Morena o Silafatsa Sehalalelo sa Jehova
“Ha e le sechaba se tsebang Molimo oa sona, se tla hlōla.”—DANIELE 11:32, NW.
1, 2. Ke tsekisano efe e hapang tlhokomelo e tšoaileng histori ea batho ka lilemo tse fetang 2 000?
MARENA a mabeli a hlōlisanang a ntoeng ea makhaola-khang ea ho tseka bobusi bo phahameng ka ho fetisisa. Pele ho phahama e mong, ’me hamorao ke e mong osele, ha ntoa e ntse e tsoela pele ka lilemo tse fetang likete tse peli. Kajeno ntoa ena e amme batho ba bangata lefatšeng ’me e ile ea beha botšepehi ba batho ba Molimo tekong. E qetella ka ketsahalo e e-s’o kang e bonoa ke ’muso leha e le ofe ho ena e ’meli. Histori ena e hapang tlhokomelo e ile ea senoleloa moprofeta oa boholo-holo Daniele esale pele.—Daniele, likhaolo 10 ho ea ho 12.
2 Boprofeta bona bo amana le bora bo ntseng bo tsoela pele pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa ’me ho buisanoe ka bona ka ho qaqileng bukeng “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng.”a Bukeng ena ho bontšitsoe hore morena oa leboea pele e ne e le Syria, ka leboea ho Iseraele. Ka mor’a moo, karolo ea hae e ile ea phethoa ke Roma. Qalong, morena oa boroa e ne e le Egepeta.
Khohlano Nakong ea Bofelo
3. Ho latela lengeloi, boprofeta bo mabapi le morena oa leboea le morena oa boroa bo ne bo tla utloisisoa neng, hona e le joang?
3 Lengeloi le neng le senolela Daniele lintho tsena le itse: “Ha e le Uena Daniele, etsa mantsoe ana lekunutu ’me u koahele buka ena, ho fihlela nakong ea bofelo. Ba bangata ba tla phenyekolla, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.” (Daniele 12:4, NW) E, boprofeta bona bo amana le nako ea bofelo—nako e qalileng ka 1914. Nakong eo e tšoailoeng, ba bangata ba ne ba tla “phenyekolla” Mangolong a Halalelang, ’me ka thuso ea moea o halalelang, tsebo ea ’nete, ho kopanyeletsa le kutloisiso ea boprofeta ba Bibele, e ne e tla ba ngata. (Liproverbia 4:18) Ha re ntse re kenella hare-hare nakong eo, makolopetso a eketsehileng a boprofeta ba Daniele a ’nile a hlakisoa. Joale, re lokela ho utloisisa boprofeta ba morena oa leboea le morena oa boroa ka 1993 joang, lilemo tse 35 joale ka mor’a ho hatisoa ha “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng”?
4, 5. (a) Selemo sa 1914 se hokae boprofeteng ba Daniele ba morena oa leboea le morena oa boroa? (b) Ho latela lengeloi, ho ne ho tla etsahala eng ka 1914?
4 Qaleho ea nako ea bofelo ka 1914 e ile ea tšoauoa ke ntoa ea pele ea lefatše le matšoenyeho a mang a lefatše ao Jesu a a boletseng esale pele. (Mattheu 24:3, 7, 8) Na re ka fumana selemo seo boprofeteng ba Daniele? E. Ho qaleha ha nako ea bofelo ke “nako e behiloeng” eo ho buuoang ka eona ho Daniele 11:29. (NW) (Bona “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” maqephe 269-70.) Ke nako e neng e se ntse e behiloe ke Jehova mehleng ea Daniele, kaha e bile bofelong ba lilemo tse 2 520 tse bontšitsoeng ka mokhoa oa boprofeta liketsahalong tsa bohlokoa ho Daniele khaolo 4.
5 Lilemo tsena tse 2 520, ho tloha ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. ha Daniele e sa le mocha ho fihlela ka 1914 C.E., li ne li bitsoa “linako tse behiloeng tsa lichaba.” (Luka 21:24, NW) Ke liketsahalo life tsa lipolotiki tse neng li tla tšoaea ho fela ha tsona? Lengeloi le ile la senolela Daniele sena. Lengeloi le ile la re: “Ka nako e beiloeng, o tla boela a futuhele morena oa Boroa, ’me taba tsa qetello li ke ke tsa tšoana le tsa ho qala.”—Daniele 11:29.
Morena oa Hlōloa Ntoeng
6. Ka 1914, morena oa leboea e ne e le mang, ’me morena oa boroa e ne e le mang?
6 Ka 1914 karolo ea morena oa leboea e ne e phethoa ke Jeremane, eo morena oa eona e neng e le Kaiser Wilhelm. (“Kaiser,” e tsoa ho tlotla ea Baroma “Cesare.”) Ho qhoma ha bora Europe le hona ho ile ha tlatsetsa letotong la liqhoebeshano pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa. Karolo ea oa bobeli, e leng morena oa boroa, joale e ne e phethoa ke Brithani, eo ka potlako e ileng ea hapa Egepeta, e leng sebaka seo morena oa pele oa boroa a neng a se busa. Ha ntoa e ntse e tsoela pele, Brithani e ile ea thusoa ke naha eo pele e neng e le koloni ea eona, United States of America. Morena oa boroa o ile a fetoha ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, e leng ’muso o matla ka ho fetisisa historing.
7, 8. (a) Ntoeng ea pele ea lefatše, ke ka tsela efe lintho li sa kang tsa tšoana “le pele”? (b) Phello ea ntoa ea pele ea lefatše e bile efe, empa ho ea ka boprofeta, morena oa leboea o ile a arabela joang?
7 Liqhoebeshanong tse bileng teng pakeng tsa marena ana a mabeli, ’Muso oa Roma joalokaha e ne e le morena oa leboea, o ’nile oa hlōla. Lekhetlong lena, ‘lintho li ne li se li sa tšoane le pele.’ Hobane’ng? Hobane morena oa leboea o ile a hlōloa ke ntoa. Lebaka le leng ke hore “likepe tsa Kittime” li ile tsa loantša morena oa leboea. (Daniele 11:30) Likepe tsena e ne e le eng? Nakong ea Daniele, Kittime e ne e le Cyprus, ’me maqalong a ntoa ea pele ea lefatše, Cyprus e ile ea haptjoa ke Brithani. Ho feta moo, ho ea ka The Zondervan Pictorial Encyclopedia of the Bible, lebitso Kittime “le atolosoa hore le kopanyeletse Bophirimela ka kakaretso, empa ka ho khetheha Bophirimela bo pel’a leoatle.” New International Version e fetolela polelo “likepe tsa Kittime” e le “likepe tse libakeng tse pel’a lebōpo la leoatle le ka bophirimela.” Ntoeng ea pele ea lefatše, ho ile ha bonahala hore likepe tsa Kittime ke likepe tsa Brithani, tse lebōpong le ka bophirimela la Europe. Hamorao Sesole sa Brithani sa Metsing se ile sa matlafatsoa ke likepe tse tsoang k’honthinenteng e ka bophirimela ea Amerika Leboea.
8 Tlas’a tlhaselo ena, morena oa leboea o ile a “nyenyefatsoa” ’me a amohela tlhōlo ka 1918. Empa ha a ka a fella moo. “O tla khutlela morao ’me a rohake selekane se halalelang ’me a atlehe; ’me o tla tlameha ho khutlela morao ’me a amehe ka ba tlohelang selekane se halalelang.” (Daniele 11:30, NW) Lengeloi le ile la profeta sena, ’me ha fela ha ba joalo.
Morena o Nka Khato ka Katleho
9. Ke eng se ileng sa etsa hore Adolf Hitler a buse, hona o ile a “nka khato ka katleho” joang?
9 Ka mor’a ntoa, ka 1918, Linaha tsa Selekane tse ileng tsa hlōla li ile tsa theha selekane sa khotso se etselitsoeng ho otla Jeremane, seo kamoo ho bonahalang ka teng se neng se etselitsoe hore batho ba Jeremane ba be sekobotong ka ho sa feleng. Ka lebaka lena, ka mor’a hore Jeremane e tsielehe haholo ka lilemo tse ’maloa, e ile ea ikemisetsa ho etsa Adolf Hitler morena. O ile a fumana matla a phahameng a puso ka 1933 ’me hang ka mor’a moo o ile a hlasela “selekane se halalelang” ka mabifi, se emetsoeng ke baena ba tlotsitsoeng ba Jesu Kreste. Ho sena o ile a sebetsa ka katleho khahlanong le Bakreste bana ba tšepahalang, a hlorisa ba bangata ba bona ka sehlōhō.
10. E le ha a batla tšehetso, Hitler o ile a batla ho etsa selekane le mang, hona e le ka liphello life?
10 Hitler o ile a thabela katleho moruong le tšebelisanong le linaha tse ling, a sebetsa ka tsela e atlehang karolong ena. Ka lilemo tse seng kae, o ile a etsa Jeremane ’muso oo ho ka sebelisanoang le oona, boitekong bona a thusoa ke “ba tlohetseng selekane se halalelang.” Bana e ne e le bo-mang? Ka ho hlakileng, ke baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, ba ipolelang hore ba na le kamano ea selekane le Molimo empa e le khale ba khaolitse ho ba barutuoa ba Jesu Kreste. Ka katleho Hitler o ile a bitsa “ba tlohetseng selekane se halalelang” hore ba mo tšehetse. Mopapa oa Roma o ile a etsa tumellano le eena, ’me Kereke ea Roma e K’hatholike, haesita le likereke tsa Boprostanta Jeremane, li ile tsa tšehetsa Hitler nakong ea puso ea hae e mabifi e susumetsang tšabo ea lilemo tse 12.
11. Morena oa leboea o ile a ‘silafatsa sehalalelo’ le ho “felisa sehlabelo sa ka mehla” joang?
11 Hitler o ile a atleha hoo a ileng a ea ntoeng, joalokaha lengeloi leo ka nepo le ile la bolela esale pele. “Makhotla a tsoang ho eena a tla ema, a silafatse sehalalelo se entsoeng qhobosheane; a tla felisa sehlabelo sa ka mehla.” (Daniele 11:31a) Iseraeleng oa boholo-holo, sehalalelo e ne e le karolo ea tempele e Jerusalema. Leha ho le joalo, ha Bajode ba sa amohele Jesu, Jehova ha a ka a ba amohela le tempele ea bona. (Mattheu 23:37–24:2) Ho tloha lekholong la pele la lilemo, tempele ea Jehova e bile ea moea, sehalalelisiso sa eona se le maholimong ’me lebala la eona la moea le lefatšeng e leng moo baena ba tlotsitsoeng ba Jesu, Moprista e Moholo, ba sebeletsang teng. Ho tloha ka bo-1930, bongata bo boholo bo ’nile ba rapela bo ikopantse le masala a tlotsitsoeng; kahoo, ho boleloa hore bo sebeletsa ‘tempeleng ea Molimo.’ (Tšenolo 7:9, 15; 11:1, 2; Ba-Heberu 9:11, 12, 24) Lebala la tempele la lefatšeng le ile la silafatsoa ke mahloriso a sa khaotseng a masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea ’ona linaheng tseo morena oa leboea a neng a busa ho tsona. Mahloriso ana a bile matla hoo sehlabelo sa ka mehla—sehlabelo sa phatlalatsa sa thoriso lebitsong la Jehova—se ileng sa khaotsa ho neheloa. (Ba-Heberu 13:15) Ho ntse ho le joalo, histori e bontša hore ho sa tsotellehe ho utloisoa bohloko ka sehlōhō, Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng, hammoho le “linku tse ling,” ba ’nile ba bolela ka sekhukhu.—Johanne 10:16.
“Manyala”
12, 13. “Manyala” e ne e le eng, hona—joalokaha ho bonoe esale pele ke mohlanka ea khabane ea bohlale—a ile a boela a thehoa neng hona joang?
12 Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e se e tla lala, ho bile le ketsahalo e ’ngoe. “Bakeng sa sona ba tla bea manyala a bofeliso.” (Daniele 11:31b) “Manyala” ana, ao le Jesu a bileng a bua ka ’ona, ho se ho hlokometsoe hore ke Selekane sa Lichaba, sebata se ’mala oa sekarelata seo ho ea ka Tšenolo se kentsoeng sekoting. (Mattheu 24:15; Tšenolo 17:8; bona Light, Buka ea Bobeli, leqephe 94.) Se kene sekoting ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma. Leha ho le joalo, Kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea Lefatše le Lecha la Puso ea Molimo ka 1942, Nathan H. Knorr, mopresidente oa boraro oa Watch Tower Bible and Tract Society, o ile a bua ka boprofeta ba Tšenolo 17 ’me a lemosa hore sebata se ne se tla tsoa hape sekoting.
13 Histori e pakile bonnete ba mantsoe a hae. Pakeng tsa August le October 1944, Dumbarton Oaks, United States, ho ile ha qalisoa mosebetsi tlas’a tumellano ea ho theha se neng se tla bitsoa Machaba a Kopaneng. Tumellano ena e ile ea amoheloa ke linaha tse 51, ho kopanyeletsa le eo pele e neng e le Soviet Union, ’me eitse ha e qala ho sebetsa ka October 24, 1945, Selekane sa Lichaba se neng se shoele sa tsoa sekoting.
14. Boitsebahatso ba morena oa leboea bo ile ba fetoha neng hona joang?
14 Nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše Jeremane e bile sera se ka sehloohong sa morena oa boroa. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, karolo e ’ngoe ea Jeremane e ile ea fetoha ho ba motsoalle oa morena oa boroa. Empa karolo e ’ngoe ea Jeremane joale e ile ea ikopanya le ’muso o mong o matla. Linaha tsa Bokomonisi, tseo joale li neng li kopanyeletsa karolo e ’ngoe ea Jeremane, li ile tsa hanyetsa selekane sa Manyesemane le Maamerika ka matla, ’me bora bo pakeng tsa marena ana a mabeli bo ile ba fetoha Ntoa ea Mantsoe.—Bona “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” maqephe 264-84.
Morena le Selekane
15. “Ba nkang khato ka bokhopo khahlanong le selekane” ke bo-mang, hona ba bile le kamano efe le morena oa leboea?
15 Joale lengeloi le re: “Ba nkang khato ka bokhopo khahlanong le selekane, o tla ba lebisa bokoenehing ka mantsoe a qekisang.” (Daniele 11:32a, NW) Ke bo-mang bana ba nkang khato ka bokhopo khahlanong le selekane? Le tabeng ena, e ka ba feela baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, ba ipolelang hore ke Bakreste empa ba silafatsa lona lebitso la Bokreste ka liketso tsa bona. Ntoeng ea bobeli ea lefatše, “’Muso oa Soviet o ile oa etsa boiteko ba ho fumana thuso ea lintho tse bonahalang le ea litekanyetso tsa se lokileng le se fosahetseng ea Likereke bakeng sa ho sireletsa naha.” (Religion in the Soviet Union, ea Walter Kolarz) Ka mor’a ntoa, baeta-pele ba kereke ba ile ba leka ho boloka botsoalle bona ho sa tsotellehe leano la ho se lumele ho Molimo la ’muso oo joale e neng e le morena oa leboea.b Ka hona, Bokreste-’mōtoana bo ile ba fetoha karolo ea lefatše lena ho feta leha e le neng pele—bokoenehi bo nyonyehang mahlong a Jehova.—Johanne 17:14; Jakobo 4:4.
16, 17. “Ba nang le temoho” ke bo-mang, hona ba ile ba tsoella joang tlas’a morena oa leboea?
16 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Bakreste ba ’nete? “Haele sechaba se tsebang Molimo oa sona, se tla hlōla ’me se nke khato ka katleho. ’Me haele ka ba nang le temoho har’a sechaba, ba tla fana ka kutloisiso ho ba bangata. ’Me ka sebele ba tla etsoa hore ba oe ke lerumo le ke lelakabe, ke ho isoa khōlehong le ho tlatlapuoa, ka matsatsi a ’maloa.” (Daniele 11:32b, 33, NW) Bakreste ba neng ba phela tlas’a morena oa leboea, le hoja ka nepo ba ne ba “ikokobeletsa babusi ba phahameng,” ha ea ka ea e-ba karolo ea lefatše lena. (Ba-Roma 13:1, NW; Johanne 18:36) Kaha ba hlokometse hore ba ntšetse Cesare tseo e leng tsa Cesare, hape ba ile ba neha “Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mattheu 22:21) Ka lebaka la sena, botšepehi ba bona bo ile ba behoa tekong.—2 Timothea 3:12.
17 Phello e bile efe? Ba ile ba ‘hlōla’ ’me ba ‘oa.’ Ba ile ba oa ka hore ba ile ba hlorisoa ’me ba utloa bohloko ka ho tebileng, ba bang ba bile ba bolaoa. Empa ba ile ba hlōla ka hore, bongata ba bona bo ile ba lula bo tšepahala. E, ba ile ba hlōla lefatše, joalokaha Jesu a ile a hlōla lefatše. (Johanne 16:33) Ho feta moo, ha ho mohla ba kileng ba khaotsa ho bolela, esita leha ba ne ba isoa teronkong kapa kampong ea mahloriso. Ka ho etsa joalo, ba ile ba ‘kenya kutloisiso ho ba bangata.’ Ho sa tsotellehe mahloriso, linaheng tse ngata tse busoang ke morena oa leboea, palo ea Lipaki tsa Jehova e ile ea eketseha. Ka thuso ea botšepehi ba “ba nang le temoho,” “bongata bo boholo” bo ntseng bo eketseha ka linako tsohle bo teng linaheng tsena.—Tšenolo 7:9-14.
18. Ke ‘thuso efe e seng kae’ e fumanoeng ke masala a tlotsitsoeng a phelang tlas’a puso ea morena oa leboea?
18 Ha le bua ka ho hlorisoa ha batho ba Molimo, lengeloi le ile la bolela esale pele hore: “Empa leha ba ka oa, ba tla bona thuso e se ekae.” (Daniele 11:34a) Sena se ile sa etsahala joang? Tlhōlo ea morena oa boroa ntoeng ea bobeli ea lefatše e feletse ka ho imoloha ho hoholo ho Bakreste ba neng ba phela tlas’a puso ea morena eo a loantšanang le eena. (Bapisa le Tšenolo 12:15, 16.) Joale, ba neng ba hlorisoa ke morena ea ileng a hlahlama morena oa boroa ba ’nile ba imoloha nako le nako, ’me ha Ntoa ea Mantsoe e bōba, baeta-pele ba bangata ba ile ba hlokomela hore Bakreste ba tšepahalang hase tšokelo ’me ba ba lumella ka molao.c Hape ho bile le thuso e khōlō, ka palo e eketsehang ea bongata bo boholo, bo arabetseng hantle boboleling bo tšepahalang ba batlotsuoa ’me bo ba thusitse, joalokaha ho hlalositsoe ho Mattheu 25:34-40.
Ho Hloekisoa ha Batho ba Molimo
19. (a) Ba bang ba ile ba “ikopanya le bona ka boikaketsi” joang? (b) Polelo “ho fihlela nakong ea bofelo” e bolela’ng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
19 Hase bohle ba ileng ba bontša thahasello ea ho sebeletsa Molimo nakong ena ba neng ba na le sepheo se setle. Lengeloi le ile la lemosa: “Ba bangata ba tla ikopanya le bona ka boikaketsi. Har’a ba hlalefileng ho tla oa ba bang, hore ba lekoe, ba hlatsuoe, ba soeufatsoe, ho isa mehleng e qetellang; hobane le eona taba eo e beetsoe nako e beiloeng.”d (Daniele 11:34b, 35) Ba bang ba ile ba bontša thahasello ’neteng empa ba sa ikemisetsa ho etsa boinehelo bo tiileng ba ho sebeletsa Molimo. Ba bang bao ho neng ho bonahala eka ba amohela litaba tse molemo ha e le hantle e ne e le limpi-mpi tsa ba boholong. Tlaleho e tsoang naheng e ’ngoe e baleha tjena: “Ba bang ba batho bana ba bolotsana e ne e le Makomonisi a nkileng likano a neng a khukhunetse mokhatlong o hlophisitsoeng oa Morena, a bonahatsa cheseho e khōlō, ’me a ba a khetheloa le libakeng tsa boikarabelo tsa tšebeletso.”
20. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore Bakreste ba tšepahalang ba “oe” ka lebaka la batho ba neng ba khukhunetse ka boikaketsi?
20 Batho bana ba khukhunetseng ba ile ba etsa hore ba bang ba tšepahalang ba oele matsohong a ba boholong. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella hore lintho tse joalo li etsahale? Ho ba hlatsoa, ho ba hloekisa. Joalokaha Jesu a “ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng,” le liphefumolohi tsena tse tšepahalang li ithutile mamello ka ho lekoa tumelong. (Ba-Heberu 5:8; Jakobo 1:2, 3; bapisa le Malakia 3:3.) Ke ka tsela eo ba ‘hlatsuoeng, ba hloekisitsoeng, ba soeufalitsoeng.’ Thabo e khōlō e letetse ba joalo ba tšepahalang ha nako e behiloeng e fihla e le hore ba putsoe bakeng sa mamello ea bona. Re tla bona sena ha re bua ka ho eketsehileng ka boprofeta ba Daniele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., ’me ea lokolloa ka Senyesemane ka 1958 Kopanong ea Machaba ea Lipaki tsa Jehova ea “Thato ea Molimo.”
b World Press Review ea November 1992 e ne e e-na le mantsoe a hlahang ho The Toronto Star a reng: “Ka lilemo tse ngata tse fetileng, Marussia a bone lintho tse ngata tse inahaneloang feela tseo pele ho neng ho nahanoa hore li ke ke tsa hlaseloa, tse mabapi le histori ea naha ea ’ona li heletsoa ke linnete. Empa ho senoleha ha litaba tsa ho iketsa khōkanyana-phiri ha kereke le ’muso oa bokomonisi li makalitse le ho feta.”
d “Ho isa mehleng e qetellang” ho ka bolela “nakong ea bofelo.” Lentsoe le fetoletsoeng mona e le “ho isa” le hlaha tabeng e ngotsoeng ea Searame ea Daniele 7:25 ’me mona le bolela “nakong ea” kapa “bakeng sa.” Lentsoe lena le na le moelelo o tšoanang tabeng e ngotsoeng ea Seheberu ea 2 Marena 9:22, Jobo 20:5, le Baahloli 3:26. Leha ho le joalo, liphetolelong tse ngata tsa Daniele 11:35, le fetoletsoe e le “ho fihlela,” ’me haeba sena e le ka kutloisiso e nepahetseng, joale ‘nako ea bofelo’ mona e tlameha ho ba nako ea bofelo ba ho mamella ha batho ba Molimo.—Bapisa le “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” leqephe 286.
Na U sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha kajeno re ka lebella ho ba le kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea boprofeta ba Daniele?
◻ Morena oa leboea o ile a ‘nyefola ’me a nka khato ka katleho’ joang?
◻ Sehlopha sa lekhoba se ile sa bona esale pele ho hlaha hape ha “manyala” joang?
◻ Masala a batlotsuoa a ile a ‘oa, a hlōla, ’me a fumana thuso e seng kae’ joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Tlas’a Hitler, morena oa leboea o ile a hlaphoheloa ka ho feletseng tlhōlong ea hae ka 1918 matsohong a morena oa boroa
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba leka ho hlaolela kamano le morena oa leboea
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Zoran/Sipa Press