Batsoali, Bana ba Lōna ba Hloka Tlhokomelo e Khethehileng
“Bara ba hao ba teela tafole ea hao hare, joalo ka mehloaare e mecha.”—PESALEME EA 128:3.
1. Ho hlahisa limela le ho hōlisa bana ho ka bapisoa joang?
LITŠOBOTSING tse ngata, bana ba hōla le ho haheha joaloka limela. Ka hona, hase ho makatsang ha Bibele e bua ka mosali oa monna e le “morara o behang” ’me e tšoantša bana ba hae le ‘mehloaare e teelang tafole ea hae hare.’ (Pesaleme ea 128:3) Molemi a ka u bolella hore ho hlahisa chai ea limela tse nyenyane ha ho bonolo, haholo-holo ha boemo ba leholimo le maemo a mobu li le mpe. Ka ho tšoanang, ‘mehleng ena ea qetello’ e mahlonoko, ho thata haholo ho hōlisa bana hore e be batho ba baholo ba khonang ho ikamahanya hantle le maemo le ba tšabang Molimo.—2 Timothea 3:1-5.
2. Hangata ho hlokahala eng e le ho hlahisa kotulo e khōlō?
2 E le ho fumana chai e khōlō, molemi o hloka mobu o nonneng, mocheso oa letsatsi, le metsi. Ho phaella ho hlaoleng le ho ntšeng lehola, o tlameha ho fana ka mekhoa e fokotsang likokoanyana tse senyang le tlhokomelo e ’ngoe e sireletsang. Khabareng ho ka ’na ha ba le linako tse boima, ho fihlela nakong ea kotulo. Ke ho soabisang hakaakang ha ho fumaneha hore chai e mpe! Leha ho le joalo, molemi a ka thaba hakaakang ha a fumana chai e khōlō ka mor’a mosebetsi o mongata o boima!—Esaia 60:20-22; 61:3.
3. Limela le bana li tšoana joang ka bohlokoa, ’me bana ba lokela ho fumana tlhokomelo ea mofuta ofe?
3 Ka sebele bophelo ba motho bo atlehileng, bo behang ke ba bohlokoa ho feta kotulo ea molemi. Ka hona hase ho makatsang hore ebe ho hōlisa ngoana ka katleho ho ka nka nako le boiteko bo bongata ho feta ho hlahisa chai e khōlō. (Deuteronoma 11:18-21) Ngoana e monyenyane ea lengoang serapeng sa bophelo, haeba a nosetsoa le ho hōlisoa ka lerato le ho seheloa meeli e loketseng, a ka hōla le ho tlokoma moeeng esita le lefatšeng le tletseng melao-motheo ea boitšoaro e hlephileng. Empa haeba ngoana a sotloa kapa a hatelloa, o tla pona ka hare ’me mohlomong a shoe moeeng. (Ba-Kolosse 3:21; bapisa le Jeremia 2:21; 12:2.) Ka sebele, bana bohle ba hloka tlhokomelo e khethehileng!
Tlhokomelo ea Letsatsi le Letsatsi ho Tloha Boseeng
4. Bana ba hloka tlhokomelo ea mofuta ofe “ho tloha boseeng”?
4 Batsoali ba lokela ho fana ka hoo e batlang e le tlhokomelo e sa khaotseng ho ngoana ea sa tsoa tsoaloa. Leha ho le joalo, na lesea le hloka feela tlhokomelo ea ’mele kapa ea lintho tse bonahalang motheong oa ka mehla? Moapostola Pauluse o ile a ngolla mohlanka oa Molimo Timothea: “Bonyenyaneng [“boseeng,” NW] ba hao u hlile ua tseba Mangolo a halalelang, a lokelang ho u hlalefisetsa ho bolokeha.” (2 Timothea 3:15) Kahoo tlhokomelo ea botsoali eo Timothea a ileng a e fumana, esita le ho tloha boseeng, e ne e boetse e le ea moea. Empa bosea bo qala neng?
5, 6. (a) Bibele e re’ng ka bana ba e-s’o tsoaloe? (b) Ke eng se bontšang hore batsoali ba lokela ho ameha ka boiketlo ba ngoana ea e-s’o tsoaloe?
5 Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng mona (breʹphos) le boetse le sebelisoa ho ngoana ea e-s’o tsoaloe. Elizabetha, ’mè oa Johanne Mokolobetsi, o ile a bolella mong ka eena Maria: “Ha lentsoe la hao la tumeliso le fihla litsebeng tsa ka, lesea [breʹphos] le ile la tlōla ke nyakallo ka pōpelong ea ka.” (Luka 1:44, BPN) Ka hona, esita le bana ba e-s’o tsoaloe ba bitsoa masea, ’me Bibele e bontša hore ba ka arabela liketsahalong tse ka ntle ho pōpelo. Ka hona, na tlhokomelo ea ngoana pele a hlaha, e khothaletsoang hangata kajeno, e lokela ho akareletsa tlhokomelo ea boiketlo ba moea ba lesea le e-s’o tsoaloe?
6 Ena ke taba e lokelang ho nahaneloa, kaha bopaki bo senola hore bana ba e-s’o tsoaloe ba ka rua molemo kapa ba angoa hampe ke seo ba se utloang. Motsamaisi e mong oa ’mino o ile a fumana hore ’mino o sa tšoaneng oo a neng a o pheta o ne a utloa a tloaelane le oona ka ho makatsang, haholo-holo karolo ea seletsa sa cello. Ha a bolella ’mè oa hae, eo e leng seletsi se hloahloa sa cello, mabitso a lipina, o ile a ’molella hore ke tsona lipina tseo a neng a li pheta ha e ntse e le moimana oa hae. Ka ho tšoanang, bana ba e-s’o tsoaloe ba ka ’na ba angoa hampe ha bo-’mè ba bona ba itloaelitse ho shebella lipale tsa TV tse tsoelang pele. Ka hona, koranta e ’ngoe ea bongaka e buile ka “ho lemalla lipale ha masea a ntseng a le ka pōpelong.”
7. (a) Batsoali ba bangata ba ’nile ba hlokomela joang boiketlo ba bana ba bona ba e-s’o tsoaloe? (b) Ngoana o na le matla afe?
7 Ha batsoali ba bangata ba hlokomela molemo oa tšusumetso e ntle ho masea, ba qala ho bala, ho bua, le ho binela bana ba bona esita le pele ba tsoaloa. Le uena u ka etsa se tšoanang. Le hoja lesea la hao le ke ke la utloisisa mantsoe, mohlomong le tla rua molemo lentsoeng la hao le monate le molumo oa lona o tletseng lerato. Ha ngoana a se a hlahile, o tla qala ho utloisisa mantsoe a hao, mohlomong kapele ho feta kamoo u nahanang kateng. Ka lilemo tse peli kapa tse tharo feela, ngoana o ithuta puo e rarahaneng ka hore feela a be moo e buuoang. Lesea le ka boetse la qala ho ithuta ‘puo e hloekileng’ ea ’nete ea Bibele.—Sofonia 3:9, NW.
8. (a) Ka ho hlakileng Bibele e bolela eng ha e re Timothea o tsebile mangolo a halalelang “ho tloha boseeng”? (b) Ke eng se ileng sa ipaka e le ’nete mabapi le Timothea?
8 Pauluse o ne a bolela eng ha a re Timothea ‘o tsebile mangolo a halalelang ho tloha boseeng’? Ka ho hlakileng o ne a bolela hore Timothea o ne a fumane koetliso ea moea ho tloha e sa le lesea, eseng feela ho tloha bongoaneng. Sena se tumellanong le se boleloang ke lentsoe la Segerike breʹphos, leo ka tloaelo le bolelang ngoana ea sa tsoa tsoaloa. (Luka 2:12, 16; Liketso 7:19) Timothea o ile a fumana thupelo ea moea ho ’mè oa hae Eunice le nkhono oa hae Loise ho tloha nakong e telele eo a neng a ka e hopola. (2 Timothea 1:5) Ka sebele polelo e reng, ‘Sefate se robehela moo se sekametseng teng’ e ile ea sebetsa ho Timothea. O ne a ‘koetlisitsoe ka tsela e mo tšoanetseng,’ ’me, ka baka leo, o ile a fetoha mohlanka ea molemo oa Molimo.—Liproverbia 22:6, NW; Ba-Filippi 2:19-22.
Tlhokomelo e Khethehileng e Hlokahalang
9. (a) Batsoali ba lokela ho qoba ho etsa eng, hona hobane’ng? (b) Ha ngoana a ntse a hōla, ho hlokahala hore batsoali ba etse eng, ’me ba lokela ho ela hloko mohlala ofe?
9 Bana ba boetse ba tšoana le limela ka hore hase kaofela ha bona ba nang le litšobotsi tse tšoanang, leha e le hona hore ba arabela kaofela mekhoeng e tšoanang ea tlhokomelo. Batsoali ba bohlale ba tla hlompha ho se tšoane hoo ’me ba tla qoba ho bapisa bana. (Bapisa le Ba-Galata 6:4.) E le hore bana ba hao ba ka hōla hore e be batho ba baholo ba hlomphehang, ho hlokahala hore u lemohe libōpeho tsa bona tse khethollehileng tsa botho, u hlaolele tse ntle ’me u fothole tse mpe. Ho thoe’ng haeba u hlokomela bofokoli kapa tšekamelo e sa lokang, mohlomong ea ho se tšepahale, lerato la lintho tse bonahalang, kapa boithati? Bo lokise ka mosa, feela joalokaha Jesu a ile a lokisa mefokolo ea baapostola ba hae. (Mareka 9:33-37) Ka ho khethehileng, babatsa ngoana e mong le e mong ka linako tsohle bakeng sa matla a hae le libōpeho tse ntle.
10. Bana ba hloka eng haholo-holo, ’me e ka fanoa joang?
10 Seo bana ba se hlokang haholo-holo ke tlhokomelo e lerato ea botho. Jesu o ile a ipha nako ea ho fa bana tlhokomelo e joalo e khethehileng, esita le matsatsing a ho qetela a maphatha-phathe a tšebeletso ea hae. (Mareka 10:13-16, 32) Batsoali, latelang mohlala oo! Ka ho hloka boithati ipheng nako ea ho ba le bana ba lōna. ’Me le se ke la ba lihlong ho ba bontša lerato la sebele. Ba kopeng ka matsoho, joaloka Jesu. Ba hakeng le ho ba aka ka mofuthu le ka kameho. Ha batsoali ba nang le bacha ba seng ba hōla-hōlile ba khonneng ho ikamahanya hantle le maemo ba ne ba botsoa hore na ke keletso efe eo ba ka e fang batsoali ba bang, likarabo tse atileng e bile tsena: ‘Lerato le khaphatsehang,’ ‘qetang nako le le hammoho,’ ‘hōlisang tlhomphano,’ ‘ba mameleng e le kannete,’ ‘ba feng tataiso ho fapana le ho ba komela,’ ’me ‘le talime lintho ka tsela ea sebele.’
11. (a) Batsoali ba lokela ho talima ho fana ka tlhokomelo e khethehileng bakeng sa bana ba bona joang? (b) Batsoali ba ka khona ho thabela puisano e molemo neng le bana ba bona?
11 Ho fana ka tlhokomelo e joalo e khethehileng e ka ba ho thabisang. Motsoali e mong ea atlehileng o ngotse: “Ha bashanyana ba rōna ba babeli ba sa le banyenyane, mosebetsi oa ho ba lokisetsa ho ea robala, ho ba balla, ho ba katela ka likobo, le ho rapela ’moho le bona e ne e le o thabisang.” Linako tse joalo tsa ho ba ’moho li fana ka monyetla oa puisano e ka khothatsang motsoali le ngoana. (Bapisa le Ba-Roma 1:11, 12.) Banyalani ba bang ba ne ba mametse ha ngoana oa bona ea lilemo li tharo a kōpa Molimo ho hlohonolofatsa “Wally.” O ile a rapella “Wally” ka masiu a latellanang, ’me batsoali ba ile ba khothala haholo ha ba hlokomela hore o ne a bolela baena ba Malawi, ba neng ba hlorisoa nakong eo. Mosali e mong o ile a re: ‘Ha ke le lilemo tse ’nè feela, ’mè o ile a nthusa ho tšoara mangolo ka hlooho le ho bina lipina tsa ’Muso ha ke ntse ke eme setulong ho phumola lijana ha a ntse a li hlatsoa.’ Na u ka nahana ka linako tseo ka tsona u ka thabelang puisano e molemo le bana ba hao?
12. Batsoali ba Bakreste ka bohlale ba tla fana ka eng bakeng sa bana ba bona, ’me ho ka sebelisoa mekhoa efe?
12 Batsoali ba bohlale ba Bakreste ba lokisetsa lenaneo la ka mehla la thuto. Le hoja u ka sebelisa tsela e tloaelehileng feela ea lipotso le likarabo, na u ka tlatsetsa puisanong e monate ka ho feto-fetola mananeo a thuto, haholo-holo bakeng sa bana ba seng ba hōla-hōlile? Mohlomong u ka akareletsa ho etsa litšoantšo tsa liketsahalo tsa Bibele, ho pheta lipale tsa Bibele, kapa ho mamela tlaleho eo u kōpileng hore ngoana a e lokisetse. Etsa hore Lentsoe la Molimo e be le thahasellisang ka hohle kamoo u ka khonang bakeng sa bana ba hao e le hore ba be le taba-tabelo bakeng sa lona. (1 Petrose 2:2, 3) Ntate e mong o itse: ‘Ha bana ba sa le banyenyane, re ne re khasa le bona fatše ’me re tšoantša liketsahalo tsa histori tse amang batho ba tummeng ka Bibeleng. Bana ba ne ba rata seo.’
13. Molemo oa mananeo a ho ikoetlisa ke ofe, ’me nakong ea ’ona le ka pheta eng?
13 Mananeo a ho ikoetlisa a boetse a fella ka puisano e molemo hobane a thusa bacha ho itlhomella bakeng sa maemo a sebele bophelong. E mong oa bana ba Kusserow—bao kaofela ha bona ba le 11 ba ileng ba lula ba tšepahala ho Molimo nakong ea mahloriso a Nazi—o ile a re ka batsoali ba hae: “Ba ile ba re bontša kamoo re ka nkang khato le ho itšireletsa ka Bibele. [1 Petrose 3:15] Hangata re ne re tšoara mananeo a ho ikoetlisa, re botsa lipotso ’me re fana ka likarabo.” Ke hobane’ng ha u sa etse se tšoanang? Le ka ikoetlisetsa linehelano bakeng sa tšebeletso, motsoali e be mong’a ntlo. Kapa mohlomong lenaneo la ho ikoetlisa le ka sebetsana le liteko tsa sebele bophelong. (Liproverbia 1:10-15) Motho e mong o hlalositse: “Ho pheta lintho bakeng sa maemo a thata ho ka haha tsebo le kholiseho ea ngoana. Ho ikoetlisa ho ka akareletsa ho bapala karolo ea motsoalle ea nehang ngoana oa hao sakerete, joala kapa sethethefatsi.” Mananeo ana a ka u thusa ho hlokomela kamoo ngoana oa hao a tla arabela kateng maemong a joalo.
14. Ke hobane’ng ha puisano e lerato le e nang le kutloelo-bohloko le bana ba hao e le tsa bohlokoa hakaale?
14 Puisanong le ngoana oa hao, ipiletse ho eena ka mokhoa o nang le kutloelo-bohloko o tšoanang le oa mongoli oa mantsoe ana: “Mora oa ka, u se ke ua lebala thuto tsa ka, pelo ea hao e ke e boloke likeletso tsa me; ’me u tla ekelletsoa ke tsona litšiu, le lilemo, le ho phela, le khotso.” (Liproverbia 3:1, 2) Na ngoana oa hao o ne a ke ke a ameha pelong ha u mo hlalosetsa ka lerato hore u hloka a be le kutlo hobane see se tla fella ka hore a be le khotso le ho phela halelele—ha e le hantle, bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo la khotso? Nahanela botho ba ngoana oa hao ha u behelana mabaka le eena ka Lentsoe la Molimo. Etsa sena ka thapelo, ’me Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao. Lipuisano tse joalo tse lerato le tse nang le kutloelo-bohloko tse thehiloeng Bibeleng li ka ’na tsa ba le liphello tse molemo le ho tlisa melemo e sa feleng.—Liproverbia 22:6.
15. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho rarolla mathata?
15 Esita le haeba puisano e joalo e sa be teng nakong e lokiselitsoeng ea thuto, u se ke ua itumella ho ferekanngoa ke lintho tse ling. Mamela ka hloko eseng feela seo ngoana oa hao a se buang empa hape le kamoo a hlalosang maikutlo kateng. Setsebi se seng se itse: “Talima ngoana oa hao. Mo mamele ka hloko. Ho hlokahala hore u utloisise, eseng feela ho utloa. Batsoali ba etsang boiteko boo bo eketsehileng ba ka etsa phapang e khōlō bophelong ba bana ba bona.” Hangata bana kajeno ba thulana le mathata a tebileng sekolong le libakeng tse ling. Joaloka motsoali, fata ngoana maikutlo, ’me u mo thuse ho talima litaba ho ea ka pono ea Molimo. Haeba u sa kholiseha hore na u ka rarolla bothata joang, etsa lipatlisiso ka Mangolong le lingoliloeng tse fanoeng ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Mattheu 24:45) Ka hohle-hohle, neha ngoana oa hao tlhokomelo eohle e khethehileng e hlokahalang bakeng sa ho rarolla bothata.
Nka Nako ea Lōna ea ho ba ’Moho e le ea Bohlokoa
16, 17. (a) Ke hobane’ng ha bacha ka ho khetheha ba hloka tlhokomelo le thupelo tse khethehileng kajeno? (b) Ho hlokahala hore bana ba tsebe eng ha ba lauoa ke batsoali ba bona?
16 Bacha ba hloka tlhokomelo e khethehileng haholoanyane kajeno ho feta leha e le neng pele hobane re phela “mehleng ea qetello,” ’me tsena ke “linako tse mahlonoko.” (2 Timothea 3:1-5, NW; Mattheu 24:3-14) Batsoali le bana ka ho tšoanang ba hloka tšireletso e fanoang ke bohlale ba ’nete bo ‘phelisang ba bo ruileng.’ (Moeklesia 7:12) Kaha bohlale ba bomolimo bo ama tšebeliso e loketseng ea tsebo e thehiloeng Bibeleng, bana ba hloka thupelo ea ka mehla ea Lentsoe la Molimo. Ka hona, ithute Mangolo le bana ba hao. Ba bolelle ka Jehova, ka hloko hlalosa litlhoko tsa hae, ’me u hahe tebello e thabisang bakeng sa phethahatso ea litšepiso tsa hae tse hlollang. Bua ka lintho tse joalo lapeng, ha u tsamaea le bana ba hao ba le lehlakoreng la hao—ha e le hantle, ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe e loketseng.—Deuteronoma 6:4-7.
17 Balemi baa tseba hore hase limela tsohle tse atlehang tlas’a maemo a tšoanang. Limela li hloka tlhokomelo e khethehileng. Ka ho tšoanang, ngoana e mong le e mong o fapane ’me o hloka tlhokomelo, thupelo, le taeo tse khethehileng. Ka mohlala, ho bontša ha motsoali mahlong hore ha a rate ntho e itseng e ka ’na ea ba ho lekaneng ho emisa tsela e fosahetseng ea mocha ea itseng, athe ngoana e mong a ka ’na a hloka taeo e matla haholoanyane. Empa ho hlokahala hore bana bohle ba hao ba tsebe hore na ke hobane’ng ha u sa thabisoe ke mantsoe le liketso tse itseng, ’me batsoali ka bobeli ba lokela ho sebelisana ’moho e le hore taeo e ka ba e tšoanang. (Ba-Efese 6:4) Ke habohlokoa haholo-holo hore batsoali ba Bakreste ba fane ka tataiso e hlakileng e lumellanang le Mangolo.
18, 19. Batsoali ba Bakreste ba na le boikarabelo bofe ho bana ba bona, ’me phello e ka ’na ea ba efe haeba mosebetsi oo o etsoa hantle?
18 Molemi o tlameha ho etsa mosebetsi oa ho jala le ho hlaola ka nako e loketseng. Haeba a lieha kapa a hlokomoloha lijalo tsa hae, o tla kotula hanyenyane kapa a se kotule letho. Bana ba hao ba banyenyane ke “limela” tse hōlang tse hlokang tlhokomelo e khethehileng hona joale, eseng khoeling e tlang kapa selemong se tlang. U se ke ua lesa menyetla ea bohlokoa ea ho ntšetsa pele khōlo ea bona ea moea tumellanong le Lentsoe la Molimo le ho ntša lehola la mehopolo ea lefatše e ka ba etsang hore ba pone le ho shoa moeeng. Nka lihora le matsatsi ao u nang le tokelo ea ho a qeta le bana ba hao e le a bohlokoa, hobane linako tsena li feta kapele. Sebetsa ka thata ho hlaolela ka ho bana ba hao litšoaneleho tsa bomolimo tse hlokahalang bakeng sa bophelo bo thabisang e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. (Ba-Galata 5:22, 23; Ba-Kolosse 3:12-14) Ona hase mosebetsi oa motho e mong; ke mosebetsi oa hao, ’me Molimo a ka u thusa ho o etsa.
19 Neha bana ba hao lefa le enneng la moea. Ithute Lentsoe la Molimo le bona, ’me le thabele boikhathollo bo hahang ’moho. E-ea le bana ba hao libokeng tsa Bokreste, ’me ba be lehlakoreng la hao mosebetsing oa boboleli ba ’Muso. Haha ka ho bana ba hao ba ratehang botho bo amohelehang ho Jehova, ’me ho na le monyetla o moholo oa hore ba u tlisetse thabo e khōlō hamorao bophelong. Ka sebele, “ntat’a ea lokileng o tla nyakalla haholo; ea tsoetseng ngoana ea bohlale o tla thaba ka eena. A a ke a thabe, ntat’ao, le eena ’m’ao; a nyakalle, ea u belehileng.”—Liproverbia 23:24, 25.
Moputso o Enneng
20. Senotlolo sa ho ba motsoali ea atlehileng oa bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 ke sefe?
20 Ho hōlisa bana ke mosebetsi o rarahaneng, oa nako e telele. Ho hōlisa ‘mehloaare ena e teelang tafole ea hao hare’ hore e be batho ba baholo ba tšabang Molimo ba behang litholoana tsa ’Muso ho ’nile ha bitsoa mosebetsi oa lilemo tse 20. (Pesaleme ea 128:3; Johanne 15:8) Hangata mosebetsi ona o ba thata haholoanyane ha bana ba fihla lilemong tse ka tlaase ho 20, ha likhatello holim’a bona li eketseha ’me batsoali ba fumana ho hlokahala ho matlafatsa boiteko ba bona. Empa senotlolo sa katleho se ntse se tšoana—ho ba ea mamelisisang, ea mofuthu, ea utloisisang. Hopola hore bana ba hao ka sebele ba hloka tlhokomelo ea hao ea botho. U ka ba neha tlhokomelo e joalo ka ho bontša kameho ea sebele e lerato bakeng sa boiketlo ba bona. E le ho ba thusa, u tlameha ho ikitlaetsa ka ho fana ka nako, lerato, le kameho tseo ba li hlokang e le kannete.
21. Moputso oa ho fa bana tlhokomelo e khethehileng e ka ba ofe?
21 Moputso oa boiteko ba hao ba ho hlokomela litholoana tsa bohlokoa tseo Jehova a li behileng tlhokomelong ea hao e ka ba o khotsofatsang haholo ho feta kotulo e khōlō ea molemi leha e le ofe. (Pesaleme ea 127:3-5) Kahoo batsoali, tsoelang pele ho neha bana ba lōna tlhokomelo e khethehileng. Etsang joalo molemong oa bona le tlotlisong ea Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ho hlahisa limela le ho hōlisa bana ho ka bapisoa joang?
◻ Ngoana o lokela ho fumana tlhokomelo ea mofuta ofe letsatsi le letsatsi ho tloha boseeng?
◻ Bana ba hloka tlhokomelo efe e khethehileng, ’me e ka fanoa joang?
◻ Ke hobane’ng ha u lokela ho fa bana ba hao tlhokomelo e khethehileng?