Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 6/1 leq. 24
  • Molimo ha a Ee ka Tšobotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo ha a Ee ka Tšobotsi
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Letela ’Muso oo ‘e Seng Karolo ea Lefatše Lena’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Jehova o Hlohonolofatsa ho Phehella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ke Ile ka Thabela ho Sebeletsa Jehova le Tlas’a Liteko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 6/1 leq. 24

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Molimo ha a Ee ka Tšobotsi

LILEMO tse ka holimo ho 1 900 tse fetileng, moapostola Petrose o ile a pakela ofisiri ea sesole Kornele, a re: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Liketso 10:34, 35) Kornele o ile a bontša hore o tšaba Molimo ebile o rata ho loka. O ile a amohela bopaki boo Petrose a ileng a fana ka bona ’me ea e-ba Mokreste.

Molao-motheo o tšoanang oa sebetsa kajeno—Molimo ha a ee ka tšobotsi. Re hlokomela sena phihlelong e tsoang Jeremane. Tlaleho e re:

“Tšimong ea phutheho ea rōna, ho na le liahelo tse khōlō tsa sesole sa Russia. Ka 1989, nakoana ka mor’a hore Lerako la Berlin le oe, baholo ba ile ba botsa hore na ho na le bahoeletsi ba tsebang Serussia. Ba bang ba rōna ba ne ba se tseba, ’me ra ea sebetsa tšimong ena, e leng se ileng sa ipaka ho ba thabo ea sebele. Phihlelo ena ke e ’ngoe ea tse ngata.

“Ke ne ke e-na le mohoeletsi ea sa kolobetsoang (eo hona joale a seng a kolobelitsoe) ha re bua le molaoli oa sesole. Molaoli enoa o ile a mamela seo re se buang eaba o re memela ho ea bua le masole a hae. O ile a bolela hore a tlameha ho utloa ho hong ka Molimo le Bibele, kahoo re ile ra etsa litokisetso tsa ho boela.

“Re ile ra kōpa khaitseli e mong ea buang Serussia hantle hore a ee le rōna bakeng sa ho toloka. Phaposing eo masole a tšoarelang liboka ho eona, re ile ra beha libuka holim’a tafole ’me ra khona ho buisana le masole a 68 le ho araba lipotso tsa ’ona. Ka mor’a moo ka thabo a ile a nka libuka tse 35 le limakasine tse ka bang 100. Ha re tloha phaposing eo masole a tšoarelang liboka ho eona, re ile ra bona lihlopha tse nyenyane li buisana ka libuka tsena.

“Re ile ra etsa litokisetso tsa ho boela ka July 4, 1992. Ha re fihla ka 10:50 hoseng, molebeli keiting ea liahelo o ile a re bolella hore masole a re lebeletse. Majoro e mong o ile a re isa phaposing eo masole a tšoarelang liboka ho eona, ’me ra fumana hore mosali e mong eo pele a ileng a nka libuka ho rōna bakeng sa laebrari, o ile a etsa tsebiso mabapi le ho tla ha rōna ka ho beha mamatjana a boitsebiso ka liahelong. Baena ba bararo ba ile ba nehelana ka lipuo tse khutšoanyane mabapi le mosebetsi oa rōna oa lefatše lohle ’me ba bontša hore na ke hobane’ng ha re ka tšepa Bibele. Eaba re lumella lipotso tse tsoang ho bamameli, ra fana ka likarabo tse tsoang Bibeleng. Lipotsong tseo ho ne ho na le e reng, Boemo ba Lipaki tsa Jehova ke bofe mabapi le tšebeletso ea sesole, ’me na ho na le tseo e leng masole? Sena se ile sa neha mohoeletsi ea sa kolobetsoang eo ke neng ke tsamaea le eena monyetla oa ho hlalosa mosebetsi oa hae oa lilemo tse 25 sesoleng sa Jeremane Bochabela, lilemo tse qetellang e le motsamaisi oa sesole sa moeeng. O ile a pheta kamoo a ileng a ithuta ka Molimo le Bibele ’me hona joale a neng a batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Masole ana a ile a khahloa ke seo a ileng a se utloa. Ka metsotso e supileng libuka tsohle tseo re neng re li nkile li ne li nkiloe ke masole, ’me a mangata a ne a batla Libibele. Lebenkeleng la libuka re ile ra khona ho fumana Libibele tse supileng tsa Serussia, tseo a ileng a ananela hore ebe a li fumane. E bile thabo ea sebele ho neha bana ba lapileng moeeng boitsebiso ba Bibele, ’me re tšepa hore ba tla bo sebelisa.”

Ruri, Molimo ha a ee ka tšobotsi. Ka Lentsoe la hae o ipiletsa ho batho ba pelo li tšepahalang ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang le hore na ba hokae. O ba memela ho ithuta ka eena le Mora oa hae, Jesu Kreste, ’me ba bangata ba tsoang mekhoeng eohle ea bophelo ba etsa joalo.—Johanne 17:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela