsing ho ea arolelana litaba tse molemo le batho ba moo

Ofisi ea lekala e thabeng e okametseng Holo ea Kopano

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela