Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 16—lekholo la bo9-bo16 la lilemo C.E.—Bolumeli bo Hlokang Nchafatso
“Bolotsana bo bong le bo bong bo fokela ho lokisoa”—Voltaire, mongoli oa Lefora oa meqoqo le rahistori oa lekholong la bo18 la lilemo
BAKRESTE ba pele ha baa ka ba ruta pelekatori, ha baa rapela litšoantšo, ha baa hlompha “bahalaleli,” ’me ha baa hlompha litšoantšo. Ha baa itšunya lipolotiking ’me ha baa tšehetsa lintoa tsa lefatše. Empa ho ea bofelong ba lekholo la bo15 la lilemo, ho ne ho se ho se joalo ka ba bangata ba neng ba ipolela hore ke baetsisi ba bona.
“Bakoenehi” ba Batla Nchafatso
“Lisosa tsa pele tsa bokoenehi [khahlanong le Roma e K’hatholike] li hlahile Fora le Italy e ka leboea hoo e ka bang selemong sa 1000,” ho bolela The Collins Atlas of World History. Ba bang bao pele ba neng ba bitsoa bakoenehi e ne e le bakoenehi feela mahlong a kereke. Kajeno ho thata ho ahlola ka nepo hore na ke ho isa bohōleng bofe bakoenehi ba neng ba tšoarelletse Bokresteng ba pele. Leha ho le joalo, ho hlakile hore bonyane ba bang ba bona ba ne ba leka ho etsa joalo.
Qalong ea lekholo la borobong la lilemo, Mobishopo e moholo Agobard oa Lyons o ile a nyatsa borapeli ba litšoantšo le ho rapela “bahalaleli.”a Modiakone e moholo oa lekholong la bo11 la lilemo, Berengar oa Tours, o ile a khaoloa hobane a ile a belaella hore bohobe le veine tse sebelisoang ’Miseng oa K’hatholike li fetoha ’mele oa sebele le mali a sebele a Jesu.b Lekholo la lilemo hamorao Peter de Bruys le Henry oa Lausanne ba ile ba latola kolobetso ea masea le ho rapela sefapano.c Ka lebaka la ho etsa joalo, Henry a lahleheloa ke tokoloho ea hae; Peter o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae.
“Mahareng a lekholo la bo12 la lilemo litoropo tsa Europe Bophirimela li ne li tletse mekha ea bokoenehi,” ho tlaleha rahistori Will Durant. Sehlopha sa bohlokoahali lihlopheng tsena e ne e le Mawaldenses. Li ile tsa tuma haholo bofelong ba lekholo la bo12 la lilemo tlas’a mohoebi oa Mofora Pierre Valdès (Peter Waldo). Har’a lintho tse ling, ha lia ka tsa lumellana le kereke mabapi le ho rapela Maria, ho ipolela libe ho baprista, ’Misa oa bafu, mangolo a ho tšoarela libe a bapapa, boitlami ba boprista, le ho sebelisa libetsa.d Ka potlako mokhoa ona o ile oa tlala hohle Fora le Italy leboea, hammoho le Flanders, Jeremane, Austria, le Bohemia (Czechoslovakia).
Ho sa le joalo, Engelane, seithuti sa Oxford John Wycliffe, seo hamorao se ileng sa tsejoa e le “naleli ea meso ea Nchafatso sa Lenyesemane,” se ne se nyatsa ‘puso ea borena e sebelisang matla hampe’ ea lekholong la bo14 la lilemo. Ka ho fetolela Bibele eohle Senyesemaneng, eena le metsoalle ea hae ba etsa hore e fumanehe ho baahi bohle ka lekhetlo la pele. Balateli ba Wycliffe ba ne ba bitsoa Malollard. Malollard a ne a ruta pontšeng, a aba lipampitšana le likarolo tse ling tsa Bibele. Boitšoaro bo joalo ba “bokoenehi” ha boa ka ba khotsofatsa kereke.
Likhopolo tsa Wycliffe li ile tsa ata hohle. Bohemia li ile tsa fihla ho Jan Hus (John Huss), morupeli oa Univesithing ea Prague. Hus a belaela ka bohlahlami ba bapapa ’me a latola hore kereke e theiloe holim’a Petrose.e Ka mor’a khang ea ho rekisa mangolo a tšoarelo ea libe, Hus o ile a ahloleloa bokoenehi ’me a chesoa thupeng ka 1415. Ho ea ka thuto ea K’hatholike, mangolo a tšoarelo ea libe ke tokisetso eo ka eona kotlo ea libe e ka bebofatsoang kapa libe tsa tšoareloa ka ho felletseng, ka ho etsa joalo ho fokotsoa nako eo motho utloisoang bohloko ka nakoana le ho hloekisoa pelekatoring kapa pele a kena leholimong.
Mohoo oa nchafatso o ile oa tsoela pele. Girolamo Savonarola, moruti oa Italy oa Dominic oa lekholong la bo15 la lilemo, o ile a tletleba: ‘Bapapa le baeta-pele ba bua khahlanong le boikhohomoso le bophahamo, ’me bona ba qoetse har’a tsona. Ba ruta bohloeki le matla. Ba nahana feela ka lefatše le lintho tsa lefatše; ha ba re letho ka meea.’ Esita le bak’hadinale ba K’hatholike ba bona bothata bona. Ka 1538, tlalehong e eang ho Mopapa Paul III, ba ile ba mo hlokomelisa ka boithati ba kereke, tšebeliso e mpe ea chelete, boahloli, le boitšoaro bo bobe. Empa tsamaiso ea bopapa e hlōlehile ho etsa liphetoho tse hlokahalang, ’me sena se ile sa hlohlelletsa Nchafatso ea Protestanta. Baeta-pele ba pelenyana ba kopanyelletsa Martin Luther, Huldrych Zwingli, le John Calvin.
Luther le ‘Papali ea Likarete ea Lekholong la bo16 la Lilemo’
Ka la 31 Mphalane, 1517, Luther o ile a qholotsa bolumeli ba lefatše ha a ne a hlasela thekiso ea mangolo a tšoarelo ea libe ka ho khokhothela lenane la lintlha tse 95 tsa boipelaetso monyakong oa kereke Wittenberg.
Ho rekisa mangolo a tšoarelo ea libe ho simolohile nakong ea Ntoa ea Bolumeli, ha a ne a nehoa balumeli ba ikemiselitseng ho beha bophelo ba bona kotsing ntoeng e “halalelang.” Hamorao a ile a nehoa batho ba tšehetsang kereke ka chelete. Kapele, mangolo a tšoarelo ea libe a fetoha mokhoa o loketseng oa ho bokella chelete ea ho haha likereke, matlo a baitlami, kapa lipetlele. “Mehaho e tummeng haholo ea Mehla e Bohareng e ile ea tšehetsoa ka chelete ka tsela ena,” ho bolela moprofesa oa histori ea bolumeli Roland Bainton, ’me o ile a bitsa mangolo a tšoarelo ea libe “papali ea likarete ea lekholong la bo16 la lilemo.”
Ka puo ea hae e tobileng eo a ileng a tsejoa ka eona, Luther o ile a botsa: “Haeba mopapa a e-na le matla a ho lokolla mang kapa mang pelekatoring [motheong oa mangolo a tšoarelo ea libe], ke hobane’ng ha ka baka la lerato a sa felise pelekatori ka ho ntša e mong le e mong ho eona?” Ha Luther a ne a koptjoa ho nehelana ka chelete bakeng sa kaho, a araba ka hore mopapa “o ne a tla etsa hantle ha a ka rekisa kereke ea St. Peter’s ’me a nehe mafutsana a qhekelletsoeng ke barekisi ba mangolo a tšoarelo ea libe chelete eo.”
Luther o ile a boela a hlasela khethollo ea Bajode ba K’hatholike, a eletsa: “Ho Bajode ha rea lokela ho sebelisa molao oa mopapa empa molao oa Kreste oa lerato.” Mabapi le ho rapela litšoantšo, o ile a soma: “E mong o bolela hore o ile a hlotha lesiba lepheong la lengeloi Gabriele, ’me Mobishopo oa Mainz o fumane khanya sehlahleng se tukang sa Moshe. ’Me ho tla joang hore baapostola ba 18 ba patiloe Jeremane ha Kreste a ne a e-na le ba 12 feela?”
Kereke e ile ea arabela litlhaselo tsa Luther ka ho mo khaola. ’Musisi oa mohalaleli oa Moroma Charles V, a ikokobelletsa khatello ea mopapa, a thibela Luther ka molao. Sena se ile sa baka mofere-fere hoo ka 1530 Kopano ea Augsburg e ileng ea tšoaroa ho tla buisana ka taba ena. Boiteko ba ho sekisetsa bo ile ba hlōleha, kahoo ho ile ha ntšuoa polelo ea motheo ea tumelo ea Luther. E bitsoa Boipolelo ba Augsburg, e ile ea tšoana le tsebiso ea ho tsoaloa ha kereke ea pele ea Boprotestanta.f
Zwingli le Luther ha ba Lumellane
Zwingli o ile a hatella hore Bibele ke eona feela e khethehileng bakeng sa kereke. Le hoja a ne a khothalitsoe ke mohlala oa Luther, o ile a hana ho bitsoa Moluthere, a bolela hore o ithutile thuto ea Kereke Lentsoeng la Molimo, e seng ho Luther. Ha e le hantle, haa ka a lumellana le Luther litabeng tse ling mabapi le Sejo sa Morena sa Mantsiboea le kamano e loketseng ea Mokreste le babusi ba sechaba.
Banchafatsi bana ba babeli ba ile ba kopana hanngoe, ka 1529, e leng seo buka The Reformation Crisis e se bitsang “tlhōrō ea seboka sa kopano ea bolumeli.” Buka e re: “Banna bana ba babeli ha baa ka ba khaola botsoalle, empa . . . puisanong e ileng ea e-ba teng qetellong ea seboka, e ile ea saeneloa ke bohle ba neng ba nkile karolo, ka masene ba pata boholo ba lekhalo la bona.”
Zwingli o ile a ba le mathata le balateli ba hae. Ka 1525 sehlopha sa ikarola ka ho se lumellane le eena ka taba ea borena ba ’Muso Kerekeng, seo eena a ileng a se lumela empa bona ba se latola. Ba bitsoang Maanabaptist (“mokhoa o buellang ho kolobetsoa habeli”), ba ile ba talima kolobetso ea masea e le tloaelo feela ea bolumeli, ba bolela hore kolobetso e ne e reretsoe balumeli ba baholo feela. Hape ba hanyetsa ho sebelisoa ha libetsa tsa ntoa, esita le tseo ho thoe’ng ke lintoa tsa toka. Ba likete-kete ba ile ba bolaoa ka baka la litumelo tsa bona.
Karolo ea Calvin Nchafatsong
Liithuti tse ngata li talima Calvin e le monchafatsi e moholo. O ile a phehella hore kereke e khutlele melaong ea pele ea Bokreste. Empa leha ho le joalo e ’ngoe ea lithuto tsa hae tsa sehlooho, ho reroa ha bophelo e sa le pele, ke khopotso ea lithuto tsa Greece ea boholo-holo, moo Bastoike ba boletseng hore Zeus o laola lintho tsohle le batho ba tlameha ho itokolla nthong e ke keng ea qojoa. Ka ho hlakileng thuto ena hase ea Bokreste.
Mehleng ea Calvin Maprotestanta a Fora a ile a tsebahala e le Mahuguenot, ’me a ile a hlōrisoa ka sehlōhō. Fora, ho qala ka la 24 Phato, 1572, Thipitlo ea Letsatsi la St. Bartholomew, masole a K’hatholike a ile a bolaea ba likete-kete ba bona, ho qala Paris le ho phunyelletsa le naha. Empa Mahuguenot a ile a boela a sebelisa sabole ’me a ikarabella ka ho bolaea batho ba bangata lintoeng tse mahlo-mafubelu tsa bolumeli ho ea bofelong ba lekholo la bo16 la lilemo. Ka hona ba khetha ho hlokomoloha taelo e fanoeng ke Jesu: “Ratang bao e leng lira ho lōna, le hlohonolofatse ba le rohakang; ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla le ba le hlorisang.”—Mattheu 5:44.
Calvin o beile mohlala, a sebelisa mekhoa ea ho hōlisa lithuto tsa hae tsa bolumeli hoo moruti oa morao oa Maprotestanta Harry Emerson Fosdick a li hlalositseng e le tse hlokang mohau le tse tšosang. Tlas’a molao oa kereke oo Calvin a ileng a o kenya tšebetsong Geneva, batho ba 58 ba ile ba bolaoa ’me ba 76 ba lelekoa nakong ea lilemo tse ’nè; bofelong ba lekholo la bo16 la lilemo, ba ka bang 150 ba ile ba chesoa thupeng. E mong oa batho bana ke Michael Servetus, ngaka ea Spain le moruti, ea ileng a latola thuto ea Boraro-bo-bong, kahoo a fetoha “mokoenehi.” Baeta-pele ba K’hatholike ba chesa setšoantšo se seholo sa hae phatlalatsa; Baprotestata ba nka bohato bo boholoanyane ka ho mo chesa ka sebele thupeng.
Qetellong “Boemo ba Sebele bo Tšosang”
Le hoja ba bang ba ipolela hore ke banchafatsi ba ne ba lumellana le molao-motheo oa Luther, ba ile ba khutlela morao. E mong e ne e le seithuti sa Modutche Desiderius Erasmus. Ka 1516 ea e-ba pula-maliboho ka ho hatisa “Testamente e Ncha” ka Segerike sa pele. “E ne e le monchafatsi, ho fihlela ha Nchafatso e nka boemo ba sebele bo tšosang,” ho bolela buka Edinburgh Review.
Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba tsoela pele ka Nchafatso, ’me Jeremane le Scandinavia, thuto ea Luther ea ata kapele. Ka 1534 Engelane e ile ea ikarola taolong ea mopapa. Scotland, tlas’a Nchafatso ea moeta-pele John Knox, kapele le eona e ile ea latela. Fora le Poland, Boprotestanta bo ile ba ngolisoa ka molao pele ho bofelo ba lekholo la bo16 la lilemo.
E, joalokaha Voltaire a ho hlalositse, “Bolotsana bo bong le bo bong bo lokela ho lokisoa.” Empa Voltaire o ile a eketsa ka mantsoe a loketseng, “Ka ntle leha e-ba tokiso e le kotsi ho feta bolotsana ka bobona.” Ho ananela hamolemo bonnete ba mantsoe ao, tiisa hore u bala sehlooho se latelang “Boprotestanta—Na ke Nchafatso?”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa bopaki ba hore lithuto tsena le mekhoa ena li ne li sa tsejoe ke Bakreste ba pele, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, tlas’a lihlooho “Tlhahlamano ea Baapostola,” “Kolobetso,” “Ho Ipolela,” “Sefapano,” “Phello e sa Qojoeng,” “Litšoantšo,” “Maria,” “’Misa,” “Ho se Nke Lehlakore,” le “Bahalaleli.”
b Bakeng sa bopaki ba hore lithuto tsena le mekhoa ena li ne li sa tsejoe ke Bakreste ba pele, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, tlas’a lihlooho “Tlhahlamano ea Baapostola,” “Kolobetso,” “Ho Ipolela,” “Sefapano,” “Phello e sa Qojoeng,” “Litšoantšo,” “Maria,” “’Misa,” “Ho se Nke Lehlakore,” le “Bahalaleli.”
c Bakeng sa bopaki ba hore lithuto tsena le mekhoa ena li ne li sa tsejoe ke Bakreste ba pele, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, tlas’a lihlooho “Tlhahlamano ea Baapostola,” “Kolobetso,” “Ho Ipolela,” “Sefapano,” “Phello e sa Qojoeng,” “Litšoantšo,” “Maria,” “’Misa,” “Ho se Nke Lehlakore,” le “Bahalaleli.”
d Bakeng sa bopaki ba hore lithuto tsena le mekhoa ena li ne li sa tsejoe ke Bakreste ba pele, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, tlas’a lihlooho “Tlhahlamano ea Baapostola,” “Kolobetso,” “Ho Ipolela,” “Sefapano,” “Phello e sa Qojoeng,” “Litšoantšo,” “Maria,” “’Misa,” “Ho se Nke Lehlakore,” le “Bahalaleli.”
e Bakeng sa bopaki ba hore lithuto tsena le mekhoa ena li ne li sa tsejoe ke Bakreste ba pele, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, tlas’a lihlooho “Tlhahlamano ea Baapostola,” “Kolobetso,” “Ho Ipolela,” “Sefapano,” “Phello e sa Qojoeng,” “Litšoantšo,” “Maria,” “’Misa,” “Ho se Nke Lehlakore,” le “Bahalaleli.”
f Habohlokoa, lentsoe “Protestanta” le ile la sebelisoa ka lekhetlo la pele ka 1529 Kopanong ea Speyer ho balateli ba Luther, ba ileng ba hanyetsa puso e neng e fana ka tokoloho e khōloanyane ea bolumeli ho Mak’hatholike ho feta bona.