Pale ea Bophelo
Ho Letela ’Muso oo ‘e Seng Karolo ea Lefatše Lena’
Joalokaha ho boletse Nikolai Gutsulyak
Ka matsatsi a 41 le masiu a 41, ke ne ke qabeletsoe har’a borabele ba chankana. Ke ile ka tsosoa habohloko ke molumo oa likanono. Masole a ne a itšohlomelitse ka kampong ea batšoaruoa ka litanka tsa ntoa, eaba aa ba hlasela. Ke ne ke ipotsa hore na ebe ke tla phela.
HO NE ho etsahetse joang hore ke be boemong boo? E-re ke hlalose. Sena se etsahetse ka 1954. Ka nako eo, ke ne ke e-na le lilemo tse 30. Joaloka Lipaki Tsa Jehova tse ngata tse neng li lula pusong ea Soviet Union, ke ne ke tšoaretsoe ho bolella batho ba bang ka ’Muso oa Molimo le ho se jele paate litsekisanong tsa lipolotiki. Sehlopha sa rōna sa batšoaruoa ba Lipaki e ne e le banna ba 46 le basali ba 34. Re ne re koaletsoe kampong ea mosebetsi o qobelloang e haufi le motse oa Kengir bohareng ba Kazakhstan. Ke hona moo re neng re lula le batšoaruoa ba bang ba likete.
Joseph Stalin eo e neng e le moeta-pele oa Soviet Union, o ne a shoele selemo pele ho moo. Batšoaruoa ba bangata ba ne ba tšepile hore puso e ncha ea Moscow e ka ’na ea mamela litletlebo tsa bona ka maemo a mabe a chankana. Ho se khotsofale ha batšoaruoa ho ile ha tsoala borabele ka chankaneng. Khohlanong e ileng ea qhoma, rōna Lipaki re ile ra tlameha ho hlakisa boemo ba rōna ho marabele a ferekaneng le ho balebeli ba sesole. Ho ne ho hloka tumelo ho Molimo hore re nke boemo boo ba ho se jele paate.
Bofetoheli Boa Qala!
Ka la 16 May batšoaruoa ba ile ba qala borabele ka kampong ea chankana. Matsatsi a mabeli hamorao, batšoaruoa ba fetang 3 200 ba ile ba hana ho ea mosebetsing, ba batla hore ho ntlafatsoe maemo ka kampong le hore batšoaruoa ba lipolotiki ba fuoe litokelo tse itseng. Lintho li ile tsa etsahala ka potlako. Marabele a ile a qala ka ho leleka balebeli ka kampong, eaba a phunya masoba terateng ea kampo. Ka mor’a moo, a ile a liha mabota a arotseng matlo a banna ho a basali, a etsa matlo ao ho ’ona batšoaruoa bohle ba neng ba lula hammoho. Matsatsing a latelang a thabo, batšoaruoa ba bang ba ile ba ba ba chata, ba chatisoa ke baprista bao le bona e neng e le batšoaruoa. Mehahong e meraro ea kampo eo moferefere o ileng oa qala ho eona, boholo ba batšoaruoa ba 14 000 ba neng ba le ho eona bo ile ba kopanela borabeleng boo.
Marabele a ile a hlophisa komiti ea kampo e neng e tla tšoara lipuisano le masole. Leha ho le joalo, kapele ho ile ha tsoha khang pakeng tsa litho tsa komiti eo, ’me qetellong litaba tsa kampo li ile tsa laoloa ke lingangele. Ho ile ha e-ba le tsitsipano e khōlō. Baeta-pele ba marabele ba ile ba hlophisa lefapha la tšireletso, la sesole, le la phatlalatso hore “taolo” e be teng. Baeta-pele ba ile ba sebelisa libuela-hōle tse neng li hlomiloe lipalong tse pota-potileng kampo ho phatlalatsa melaetsa e hlabang, e le hore ba rotetse moea oa borabele. Marabele a ne a thiba ba balehang, a ahlola ba a hanyetsang, ’me a bolela hore ke malala-a-laotsoe ho bolaea mang kapa mang eo a sa mo batleng. Ho ne ho e-na le menyenyetsi ea hore batšoaruoa ba bang ba se ba bolailoe.
Kaha marabele a ne a lebeletse hore masole a tla a hlasela, a ile a itokisetsa ka hloko hore a tle a itšireletse. Ho tiisa hore batšoaruoa ba bangata kamoo ho ka khonehang ba hlometse e le hore ba tle ba sireletse kampo, baeta-pele ba ile ba laela batšoaruoa bohle hore ba hlomele. E le hore batšoaruoa ba hlomele, ba ile ba ntša litšepe tse sirelelitseng lifensetere ’me ba etsa lithipa le lihlomo tse ling ka tsona. Ba ile ba atleha le ho fumana lithunya le liqhomane.
Lipaki li Qobelloa ho Jela Paate
Nakong eo, marabele a mabeli a ile a tla ho ’na. Le leng le ile la ntša thipa e sa tsoa leotsoa, eaba lea ntaela: “Nka thipa ena! U tla e hloka hore u itšireletse.” Ke ile ka rapela ke khutsitse hore Jehova a mphe matla a hore ke se ke ka tšoha. Ke ile ka re: “Ke Mokreste, ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. ’Na le Lipaki tse ling re koaletsoe mona hobane ha re loane le batho empa re loana le makhotla a sa bonahaleng a moea. Lihlomo tseo re a loantšang ka tsona ke tumelo ea rōna le tšepo eo re nang le eona ’Musong oa Molimo.”—Baefese 6:12.
Ke ile ka makala ha monna eo a oma ka hlooho ho bontša hore oa utloisisa. Empa monna e mong eena o ile a nkotla habohloko. Ka mor’a moo, ba ile ba tsamaea. Marabele a ile a kena matlo a batšoaruoa ka bonngoe, a leka ho qobella Lipaki hore li jele paate moferefereng. Empa bara le baralib’abo rōna ba Bakreste kaofela ba ile ba hana.
Sebokeng sa komiti ea marabele ho ile ha tšohloa ntlha ea hore Lipaki Tsa Jehova ha li jele paate. Ho ile ha thoe: “Batho ba malumeli ’ohle—Mapentekonta, Masabatha, Mabaptiste le ba bang bohle—ba tšehetsa bofetoheli. Ke Lipaki Tsa Jehova feela tse hanneng. Ebe re tla li etsa joang?” Motho e mong o ile a khothalletsa hore ba re tšose ka ho lahlela Paki e le ’ngoe ka ontong ea kampo. Empa motšoaruoa e mong ea hlomphuoang eo e neng e kile ea e-ba molaoli oa sesole, o ile a ema eaba o re: “Ha ho thuse letho ho etsa joalo. Re lokela ho li kenya kaofela ntlong e le ’ngoe e qalong ea kampo, haufi le keiti. Ha re entse joalo, etlare ha sesole se re hlasela ka litanka tsa ntoa, li tla thuthuka Lipaki pele. Ho ke ke ha thoe ke rōna ba li bolaileng.” Ba bang ba ile ba amohela tlhahiso ea hae.
Re Behoa Moo ho Leng Kotsi
Kapele feela, batšoaruoa ba ile ba tsamaea kampong eohle ba ntse ba hoeletsa, “Lipaki Tsa Jehova, tsoelang ka ntle!” Ka mor’a moo ba ile ba re khannela re le 80 ntlong e qalong ea kampo, eaba ba bula sebaka ka ho ntša libethe tsa mapolanka ka tlung ’me ba re re kene ka hare. Ntlo eo e ile ea e-ba chankana ea rōna ka har’a chankana.
E le hore banna le basali ba arohane, baralib’abo rōna ba Bakreste ba ile ba kopanya lilakane, ’me re ile ra arola ntlo eo ka tsona hore ho be le likamore tse peli—e ’ngoe e le ea banna e ’ngoe e le ea basali. (Hamorao, mor’abo rōna e mong oa Russia o ile a toroea ntlo eo, ’me e bontšitsoe tlaase mona.) Ha re ntse re lula mopatisaneng oo, hangata re ne re rapela hammoho, re kōpa Jehova ka tieo hore a re fe bohlale le “matla a fetang se tloaelehileng.”—2 Bakorinthe 4:7.
Ka nako eo eohle, re ne re le sebakeng se kotsi pakeng tsa marabele le lebotho la Soviet Union. Ho ne ho se ea tsebang hore na mahlakore ana a mabeli a ka ’na a etsa eng. Mor’abo rōna e mong ea seng a hōlile ea tšepahalang oa Mokreste o ile a re: “Khaotsang ho ituba ka hore na ho tla etsahala’ng. Jehova a ke ke a re lahla.”
Baralib’abo rōna ba ratehang ba Bakreste—ba baholo le ba banyenyane—ba ile ba mamella ka tsela e tsotoang. E mong o ne a e-na le lilemo tse ka bang 80 ’me o ne a hloka thuso e khōloanyane. Ba bang ba ne ba kula ’me ba hloka meriana. Nakong eo eohle, menyako ea ntlo ea rōna e ne e lokela ho lula e butsoe e le hore marabele a ka re hlahloba nako le nako. Bosiu, batšoaruoa ba hlometseng ba ne ba kena ka ntlong ea rōna. Ka linako tse ling re ne re ba utloa ba re, “’Muso oa Molimo o robetse.” Motšehare, ha ba re lumella ho ea holong ea ho jela ea kampo, re ne re lula hammoho kamehla ’me re rapela Jehova hore a re sireletse ho banna bana ba mabifi.
Moo re lulang teng re ne re leka ho thusana moeeng. Ka mohlala, hangata mor’abo rōna e mong o ne a pheta tlaleho e itseng ea Bibele, a hoeletsa hore re utloe kaofela. Ka mor’a moo o ne a amahanya tlaleho eo le maemo a rōna. Mora e mong oabo rōna ea seng a hōlile o ne a rata ho bua haholo ka lebotho la Gideone. O ne a ee a re hopotse hore “ka lebitso la Jehova, banna ba 300 ba tšoereng liletsa ba ile ba loantša masole a 135 000 a hlometseng. Bohle ba 300 ba ile ba khutla ba sa lemala.” (Baahloli 7:16, 22; 8:10) Mohlala ona le e meng ea Bibele, e ile ea re matlafatsa moeeng. E ne e se khale ke le Paki, empa ke ile ka khothatsoa haholo ke ho bona tumelo e matla ea bara le baralib’abo rōna ba nang le boiphihlelo. Ke ne ke utloa hore Jehova o na le rōna e le kannete.
Ntoa ea Qhoma
Ho ile ha feta libeke, ’me tsitsipano e ne e ntse e eketseha ka kampong. Lipuisano pakeng tsa marabele le ba boholong li ne li ntse li e-ba mpe haholo. Baeta-pele ba marabele ba ne ba tsitlella hore ’muso oa Moscow o romele moemeli ea tla buisana le bona. Ba boholong ba ne ba batla hore marabele a inehele, a fane ka lihlomo tsa ’ona, ’me a khutlele mosebetsing. Mahlakore ana a mabeli a ile a hana ho inehela. Ka nako eo, kampo e ne e pota-potiloe ke masole a neng a lutse e le malala-a-laotsoe. Marabele le ’ona a ne a itokiselitse ho loana, kaha a ne a emisitse lintho tse thibellang a bile a bokeletse libetsa. E mong le e mong o ne a lebeletse hore neng kapa neng masole a loane le batšoaruoa.
Ka la 26 June re ile ra tsosoa ke lerata le thibang litsebe la likanono. Litanka tsa ntoa li ile tsa liha terata eaba li kena ka kampong. Li ile tsa lateloa ke masole a mangata-ngata a neng a hlasela ka lithunya tsa merathatha. Batšoaruoa ba banna le ba basali ba ile ba khahlametsa litanka tsa ntoa tse neng li tla li ba lebile, ba ntse ba hooa ba re “Ha bo je!” ba bile ba betsa majoe, liqhomane tsa maiketsetso le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba ka e fumana. Ho ile ha loanoa ea khumamela ’me rōna Lipaki re ne re le lipakeng. Ebe Jehova o ne a tla araba joang lithapelo tsa rōna tse kōpang thuso?
Ka tšohanyetso, masole a ile a potlakela ntlong ea rōna. A hoeletsa a re: “Bahalaleli, tsoang! Potlakang, tsoelang ka ntle ho jarete!” Molaoli oa sesole o ile a laela masole hore a se ke a re thunya empa a re sireletse. Ha e ntse e kupa, re ile ra lula sebakeng se seholo se nang le joang se ka ntle ho kampo. Ka lihora tse ’nè re ile ra utloa liqhomane, lithunya, liboko le poboli ka kampong. Ka mor’a moo, ho ile ha thola ha re tu! Hamorao, ha mafube a hlaha, re ile ra bona masole a ntšetsa litopo ka ntle ho kampo. Re ile ra utloela hore batho ba makholo-kholo ba ne ba lemetse kapa ba shoele.
Hamorao hona letsatsing leo, molaoli e mong eo ke neng ke mo tseba o ile a tla ho rōna. Ka makōkō o ile a botsa: “Joale u re’ng, Nikolai, ke mang ea le pholositseng? Na ke rōna kapa ke Jehova?” Re ile ra mo leboha ka tieo hore ebe o pholositse bophelo ba rōna, ’me ra eketsa ka ho re: “Re lumela hore Molimo oa rōna ea matla ’ohle, Jehova, o ile a le susumetsa hore le re pholose, joalokaha a ile a susumetsa batho ba bang hore ba pholose bahlanka ba hae ba boholo-holo.”—Esdrase 1:1, 2.
Molaoli eo o ile a boela a re hlalosetsa hore na masole a re tsebile joang le hore na re hokae. O ile a bolela hore nakong e ’ngoe ea lipuisano pakeng tsa sesole le marabele, sesole se ile sa qosa marabele ka ho re a bolaea batšoaruoa ba sa a thuseng. Marabele a ile a itšireletsa ka ho bolela hore Lipaki Tsa Jehova ha lia kena merusung empa ha lia bolaoa. Ho e-na le ho bolaoa, Lipaki tsohle li ahloletsoe hore li koalloe mohahong o le mong. Balaoli ba sesole ba ile ba ela taba eo hloko.
Re Ile ra Emela ’Muso oa Molimo ka Tieo
Bukeng ea sona e bitsoang The Gulag Archipelago, sengoli se tsebisahalang sa Lerussia, e leng Aleksandr Solzhenitsyn, se bua ka borabele boo ba chankaneng boo re ileng ra bo bona. Mabapi le ketsahalo eo, o ngola hore se ileng sa qala borabele bona, e bile hore ‘ha e le hantle, re ne re batla tokoloho, . . . empa joale ke mang ea neng a tla re fa eona?’ Le rōna Lipaki Tsa Jehova tse neng li le kampong eo ea chankana, re ne re labalabela tokoloho. Leha ho le joalo, re ne re sa batle ho lokoloha chankaneng feela empa re ne re batla tokoloho e ka tlisoang feela ke ’Muso oa Molimo. Ha re ntse re le chankaneng, re ne re tseba hore re hloka matla a tsoang ho Molimo hore re emele ’Muso oa hae ka tieo. ’Me Jehova o ile a re fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e hloka. O ile a etsa hore re hlōle empa re sa nka lithipa kapa liqhomane.—2 Bakorinthe 10:3.
Jesu Kreste o ile a re ho Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne.” (Johanne 18:36) Kahoo, kaha re balateli ba Kreste, ha rea ka ra kopanela lintoeng tsa lipolotiki. Re ile ra thabela hore nakong ea merusu le ka mor’a eona, ho ne ho hlakile ho bohle hore re tšepahala ’Musong oa Molimo. Mabapi le boitšoaro ba rōna nakong eo, Solzhenitsyn o ile a ngola, a re: “Lipaki Tsa Jehova li ile tsa khomarela ka bolokolohi melao ea tsona ea bolumeli ’me tsa hana ho haha liqhobosheane kapa ho lebela.”
Ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 50 liketsahalo tsena tse mahlonoko li etsahetse. Leha ho le joalo, hangata ha ke li hopola ke leboha haholo hobane ke ile ka ithuta lintho tseo ke sa li lebaleng, tse kang ho letela Jehova le ho tšepa ka ho feletseng letsoho la hae le matla. Ka sebele, joaloka Lipaki tse ling tse ngata tse ratoang tsa moo e neng e le Soviet Union, kea tseba hore Jehova o fa ba letetseng ’Muso oo e seng “karolo ea lefatše lena” tokoloho, tšireletso le topollo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Kampo ea mosebetsi o qobelloang eo re neng re koaletsoe ho eona Kazakhstan
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Setšoantšo se toroiloeng sa ntlo eo Lipaki li neng li lula ho eona, ka karolong ea basali
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
’Na le barab’eso ba Bakreste ha re ne re lokolloa