Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 11/15 maq. 12-17
  • Tsamaea Litseleng tsa Jehova ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsamaea Litseleng tsa Jehova ka Sebete
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Sebete se Leng Sona
  • Sebete sa ho Bolela Molaetsa oa Molimo
  • Sebete Tlas’a Teko
  • Sebete sa ho Utloa Molimo
  • Sebete sa ho Ema le Batho ba Molimo
  • Sebete sa ho ‘Latela Jehova ka ho Feletseng’
  • Sebete sa ho Tšepa Molimo
  • Sebete sa ho Tlotlisa Jehova le ho Ntšetsa Borapeli bo Hloekileng Pele
  • “U be Sebete ’me U be Matla Haholo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • E-bang Sebete ka ho Feletseng!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Le be Sebete​—Jehova o na le Lōna!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “E-ba Sebete . . . ’me u Nke Bohato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 11/15 maq. 12-17

Tsamaea Litseleng tsa Jehova ka Sebete

“Ho thabile e mong le e mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae.”—PESALEME EA 128:1, NW.

1, 2. Ke ka tsela efe tlaleho ea Bibele ea mantsoe le liketso tsa lipaki tsa Jehova tsa pele e nang le thuso?

LENTSOE la Jehova le Halalelang le tletse ka litlaleho tsa liteko le thabo ea bahlanka ba hae ba tšepahalang. Liphihlelo tsa Noe, Abrahama, Sara, Joshua, Debora, Barake, Davida le ba bang li hlaheletse ebile li hlakile. Kaofela ha bona e ne e le batho ba sebele ba nang le ntho e ’ngoe e khethehileng eo ba tšoanang ka eona. Ba ne ba na le tumelo ho Molimo ’me ka sebete ba ile ba tsamaea litseleng tsa hae.

2 Mantsoe le liketso tsa lipaki tsa Jehova tsa pele e ka ba khothatso ho rōna ha re ntse re leka ka tieo ho tsamaea litseleng tsa Molimo. Ho feta moo, re tla thaba haeba re hlompha Molimo re bile re na le tšabo e loketseng ea ho mo utloisa bohloko. Sena ke ’nete le hoja re tobana le liteko bophelong, hobane mopesaleme ea bululetsoeng o ile a bina: “Ho thabile e mong le e mong ea tšabang Jehova, ea tsamaeang litseleng tsa hae.”—Pesaleme ea 128:1, NW.

Seo Sebete se Leng Sona

3. Sebete ke eng?

3 Re tlameha ho ba sebete e le hore re ka tsamaea litseleng tsa Jehova. Ha e le hantle, Mangolo a laela batho ba Molimo hore ba bonahatse tšoaneleho ena. Ka mohlala, mopesaleme Davida o itse: “Le be sebete, ’me e se eka lipelo tsa lōna li ka matlafala, lōna bohle ba tšepileng Jehova.” (Pesaleme ea 31:24, NW) Sebete ke “matla a kelello kapa a boitšoaro bakeng sa ho ipeha kotsing, ho qophella ho ba boemong bo itseng ho sa tsotellehe khanyetso, le ho mamella kotsi, tšabo kapa bothata.” (Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary) Motho ea sebete o matla, ha a na tšabo, ha a boi. Taba ea hore Jehova o fa bahlanka ba hae sebete e hlakisoa ke mantsoe ana a moapostola Pauluse ho mosebetsi-’moho le eena Timothea: “Molimo ha oa ka oa re nea moea o boi, empa e le oa matla, le oa lerato, le oa kelello.”—2 Timothea 1:7.

4. Tsela e ’ngoe ea ho fumana sebete ke efe?

4 Tsela e ’ngoe ea ho fumana sebete sa Bomolimo ke ho hlahloba Lentsoe la Jehova Bibele, ka thapelo. Litlaleho tse ngata tse hlahang ka Mangolong li ka re thusa ho ba le sebete se eketsehileng. Kahoo, pele a re ke re boneng seo re ka ithutang sona tlalehong e ka Mangolong a Seheberu ea ba bang ba ileng ba tsamaea litseleng tsa Jehova ka sebete.

Sebete sa ho Bolela Molaetsa oa Molimo

5. Sebete sa Henoke se ka tsoela bahlanka ba Jehova ba kajeno molemo joang?

5 Sebete sa Henoke se ka thusa bahlanka ba Jehova ba kajeno hore ba bolele molaetsa oa Molimo ka sebete. Pele Henoke a hlaha, ‘ho rapela lebitso la Jehova ho ne ho se ho qalile.’ Litsebi tse ling li bolela hore batho “ba ile ba qala ka ho hloka tsebo” ba bitsa lebitso la Jehova. (Genese 4:25, 26; 5:3, 6) E ka ’na eaba lebitso la Molimo le ile la sebelisoa ho batho kapa esita le ho litšoantšo. Kahoo, bolumeli ba bohata bo ne bo le bongata ha Henoke a hlaha ka 3404 B.C.E. Ha e le hantle, ho bonahala eka e ne e le eena a le mong ea neng a ‘tsamaea le Molimo,’ a phehella tsela e lokileng e lumellanang le ’nete ea Jehova e senotsoeng.—Genese 5:18, 24.

6. (a) Ke molaetsa ofe o matla oo Henoke a ileng a o bolela? (b) Re ka ba le kholiseho efe?

6 Ka sebete Henoke o ile a fetisa molaetsa oa Molimo, mohlomong ka ho bolela. (Ba-Heberu 11:5; bapisa le 2 Petrose 2:5.) Paki ena e ’notši e ile ea re: “Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba likete-kete ho etsa kahlolo holim’a bohle, le ho khalemela banyefoli bohle ka baka la liketso tsohle tsa bonyefoli, tseo ba sitiloeng ka tsona, le la lipolelo tsohle tse thata, tseo baetsalibe bao ba banyefoli ba li buileng holim’a hae.” (Juda 14, 15) Henoke o ne a na le sebete sa ho sebelisa lebitso la Jehova ha a fetisa molaetsa oo oa kahlolo ea batho ba sa utloeng Molimo. ’Me joalokaha Molimo a ile a fa Henoke sebete sa ho bolela molaetsa oo o matla, ka ho tšoanang Jehova o file Lipaki tsa Hae tsa kajeno matla a hore li bue lentsoe la Hae li sa tšabe tšebeletsong, sekolong le libakeng tse ling.—Bapisa le Liketso 4:29-31.

Sebete Tlas’a Teko

7. Noe o re behela mohlala ofe oa sebete?

7 Mohlala oa Noe o ka re thusa hore re be sebete ha re etsa mesebetsi e lokileng ha re le tlas’a teko. Ka sebete le tumelo, o ile a sebetsa tumellanong le temoso ea bomolimo mabapi le moroallo oa lefatše lohle ’me a “haha areka ho pholosa ba ntlo ea hae.” Ka liketso tse bonahatsang kutlo le tse lokileng, Noe o ile a ahlola lefatše la ba sa lumeleng ka lebaka la mesebetsi ea bona e khopo ’me a paka hore ba lokela ho timetsoa. (Ba-Heberu 11:7; Genese 6:13-22; 7:16) Ho nahanisisa ka tsela ea Noe ho thusa bahlanka ba Molimo ba kajeno hore ka sebete ba kopanele mesebetsing e lokileng e kang tšebeletso ea Bokreste.

8. (a) Noe o ile a tobana le eng joaloka “’moleli oa ho loka” ea sebete? (b) Jehova o tla re etsetsa eng haeba re le baboleli ba ho loka ba sebete?

8 Haeba re phehella tsela e lokileng empa re sa tsebe tsela ea ho sebetsana le teko e itseng, re lokela ho rapella bohlale ba ho sebetsana le eona ka katleho. (Jakobo 1:5-8) Botšepehi ba Noe ho Molimo tlas’a teko bo bontša hore re ka sebetsana le liteko ka sebete le botšepehi. O ile a mamella khatello e tsoang lefatšeng le khopo le ho mangeloi a iphetotseng batho ba nama le bana ba ’ona ba moloko o tsoakaneng. E, Noe e ne e le “’moleli oa ho loka” ea sebete ‘lefatšeng la khale’ le eang timelong. (2 Petrose 2:4, 5; Genese 6:1-9) Le hoja a ile a bua a sa tšabe e le leng̀osa le bolelang temoso ea Molimo ho batho ba phetseng pele ho Moroallo, “ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.” (Mattheu 24:36-39) Empa a re hopoleng hore ho sa tsotellehe mahloriso le ho hana ha batho ba bangata kajeno molaetsa o theiloeng Bibeleng, Jehova o tla re tšehetsa joalokaha a ile a tšehetsa Noe haeba re bonahatsa tumelo e tšoanang le sebete joaloka baboleli ba ho loka.

Sebete sa ho Utloa Molimo

9, 10. Abrahama, Sara le Isaaka ba ile ba bonahatsa kutlo e nang le sebete ka litsela life?

9 Abrahama “Motsoalle oa Molimo” ke mohlala o motle oa ho utloa Molimo ka sebete. (Jakobo 2:23) Abrahama o ne a hloka tumelo le sebete e le hore a ka utloa Jehova ’me a falla Ure ea Kaldea, motse o tletseng melemo ea lintho tse bonahalang. O ne a lumela tšepiso ea Molimo ea hore “mefuta eohle ea lefatše” e tla itlhohonolofatsa ka eena le hore peō ea hae e tla fuoa naha. (Genese 12:1-9; 15:18-21) Ka tumelo Abrahama “o kile a lula ka mokhoa oa mojaki naheng eo a e baletsoeng” ’me a lebella “motse o nang le motheo”—’Muso oa Molimo oa leholimo, oo tlas’a oona a tla tsohela bophelong lefatšeng.—Ba-Heberu 11:8-16.

10 Mosali oa Abrahama, Sara, o ne a na le tumelo le sebete se hlokahalang bakeng sa ho tloha Ure, ho tsamaea le monna oa hae ho ea naheng esele, le ho mamella mathata ao ba neng ba tla thulana le ’ona moo. ’Me o ile a putsoa hakaakang bakeng sa sebete sa hae le ho utloa Molimo! Le hoja a ile a hloka bana ho fihlela a le lilemo li 90 ’me a se a “fetile lilemo tsa ho ba le bana,” Sara o ile a fuoa matla a ‘ho emola peō, kaha o ile hlokomela hore Molimo ea mo tšepisitseng oa tšepahala.’ Ka mor’a nako e khutšoanyane, o ile a tsoala Isaaka. (Ba-Heberu 11:11, 12, NW; Genese 17:15-17; 18:11; 21:1-7) Lilemo tse ngata hamorao, ka sebete Abrahama o ile a utloa Molimo ’me a “nehelana ka Isaaka.” Ka lebaka la ho thijoa ke lengeloi, mopatriareka o ile a amohela mora oa hae ea sebete le ea utloang ha a tsoha bafung “ka tsela ea tšoantšetso.” Kahoo eena le Isaaka ka kutloisiso ea boprofeta ba bontšitse hore Jehova Molimo o ne a tla nehelana ka Mora oa hae, Jesu Kreste, e le thekollo e le hore ba bonahatsang tumelo ho eena ba ka fumana bophelo bo sa feleng. (Ba-Heberu 11:17-19, NW; Genese 22:1-19; Johanne 3:16) Ruri, kutlo e sebete ea Abrahama, Sara le Isaaka e lokela ho re susumeletsa ho utloa Jehova le ho etsa thato ea hae ka mehla.

Sebete sa ho Ema le Batho ba Molimo

11, 12. (a) Moshe o ile a bonahatsa sebete joang mabapi le batho ba Jehova? (b) Ha re nahana ka sebete sa Moshe, ke potso efe e ka botsoang?

11 Ka sebete Moshe o ile a ema le batho ba Molimo ba hateletsoeng. Lekholong la bo16 la lilemo B.C.E., batsoali ba Moshe ba ile ba bonahatsa sebete. Ba sa tšabe taelo ea morena ea ho bolaea masea a Baheberu a bashemane ba matsibolo, ba ile ba pata Moshe ’me ba mo beha ka sethōtōng ka har’a mahlaka lebōpong la Nōka ea Nile. Hoba a tholoe ke morali oa Faro, o ile a hōlisoa joaloka mora oa hae, leha ho le joalo, pele o ile a fumana koetliso ea moea habo. E le setho sa lelapa la Faro, Moshe o ile “a rutoa bohlale bohle joa ba-Egepeta, ’me ea e-ba motho ea matla litabeng le mesebetsing,” a le matla kelellong le ’meleng.—Liketso 7:20-22; Exoda 2:1-10; 6:20.

12 Ho sa tsotellehe melemo ea lintho tse bonahalang ea lelapa la borena, ka sebete Moshe o ile a ikhethela ho ema le barapeli ba Jehova, bao ka nako eo ba neng ba entsoe makhoba ke Baegepeta. Ha a sireletsa Moiseraele, o ile a bolaea Moegepeta eaba o balehela Midiane. (Exoda 2:11-15) Lilemo tse ka bang 40 hamorao, Molimo o ile a mo sebelisa hore a etelle Baiseraele pele ho ba ntša botlamuoeng. Eaba Moshe o “tloha Egepeta, a sa tšabe bohale ba morena,” ea ileng a mo tšosa ka lefu bakeng sa ho emela Jehova molemong oa Iseraele. Moshe o ile a tsamaea joalokaha eka o ne a bona ‘Ea sa bonoeng,’ Jehova Molimo. (Ba-Heberu 11:23-29; Exoda 10:28) Na u na le tumelo e joalo le sebete hoo u tla khomarela Jehova le batho ba hae ho sa tsotellehe mathata le mahloriso?

Sebete sa ho ‘Latela Jehova ka ho Feletseng’

13. Joshua le Kalebe ba ile ba beha mehlala ea sebete ka tsela efe?

13 Joshua le Kalebe ba sebete ba ile ba fana ka bopaki ba hore re ka tsamaea litseleng tsa Molimo. Ba ile ba ‘latela Jehova ka ho feletseng.’ (Numere 32:12) Joshua le Kalebe ba ne ba le har’a banna ba 12 ba ileng ba romeloa hore ba e’o hloela Naha e Tšepisitsoeng. Ka baka la ho tšaba baahi ba eona lihloela tse leshome li ile tsa leka ho eletsa Iseraele hore e se kene Kanana. Leha ho le joalo, Joshua le Kalebe ka sebete ba re: “Ha Jehova a re baballa, o tla re isa lefatšeng leo, ’me o tla re nea lona; ke lefatše le kollang lebese le linotši. Feela, le se ke la ikhantšetsa Jehova; ’me le se ke la tšaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; lesoiti le se le tlohile holim’a bona, kanthe Jehova o na le rōna; le se ke la ba tšaba.” (Numere 14:8, 9) Ka baka la ho hloka tumelo le sebete, moloko oo oa Baiseraele ha oa ka oa fihla naheng e tšepisitsoeng. Empa Joshua le Kalebe, hammoho le moloko o mocha, ba ile ba kena ho eona.

14, 15. (a) Ha Joshua a sebetsa tumellanong le mantsoe a ho Joshua 1:7, 8, ke phihlelo efe eo eena le Baiseraele ba ileng ba ba le eona? (b) Ke thuto efe e amanang le sebete eo re ithutang eona ho Joshua le Kalebe?

14 Molimo o ile a bolella Joshua: “Iphe matla [“U be sebete,” NW], u etse ka senna haholo, u hlokomele ho etsa ka molao oohle oo Moshe, mohlanka oa ka, a u laetseng oona. U se ke ua o kheloha ho ea ka ho le letona, leha e le ho le letšehali, u tle u atlehe kahohle moo u eang teng. Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hao, u iketle.”—Joshua 1:7, 8.

15 Ha Joshua a sebelisa mantsoe ao, Jeriko le metse e meng e ile ea oela ho Baiseraele. Molimo o ile a ba a etsa hore letsatsi le eme e le hore le ka ’na la khanya ho fihlela Iseraele e hlōtse Gibeone. (Joshua 10:6-14) Ha ba le kotsing ea ho timetsoa ke makhotla a sera a “ka ka lehlabathe le lebopong la leoatle,” Joshua a sebetsa ka sebete, ’me Molimo a boela a etsa hore Iseraele e hlōle. (Joshua 11:1-9) Le hoja re le batho ba sa phethahalang, joaloka Joshua le Kalebe, re ka latela Jehova ka ho feletseng, ’me Molimo a ka re fa matla a ho tsamaea litseleng tsa hae ka sebete.

Sebete sa ho Tšepa Molimo

16. Debora, Barake le Jaele ba ile ba bonahatsa sebete ka litsela life?

16 Ho tšepa Molimo ka sebete hoa putsoa, joalokaha ho bontšitsoe ke liketsahalo tsa nakong ea ha baahloli ba sebelisa toka Iseraeleng. (Ruthe 1:1) Ka mohlala, Moahloli Barake le moprofeta oa mosali Debora ka sebete ba ile ba tšepa Molimo. Morena oa Kanana Jabine o ne a hateletse Iseraele ka lilemo tse 20 ha Jehova a etsa hore Debora a susumetse Barake hore a phuthe banna ba 10 000 Thabeng ea Thabore. Molaoli oa makhotla a Jabine, Sisera, o ile a potlakela molapong oa Kishone, a tiisehile hore boemong bona banna ba Iseraele ba neng ba tsamaea ka maoto ba ne ba ke ke ba ba le matla a lekanang le a lebotho la hae le makoloi a lona a ntoa a tšepe a 900. Ha Baiseraele ba kena phuleng ena, Molimo o ile a nka khato molemong oa bona, ’me sekhohola sa tšohanyetso sa etsa hore lebala la ntoa e be tebe-tebe e ileng ea sitisa makoloi a Sisera ho tsamaea. Banna ba Barake ba ile ba hlōla, kahoo ‘makhotla ’ohle a Sisera a oa ka bohale ba lerumo.’ Sisera a balehela tenteng ea Jaele, empa ha a ntse a robetse, Jaele o ile a ba le sebete sa ho ’molaea ka ho kenya sethakhisa sa tente ho phunyeletsa le hlafunelo ea hae. Phethahatsong ea polelo ea Debora ea boprofeta ho Barake, ‘se khahlisang’ tlhōlong ena se ile sa ea ho mosali. Hobane Debora, Barake le Jaele ka sebete ba ile ba tšepa Molimo, Iseraele “ha ea ka ea hlola e tšoenngoa ka lilemo tse mashome a mane.”—Baahloli 4:1-22; 5:31, NW.

17. Ke mohlala ofe oa ho tšepa Jehova ka sebete o ileng oa behoa ke Moahloli Gideone?

17 Moahloli Gideone ka sebete o ile a tšepa Jehova Molimo ha Bamidiane le ba bang ba futuhela Iseraele. Le hoja palo ea batho ba neng ba ba futuhela e ne e feta ea bona ka batho ba 135 000, banna ba Iseraele ba ntoa ba 32 000 ba ne ba ka ’na ba sekamela ho lebisa tlotla ho bona ka hore ba bile sebete bakeng sa tlhōlo eo ba e nehiloeng ke Molimo. Ka tataiso ea Jehova, Gideone o ile a fokotsa makhotla a hae hore e be lihlopha tse tharo tsa banna ba 100. (Baahloli 7:1-7, 16; 8:10) Nakong eo ba 300 ba pota-potang kampo ea Bamidiane bosiu, e mong le e mong o ne a e-na le terompeta le linkho tsa metsi tse nang le litoche ka hare. Ha ba etsetsoa pontšo e itseng, ba ile ba letsa literompeta, ba pshatla linkho, ba phahamisetsa litoche holimo, ’me ba hoeletsa: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” (Baahloli 7:20) Bamidiane ba tšohileng ba qala ho baleha ’me ba ile ba hlōloa. Liketsahalo tse joalo li lokela ho re kholisa hore ho tšepa Molimo ka sebete le kajeno hoa putsoa.

Sebete sa ho Tlotlisa Jehova le ho Ntšetsa Borapeli bo Hloekileng Pele

18. Davida ka sebete o ile a etsa’ng ha a bolaea Goliathe?

18 Mehlala e meng ea Bibele e bontša sebete sa ho tlotlisa Jehova le ho ntšetsa borapeli bo hloekileng pele. Davida e monyenyane, eo ka sebete a ileng a pholosa linku tsa ntate oa hae, o ipakile a le sebete ka pel’a Goliathe senatla sa Mofilista. Davida a re: “U tlile ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; ’na, ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla, Molimo oa makhotla a Iseraele, eo u mo nyelisitseng. Kajeno, Jehova o tla u neela matsohong a ka; ke tla u bolaea, ke u pome hloho, . . . ’me lefatše lohle le tla tseba hobane Molimo o teng Iseraeleng. Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane hlōlo ke ea Jehova.” (1 Samuele 17:32-37, 45-47) Ka thuso ea Molimo, ka sebete Davida o ile a tlotlisa Jehova, a bolaea Goliathe, ’me kahoo a phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho tlosa tšokelo ea Bafilista borapeling bo hloekileng.

19. Salomone o ne a hloka sebete e le hore a ka etsa mosebetsi ofe, ’me tsela eo a ileng a o sebetsa ka eona e ka sebelisoa joang kajeno?

19 Ha Salomone mora oa Morena Davida a ne a le haufi le ho haha tempele ea Molimo, ntate oa hae ea hōlileng o ile a mo phehella: “Iphe matla [“U be sebete,” NW], ’me u tiee, ’me u etse. Se tšabe, ’me u se ke ua tšoha; hobane Jehova Molimo, Molimo oa ka, o tla ’ne a be le uena; a ke ke a u tlohela, a ke ke a u furalla, ho be ho phethehe mosebetsi oohle oa tšebeletso ea ntlo ea Jehova.” (1 Likronike 28:20) Ka baka la ho nka khato ka sebete, Salomone o ile a phetha tempele ka katleho. Ha mosebetsi oa kaho ea puso ea Molimo e le phephetso kajeno, a re hopoleng mantsoe a Davida: “Iphe matla [“U be sebete,” NW], ’me u tiee, ’me u etse.” Ke tsela e molemo hakaakang ea ho tlotlisa Jehova le ho phahamisa borapeli bo hloekileng!

20. Morena Asa o bile sebete ka tsela efe?

20 Ka lebaka la takatso ea Morena Asa ea ho tlotlisa Molimo le ho phahamisa borapeli bo hloekileng, o ile a felisa litšoantšo tsa borapeli Juda le matekatse a tempele a banna. Hape o ile a tlosa nkhono oa hae oa mokoenehi boemong bo phahameng ’me a chesa ‘setšoantšo sa hae se tšabehang.’ (1 Marena 15:11-13) E, Asa o ile a “ipha matla [“a ba sebete,” NW], a felisa manyala lefatšeng lohle la Juda le la Benyamine, le metseng eo a neng a e nkile thabeng ea Efraime, ’me a tsosa aletare ea Jehova e pel’a mathule a Jehova.” (2 Likronike 15:8) Na le uena ka sebete u hana bokoenehi ’me u phahamisa borapeli bo hloekileng? Na u sebelisa lintho tsa hao tse bonahalang bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele? ’Me na u batla ho tlotlisa Jehova ka hore ka mehla u be le karolo boboleling ba litaba tse molemo joaloka e mong oa Lipaki tsa hae?

21. (a) Litlaleho tsa baboloki ba botšepehi ba pele ho Bokreste li ka re thusa joang? (b) Ke’ng se tla hlahlojoa sehloohong se latelang?

21 Re leboha hakaakang hore ebe Molimo o bolokile litlaleho tsa Mangolo tse mabapi le baboloki ba botšepehi ba sebete ba nakong ea pele ho Bokreste! Ka sebele, mohlala oa bona o motle o ka re thusa ho nehela Jehova tšebeletso e halalelang ka sebete, tšabo ea bomolimo le hlompho. (Ba-Heberu 12:28) Empa Mangolo a Segerike a Bokreste le ’ona a na le mehlala ea ho sebelisoa ha sebete sa bomolimo. Litlaleho tse ling ho tsee li ka re thusa joang hore re tsamaee ka sebete litseleng tsa Jehova?

U ka Araba Joang?

◻ Sebete ke eng?

◻ Henoke le Noe ba ile ba bonahatsa sebete joang?

◻ Abrahama, Sara, le Isaaka ba ile ba nka khato ka sebete ka litsela life?

◻ Moshe, Joshua le Kalebe ba ile ba beha mehlala efe ea sebete?

◻ Ba bang ba ile ba bontša joang hore ba na le sebete sa ho tšepa Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Gideone le sehlopha sa hae se senyenyane sa bahlabani ka sebete ba tšepa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela