Lefa la Bokreste le sa Tloaelehang
JOALOKAHA HO BOLETSE BLOSSOM BRANDT
Ka January 17, 1923, letsatsi leo ke hlahileng ka lona, lehloa le ne le khetheha San Antonio, Texas. Ho ne ho bata ka ntle, empa ke ile ka amoheloa liatleng tse mofuthu tsa batsoali ba lerato ba Bakreste, Judge le Helen Norris. Kamoo ke hopolang ka teng, sohle seo batsoali ba ka ba neng ba se etsa se ne se likoloha borapeling ba bona ho Jehova Molimo.
KA 1910 ha ’Mè a le lilemo li robeli, batsoali ba hae ba ile ba falla ho tloha haufi le Pittsburgh, Pennsylvania, ho ea polasing e ka ntle ho Alvin, Texas. Moo ba ile ba thabela ho ithuta linnete tsa Bibele ho tsoa ho moahelani. ’Mè o ile a qeta karolo ea ho qetela ea bophelo ba hae a batla ho thahasellisa batho ka tšepo ea ’Muso. O ile a kolobetsoa ka 1912 ha lelapa le qeta ho fallela Houston, Texas.
’Mè le batsoali ba hae ba ile ba kopana ka lekhetlo la pele le Charles T. Russell, mopresidente oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, ha a etetse phutheho ea bona e Houston. Hangata lelapa le ne le khatholla baemeli ba tsamaeang ba Mokhatlo ntlong ea lona, bao ka nako eo ba neng ba bitsoa batsamai. Lilemo tse seng kae hamorao, ’Mè le batsoali ba hae ba ile ba fallela Chicago, Illinois, ’me Moena Russell o ne a tla etela phutheho e moo.
Ka 1918, Nkhono o ile a tšoaroa ke Spanish flu, ’me ka lebaka la phello ea eona e fokolisang bophelo ba hae, lingaka li ile tsa khothaletsa hore a lule moo ho leng mofuthu. Kaha Ntate-moholo o ne a sebeletsa k’hamphani ea literene e bitsoang Pullman, ka 1919 o ile a khutlisetsoa Texas. Teng, San Antonio, ’Mè o ile a kopana le setho sa phutheho se secha, se chesehang se bitsoang Judge Norris. Ba ile ba ratana hang-hang, ’me ka mor’a nako ba nyalana, ’me Judge e ile ea e-ba ntate.
Ntate o Ithuta ’Nete ea Bibele
Judge (moahloli) o ile a fuoa lebitso la hae le sa tloaelehang ha a hlaha. Ha ntate oa hae a ’mona ka lekhetlo la pele, o ile a re: “Ngoana enoa o chebahalo e hlaphohetsoeng joaloka moahloli,” ’me leo e ile ea e-ba lebitso la hae. Ka 1917, ha Ntate a le lilemo li 16, o ile a fuoa lipampitšana Where Are the Dead? le What Is the Soul? tse hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society. Ntate-moholo o ne a hlokahetse lilemo tse peli pele ho moo, ’me lipampitšana tseo li ile tsa fana ka likarabo tseo a neng a ntse a li hloka ka boemo ba bafu. Kapele ka mor’a moo o ile a qala ho ea libokeng tsa Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka teng ka nako eo.
Hang-hang ntate o ile a batla ho kopanela mesebetsing ea phutheho. O ile a fumana tšimo eo a neng a ka bolela ho eona, ’me ha sekolo se tsoa o ne a palama baesekele ea hae ho ea moo ho ea aba lipampitšana. O ile a tšoareha ka ho feletseng ka ho arolelana le ba bang tšepo ea ’Muso, ’me ka March 24, 1918, o ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing.
Selemo se latelang ha ’Mè a fallela San Antonio, hang-hang Ntate o ile a hoheloa ke seo a ileng a re e ne e le “pososelo e ntle ka ho fetisisa le mahlo a maputsoa ka ho fetisisa” ao a neng a kile a a bona. Kapele ba ile ba tsebahatsa hore ba batla ho nyalana, empa ba ile ba fumana bothata ba ho kholisa batsoali ba ’Mè. Leha ho le joalo, ka April 15, 1921, ba ile ba nyalana. Ka bobeli ba ne ba e-na le pakane ea tšebeletso ea nako e tletseng.
Ho Qala Tšebeletso Kapele
Ha ’Mè le Ntate ba ne ba tšoarehile ba hlophisetsa ho ba teng kopanong ea Cedar Point, Ohio, ka 1922, ba ile ba hlokomela hore ’Mè o ntebeletse. Nakoana ka mor’a hore ke hlahe, ha Ntate a le lilemo li 22 feela, o ile a khethoa e le motsamaisi oa tšebeletso oa phutheho. Sena se ne se bolela hore o ne a etsa litlhophiso tsohle tsa tšebeletso ea tšimo. Ka mor’a libeke li se kae feela ka mor’a hore ke hlahe, ’Mè o ile a qala ho ea le ’na tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ha e le hantle, ntate-moholo le nkhono le bona ba ne ba rata ho ea le ’na tšebeletsong.
Ha ke le lilemo li peli feela, batsoali ba ka ba ile ba fallela Dallas, Texas, ’me ba ile ba qala tšebeletso ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho lilemo tse tharo hamorao. Bosiu ba ne ba robala betheng ka thōko ho tsela ’me ba mpeha setulong se ka morao sa koloi. Ka ho hlakileng, ke ne ke nahana hore hoo ho monate, empa haufinyane ho ile ha hlaka hore ba ne ba e-s’o ka ba lokela bophelo ba bopula-maliboho. Kahoo Ntate o ile a qala khoebo. Ka mor’a nako, o ile a etsa k’haravane e nyenyane a lokisetsa ho boela ba qala bopula-maliboho.
Pele ke qala ho kena sekolo, ’Mè o ile a nthuta ho bala le ho ngola, ’me ke ne ke tseba ho atisa lipalo ho tloha ka ’ngoe ho isa ka ’nè. Ka linako tsohle o ne a thahasella ho nthusa ho ithuta. O ne a ka nkemisa setulong pel’a hae e le hore nka omisa lijana ha a li hlatsoa, ’me o ne a nthuta ho hopola mangolo le ho bina lipina tsa ’Muso, kapa lithoko kamoo re neng re li bitsa ka teng ka nako eo.
Ho Sebeletsa Molimo le Batsoali ba ka
Ka 1931 kaofela ha rōna re ile ra ea kopanong e hlollang Columbus, Ohio, moo re ileng ra amohela lebitso Lipaki tsa Jehova. Le hoja ke ne ke le lilemo li robeli feela, ke ne ke nahana hore lebitso leo ke le monate ka ho fetisisa leo nkileng ka le utloa. Kapele ka mor’a hore re khutlele hae, khoebo ea Ntate e ile ea e-cha lore, ’me Ntate le ’Mè ba ile ba nka seo e le ‘thato ea Morena’ ea hore ba boele ba qale ho bula maliboho. Kahoo, ho qala ka lehlabula la 1932, re ile ra thabela lilemo tse ngata tsa tšebeletso ea nako e tletseng.
Batsoali ba ka ba ile ba bula maliboho bohareng ba Texas e le hore ba lule haufi le batsoali ba ’Mè, ba neng ba ntse ba le San Antonio. Ho tloha kabelong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ho ne ho bolela hore ke fetole likolo hangata. Ka linako tse ling metsoalle e sa nahaneng e ne e re, “Ke hobane’ng le sa lule sebakeng se le seng ’me le be le lehae bakeng sa ngoana eo,” joalokaha eka ke ne ke sa hlokomeloe hantle. Empa ke ne ke nahana hore bophelo ba rōna bo monate le hore ke thusa Ntate le ’Mè tšebeletsong ea bona. Ha e le hantle, ke ne ke koetlisoa le ho hlophisetsoa seo hamorao e neng e tla ba mokhoa oa ka oa bophelo.
Ka likhoeli li se kae ke ile ka phehella ho bolella Ntate le ’Mè hore ke batla ho kolobetsoa, ’me hangata ba ne ba bua le ’na ka hona. Ba ne ba batla ho kholiseha hore kea tseba kamoo qeto ea ka e tebileng ka teng. Ka December 31, 1934, letsatsi la ketsahalo ena e sa lebaleheng bophelong ba ka le ile la fihla. Leha ho le joalo, bosiu ba pele ho moo, Ntate o ile a etsa hore a kholisehe hore ke atametse Jehova ka thapelo. Eaba o etsa ntho e molemo. O ile a etsa hore re khumame kaofela, ’me a etsa thapelo. O ile a bolella Jehova hore o thabisitsoe ke qeto ea moralinyana oa hae ea ho nehela bophelo ba hae ho Eena. U ka kholiseha hore, lilemong tsohle tse tla tla, ho hang nke ke ka lebala bosiu boo!
Koetliso ho Tsoa ho Ntate-moholo le Nkhono
Lipakeng tsa 1928 le 1938, ke ile ka qeta nako e ngata ke etela ntate-moholo le nkhono San Antonio. Ho phela le bona ho ne ho tšoana hantle le ho phela le batsoali ba ka. Nkhono e ne e bile morekisi oa libuka tsa bolumeli, e leng kamoo bo-pula-maliboho ba neng ba bitsoa ka teng, ’me e ile ea e-ba pula-maliboho ea nakoana. Ntate-moholo o ile a khethoa e le pula-maliboho ka December 1929, kahoo tšebeletso ea tšimo e ne e le tšebetso e tloaelehileng ea letsatsi le letsatsi.
Ntate-moholo o ne a ka nkuka ka liatleng tsa hae bosiu ’me a nthute mabitso a linaleli. O ne a mphetela lithothokiso ho tsoa hloohong ea hae. Ke ile ka nka maeto a mangata le eena ka li-Pullman ha a sa ntse a sebeletsa tsamaiso ea literene. Ka linako tsohle ke ne nka ea ho eena ha ke e-na le bothata; o ne a ntšelisa ’me a hlakola meokho ea ka. Leha ho le joalo, ha ke ne ke khalemelloa ho se itšoare hantle ’me ke ea ho eena bakeng sa matšeliso, o ne a ka mpolella habonolo (mantsoe ao ke neng ke sa a utloisise nakong eo, empa molumo oa oona o ne o hlakile hantle): “Moratuoa, tsela ea mofosi e boima haholo.”
Lilemo tsa Mahloriso
Ka 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qala, ’me batho ba Jehova ba ile ba utloa bohloko ba ho hlorisoa le pefo ea mahoo-hoo. Ho isa bofelong ba 1939, ’Mè o ne a kula haholo, ’me qetellong o ile a hloka ho buuoa, kahoo re ile ra khutlela San Antonio.
Ho ne ho e-ba le mahoo-hoo ha re etsa mosebetsi oa limakasine literateng tsa San Antonio. Empa beke e ’ngoe le e ’ngoe, re le lelapa, re ne re e-ba teng moo, e mong le e mong a ba sekhutlong seo a se abetsoeng. Hangata ke ne ke sheba ha Ntate a nkoa a isoa ofising ea sepolesa.
Ntate o ile a leka ho tsoela pele ho bula maliboho le hoja ’Mè a ile a lokela ho khaotsa. Leha ho le joalo, o ne a sitoa ho fumana chelete e lekaneng a sebetsa mosebetsi oa nakoana, kahoo le eena o ile a tlameha ho khaotsa. Ke ile ka qeta sekolo ka 1939, ’me le ’na ke ile ka qala ho sebetsa.
Lebitso la Ntate Judge (moahloli) le ile la ipaka le thusa lilemong tseo. Ka mohlala, sehlopha sa metsoalle se ile sa ea paka motseng o leboea ho San Antonio, ’me lepolesa le ile la ba akhela kaofela teronkong. Le ile la tšoara ba ka bang 35, ho akareletsa le nkhono le ntate-moholo. Ba ile ba laetsa Ntate, ’me o ile a khanna ho ea moo. O ile a kena ka ofising ea lepolesa ’me a re: “Ke ’na Judge Norris ho tsoa San Antonio.”
Lepolesa leo le ile la botsa: “E Monghali, Moahloli, nka u thusa ka eng?”
Ntate o ile a araba: “Ke tlile ho tla ntša batho bana teronkong.” Hang-hang lepolesa leo le ile la ba lokolla ntle le tefiso—’me la se ke la botsa ho tsoela pele!
Ntate o ne a rata ho paka toropong meahong ea liofisi, ’me haholo-holo o ne a rata ho ea ho baahloli le babuelli ba molao. O ne a ka bolella basebetsi ba thelefono: “Ke ’na Judge Norris, ’me ke tl’o bona Moahloli ’Nyeo.”
Joale, ha a kopana le moahloli, ka linako tsohle o ne a bua pele a re: “Joale, pele ke qala ho bua ka morero oa leeto la ka, ke rata ho hlalosa hore ke bile Moahloli nako e telele ho u feta. Ke bile eena bophelo ba ka bohle.” ’Me o ne a tla hlalosa hore o fumane lebitso la hae joang. Sena e ne e ba kenyelletso e botsoalle, ’me o ile a hlaolela botsoalle bo molemo le baahloli ba nako eo.
Ho Tlala Teboho Bakeng sa Tataiso ea Batsoali
Ke ne ke le lilemong tseo tse tšosang tsa bocha, ’me kea tseba hore Ntate le ’Mè ba ne ba e-na le nako ea ho khathatseha ha ba lebella ’me ba ipotsa hore na ke tla etsa’ng ka morao. Joalokaha bana bohle ba etsa, ke ne ke leka Ntate le ’Mè hangata, ke ba kōpa ho etsa ho hong kapa ho ea sebakeng se seng ke ntse ke tseba hore karabo ea bona e tla ba che. Ka linako tse ling meokho e ne e keleketla. Ha e le hantle, ke ne ke tla soaba haholo haeba ba ne ba ka re: “Tsoela pele, etsa seo u ratang ho se etsa. Ha re tsotelle.”
Ka ho tseba hore ke ne nke ke ka ba susumetsa hore ba fetole litekanyetso tsa bona ho ile ha mpha boikutlo ba ho sireletseha. Ha e le hantle, sena se ile sa etsa hore ho be bobebe ha bacha ba bang ba etsa tlhahiso ea boithabiso bo seng bohlale, hobane ke ne nka re: “Ntate a ke ke a ntumella.” Ha ke le lilemo li 16, Ntate o ile a kholiseha hore ke ithuta ho khanna ’me ke fumana lengolo la ho khanna. Hape, hoo e batlang e le ka nako ena o ile a mpha senotlolo sa ntlo. Ke ne ke hlolletsoe hore oa ntšepa. Ke ile ka ikutloa ke hōlile, ’me hoo ho ile ha mpha boikutlo ba boikarabelo le takatso ea ho se eke tšepo ea bona.
Matsatsing ao ho ne ho sa fanoe ka keletso e ngata ka lenyalo, empa Ntate o ne a tseba Bibele le seo e se bolelang ka ho nyala “Moreneng.” (1 Ba-Korinthe 7:39) O ile a ntlhakisetsa hore haeba ke ne nka tla hae le moshemane oa lefatše ho tla tseba batsoali ba ka, kapa esita le ho nahana ho kena leferehong le moshemane oa lefatše, masoabi a hae e ne e tla ba a maholo. Ke ne ke tseba hore o nepile, hobane ke ne ke bone thabo le bonngoe lenyalong la bona kahobane ba ile ba nyalana “Moreneng.”
Ka 1941, ha ke le lilemo li 18, ke ile ka nahana hore ke ratana le mohlankana ea itseng ka phuthehong. E ne e le pula-maliboho ’me a ithutela ho ba ’muelli oa molao. Ke ne ke thabile. Ha re bolella batsoali ba ka hore re batla ho nyalana, ho e-na le ho bontša ho se amohele kōpo ea ka kapa ho ’nyahamisa, ba ile ba re: “Re rata ho etsa kōpo e le ’ngoe ho uena, Blossom. Re nahana hore u sa le monyenyane, ’me re ka rata ho u kōpa hore u eme selemo se le seng. Haeba u hlile u mo rata, selemo se le seng hase nako e telele haholo.”
Ke leboha hore ebe ke ile ka mamela keletso eo e bohlale. Nakong ea selemo, ke ile ka hōla haholoanyane kelellong ’me ka qala ho bona hore mohlankana enoa ha a na litšoaneleho tse ka mo etsang molekane oa lenyalo ea molemo. Qetellong o ile a lahla mokhatlo, ’me ke ile ka pholoha boemo boo e neng e ka ba kotsi bophelong ba ka. Ke hantle hakaakang ho ba le batsoali ba bohlale bao u ka itšetlehang ka kahlolo ea bona!
Lenyalo le Mosebetsi oa ho Tsamaea
Mariha a 1946, ka mor’a ho qeta lilemo tse tšeletseng ke bula maliboho ’me ke sebetsa ka nakoana, mohlankana ea molemo ka ho fetisisa eo ke neng nkile ka kopana le eena o ile a kena Holong ea rōna ea ’Muso. Gene Brandt o ne a abetsoe ho ba mothusi oa mosebeletsi oa baena ea tsamaeang, e leng kamoo molebeli oa potoloho a neng a bitsoa ka teng ka nako eo. Re ne re hohelane, ’me ka August 5, 1947, re ile ra nyalana.
Kapele ka mor’a moo, Ntate le Gene ba ile ba bula khoebo ea li-account. Empa Ntate o ile a bolella Gene: “Mohla khoebo ena e etsang hore re lofe liboka kapa kabelo ea puso ea Molimo, ke tla notlela monyako ona ’me ke lahle senotlolo.” Jehova o ile a hlohonolofatsa pono eo ea moea, ’me ofisi eo e ile ea fana ka ho lekaneng bakeng sa litlhoko tsa rōna tsa nama ’me ea re lumella ho bula maliboho. Ntate le Gene e ne e le bo-rakhoebo ba molemo, ’me re ka be re ile ra ba barui habonolo, empa hoo e ne e se pakane ea bona.
Ka 1954, Gene o ile a memeloa mosebetsing oa potoloho, ho neng ho bolela ho etsa phetoho e khōlō bophelong ba rōna. Batsoali ba ka ba ne ba tla itšoara joang? Ka lekhetlo le leng hape, kameho ea bona e ne e se ea boithati empa e le ea lithahasello tsa ’Muso oa Molimo le boiketlo ba moea ba bana ba bona. Le ka mohla ha ba e-s’o ka ba re ho rōna: “Ke hobane’ng ha le sa re nehe litloholo?” Ho e-na le hoo, ka linako tsohle ba ne ba re: “Re ka etsa eng hore re le thuse tšebeletsong ea nako e tletseng?”
Kahoo ha letsatsi la hore re tsamaee le fihla, ho ne ho e-na le mantsoe a khothatso feela le ho thabela tokelo ena ea rōna e khōlō. Ho hang ha baa ka ba etsa hore re ikutloe eka rea ba lahla empa ka linako tsohle ba ne ba re fa tšehetso e feletseng. Ka mor’a hore re tsamaee, ba ile ba ipoloka ba tšoarehile mosebetsing oa bopula-maliboho ka lilemo tse latelang tse leshome. Ntate o ile a khethoa ho ba molebeli oa motse oa San Antonio, ’me o ile a tšoara boemo boo ka lilemo tse 30. O ile a thabela ho bona khōlo ho tloha phuthehong e le ’ngoe motseng oo lilemong tsa bo-1920 ho isa ho tse 71 pele a hlokahala ka 1991.
Ho Gene le ’na, bophelo bo ne bo tletse menyaka. Re ne re e-na le thabo e khōlō ea ho sebeletsa baena ba rōna le likhaitseli literekeng tse fetang tse 31, ’me mohlomong e le e ka sehloohong ho tsona kaofela, tokelo ea ho ba teng sehlopheng sa bo29 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ka 1957. Ka mor’a moo re ile ra khutlela mosebetsing oa rōna oa ho tsamaea. Ka 1984, ka mor’a ho qeta lilemo tse 30 re le mosebetsing oa potoloho le oa setereke, Mokhatlo ka mosa o ile oa fa Gene kabelo ea potoloho ea San Antonio, kaha batsoali ba ne ba se ba fetile lilemo tse 80 ’me ba e-na le bophelo bo fokolang.
Ho Hlokomela Batsoali
E ne e le selemo le halofo feela ka mor’a hore re khutlele San Antonio ha ’Mè a e-ba boemong ba ho akheha ka nako e telele a sa hlaphoheloe ’me a shoa. Ho ile ha etsahala kapele hoo ke ileng ka hlōleha le ho bua lintho tse ling tseo ke neng ke batla ho ’molella tsona. Sena se ile sa nthuta hore ke bue haholo le Ntate. Ka mor’a lilemo tse 65 tsa lenyalo, o ne a hloloheloa ’Mè haholo, empa re ne re le teng bakeng sa ho mo fa lerato le tšehetso.
Mohlala oa Ntate oa bophelo bohle oa ho ba teng libokeng tsa Bokreste, ho ithuta, le tšebeletso o ile oa tsoela pele ho isa lefung la hae. O ne a rata ho bala. Kaha o ne a lokela ho ba mong ha re le tšebeletsong, e ne e re ha ke fihla hae ke ’motse, “Na u ile ua jeoa ke bolutu?” O ne a ile a tšoareha ka ho bala le ho ithuta ’me ho hang bo ne bo sa mo ja.
Ho ne ho e-na le tloaelo e ’ngoe ea bophelo bohle eo re ileng ra e boloka. Ka linako tsohle Ntate o ne a phehella hore lelapa le je hammoho, haholo-holo nakong ea lijo tsa hoseng, ho hlahloba temana ea Mangolo ea letsatsi. Ho hang ke ne ke sa lumelloe ho tloha hae ke sa e bala. Ka linako tse ling ke ne ke ee ke re: “Empa Ntate, ke tla siuoa ke nako bakeng sa ho ea sekolong (kapa mosebetsing).”
O ne a tla re: “Hase temana ea letsatsi e etsang hore u siuoe ke nako; ha ua tsoha ka nako.” ’Me ke ne ke lokela ho lula le ho e mamela. O ile a kholiseha hore mohlala ona o motle o ba teng ho isa matsatsing a hae a ho qetela a bophelo. Lena ke lefa le leng leo a ntšietseng lona.
Ntate o ile lula a le seli kelellong ho isa qetellong. Se ileng sa etsa hore ho mo hlokomela ho be bobebenyana ke hore o ne a sa batle lintho tse ngata kapa a sa belaele. Ka linako tse ling o ne a ka bua ka arthritis ea hae (lefu la masapo) empa ke ne ke tla mo hopotsa hore se hlileng se mo tšoereng ke “Adamitis” (lefu la Adama) ’me o ne a tšeha. Hoseng ha November 30, 1991, ha re lutse lehlakoreng la hae le Gene, Ntate o ile a ithoballa ka khutso.
Ke se ke le lilemo tse ka holimo ho 70 ’me ke ntse ke kotula molemo mohlaleng o motle oa batsoali ba ka ba nang le lerato ba Bakreste. ’Me ke rapela ka tieo hore ke pake kananelo ea ka e feletseng bakeng sa lefa lena ka ho le sebelisa ka tsela e nepahetseng lilemong tse tlang.—Pesaleme ea 71:17, 18.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
’Na le ’Mè
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
1. Kopano ea ka ea pele: San Marcos, Texas, September 1923
2. Kopano ea Ntate ea ho qetela: Fort Worth, Texas, June 1991 (Ntate o lutse)
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Gene le Blossom Brandt