Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 1/1 leq. 27
  • Ho Ema U Tiile ho Tlisa Meputso e Enneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ema U Tiile ho Tlisa Meputso e Enneng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo U ka Bang Ntate oa Khonthe
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Khetho ea Ka Pakeng Tsa Bo-Ntate ba Babeli
    Tsoha!—1998
  • Na U Thusa Ngoana oa Hao Hore a Khethe Jehova?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 1/1 leq. 27

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Ema U Tiile ho Tlisa Meputso e Enneng

JESU o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba ne ba tla hlorisoa, le moapostola Pauluse o boletse joalo, joalokaha ho boletsoe ho 2 Timothea 3:12: “Bohle ba ratang ho phela ka borapeli bo ho Jesu Kreste, ba tla hlorisoa joalo.” Empa ho ema u tiile ho sebeletseng Jehova ho tlisa meputso e enneng.

◻ Sena ke se ileng sa etsahala toropong e lebōpong la leoatle le ka leboea-bochabela ho Malaysia. Le hoja e ne e le Mobuddha ea tiileng ea neng a ruta bana ba hae ka thata, ntate e mong o ile a sitoa ho thibela barali ba hae ba bararo le bara ba bararo ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Esita le mosali oa hae o ile a bontša thahasello ’neteng. Joale ka letsatsi le leng moahelani o ile a mo soma a re: “U ka hlōleha ho laola bana ba hao joang ’me ua ba lumella hore ba fetohe Lipaki tsa Jehova? Bana ba ka kaofela ba nkhomarela le ho khomarela bolumeli ba baholo-holo ba rōna ba Bobuddha. U otla pelo!”

Ntate enoa o ile a mathela hae ho ea sokela khaitseli ea neng a qhobela bana ba hae thuto ka hore o tla mo otla. Leha ho le joalo, bana ba ile ba mo kokobetsa ’me ba tsoela pele ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova le ho ba teng libokeng ka tšehetso ea ’mè oa bona.

Leha ho le joalo, qetellong, ntate enoa o ile a bitsetsa lelapa lohle ka pel’a hae. ’Me a laela: “Khethang, lipakeng tsa ka le ho lula lapeng mona le ho fetoha Bakreste kapa ho tloha lapeng mona.” Mora e moholo, moshanyana ea buang ka bonolo, hang-hang o ile a qala ho paka thoto bakeng sa ho tsamaea. Ntate a hoeletsa: “Che! Kaha kaofela ha lōna le bana ba marabele, ho molemo hore ke shoe.” Eaba o mathela ka ntle a setsoe morao ke lelapa, ba mo kōpa hore a se ke a ipolaea. A khahluoe ke boipiletso ba bona, o ile a khutlela lapeng.

Nako e ile ea feta. Ntate o ile a qala ho bona liphello tse ntle tsa ’nete ea Bibele boitšoarong ba bana ba hae. Ka letsatsi le leng o ile a kopana le motsoalle eane oa hae ea somang, lekhetlong lena e le motho ea batlang a sa thaba, a re: “Bana ba ka ba ’nyahamisitse haholo. Baa nqhekella ebile baa nkutsoetsa.” Empa ntate eo bana ba hae ba neng ba ithuta le Lipaki tsa Jehova o ile a re: “Bana ba ka ba fapane haholo! Ba mosa haholo ho ’na ’me ba bile ba nthusa ho lefa sekoloto sa koloi ea ka ha ke ntse ke sa sebetse.”

Kajeno, barali ba bararo le ’mè ba kolobelitsoe. Mora e mong ke pula-maliboho e khethehileng. Ho thoe’ng ka ntate eo pele a neng a tiile a bile a le bohale? Hona joale o na le botsoalle ’me o kile a ba teng Sehopotsong.

Jehova o ile a putsa mora le likhaitseli tsa hae tse tharo hammoho le ’mè oa bona bakeng sa ho Mo emela ba tiile. Hona joale ke bahoeletsi ba chesehang ba ’Muso, ba thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela