Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 3/1 maq. 13-16
  • Wessel Gansfort—“Mofetoheli oa Pele ho Phetohelo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Wessel Gansfort—“Mofetoheli oa Pele ho Phetohelo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ke Hobane’ng ha U sa Nkise ho Kreste?”
  • “Re ba le Tsebo Hafeela re Botsa”
  • Kōpo e Babatsehang
  • “Leshano le Ntho e Fosahetseng”
  • Wessel o Betla Tsela ea Phetohelo
  • “Le Tla Fumana”
  • Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Martin Luther—Monna eo le Lefa la Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Karolo 16—lekholo la bo9-bo16 la lilemo C.E.—Bolumeli bo Hlokang Nchafatso
    Tsoha!—1989
  • Na Histori ea Bolumeli e na le Molemo oa Letho ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 3/1 maq. 13-16

Wessel Gansfort—“Mofetoheli oa Pele ho Phetohelo”

Liithuti tsohle tsa Phetohelo ea Boprostanta, e ileng ea qala ka 1517, li tseba mabitso a kang Luther, Tyndale le Calvin. Leha ho le joalo, ke batho ba seng ba kae feela ba tsebang lebitso la Wessel Gansfort. O ’nile a bitsoa “Mofetoheli oa Pele ho Phetohelo.” Na u rata ho tseba litaba tsa monna eo haholoanyane?

WESSEL o hlahetse toropong ea Groningen, Netherlands ka 1419. Lekholong la bo15 la lilemo, bana ba neng ba kena sekolo e ne e le methoaela feela, ’me Wessel e ne e le e mong oa bona. Le hoja a ne a ipabola lithutong tsa hae, ha a e-na le lilemo tse robong o ile a tlameha ho tlohela sekolo kahobane batsoali ba hae ba ne ba futsanehile haholo. Lehlohonolong la hae, mosali e mong ea ruileng oa mohlolohali o ile a utloela hore Wessel e monyenyane o ne a le bohlale, ’me o ile a mo phallela e le hore a ka kena sekolo. Kahoo, o ile a khona ho tsoela pele ka thuto. Ka nako e loketseng, o ile a fumana lengolo la Master of Arts. Ho bonahala eka hamorao o ile a boela a fumana tlotla e phahameng ea ho ba setsebi lithutong tsa bolumeli.

Wessel o ne a nyoretsoe tsebo haholo. Empa mehleng ea hae ho ne ho e-na le lilaebrari tse seng kae. Le hoja mokhoa oa ho hatisa ka mechine o ile oa qala mehleng ea hae, libuka tse ngata li ne li sa ntsane li ngoloa ka letsoho ’me theko ea tsona e ne e le holimo. Wessel e ne e le setho sa sehlopha sa litsebi tse neng li tloha laebraring ena li e-ea ho eane le ho tloha sebakeng sena sa baitlami li e-ea ho se seng, li ntse li batla libuka tse fumanoang seoelo tse ngotsoeng ka letsoho le tse seng li lebetsoe. Ha ba li fumane, ba ne ba bolellana seo ba ithutileng sona libukeng tseo. O ile a bokella tsebo e ngata ’me a tlatsa notebook ea hae ka lintlha tseo a neng a li fumane libukeng tsa khale tsa Segerike le Selatine. Litsebi tse ling tsa thuto ea bolumeli li ne li atisa ho tlala lipelaelo hobane Wessel o ne a tseba lintho tse ngata tseo tsona li neng li sa li tsebe. Wessel o ne a bitsoa Magister Contradictionis, kapa Ralikhanyetso.

“Ke Hobane’ng ha U sa Nkise ho Kreste?”

Lilemo tse ka bang 50 pele ho Phetohelo, Wessel o ile a teana le Thomas à Kempis (oa hoo e ka bang ka 1379-1471), eo ho atileng hore ke eena sengoli sa buka e tummeng e bitsoang De Imitatione Christi (Ho Etsisa Kreste). Thomas à Kempis e ne e le setho sa mokhatlo oa Brethren of the Common Life, o neng o khothalletsa bophelo ba ho inehela ho Molimo. Sengoli sa pale ea bophelo ba Wessel se bolela hore ka makhetlo a ’maloa, Thomas à Kempis o ile a khothalletsa Wessel ho kōpa thuso ho Maria. Wessel o ile a araba ka ho re: “Ke hobane’ng ha u sa nkise ho Kreste, eo ka mosa a memang bohle ba imetsoeng hore ba tle ho eena?”

Ho boleloa hore Wessel o ne a sa rate ho ba moprista. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a ne a sa beole bohareng ba hlooho joaloka baprista, o ile a bolela hore ke hobane ha a tšabe lefu la ho fanyehoa hafeela a ne a ka shoa a sa senyeha kelello. Ho hlakile hore o ne a bua ka ntlha ea hore baprista ba ne ba sa qosoe, ’me ho bonahala eka ho beola bohareng ba hlooho ho ile ha fela ha pholosa baprista ba bangata ba neng ba entse litlōlo tsa molao hore ba se ke ba bolaoa ka ho fanyehoa! Wessel ha aa ka a amohela mekhoa e meng e tloaelehileng ea bolumeli. Ka mohlala, o ile a nyatsoa ka lebaka la ho hana ho lumela liketsahalo tsa mohlolo tse neng li hlalosoa bukeng ea Dialogus Miraculorum, e neng e ratoa mehleng ea hae. O ile a re: “Ho ka ba molemo ho bala Mangolo a Halalelang.”

“Re ba le Tsebo Hafeela re Botsa”

Wessel o ile a ithuta Seheberu le Segerike eaba o bokella tsebo e ngata ea lingoliloeng tsa Bangoli ba Boholo-holo ba Kereke. Lerato la hae la lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona pele le ne le ikhetha hobane o phetse pele ho Erasmus le Reuchlin.a Pele ho Phetohelo, batho ba bangata ba ne ba sa tsebe Segerike. Ke Jeremane moo litsebi tse seng kae feela li neng li tseba Segerike hanyenyane, ’me ho ne ho se na lintho tseo se ithutoang ka tsona. Ho hlakile hore ka mor’a hore Constantinople e putlame ka 1453, Wessel o ile a kopana le baitlami ba Bagerike ba neng ba balehetse Linaheng tsa Bophirimela, ’me o ile a ithuta Segerike hanyenyane feela ho bona. Mehleng eo, Seheberu se ne se buuoa ke Bajuda feela, ’me ho bonahala eka Wessel o ile a ithuta Seheberu hanyenyane feela ho Bajuda ba sokolotsoeng.

Wessel o ne a rata Bibele haholo. O ne a nka hore ke buka e bululetsoeng ke Molimo ’me a lumela hore libuka tsohle tsa Bibele li lumellana ka ho feletseng. Wessel o ne a nka hore tlhaloso ea litemana tsa Bibele e lokela ho lumellana le taba eo ho buuoang ka eona le hore e ke ke ea sothoa. Tlhaloso e ’ngoe le e ’ngoe e sothehileng e lokela ho belaelloa hore ke bokhelohi. Temana e ’ngoe eo a neng a e rata haholo ka Bibeleng e ne e le Matheu 7:7, e reng: “Le ’ne le batle, ’me le tla fumana.” Ka lebaka la molaetsa oa temana ena, Wessel o ne a lumela ka tieo hore ho molemo ho botsa lipotso, a nahana hore “re ba le tsebo hafeela re botsa.”

Kōpo e Babatsehang

Ka 1473, Wessel o ile a etela Roma. Ha a le moo, o ile a lumelloa ho bua le Mopapa Sixtus IV, mopapa oa pele ho ba tšeletseng bao boitšoaro ba bona bo bobe ka ho fetisisa bo ileng ba tsoala Phetohelo ea Boprostanta. Setsebi sa histori Barbara W. Tuchman o bolela hore mehla ea hore “motho a ipatlele matla a hatellang a lipolotiki le leruo, a sa hlajoe ke lihlong, a sa ipate, a bile a le leqoophe,” e qalile ka Sixtus IV. O ile a tšosa sechaba ka mokhoa oa hae oa ho jesa ba habo. Setsebi se seng sa histori se ile sa ngola hore mohlomong Sixtus o ne a ratile hore mosebetsi oa bopapa e be ntho ea lelapa. Ke batho ba seng ba kae ba neng ba ka leka ho mo nyatsa ka tšebeliso eo e mpe ea matla.

Leha ho le joalo, Wessel Gansfort eena o ne a sa tšabe ho bua. Ka letsatsi le leng Sixtus o ile a re ho eena: “Mor’a ka, kōpa eng le eng eo u e batlang, ’me mopapa o tla u fa eona.” Wessel o ile a araba ka potlako: “Ntate ea halalelang, . . . kaha lefatšeng mona u moprista le molisa ea phahameng ka ho fetisisa, ke kōpa . . . hore u phethahatse mosebetsi oa hao oa bohlokoa ka tsela eo etlare ha Molisa e Moholo oa linku . . . a tla, a ka reng ho uena: ‘Ke hantle, mohlanka ea molemo, ea khabane, kena thabong ea Mong’a hao.’” Sixtus o ile a bolela hore sena e ne e le boikarabelo ba hae le hore Wessel eena o lokela ho ikhethela ho hong. Wessel o ile a re: “Ha ho le joalo, ke kōpa hore Laebraring ea Vatican, u mphe Bibele ea Segerike le Seheberu.” Mopapa o ile a mo fa seo a se kōpileng empa a bolela hore Wessel o entse booatla le hore a ka be a ile a kōpa bobishopo!

“Leshano le Ntho e Fosahetseng”

Kaha Sixtus o ne a batla ka matla chelete ea ho haha Ntlo ea Thapelo ea Sistine e tummeng hona joale, o ile a qala leano la ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe. Mangolo ana a ne a ratoa haholo. Buka e bitsoang Vicars of Christ—The Dark Side of the Papacy e re: “Banna le basali ba bahlolohali hammoho le batsoali ba shoetsoeng ke bana, ba ne ba ntša chelete eohle ea bona ba leka ho ntša baratuoa ba bona Pelekatoring.” Mangolo a tšoarelo ea libe a ile a amoheloa ke batho feela ba neng ba lumela ka botlalo hore mopapa a ka tiisa hore baratuoa ba bona ba shoeleng ba ka ea leholimong.

Leha ho le joalo, Wessel eena o ne a lumela ka tieo hore Kereke e K’hatholike, ho akarelletsa le eena mopapa, e ne e se na matla a ho tšoarela libe. Wessel o ile a bolela phatlalatsa hore ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe ke “leshano le ntho e fosahetseng.” Ebile o ne a sa lumele hore ho ipolela ho baprista hoa hlokahala hore libe li tšoareloe.

Wessel o ne a boetse a belaela taba ea hore bapapa ha ba fose, a bolela hore kaha ba etsa liphoso, metheo ea kereke e ne e tla fokola haeba ho ne ho lebeletsoe hore batho ba kholoe bapapa ka linako tsohle. Wessel o ile a ngola a re: “Haeba babishopo ba hana litaelo tsa Molimo ’me ba beha melao ea bona e entsoeng ke batho, . . . seo ba se etsang le seo ba se laelang ha se na thuso.”

Wessel o Betla Tsela ea Phetohelo

Wessel o hlokahetse ka 1489. Le hoja a ne a ile a hanyetsa liphoso tse ling tsa kereke, o ile a lula e le Mok’hatholike. Empa ha ho mohla kereke e ileng ea mo nyatsa ka hore e ne e le mokhelohi. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la hae, baitlami ba chesehang ka ho feteletseng ba K’hatholike ba ile ba leka ho senya libuka tsa hae hobane ho ne ho nkoa hore ha li lumellane ka ho feletseng le lithuto tsa kereke. Mehleng ea Luther, lebitso la Wessel le ne le batla le lebetsoe, lingoliloeng tsohle tsa hae li ne li sa hatisoa, ’me ho ne ho setse libuka tse seng kae feela tse ngotsoeng ka letsoho. Khatiso ea pele ea lingoliloeng tsa Wessel e ile ea qetella e phatlalalitsoe pakeng tsa 1520 le 1522. E ne e e-na le lengolo le ngotsoeng ke Luther leo ho lona eena ka boeena a neng a buella lingoliloeng tsa Wessel.

Le hoja Wessel e ne e se Raliphetoho joaloka Luther, o ile a nyatsa pepenene liphoso tse ling tse ileng tsa tsoala Phetohelo. Ha e le hantle, Cyclopedia ea McClintock le Strong e hlalosa hore “ke monna oa bohlokoa ka ho fetisisa banneng ba Jeremane ba ileng ba kenya letsoho hore ho tle ho be le Phetohelo.”

Luther o ne a nka Wessel e le motsoalle. Sengoli C. Augustijn sea ngola: “Luther o bapisa mehla ea hae le se mo hlahetseng le se ileng sa hlahela Elia. Feela joalokaha Elia a ne a nahana hore o setse a loana lintoa tsa Molimo a le mong, Luther le eena o ne a nahana hore o mong to! lintoeng tsa hae le kereke. Empa ha a bala lingoliloeng tsa Wessel o ile a bona hore Morena o ne a pholositse ‘masala Iseraele.’” “Luther o tsoela pele ho re: ‘Ha ke ne ke balile lingoliloeng tsa hae pejana, lira tsa ka li ne li tla nahana hore Luther o ithutile sohle ho Wessel, monahano oa hae o lumellana haholo le oa ka.’”b

“Le Tla Fumana”

Phetohelo ha ea ka ea qala ka tšohanyetso. E ne e le nakoana letoto la likhopolo tse ileng tsa tsoala Phetohelo le ntse le hōla. Wessel o ile a lemoha hore bobolu ba bapapa bo ne bo tla qetella bo tsoetse takatso ea hore ho etsoe liphetoho. O kile a re ho seithuti se seng sa moshemane: “Moshemane ea ratang ho ithuta, u tla phela ho fihlela letsatsing leo ka lona u tla bona ha lithuto tsa . . . baruti ba ratang likhang li lahloa ke litsebi tsohle tsa ’nete tsa Bokreste.”

Le hoja Wessel a ile a lemoha liphoso tse ling le mekhoa e meng e silafetseng ea mehleng ea hae, ha aa ka a khona ho senola leseli le feletseng la ’nete ea Bibele. Leha ho le joalo, ho eena Bibele e ne e le buka e lokelang ho baloa le ho ithutoa. Ho ea ka buka e bitsoang A History of Christianity, Wessel “o ne a lumela hore kaha Bibele e bululetsoe ke Moea o Halalelang, ke eona e etsang liqeto litabeng tsa tumelo.” Kajeno, Bakreste ba ’nete ba lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng. (2 Timothea 3:16) Empa, linnete tsa Bibele ha li sa patehile ebile ha li sa fumanoa ka thata. Kajeno, ho feta leha e le neng pele, molao-motheo oa Bibele o reng, “le ’ne le batle, ’me le tla fumana,” o ntse o sebetsa.—Matheu 7:7; Liproverbia 2:1-6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Banna bana ba ile ba tlatsetsa haholo thutong ea lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona pele. Ka 1506, Reuchlin o ile a hatisa buka ea sebōpeho-puo sa Seheberu, ’me e ile ea thusa thutong e tebileng ea Mangolo a Seheberu. Selemong sa 1516, Erasmus o ile a hatisa taba ea sehlooho e ngotsoeng ka Segerike e neng e ka sebelisoa ha ho fetoleloa Mangolo a Segerike a Bakreste.

b Wessel Gansfort (1419-1489) and Northern Humanism, leqepheng la 9 le la 15.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

Wessel Le Lebitso La Molimo

Ka tloaelo, lebitso la Molimo le ngoloa e le “Johavah” libukeng tsa Wessel. Leha ho le joalo, Wessel eena o ile a sebelisa “Jehovah” hoo e ka bang ka makhetlo a mabeli. Ha sengoli H. A. Oberman se hlalosa maikutlo a Wessel, se bolela hore Wessel o ne a nahana hore hoja Thomas Aquinas le ba bang ba ne ba tseba Seheberu, “ba ka be ba ile ba tseba hore lebitso la Molimo le senoletsoeng Moshe ha le bolele ‘Ke eo ke leng eena,’ empa le bolela ‘Ke tla ba eo ke tla ba eena.’”c Ka nepo Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fana ka tlhaloso e reng “Ke tla ba seo ke tla ba sona.”—Exoda 3:13, 14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

c Wessel Gansfort (1419-1489) and Northern Humanism, leqepheng la 105.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Manuscript: Universiteitsbibliotheek, Utrecht

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Wessel o ile a hanyetsa ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe ho neng ho lumeletsoe ke Mopapa Sixtus IV

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela