Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 6/15 maq. 23-27
  • Jehova o Fetola Mehla le Linako Romania

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Fetola Mehla le Linako Romania
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Histori e Telele
  • Mathata a Ile a Tsoela Pele
  • Ho Bolela Phatlalatsa Hape
  • Lintho tse Khōlō li Etsahala Libakeng tse Nyenyane
  • Bo-pula-maliboho ba Khethehileng ba Lokisa Tsela
  • Litebello tse Hlollang ka Pele
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 6/15 maq. 23-27

Jehova o Fetola Mehla le Linako Romania

PHETOHO e tsoelang pele e ile ea saballa hohle Europe Bochabela ka 1989. Ka nako ea likhoeli feela, mebuso e kileng ea ema joaloka liqhobosheane tse ke keng tsa hlōloa e ile ea oa ka tatellano e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe. Ho ile ha e-ba le liphetoho sechabeng, moruong, ’me ho thahasellisang ka ho fetisisa ho Lipaki tsa Jehova e bile liphetoho bolumeling. Linaheng ka ho latellana, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomeloa ka molao, ’me tsa khutlisetsoa tokoloho ea ho tsoela pele ka mosebetsi oa tsona oa bolumeli.

Empa ho ne ho bonahala eka lintho li tla fapana Romania. ’Muso o ne o tšoere batho ka thata hoo ho neng ho bonahala eka liphetoho tse tsoelang pele li ne li tla ba le liphello tse fokolang moo. Ha Lipaki tsa Jehova moo li utloa ka se neng se etsahala linaheng tse ling tsa Europe Bochabela, li ile tsa ipotsa, ‘Na re sa tla ke re khone ho thabela tokoloho ea bolumeli pele ho Armageddone?’ Lipelo tsa bona li ne li laba-labela nako eo ba neng ba ka kopana libokeng tsa Bokreste le baena le bo-khaitseli ba bona ba moea, ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa, le ho ithuta lingoliloeng tsa bona tsa Bibele phatlalatsa, ntle le hore ba li pate ka linako tsohle. Seo sohle se ne se bonahala eka ke toro feela e ke keng ea etsahala.

Joale toro e ile ea phethahala! E bile ka December 1989. Ho makaleng ha bohle, ’muso oa Ceauşescu o ile oa phetholoa hang-hang. Ho sa lebelloa Bakreste bao ba ile ba fumana tokoloho. Ka April 9, 1990, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomeloa ka molao e le mokhatlo o hlophisitsoeng oa bolumeli Romania. Jehova o ne a fetotse mehla le linako bakeng sa Lipaki tse 17 000 tse mafolo-folo moo.—Bapisa le Daniele 2:21.

Histori e Telele

Ka 1911, Carol Szabo le Josif Kiss ba ile ba khutlela Romania ba tsoa United States, moo ba ithutileng ’nete ea Bibele teng le ho nehela bophelo ba bona ho Jehova bakeng sa ho etsa thato ea hae. Ba ne ba batla ho arolelana ’nete le batho ba naha ea habo bona. Hang ha ba fihlile Romania, kapele-pele ba ile ba qala ho bolela. Ha Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma, ba ile ba tšoareloa seo ba neng ba se etsa. Ho ntse ho le joalo, lipeō tsa ’Muso tseo ba neng ba li jetse li ile tsa qala ho hlahisa litholoana. Ka 1920, ha mosebetsi o ne o hlophisoa hape, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 1 800 Romania.

Nakong eo moea oa phetohelo ea ’muso o ileng oa qhoma har’a baahi ba Balkans o ile oa fokela haholo Romania, ’me mefere-fere e ne e jele setsi. Ho sa tsotellehe linako tse thata, baena ba rōna ba moea ba ile ba tsoela pele ka mosebetsi. Ka 1924 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa bula ofisi 26 Regina Maria Street, Cluj-Napoca ho hlokomela mosebetsi Romania, Hungary, Bulgaria, Yugoslavia, le Albania.

Leha ho le joalo, boemo ba lipolotiki bo ile ba mpefala ’me ntle le likhathatso tse tsoang ho ba boholong pusong, ho ne ho e-na le pherekano ka hare ho mokhatlo. Tlaleho ea 1930 Year Book e re: “Ka lebaka la ho se tšepahale ha eo Mokhatlo o neng o mo rometse moo, metsoalle e ile ea qhalakana ’me tšepo ea bona e ile ea sisinngoa haholo. Mokhatlo o ’nile oa sheba monyetla oa ho tsosolosa mosebetsi hape naheng eo, empa ba boholong sebakeng seo ba hanela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’me re tlameha ho leta ho fihlela Morena a bula tsela e molemo haholoanyane.” Joale, ka 1930, Martin Magyarosi, Paki ea Romania e kolobelitsoeng ka 1922, e ile ea khetheloa ho ba mohlanka oa lekala e mocha, ’me hamorao ofisi e ile ea fallisetsoa 33 Crişana Street, Bucharest. Ka 1933 ka mor’a ho phehella ka nako e telele, qetellong Mokhatlo o ile oa ngolisoa ka molao e le mokhatlo oa bolumeli Romania.

Mathata a Ile a Tsoela Pele

Liteko tse boima li ile tsa tlela Lipaki Romania. Tlaleho ea 1936 Year Book e re: “Ha ho pelaelo hore ha ho karolo e ’ngoe ea lefatše moo baena ba sebetsang mathateng ho feta Rumania.” Ho sa tsotellehe khanyetso eo eohle, tlaleho ea tšebeletso ea 1937 e ile ea bolela ka liphutheho tse 75 tse nang le bahoeletsi ba 856 Romania. Ba 2 608 ba ile ba ba teng Sehopotsong.

Ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, Romania ha ea ka ea lula e sa ameha. Ka September 1940, Molaoli Ion Antonescu o ile a ikhapela matla a puso ’me a qalisa puso e tšoanang le ea Hitler. Liketso tse kenyang batho tšabo li ne li tloaelehile haholo. Baena ba rōna ba makholo ba ile ba tšoaroa, ba otloa, le ho hlokofatsoa. Moena Magyarosi o ile a tšoaroa ka September 1942, empa o ne a ntse a khona ho hokahanya mosebetsi bakeng sa Transylvania a le teronkong.

Tlhoriso e ile ea tsoela pele ha mabotho a Hitler a hlōla naha eohle ka 1944. Tlaleho e tsoang Bucharest e ile ea hlalosa maemo tlas’a puso ea Nazi: “Lipaki tsa Jehova naheng ena li ile tsa hlorisoa ka sehlōhō. Li kentsoe teronkong le Makomonisi, li qositsoe ke baruti bao e leng batšehetsi ba Hitler li talingoa li le mpe ho feta Makomonisi, boholo ba rōna re ile ra ahloleloa lilemo tse 25 teronkong, bophelo bohle teronkong, kapa lefu.”

Qetellong ntoa e ile ea lala, ’me ka June 1, 1945, ofisi ea Mokhatlo e Bucharest, e ile ea qalisa mosebetsi oa eona hape. Ho sa tsotellehe mathata a ho fumana pampiri, baena ba ile ba hatisa libukana tse fetang 860 000 le likopi tse fetang 85 000 tsa Molula-Qhooa ka Seromania le Sehungary. Jehova o ile a hlohonolofatsa ho khothala ha bona haholo. Ka 1946, ba ka bang 1 630 ba bacha ba ile ba kolobetsoa. Ho thahasellisang ka ho khetheha selemong seo e ne e le kopano ea sechaba e neng e tšoaretsoe Bucharest ka September 28 le 29. Baruti ba ile ba leka ka hohle ho ferekanya le ho emisa kopano ena, empa ha baa ka ba atleha, ’me batho ba ka bang 15 000 ba ne ba le teng puong ea phatlalatsa. E ne e le lekhetlo la pele baena ba Romania ba khona ho ba le kopano e joalo.

Mokhatlo o ile oa romela Moena Alfred Rütimann Romania a tsoa lekaleng la Switzerland. Ka August 1947 o ile a khona ho bua le baena ba fihlang ho 4 500 libakeng tse 16, a ba haha bakeng sa se neng se larile ka pele. Kapele likhatello li ne li tla tlela Lipaki, nakong ena li ne li tla tsoa pusong ea Makomonisi. Ka February 1948, ba boholong pusong ba ile ba thibela mosebetsi oa rōna oa khatiso le ho bolela. ’Me, ka August 1949, ofisi e 38 Alion Street e ile ea hlaseloa. Ho latelang, baena ba bangata ho akareletsa Moena Magyarosi, ba ile ba tšoaroa. Nakong ena, ba qosetsoa hore ke batšehetsi ba puso e khothalletsang ho etsoa ha linaha tse ling likoloni, ba ile ba romeloa literonkong kapa likampong tsa ho sebetsa ka thata. Lilemo tse 40 tse latelang, mosebetsi o ile oa thibeloa, ’me Lipaki tsa Jehova tsa hlokofatsoa hampe. Mathata a neng a hlohlelletsoa ke sera ka hare ho mokhatlo a ile a tlatsetsa tsielehong ena. Qetellong, puso ea Ceauşescu e ile ea phetholoa ka 1989, ’me baena ba ile ba lokoloha! Ba ne ba tla etsa eng joale ka tokoloho ea bona?

Ho Bolela Phatlalatsa Hape

Lipaki ha lia ka tsa senya nako ea letho. Hang-hang li ile tsa qala ho bolela ka ntlo le ntlo. Empa sena se ne se se bonolo bakeng sa batho bao ka lilemo tse ngata ba ileng ba tsoela pele ka sebete ba etsa mosebetsi oa bopaki bo sa reroang ka sekhukhu. Joale ba ne ba tšohile hore ba ka bolela phatlalatsa. Boholo ba bona le ka mohla ba ne ba e-s’o etse sena pele, ’me lekhetlo la ho qetela leo ba bang ba bona ba neng ba kile ba bolela ka ntlo le ntlo e ne e le qetellong ea bo-1940. Ba bile le litholoana life? A re boneng.

Sebaka seo ho loketseng ho qala ho sona ke motse-moholo, Bucharest, e nang le baahi ba limillione tse peli le halofo. Lilemong tse peli tse fetileng, ho ne ho e-na le liphutheho tse ’nè feela motseng oo. Hona joale ho na le liphutheho tse leshome, ’me ba ka holimo ho 2 100 ba ile ba tla moketeng oa Sehopotso ka 1992. Ka lebaka la lithuto tsa Bibele tse ngata tse hatelang pele tse ntseng li khannoa, kapele-pele liphutheho tse ling tse ncha li ka ’na tsa thehoa.

Craiova ke motse o nang le baahi ba ka bang 300 000, karolong e ka boroa-bophirima ea naha. Ho fihlela ka 1990, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 80 feela motseng oohle. Joale, moea oa bopula-maliboho o ile oa ata, ’me mosebetsi o ile oa phahama ka sekhahla. Ka 1992 feela, batho ba 74 ba ile ba kolobetsoa, ’me ha khannoa lithuto tsa Bibele tse ka holimo ho 150. E le bahoeletsi ba ka holimo ho 200, ka cheseho ba ntse ba batla sebaka se loketseng bakeng sa Holo ea ’Muso.

Tirgu-Mures, khaitseli ea Paki le baena ba babeli ba ile ba ea ho moruti oa Orthodox ba kōpa hore a hlakole mabitso a bona lenaneng la litho tsa kereke. Ha moruti a hlokomela morero oa ketelo ea bona, o ile a ba memela ho kena ka tlung ’me ba ile ba ba le moqoqo o monate. Joale moruti a re: “Ke le shoela mōna empa eseng ka tsela e mpe. Re lokela ho etsa mosebetsi ona oo le o etsang. Ke bomalimabe hore ebe Kereke ea Orthodox ha ea falimehela seo”! O ile a amohela bukana e lekanang le makasine Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le kopi ea Molula-Qhooa. Khaitseli o thabetse hore joale ha e sa le oa “kereke eo e sa falimehang.”—Tšenolo 18:4.

Ke taba e hlokomelehang hore ba bangata ba ithutang ’nete kajeno ke bacha. Hobane’ng? Kamoo ho bonahalang ka teng ba ne ba lebeletse phetoho ’musong, empa ba ile ba soabisoa. Ba thabile ho ithuta hore ke ’Muso oa Jehova feela o ka tlisang tharollo e tšoarellang mathateng a rōna.—Pesaleme ea 146:3-5.

Lintho tse Khōlō li Etsahala Libakeng tse Nyenyane

Ocoliş ke motse o monyenyane o ka leboea ho Romania. Ka 1920 monna ea bitsoang Pintea Moise o ile a khutla ntoeng ea Marussia, moo a neng a hapiloe teng e le motšoaruoa oa ntoa. E ne e kile ea e-ba Mok’hatholike, empa pele a khutla e ne e se e le Mobaptist. Libeke tse tharo hamorao, Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka teng nakong eo, li ile tsa mo etela. Ka mor’a ketelo eo, o ile a phatlalatsa: “Joale ke fumane ’nete ka Molimo!” Ka 1924 ho ne ho e-na le sehlopha sa ba 35 Ocoliş.

Kajeno, har’a baahi ba moo ba 473, ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 170. Mohoeletsi ka mong o na le matlo a ka bang mabeli ao a abetsoeng e le tšimo ea hae, ’me hape ba sebetsa metseng e ka mathōko. Ho ntse ho le joalo, baena ba tletse tšepo. Ba sa tsoa haha Holo ea ’Muso eo ho ka lulang batho ba 400 ho eona. Mosebetsi oohle o entsoe ke Lipaki tsa moo.

Valea Largă ke moo Baena Szabo le Kiss ba neng ba lula teng ka 1914. Ka 1991, har’a baahi ba teng ba 3 700, ho ne ho e-na le liphutheho tse robeli le bahoeletsi ba ’Muso ba 582. Ka 1992 Sehopotsong, ho ne ho le teng ba 1 082—hoo e ka bang motho a le mong ho ba bararo phuleng ena.

Bo-pula-maliboho ba Khethehileng ba Lokisa Tsela

Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba phetha karolo e khōlō ho tlisa litaba tse molemo ho batho ba libakeng tse hōle. Hang ha tokoloho ea ho bolela e fanoa, Ionel Alban o ile a qala ho sebetsa metseng e ’meli, a qeta matsatsi a mabeli Orşova beke ka ’ngoe, ’me a nka matsatsi a mahlano a le Turnu-Severin.

Ho ne ho se Lipaki Orşova ha Ionel a fihla. Bekeng ea pele, o ile a qalisa thuto ea Bibele le moshemane ea lilemo li 14. Moshemane eo o ile a etsa liphetoho tse khōlō ka likhoeli tse peli hoo motsoalle e bile e le moahelani oa hae a ileng a qalisa ho ithuta le eena. Moahelani oa hae, Roland, eo e neng e le Mok’hatholike, o ile a etsa tsoelo-pele e makatsang. Ka mor’a khoeli le halofo feela, o ile a tsamaisana le Ionel mosebetsing oa boboleli ’me ka mor’a likhoeli tse hlano o ile a kolobetsoa. O ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng hang ka mor’a moo. ’Mè oa hae le eena o ile a qalisa ho ithuta ’me a kolobetsoa Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” ka 1992. Hona joale ho na le bahoeletsi ba leshome Orşova, ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tsa mahae tse 30.

Oa pele ho amohela ’nete Turnu-Severin e ne e le motho ea sebetsang moo ho amoheloang baeti hoteleng ea moo Ionel a neng a lula teng. Ka mor’a likhoeli tse peli monna eo e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me ka mor’a likhoeli tse tharo o ile a kolobetsoa. Hona joale ke e mong oa bahoeletsi ba 32 bao hammoho ba khannang lithuto tsa Bibele tsa mahae tse 84.

Pula-maliboho e ’ngoe e khethehileng, Gabriela Geica, o ile a sebeletsa e le pula-maliboho ea ka mehla esita leha mosebetsi oa rōna o ne o le tlas’a thibelo. Takatso ea hae e ne e le ho sebetsa moo tlhokahalo e neng e le khōloanyane teng. O ile a abeloa tšimo e khōlō. Ka nako e ’ngoe o ne a tsamaea lik’hilomithara tse 100 ho ea ho tse 160 ho etela batho ba thahasellang. Motse o mong oo a neng a sebetsa ho oona ke Motru, moo ho neng ho e-na le Lipaki tse ’nè feela. O hlalosa hore: “Ka lebaka la mosebetsi o eketsehileng Motru, baruti le lihlopha tse ling tsa bolumeli ba ile ba qalisa ho re hanyetsa. Ba ile ba susumetsa molaoli oa motse le sepolesa ho hatella malapa a neng a mphile bolulo hore a nteleke. Joale hoo e ka bang khoeli le khoeli, ke ne ke lokela ho batla moo nka samelang hlooho teng.”

Gabriela o ile a qalisa thuto le motho ea sa lumeleng ho Molimo Orşova, ea neng a re ha a thahaselle bolumeli kapa Bibele. Empa ka mor’a likhoeli tse ’nè feela a ithuta, o ile a emela Bibele. Le hoja monna oa hae a ne a mo notlella ka ntle bosiu ’me a mo sokela ka hore o tla mo hlala kapa esita le ho ’molaea, o ile a boloka botšepehi ba hae. Esita le pele a kolobetsoa, o ne a khanna lithuto tsa Bibele tse leshome.

Litebello tse Hlollang ka Pele

Ka August 1992, Romania e ile ea fihlela tlhōrō ea bahoeletsi ba 24 752 liphuthehong tse 286. Ba bileng teng Sehopotsong e bile ba fetang 66 000. Ofising e nyenyane ea lekala e Bucharest, ho na le ba 17 ba etsang ka hohle ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa baena ba bona. Ba shebile pele ho qala kaho ea lekala le leholoanyane haufinyane.

Lipaki tsa Jehova tse Romania li hlolloa ke liphetoho tsohle tse etsahetseng kapele lilemong tse ’maloa tse fetileng. Li leboha Jehova Molimo ka hore ebe le tsona ke karolo ea phutheho ea machaba e jereng lebitso la hae le e tataisetsang batho tsebong e nepahetseng ka eena le morero oa hae o sa fetoheng. Ka mor’a lilemo tse ngata hakana tsa mathata le tlhoriso, li leboha Jehova hakaakang hore ebe ruri o fetotse mehla le linako Romania!

[Limmapa tse leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

HUNGARY

ROMANIA

Bucharest

Cluj-Napoca

Craiova

Tirgu-Mures

Orşova

Turnu -Severin

Motru

Turda

BULGARIA

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

1. Lipaki tse ka bang 700 li bokane merung ka 1947

2. Sememo sa puo ka 1946

3. Kopano e sa tsoa tšoaroa morao tjena Romania

4. Ho fana ka bopaki Cluj-Napoca kajeno

5. Holo ea ’Muso haufi le Turda

6. Lelapa la Bethele Bucharest

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela