Khaolo 13
Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Ho Batla ho Ile ha Leba ka Lehlakoreng le Lecha
1, 2. (a) Buka e ’ngoe ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e hlalosa Kereke ea Roma e K’hatholike ea Mehleng e Bohareng joang? (b) Ho botsoa lipotso life mabapi le boemo ba Kereke ea Roma?
“TLOKOTSI ea sebele ea kereke ea Mehleng e Bohareng ke hore e ile ea hlōleha ho khema le linako. . . . Ho e-na le hore e tsoele pele, ho e-na le hore e etelle pele moeeng, e ile ea tetebela ’me boitšoaro ba eona bo ile ba oa le ho senyeha lithong tsohle tsa eona.” Ke ka moo buka The Story of the Reformation e bolelang ka Kereke e matla ea Roma e K’hatholike, e neng e ile ea busa boholo ba Europe ho tloha lekholong la lilemo la bo5 ho isa lekholong la lilemo la bo15 C.E.
2 Kereke ea Roma e ile ea oa joang boemong ba eona ba ho ba matla ’ohle hore e fetohe e ‘boitšoaro bo oeleng le e senyehileng’? Bo-mopapa, ba neng ba ipolela hore ba hlahlama baapostola, ba ile ba hlōleha joang hore ba fane leha e se e le ka “ketello pele ea moea” feela? ’Me phello ea ho hlōleha hona e bile efe? Ho fumana likarabo, ho hlokahala hore re hlahlobe ka bokhutšoanyane feela hore na kereke ena e ne e fetohile ea mofuta ofe le hore na ke karolo efe eo e ileng ea e phetha ha moloko oa batho o ntse o batla Molimo oa ’nete.
Kereke Boemong bo Tlaase Haholo
3. (a) Boemo ba maruo a bonahalang ba Kereke ea Roma e ne e le bofe qetellong ea lekholo la lilemo la bo15? (b) Kereke e ile ea leka joang ho boloka boholo ba eona?
3 Qetellong ea lekholo la lilemo la bo15, Kereke ea Roma, ka lipharishe, libaka tsa baitlami ba banna, le baitlami ba basali ba eona hohle moo e neng e busa teng, e ne e fetohile morui e moholohali oa litša Europe kaofela. Ho ile ha tlalehoa hore France le Jeremane litša tseo e neng e e-na le tsona li ne li etsa halofo ea linaha tseo naheng ka ’ngoe ’me Sweden le England e ne e e-na le hoo e ka bang likarolo tse peli ho tse hlano kapa ho feta. Phello ea e-ba efe? Buka A History of Civilization e bolela hore, “botle ba Roma bo ile ba hōla haholo qetellong ea bo-1400 le mathoasong a bo-1500, ’me ka nakoana lipolotiki tsa eona li ile tsa atleha hore e be tsa bohlokoa.” Leha ho le joalo, boholo bona bohle ha boa tla feela, ’me ho bo boloka, bo-mopapa ba ile ba lokela ho fumana mehloli e mecha ea chelete. Ha a hlalosa mekhoa e fapa-fapaneng e ileng ea sebelisoa, rahistori Will Durant o ile a ngola:
“E mong le e mong ea neng a khetheloa boruti o ne a hlokoa hore a lefe Lekhotla la Puso la Mopapa halofo ea chelete eo a e fumanang setulong sa hae ka selemo sa pele, ’me ka morao ho moo selemo le selemo o ne a ntša karolo ea leshome. Mobishopo e moholo e mocha o ne a lokela ho lefa mopapa chelete e ngata bakeng sa lebanta le entsoeng ka boea bo bosoeu ba nku le neng le sebeletsa e le tiiso le letšoao la matla a hae. Ha ho shoele mok’hadinale, mobishopo e moholo, mobishopo, kapa mookameli oa baitlami, thepa ea hae ea botho e ne e oela ho mopapa. . . . Kahlolo e ’ngoe le e ’ngoe kapa mohau e neng e fumanoa ho tsoa Lekhotleng la Puso la Mopapa e ne e lokela ho ntšetsoa mpho ha e fumanoe, ’me kahlolo eo ka linako tse ling e ne e itšetleha ka hore na mpho e tla ba kae.”
4. Maruo a neng a kena ka kerekeng a ile a ama bo-mopapa joang?
4 Lichelete tse ngata tse neng li tšolohela lipolokelong tsa matlotlo tsa mopapa selemo le selemo qetellong li ile tsa baka tšebeliso e mpe haholo le tšenyeho e khōlō. Ho ’nile ha boleloa hore ‘le mopapa o batla ho hlatsuoa matsoho,’ ’me historing ea kereke ea nakong ena ho ile ha bonahala seo rahistori e mong a ileng a se bitsa “letoto la bo-mopapa ba tletseng bolefatše haholo.” Bana ba ne ba akarelletsa Sixtus IV (mopapa, 1471-84), ea ileng a sebelisa lichelete tse ngata haholo ho haha Ntlo ea Thapelo ea Sistine, e neng e rehelletsoe ka eena, le ho ruisa bana ba bangata ba banab’abo; Alexander VI (mopapa, 1492-1503), Rodrigo Borgia ea neng a tumme hampe, ea ileng a lumela phatlalatsa bana ba hae ba matšeo le ho ba hōlisa; le Julius II (mopapa, 1503-13), mochana oa Sixtus IV, ea neng a inehetse haholo lintoeng, lipolotiking, le mesebetsing ea matsoho ho feta mesebetsing ea hae ea boruti. E bile ka toka setsebi sa Ledache sa Mok’hatholike Erasmus se ileng sa ngola ka 1518: “Ho hloka lihlong ha Lekhotla la Puso la Mopapa la Roma ho fihlile tlhorong ea hona.”
5. Litlaleho tsa nakong eo li ile tsa bontša eng mabapi le boitšoaro ba baruti?
5 Tšenyeho le ho hloka boitšoaro li ne li sa felle feela ho bo-mopapa. Polelo e neng e tloaelehile nakong eo e ne e le hore: “Haeba u batla ho senya mora oa hao, u mo etse moprista.” Sena se tšehetsoa ke litlaleho tsa nakong eo. Ho latela Durant, England, har’a “liqoso tsa ho hloka boitšoaro [likamanong tsa botona le botšehali] tse ileng tsa kenngoa ka 1499, . . . hoo e ka bang karolo ea 23 lekholong ho tsona kaofela e ne e le tse amang baqosuoa ba baruti, le hoja mohlomong baruti ba ne ba le ka tlaase ho karolo ea 2 lekholong ea baahi. Baprista ba bang bao ho neng ho ipoleloa ho bona ba ile ba kōpa ho ba le likamano tsa botona le botšehali le basali ba neng ba tlile maipolelong. Baprista ba likete ba ne ba e-na le linyatsi; Jeremane e ne e batla e le bona kaofela.” (Bontša phapang le 1 Ba-Korinthe 6:9-11; Ba-Efese 5:5.) Liphoso tsa boitšoaro li ile tsa kenella le libakeng tse ling. Ho boleloa hore Lespanishe le leng la nakong eo le ile la ipelaetsa: “Kea bona hore ha ho letho leo re ka le fumanang ntle ho chelete ho basebeletsi ba Kreste; kolobetsong chelete . . . lenyalong chelete, maipolelong chelete—che, ha ho tlotso ea ho qetela e ka etsoang ntle ho chelete! Ba ke ke ba letsa litšepe ntle ho chelete, ha ho phupu e ka etsetsoang kerekeng ntle ho chelete; hoo ho bonahalang eka Paradeise e koaletsoe ba se nang chelete.”—Bontša phapang le 1 Timothea 6:10.
6. Machiavelli o ile a hlalosa Kereke ea Roma joang? (Ba-Roma 2:21-24)
6 Ho akaretsa boemo ba Kereke ea Roma qalong ea lekholo la lilemo la bo16, re qotsa mantsoe a Machiavelli, rafilosofi ea tsebisahalang oa Motaliana oa nakong eo:
“Hoja bolumeli ba Bokreste bo ne bo ile ba bolokoa ho latela melao ea Mothei oa bona, mebuso le linaha tsa Bokreste-’mōtoana e ka be e bile e momahaneng le e thabileng ho feta kamoo e leng ka teng. Leha e le hore ho ka ba le bopaki bo boholoanyane ba boitšoaro bo oeleng ba eona ho feta ’nete ea hore ha batho ba le haufi haholoanyane le Kereke ea Roma, hlooho ea bolumeli ba bona, tšekamelo ea bona bolumeling ea fokola.”
Boiteko ba Pele ba ho Etsa Liphetoho
7. Ke boiteko bofe bo fokolang bo ileng ba etsoa ke kereke ho sebetsa e ’ngoe ea tlatlapo eo?
7 Tlokotsi e ka kerekeng ha ea ka ea hlokomeloa feela ke banna ba kang Erasmus le Machiavelli empa e ile ea hlokomeloa le ke kereke ka boeona. Liboka tsa kereke li ne li tšoaroa ho sebetsa tse ling tsa lipelaelo le tlatlapo, empa hoo ha hoa ka ha hlahisa liphello tsa nako e telele. Bo-mopapa, ba iketlile moathameleng oa matla le khanya tseo ba neng ba e-na le tsona, ba ile ba fokolisa boiteko leha e le bofe ba ho etsa liphetoho.
8. Phello ea hore kereke e tlohelle lintho bohlasoa ka mokhoa o tsoetseng pele e bile efe?
8 Hoja kereke e ne e ile ea nka lintho ka botebo ho tlosa lintho tse sa hlokahaleng, mohlomong ho ka be ho sa ka ha hlokahala Phetoho e Khōlō ea Bolumeli. Empa, kamoo ho bileng ka teng, seboko sa hore ho etsoe liphetoho se ile sa qala ho utloahala ho tsoa ka hare le ka ntle ho kereke. Khaolong ea 11 re se re boletse Mawaldense le Maalbigense. Le hoja ba ile ba nyatsoa ka hore ke bakhelohi ’me ba hatakeloa ka sehlōhō, ba ne ba tsositse ka ho batho ho se khotsofale ka lebaka la tlatlapo ea baruti ba K’hatholike ’me kahoo ba tsositse takatso ea hore ho khutleloe Bibeleng. Maikutlo a joalo a ile a bontšoa ka palo ea Baeta-pele ba pele ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli.
Lipelaelo Tse Tsoang ka Hare ho Kereke
9. John Wycliffe e ne e le mang, ’me o ile a bolela khahlanong le eng?
9 John Wycliffe (1330?-84), eo hangata ho buuoang ka eena e le “naleli ea meso ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli,” e ne e le moprista oa K’hatholike le moprofesa oa thuto ea bolumeli Oxford, England. A hlokometse hantle tlatlapo ea kereke, o ile a ngola a ba a bolela khahlanong le litaba tse kang ho silafala mabothong a baitlami, makhetho a etsoang ke bo-mopapa, thuto ea hore bohobe le veine tse sebelisoang ’Miseng e hlile ke ’mele le mali tsa Jesu Kreste, maipolelo, le ho kena-kenana ha kereke le litaba tsa lefatše.
10. Wycliffe o ile a bontša joang boinehelo ba hae Bibeleng?
10 Wycliffe o hlile a bua pepenene haholo tabeng ea ho se tsotelle ha kereke ho ruta Bibele. Ka lekhetlo le leng o ile a bolela: “E ne e le takatso ea Molimo hore kereke e ’ngoe le e ’ngoe ea pharishe naheng ena e be le Bibele e ntle le litlhaloso tse ntle tsa molaetsa o molemo, le hore baprista ba ithute tsona hantle, le hore ba rute batho kannete molaetsa o molemo le litaelo tsa Molimo!” Ho finyella sena, Wycliffe, lilemong tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, o ile a ipha mosebetsi o boima oa ho fetolela Bibele ea Vulgate ea Selatine ka Senyesemane. Ka thuso ea bo-mphato’a hae, haholo-holo Nicholas oa Hereford, o ile a hlahisa Bibele ea pele e felletseng ka puo ea Senyesemane. Ha ho pelaelo hore sena e bile tlatsetso e khōlō ka ho fetisisa ea Wycliffe ho batleng Molimo ha moloko oa batho.
11. (a) Balateli ba Wycliffe ba ile ba khona ho finyella eng? (b) Ho ile ha etsahala eng ka Malollard?
11 Lingoliloeng tsa Wycliffe le likarolo tsa Bibele li ile tsa abjoa hohle England ke sehlopha sa baboleli bao hangata ba neng ba bitsoa “Baprista ba Mafutsana” hobane ba ne ba tsamaea ba apere liaparo tsa theko e tlaase, ba sa roala lieta, ba bile ba se na matlotlo a bonahalang. Hape ba ne ba nyelisoa ka ho bitsoa Malollard, ho tsoa lentsoeng la Sedache se Bohareng Lollaerd, kapa “ea hoeleketsang lithapelo kapa lifela.” (Brewer’s Dictionary of Phrase and Fable) Buka The Lollards e re: “Ka lilemo tse seng kae, lenane la bona le ne le phahame haholo. Ho ile ha fumaneha hore bonyane karolo ea bone ea sechaba ka sebele kapa ka mokhoa o itekanetseng e ne e sekametse maikutlong ana.” Sena sohle, joalokaha ho ka lebelloa, ha sea ka sa fapoha tlhokomelo ea kereke. Ka lebaka la ho rateha ha hae har’a lihlopha tsa babusi le barutehi, Wycliffe o ile a lumelloa hore a shoe ka khotso ka letsatsi la ho qetela la 1384. Balateli ba hae ha baa ka ba ba lehlohonolo joaloka eena. Nakong ea puso ea Henry IV oa England, ba ile ba tšoauoa hore ke bakhelohi, ’me ba bangata ba bona ba kenngoa litlamong, ba hlorisoa, kapa ba chesoa ho isa lefung.
12. Jan Hus e ne e le mang, ’me o ile a bolela khahlanong le eng?
12 Ea ileng a susumetsoa ka matla ke John Wycliffe e bile Jan Hus (1369?-1415) oa Bohemia (Czechoslovakia), le eena e ne e le moprista oa K’hatholike le motsamaisi oa Univesithi ea Prague. Joaloka Wycliffe, Hus o ile a bolela khahlanong le ho silafala ha Kereke ea Roma ’me a hatisa bohlokoa ba ho bala Bibele. Hona ka potlako ho ile ha mo tlisetsa khalefo ea baruti ba busang ba kereke. Ka 1403 ba boholong ba ile ba mo laela hore a khaotse ho bolela maikutlo a hae a loantšanang le bo-mopapa a Wycliffe, eo libuka tsa hae le tsona ba ileng ba li chesa phatlalatsa. Leha ho le joalo, Hus o ile a tsoela pele ho ngola tse ling tsa liqoso tse bohale ka ho fetisisa khahlanong le mekhoa ea kereke, e neng e akarelletsa ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo a neng a ntšoa ke mopapa bakeng sa libe. O ile a tsuoa ’me a khaoloa kerekeng ka 1410.
13. (a) Hus o ile a ruta hore kereke ea ’nete e ne e le eng? (b) Phello ea ho tiea ha Hus e bile efe?
13 Hus o ne a sa sekisetse ho tšehetseng ha hae Bibele. O ile a ngola, “Ho fetohela mopapa ea fosang ke ho utloa Kreste.” Hape o ile a ruta hore kereke ea ’nete, ho e-na le hore e be mopapa le tsamaiso ea Roma, “ke lenane la bakhethoa bohle le ’mele oa mohlolo oa Kreste, leo Kreste e leng hlooho ea lona; le monyaluoa oa Kreste, eo ka lerato la hae le leholo a mo lopollotseng ka mali a hae.” (Bapisa le Ba-Efese 1:22, 23; 5:25-27.) Bakeng sa sena sohle, o ile a ng̀osoa Sebokeng sa Constance ’me a tsuoa ka hore ke mokhelohi. A bolela hore “ho molemo ho shoa hantle ho e-na le ho phelela bobe,” o ile a hana ho hula mantsoe a hae ’me o ile a chesoa ho fihlela a e-shoa thupeng ka 1415. Seboka sona seo se ile sa boela sa laela hore masapo a Wycliffe a epolloe ’me a chesoe le hoja a ne a se a e-na le lilemo tse 30 a ile a shoa a ba a epeloa!
14. (a) Girolamo Savonarola e ne e le mang? (b) Savonarola o ile a leka ho etsa eng, ’me phello ea e-ba efe?
14 Moeta-pele e mong oa pele oa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ne e le moitlami oa Dominic Girolamo Savonarola (1452-98) oa sebaka sa boitlami sa San Marcos se Florence, Italy. A nkiloe ke moea oa Tsosoloso oa Italy, Savonarola o ile a bua pepenene khahlanong le ho silafala ho ka Kerekeng le ka hare ho Naha. A bolela hore motheo ke Mangolo, hammoho le lipono, le litšenolo tseo a neng a re o li fumane, o ile a batla ho thea ’muso oa Bokreste, kapa taolo ea puso ea Molimo. Ka 1497 mopapa o ile a mo khaola kerekeng. Ka selemo se latelang, o ile a tšoaroa, a hlorisoa, le ho fanyehoa. Mantsoe a hae a ho qetela e bile hore: “Morena oa ka o shoetse libe tsa ka; na ’na ka thabo nke ke ka mo neha bophelo bona bo se nang thuso?” Setopo sa hae se ile sa chesoa ’me molora oa sona oa akheloa nōkeng ea Arno. Ka ho loketseng, Savonarola o ile a ipitsa “selelekela le sehlabelo.” Lilemo tse seng kae hamorao, Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ile ea hlaha ka sekhahla hohle Europe.
Ntlo e Arohaneng
15. Bokreste-’mōtoana bo ile ba arohanngoa joang ke bohato ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Europe Bophirima?
15 Ha sefefo sa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli se qetella se phatlohile, se ile sa thumakanya ntlo ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana Europe-Bophirima. Kaha bo ne bo ile ba e-ba tlas’a puso e felletseng ea Kereke ea Roma e K’hatholike, bo ile ba fetoha ntlo e arohaneng. Europe Boroa—Italy, Spain, Austria, le likarolo tsa France—boholo ba tsona li ile tsa sala e le tsa K’hatholike. Karolo e saletseng e ile ea oela likarolong tse tharo tse khōlō: Boluthere Jeremane le Scandinavia; Bocalvin (kapa e Fetotsoeng) Switzerland, Netherlands, Scotland, le likarolo tsa France; le Chache England. Lihlopha tse nyenyane tse sefuthu haholo li ne li qhalakane ka hare ho tsena, sa pele e le sa Maanabaptist ’me hamorao Mamenno, Mahuttere, le Mapuritan, tseo hamorao li ileng tsa nka litumelo tsa tsona ho li isa Amerika Leboea.
16. Qetellong, ho ile ha etsahala joang ka ntlo ea Bokreste-’mōtoana? (Mareka 3:25)
16 Ho theosa le lilemo, likarolo tsena tse khōlō li ’nile tsa tsekoloha ho ea pele ho ba lihlotšoana tse makholo-kholo, tsa kajeno—Mapresbiteriene, Maepiscopal, Mamethodiste, Mabaptist, Macongregational, ha re bolela tse seng kae. Ka sebele Bokreste-’mōtoana bo ile ba fetoha ntlo e arohaneng. Likarohano tsee li ile tsa qala joang?
Luther le Litšisinyo Tsa Hae
17. Ho ka thoe ke hokae moo ka molao Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea Boprostanta e ileng ea qala teng?
17 Haeba ho ne ho ka boleloa hore na Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea Boprostanta e ile ea qala ho lomahanya meno neng, e ka ba ka la 31 Mphalane, 1517, ha moitlami oa lebotho la Augustine Martin Luther (1483-1546) a khokhothela litšisinyo tsa hae tse 95 monyakong oa mehaho e sirelelitsoeng ea kereke ea Wittenberg seterekeng sa Jeremane sa Saxony. Leha ho le joalo, ke eng e ileng ea susumetsa ketsahalo ee e khōlō? Martin Luther e ne e le mang? Hona o ne a ipelaetsa khahlanong le eng?
18. (a) Martin Luther e ne e le mang? (b) Ke eng se ileng sa susumetsa Luther ho ntša litšisinyo tsa hae?
18 Ho tšoana le Wycliffe le Hus pele ho eena, Martin Luther o ne a ithutela boitlami. Hape e ne e le setsebi sa thuto ea bolumeli le moprofesa oa lithuto tsa Bibele Univesithing ea Wittenberg. Luther o ile a iketsetsa lebitso le leholo ka temoho ea hae Bibeleng. Le hoja a ne a e-na le maikutlo a matla ka taba ea pholoho, kapa ho lokafatsoa, ka tumelo ho e-na le ka mesebetsi, kapa pako, o ne a sa nahane letho ka ho ikarola Kerekeng ea Roma. Haele hantle, ho ntša ha hae litšisinyo tsa hae e ne e le karabelo ea hae ketsahalong e tobileng ’me e ne e se bofetoheli bo reriloeng. O ne a ipelaetsa ka ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo.
19. Mehleng ea Luther, mangolo a tšoarelo a ne a sebelisoa hampe joang?
19 Mehleng ea Luther, mangolo a tšoarelo a ne a sa rekisoe phatlalatsa feela bakeng sa ba phelang empa hape le bakeng sa ba shoeleng. Ho ne ho tloaelehile ho bolela hore, “Hang feela ha chelete ea tšepe e lla ka lebokoseng la polokelo ea letlotlo, moea o ka Pelekatoring oa tlōla.” Ho batho feela, lengolo la tšoarelo le ile la fetoha hoo e kang lengolo la tiiso ea ho se fumane kotlo bakeng sa libe leha e le life, ’me pako e ile ea felloa ke mosebetsi. Erasmus o ile a ngola, “Tšoarelo ea kotlo ea pelekatori e rekisoa hohle; le hona ha e rekisoe feela, empa e qobelloa ba e hanang.”
20. (a) Ke hobane’ng ha John Tetzel a ile a ea Jüterbog? (b) Luther o ile a arabela joang thekisong ea Tetzel ea mangolo a tšoarelo?
20 Ka 1517 John Tetzel, forere oa Dominic, o ile a ea Jüterbog, haufi le Wittenberg, ho ea rekisa mangolo a tšoarelo. Karolo e ’ngoe ea chelete e ileng ea fumanoa moo e ne e tla lefella ho nchafatsoa ha Basilica ea Mohalaleli Petrose e Roma. Hape e ne e tla thusa Albert Brandenburg ho lefa chelete eo a neng a e alimile ho lefa Lekhotla la Puso la Mopapa la Roma bakeng sa setulo sa bobishopo bo boholo ba Mainz. Tetzel o ile a sebelisa tsebo eohle ea hae ea ho rekisa, ’me batho ba khobokana ho eena. Luther o ile a halefa, ’me a sebelisa mokhoa o potlakileng ka ho fetisisa o teng ho hlalosa phatlalatsa maikutlo a hae tabeng ena ea mokhopi ona o lerata—ka ho khokhothela monyakong oa kereke lintlha tse 95 tseo ho ka fapanyetsanoang maikutlo ka tsona.
21. Luther o ile a sebelisa khang efe khahlanong le ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo?
21 Luther o ile a bitsa litšisinyo tsa hae tse 95 Disputation for Clarification of the Power of Indulgences [Khang ea ho Hlakisa Matla a Mangolo a Tšoarelo]. Morero oa hae e ne e se hakaalo ho qholotsa matla a kereke e ne e mpa e le feela ho supa ho fetella le tlatlapo mabapi le ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe a mopapa. Sena se ka bonoa litšisinyong tse latelang:
“5. Mopapa ha a na takatso kapa matla a ho tšoarela likotlo leha e le life, ntle ho tseo a li beileng ka matla a hae. . . .
20. Ka baka leo mopapa, ha a bua ka tšoarelo e felletseng ea likotlo tsohle, ha a hlile ha a bolele tsohle, empa feela tseo a li beileng ka boeena. . . .
36. Mokreste e mong le e mong ea ikutloang a longoa ke letsoalo kannete o na le tokelo ea tšoarelo e felletseng kotlong le molatong le ka ntle ho mangolo a tšoarelo.”
22. (a) Ho ile ha hlaha eng ha molaetsa oa Luther o nama? (b) Ho ile ha etsahala eng ka 1520 e ileng ea ama Luther, ’me phello e bile efe?
22 Ka thuso ea mechine ea khatiso e neng e sa tsoa qaptjoa, maikutlo ana a bohale ha aa ka a nka nako pele a fihla likarolong tse ling tsa Jeremane—le Roma. Se qalileng e le ho fapanyetsana maikutlo ho fokolang ka ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ka potlako se ile sa fetoha khang ka litaba tsa tumelo le matla a mopapa. Qalong, Kereke ea Roma e ile ea kena lipuisanong tsa ho fapanyetsana maikutlo le Luther ’me ea mo laela hore a hule mantsoe a hae. Ha Luther a hana, ba busang ka kerekeng le lipolotiking ba ile ba mo etsa ka matla. Ka 1520 mopapa o ile a ntša lengolo le tiisitsoeng ka setempe sa mopapa, le neng le thibela Luther ho bolela le ho laela hore libuka tsa hae li chesoe. Ho nyelisa seo Luther o ile a chesa lengolo la mopapa phatlalatsa. Mopapa o ile a mo khaola kerekeng ka 1521.
23. (a) Seboka sa Worms e ne e le eng? (b) Luther o ile a bolela boemo ba hae joang Worms, ’me phello ea e-ba efe?
23 Hamorao selemong seo, Luther o ile a biletsoa sebokeng, kapa kopanong, Worms. O ile a ng̀osoa ka pel’a moemphera oa ’Muso o Halalelang oa Roma, Charles V, Mok’hatholike ea sa thekeseleng, hammoho le mahosana a tšeletseng a litereke tsa Jeremane, le baeta-pele ba bang le bahlomphehi, ba bolumeli le ba lefatše. Ha a hatelloa hape hore a hule mantsoe a hae, Luther o ile a etsa polelo ea hae e tsebisahalang: “Ntle leha nka ahloloa ka Lengolo le ka mabaka a hlakileng . . . , kea sitoa ’me nke ke ka hula letho mantsoeng a ka, hobane ho hanana le letsoalo ha hoa nepahala e bile ha ho hotle. Molimo o nthuse. Amen.” Ka baka leo, moemphera o ile a phatlalatsa hore Luther ha a sa le tlas’a tšireletso ea molao. Leha ho le joalo, ’musi oa setereke sa habo sa Jeremane, Khosana Frederick oa Saxony, o ile a mo phallela ’me a mo nea tšireletso mehahong e sirelelitsoeng ea Wartburg.
24. Luther o ile a khona ho etsa eng ha a ntse a le mehahong e sirelelitsoeng ea Wartburg?
24 Leha ho le joalo, mehato ena e ile ea hlōleha ho theola ho ata ha maikutlo a Luther. Ka likhoeli tse leshome tšireletsong ea Wartburg, Luther o ile a inehela ho ngoleng le ho fetoleleng Bibele. O ile a fetolela Mangolo a Segerike Sejeremaneng ho tsoa libukeng tsa Segerike tsa Erasmus. Mangolo a Seheberu a ile a latela hamorao. Ho ile ha etsahala hore Bibele ea Luther e be sona seo batho feela ba neng ba se hloka. Ho ile ha tlalehoa hore “likopi tse likete tse hlano li ile tsa rekisoa ka likhoeli tse peli, tse makholo a mabeli a likete ka lilemo tse leshome le metso e ’meli.” Tšusumetso ea eona puong le meetlong tsa Sejeremane hangata e bapisoa le ea King James Version ho Manyesemane.
25. (a) Lentsoe Boprostanta le ile la qaptjoa joang? (b) Phatlalatso ea Tumelo ea Augsburg e ne e le eng?
25 Lilemong tsa ka morao ho Seboka sa Worms, khato ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ile ea tšehetsoa ka mokhoa o matla hoo ka 1526 moemphera a ileng a neha setereke se seng le se seng sa Jeremane tokelo ea ho khetha mofuta oa sona oa bolumeli, Boluthere kapa Boroma bo K’hatholike. Leha ho le joalo, ka 1529, ha moemphera a etsolla qeto ena, mahosana a mang a Jeremane a ile a ipelaetsa; ke ka baka leo ho ileng ha hlaha lebitso Moprostanta (Moipelaetsi) bakeng sa khato ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli. Ka selemo se hlahlamang, 1530, Sebokeng sa Augsburg, moemphera o ile a etsa boiteko ba ho lokisa liphapang pakeng tsa mekha ena e ’meli. Maluthere a ile a hlahisa litumelo tsa oona ka tokomane, Phatlalatso ea Tumelo ea Augsburg, e neng e qapiloe ke Philipp Melanchthon empa e theiloe lithutong tsa Luther. Le hoja tokomane ena e ne e tletse botsoalle mantsoeng a eona, Kereke ea Roma e ile ea e hana, ’me lekhalo pakeng tsa Baprostanta le Mak’hatholike la fetoha le sa koaleheng. Litereke tse ngata tsa Jeremane li ile tsa ema le Luther, ’me litereke tsa Scandinavia tsa li latela ka potlako.
Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Kapa Bofetoheli?
26. Ho latela Luther, lintlha tsa sehlooho tse neng li arola Boprostanta le Bok’hatholike e ne e le life?
26 Lintlha tsa sehlooho tse ileng tsa arola Baprostanta ho Maroma a K’hatholike e ne e le life? Ho latela Luther, li ne li le tharo. Ea pele, Luther o ne a lumela hore pholoho e tla ka “ho lokafatsoa ka tumelo feela” (sola fide, ka Selatine)a e seng ka tšoarelo ea moprista kapa ka mesebetsi ea pako. Ea bobeli, o ile a ruta hore tšoarelo e fanoa feela ka lebaka la mohau (sola gratia) oa Molimo e seng ka lebaka la matla a baprista kapa bo-mopapa. Ea ho qetela, Luther o ile a phea khang hore litaba tsohle tsa thuto li lokela ho tiisoa ka Lengolo feela (sola scriptura) e seng ke bo-mopapa kapa liboka tsa kereke.
a Luther o ne a tsitlalletse ka matla khopolong ea “ho lokafatsoa ka tumelo feela” hoo phetolelong ea hae ea Bibele, a ileng a eketsa lentsoe “feela” ho Ba-Roma 3:28. Hape o ne a sa khotsofala ke buka ea Jakobo ka polelo ea eona ea hore ‘tumelo e se nang mesebetsi e shoele.’ (Jakobo 2:17, 26) O ile a hlōleha ho hlokomela hore ho Baroma, Pauluse o ne a bua ka mesebetsi ea Molao oa Sejode.—Ba-Roma 3:19, 20, 28.
27. (a) Ke lithuto life tsa K’hatholike le mekhoa tseo e seng tsa Mangolo tse ileng tsa bolokoa ke Baprostanta? (b) Baprostanta ba ile ba batla liphetoho life?
27 Ho sa tsotellehe sena, The Catholic Encyclopedia e bolela hore Luther “o ile a boloka litumelo tse ngata tsa boholo-holo le litšebeletso kamoo a ileng a bona ho loketse ponong ea hae e khethehileng ka sebe le tokafatso.” Phatlalatso ea Tumelo ea Augsburg e bolela sena mabapi le tumelo ea Maluthere, “ha ho letho le hananang le Mangolo, kapa Kereke ka Kakaretso, kapa le eona Kereke ea Roma, kamoo Kereke eo e tsejoang ke lingoli.” Haele hantle, tumelo ea Maluthere, joalokaha e thathamisitsoe ho Phatlalatso ea Tumelo ea Augsburg, e ne e akarelletsa lithuto tseo e seng tsa Mangolo tse kang Boraro-bo-bong, hore moea ha o shoe, le tlhokofatso ea ka ho sa feleng, hammoho le mekhoa e kang kolobetso ea masea le matsatsi a phomolo a kereke le mekete. Ka lehlakoreng le leng, Maluthere a ne a batla liphetoho tse itseng, tse kang hore batho ba lumelloe ho amohela veine le bohobe ’Miseng le hore ho se nyale ha baprista, likano tsa boitlami, le maipolelo a qobelloang li felisoe.
28. Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ile ea atleha ho eng, ’me ea hlōleha ho eng?
28 Ka kakaretso, Phetoho e Khōlō ea Bolumeli, joalokaha e ne e buelloa ke Luther le balateli ba hae, e ile ea atleha ho roba joko ea mopapa. Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a boletse ho Johanne 4:24, “Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” Ho ka boleloa hore ka Martin Luther, ho batla Molimo oa ’nete ha moloko oa batho ho mpile ha leba lehlakoreng le lecha feela; tsela e tšesaane ea ’nete e ne e sa ntsane e le hōle haholo.—Mattheu 7:13, 14; Johanne 8:31, 32.
Liphetoho tsa Zwingli Switzerland
29. (a) Ulrich Zwingli e ne e le mang, ’me o ile a bolela khahlanong le eng? (b) Liphetoho tsa Zwingli li ne li fapane joang le tsa Luther?
29 Ha Luther a ntse a tšoarehile a loana le manģosa a mopapa le ba boholong pusong Jeremane, moprista e mong oa Mok’hatholike Ulrich Zwingli (1484-1531) o ile a qala bohato ba hae ba liphetoho Zurich, Switzerland. Karolo eo e le e buang Sejeremane, batho ba ne ba se ntse ba anngoe ke leqhubu la liphetoho le tsoang ka leboea. Hoo e ka bang ka 1519, Zwingli o ile a qala ho bolela khahlanong le mangolo a tšoarelo, Tlhompho e Fetelletseng ea Maria, ho se nyale ha baprista, le lithuto tse ling tsa Kereke e K’hatholike. Le hoja Zwingli a ile a bolela hore ha aa itšetleha ka Luther, o ile a lumellana le Luther libakeng tse ngata le ho aba lipampitšana tsa Luther hohle ka hare ho naha. Leha ho le joalo, ho fapana le Luther ea neng a batla a khomaretse neano haholoanyane, Zwingli o ile a buella ho tlosoa ha mesaletsa eohle ea Kereke ea Roma—litšoantšo, litšoantšo tsa Jesu sefapanong, liaparo tsa baruti, esita le ’mino oa litšebeletso.
30. Khang ea sehlooho e neng e arola Zwingli le Luther e ne e le efe?
30 Leha ho le joalo, khang e tebileng haholoanyane pakeng tsa Baeta-pele bana ba babeli ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ne e le tsekong ea Eucharist, kapa ’Misa (Sakaramente). Luther, a tsitlella tlhalosong ea sebele ea mantsoe a Jesu, “Hona ke ’mele oa ka,” o ne a lumela hore ’mele le mali tsa Kreste li ne li le teng ka mohlolo bohobeng le veineng tse sebelisoang Sakaramenteng. Zwingli, ka lehlakoreng le leng, o ile a phea khang, tlhalosong ea hae e ngotsoeng On the Lord’s Supper, hore polelo ea Jesu “e tlameha ho nkoa ka tšoantšetso; ‘Hona ke ’mele oa ka,’ ho bolela, ‘Bohobe bo tšoantšetsa ’mele oa ka,’ kapa ‘ke setšoantšo sa ’mele oa ka.’” Ka lebaka la phapang ena, baeta-pele bana ba babeli ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ba ile ba arohana.
31. Phello ea mosebetsi oa Zwingli e bile efe Switzerland?
31 Zwingli o ile a tsoela pele ho bolela thuto ea hae ea liphetoho Zurich le ho etsa liphetoho tse ngata moo. Metse e meng ea phakisa ea latela boeta-pele ba hae, empa batho ba bangata libakeng tse ka thoko, e le ba khomaretseng neano haholoanyane, ba ile ba khomarela Bok’hatholike. Khohlano pakeng tsa lihlopha tsena tse peli e ile ea e-ba khōlō hoo ntoa ea lehae e ileng ea qhoma pakeng sa Baprostanta ba Switzerland le Baroma ba K’hatholike. Zwingli, a sebeletsa e le moprista ntoeng, o ile a bolaoa ntoeng ea Kappel, haufi le Letša la Zug, ka 1531. Ha khotso e qetella e tlile, setereke ka seng se ile sa nehoa tokelo ea ho etsa qeto ea hore na se batla bolumeli ba mofuta ofe, ba Baprostanta kapa ba Mak’hatholike.
Maanabaptist, Mamenno, le Mahuttere
32. Maanabaptist e ne e le bo-mang, hona ba ile ba fumana lebitso leo joang?
32 Leha ho le joalo, Baprostanta ba bang, ba ne ba ikutloa hore Baeta-pele ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ba ne ba sa nka khato e lekaneng ho tela mefokolo ea kereke ea Roma e K’hatholike. Ba ne ba lumela hore kereke ea Bokreste e lokela ho etsoa feela ka ba tšepahalang ba mafolo-folo ba kolobetsoang, ho e-na le batho bohle ba motseng kapa sechabeng. Ka baka leo, ba ile ba hana kolobetso ea masea le ho tsitlella karohanong ea Kereke le Naha. Ba ile ba kolobetsa hape ka lenyele balumeli hammoho le bona ’me kahoo ba iphumanela lebitso Maanabaptist (ana e bolelang “hape” ka Segerike). Kaha ba ne ba hana ho nka lihlomo, likano, kapa ho amohela setulo sa bosebeletsi ba sechaba, ba ne ba talingoa ba le kotsi sechabeng ’me ba hlorisoa ke Mak’hatholike le Baprostanta ka ho tšoanang.
33. (a) Ke eng e ileng ea tsosa bohato bo mabifi khahlanong le Maanabaptist? (b) Tšusumetso ea Maanabaptist e ile ea nama joang?
33 Qalong Maanabaptist a ne a phela ka lihlopha tse nyenyane tse qhala-qhalaneng hohle Switzerland, Jeremane, le Netherlands. Ha ba ntse ba bolela seo ba se lumelang hoohle moo ba neng ba e-ea teng, lenane la bona le ile la hōla ka potlako. Sehlopha sa Maanabaptist, se nkehile ke cheseho ea sona ea bolumeli, se ile sa tlohela ho se loane ha sona ’me sa hapa motse oa Münster ka 1534 ’me sa leka ho o emisa e le Jerusalema e Mocha oa kopanelo le oa sethepu. Mokhatlo ona o ile oa kokobetsoa ka potlako ka mabifi a maholo. Sena se ile sa nea Maanabaptist lebitso le lebe, ’me ba felisoa ka ho felletseng. Bonneteng, Maanabaptist a mangata e ne e le batho feela ba bolumeli ba neng ba leka ho phela bophelo bo ikarotseng le bo khutsitseng. Har’a bana ba Maanabaptist ba hlophisitsoeng hamolemo haholoanyane e ne e le Mamenno, balateli ba Moeta-pele oa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli oa Holland Menno Simons, le Mahuttere, tlas’a Motyrol Jacob Hutter. Ho baleha mahloriso, ba bang ho bona ba ile ba fallela Europe Bochabela—Poland, Hungary, esita le Russia—ba bang Amerika Leboea, moo ba ileng ba qetella ba hlahile e le lihlopha tsa Mahuttere le Maamman.
Ho Hlaha ha Macalvin
34. (a) John Calvin e ne e le mang? (b) O ile a ngola buka efe ea bohlokoa?
34 Mosebetsi oa liphetoho Switzerland o ile oa tsoela pele tlas’a boeta-pele ba monna oa Lefora ea neng a bitsoa Jean Cauvin, kapa John Calvin (1509-64), ea ileng a teana le lithuto tsa Boprostanta matsatsing a ha e ne e le seithuti France. Ka 1534 Calvin o ile a tloha Paris ka lebaka la mahloriso a bolumeli ’me a lula Basel Switzerland. Ha a sireletsa Baprostanta, o ile a hatisa Institutes of the Christian Religion, eo ho eona a ileng a akaretsa maikutlo a bo-ntate ba pele ba kereke le baruti ba thuto ea bolumeli ba Mehleng e Bohareng, hammoho le tsa Luther le Zwingli. Buka ena e ile ea nkoa e le motheo oa thuto bakeng sa likereke tsohle tse Fetotsoeng tse ileng tsa theoa hamorao Europe le Amerika.
35. (a) Tlhaloso ea Calvin ea thuto ea hae ea qetello eo motho a e rereloang esale pele e ne e le efe? (b) Bothata ba thuto ee bo ile ba bontšoa joang litšobotsing tse ling tsa thuto ea Calvin?
35 Ho Institutes, o ile a hlalosa thuto ea hae ea bolumeli. Ho Calvin, Molimo ke morena a le mong, eo thato ea hae e rerang le ho busa holim’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho fapana le moo, motho ea oeleng ke moetsalibe ’me ha a tšoanelehe ka ho felletseng. Ka baka leo, pholoho ha ea itšetleha ka mesebetsi e metle ea motho empa ka Molimo—ke ka lebaka leo ho nang le thuto ea Calvin ea qetello eo motho a e rereloang esale pele, eo a ileng a ngola ka eona:
“Re tiisa hore, ka keletso ea ka ho sa feleng le e sa fetoheng, Molimo o rerile hang le bakeng sa nako eohle hore na ke bafe bao O tla ba amohela pholohong, le hore ke bafe bao O tla ba ahlolela timetso. Re tiisa hore keletso ena, ka moo e amang bakhethoa, e theiloe mohaung oa Hae o sa rekoeng, o sa natseng botle ba motho; empa hore ho bao O ba nehelang kahlolo, monyako oa bophelo o koetsoe ka kahlolo e lokileng le e sa nyatseheng, empa e le e sa utloisisoeng.”
Bothata ba thuto e joalo bo boetse bo bontšoa libakeng tse ling. Calvin o ne a tsitlella hore Bakreste ba tlameha ho phela bophelo bo halalelang le bo hloekileng, ba se ke ba tela sebe feela ka ho felletseng empa hape ba tele menate le bosaoana. Ho feta moo, o ile a phea khang hore kereke, e entsoeng ka bakhethoa, e tlameha ho lokoloha lithibelong tsohle tsa batho le hore ke ka kereke feela ho ka theoang mokhatlo oa bomolimo kannete.
36. (a) Calvin le Farel ba ile ba leka ho etsa eng Geneva? (b) Ke litaelo life tse thata tse ileng tsa hlongoa? (c) Phello e ’ngoe e tummeng hampe ea mehato e fetelletseng ea Calvin e bile efe, ’me o ile a lokafatsa liketso tsa hae joang?
36 Nakoana ka morao ho ho phatlalatsa Institutes, Calvin o ile a qophelloa ke William Farel, Moeta-pele e mong oa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli oa France, hore a e’o lula Geneva. Ka bobeli ba ile ba sebetsa ho etsa hore Bocalvin bo sebetse. Sepheo sa bona e ne e le ho fetola Geneva motse oa Molimo, ’muso oa puso ea Molimo o kopantseng mesebetsi ea Kereke le ea Naha. Ba ile ba beha melao e thata, e nang le lithibelo, e akarelletsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho qala ka taeo ea bolumeli le litšebeletso tsa kereke ho ea boitšoarong ba phatlalatsa esita le litaba tse kang bohloeki le thibelo ea mollo. Buka ea histori e tlaleha hore “ka mohlala, haeba molokisi oa meriri, a ne a ka lokisa moriri oa monyaluoa ka tsela eo ho neng ho nkoa hore ke mokhoa o sa amoheleheng, o ne a kenngoa litlamong ka matsatsi a mabeli; ’me ’mè, le metsoalle e ’meli ea basali, ba neng ba ile ba thusa mosebetsing ona, ba ne ba fumana kotlo e tšoanang. Ho tantša le ho bapala likarete le hona ho ne ho fumana kotlo ea maseterata.” Tšoaro e mpe e ne e boetse e etsetsoa ba neng ba fapana le thuto ea bolumeli ea Calvin, taba e tummeng hampe ka ho fetisisa e le ea ho chesoa ha Miguel Serveto, kapa Michael Servetus oa Lespanishe.—Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 322.
37. Tšusumetso ea Calvin e ile ea namela hōle le meeli ea Switzerland joang?
37 Calvin o ile a tsoela pele ho sebelisa mofuta oa hae oa liphetoho Geneva ho fihlela lefung la hae ka 1564, ’me kereke e Fetotsoeng e ile ea hlongoa ka tieo. Baeta-pele ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ba Maprostanta, ha ba baleha mahloriso linaheng tse ling ba ile ba khobokana Geneva, ba nka likhopolo tsa Calvin, ’me ba fetoha thuso ho qaliseng mekhatlo ea liphetoho linaheng tsa habo bona tse fapa-fapaneng. Ka potlako Bocalvin ba namela France, moo Mahuguenote (kamoo Baprostanta ba Mafora ba Calvin ba neng ba bitsoa ka teng) a ileng a hlorisoa haholo matsohong a Mak’hatholike. Netherlands, Macalvin a ile a thusa ho thea Kereke e Fetotsoeng ea Madache. Scotland, tlas’a boeta-pele bo chesehang ba eo e neng e le moprista oa K’hatholike John Knox, Kereke ea Presbitheriene ea Scotland e ile ea hlongoa methating ea Bocalvin. Bocalvin hape bo ile ba nka karolo ea bohlokoa Phetohong e Khōlō ea Bolumeli England, ’me ho tloha moo e ile ea ea le Mapuritan Amerika Leboea. Ka kutloisiso ena, le hoja Luther a ile a qalisa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea Boprostanta, Calvin o bile le tšusumetso e khōlō haholoanyane ho hōleng ha eona.
Phetoho e Khōlō ea Bolumeli England
38. Moea oa Boprostanta o ile oa fehloa joang England ke mosebetsi oa John Wycliffe?
38 Ho fapana haholo le mekhatlo ea liphetoho ea Jeremane le Switzerland, tšimoloho ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea Manyesemane e ka saloa morao ho ea fihla mehleng ea John Wycliffe, eo ho bolela ha hae khahlanong le baruti le ho hatisa ha hae Bibele ho ileng ha fehla moea oa Boprostanta England. Boiteko ba hae ba ho fetolela Bibele ka Senyesemane bo ile ba lateloa ke ba bang. William Tyndale, ea ileng a tlameha ho baleha England, o ile a hlahisa Testamente e Ncha ea hae ka 1526. Hamorao o ile a ekoa Antwerp ’me a sothoa molala thupeng, ’me setopo sa hae sa chesoa. Miles Coverdale o ile a phetha mosebetsi oa Tyndale oa ho fetolela, ’me Bibele eohle e ile ea hlaha ka 1535. Ha ho pelaelo hore ho phatlalatsoa ha Bibele ka puo ea batho e bile lebaka le le leng le matla ka ho fetisisa le ileng la tlatsetsa Phetohong e Khōlō ea Bolumeli England.
39. Henry VIII o ile a nka karolo efe Phetohong e Khōlō ea Bolumeli ea England?
39 Ho ikarola hantle ho Roma e K’hatholike ho ile ha etsahala ha Henry VIII (1491-1547), eo mopapa a ileng a mo bitsa Mosireletsi oa Tumelo, a phatlalatsa Molao oa Bophahamo ka 1534, a ipeha e le eena hlooho ea Kereke ea England. Henry o boetse a koala libaka tsa boitlami le ho arola thepa ea tsona har’a batho ba bophahamo. Ho phaella moo, o ile a laela hore kopi ea Bibele ea Senyesemane e behoe kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe. Leha ho le joalo, khato ea Henry e ne e ipapisitse le lipolotiki ho feta bolumeli. Seo a neng a se batla e ne e le ho lokoloha matleng a mopapa, haholo-holo litabeng tsa lenyalo la hae.b Bolumeling o ’nile a itšalla e le Mok’hatholike ka litsela tsohle ntle le lebitso feela.
40. (a) Ke liphetoho life tse ileng tsa etsahala Kerekeng ea England nakong ea puso ea Elizabeth I? (b) Ke lihlopha life tse khelohileng tse ileng tsa qetella li hlahile England, Netherlands, le Amerika Leboea?
40 E bile nakong ea puso e telele (1558-1603) ea Elizabeth I moo Kereke ea England e ileng ea fetoha ea Boprostanta ketsong le hoja sebopeho sa eona se ile sa sala boholo e ntse e le sa K’hatholike. E ile ea felisa botšepehi ho mopapa, ho se nyale ha baprista, maipolelo, le mekhoa e meng ea Bok’hatholike empa ea ’na ea ipoloka e le kereke e tlas’a puso ea babishopo sehlopheng se busang sa eona sa babishopo ba baholo le babishopo feela hammoho le mabothong a baitlami ba banna le ba basali.c Ho sekisetsa hona ho ile ha baka ho se khotsofale ho hongata, ’me ho ile ha hlaha lihlopha tse ngata tse khelohileng. Mapuritan a ile a batla liphetoho tse phethahetseng haholoanyane ho hloekisa kereke mekhoa eohle ea Roma e K’hatholike; Ba Ikarotseng le Ba Ipusang ba ile ba tsitlella hore litaba tsa kereke li lokela ho tsamaisoa ke baholo (mapresbitheri) ba sebaka ka seng. Bahanyetsi ba bangata ba ile ba balehela Netherlands kapa Amerika Leboea, moo ba ileng ba hōlisa haholoanyane likereke tsa bona tsa Congregational le Baptist. Hape England ho ile ha hlaha Mokhatlo oa Metsoalle (Maquaker) tlas’a George Fox (1624-91) le Mamethodiste tlas’a John Wesley (1703-91).—Bona chate e ka tlaase.
Liphello e Bile Life?
41. (a) Maikutlong a litsebi tse ling, ke phello efe eo Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e bileng le eona historing ea motho? (b) Ke lipotso life tse lokelang ho nahanoa ka botebo?
41 Ha re hlahlobile makala a mararo a maholo a Phetoho e Khōlō ea Bolumeli—Boluthere, Bocalvin, le Bochache—re tlameha ho ema re ahlole hore na Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e finyelletse eng. Ho ke ke ha latoloa hore e fetotse tsela ea histori ea lefatše la Bophirima. John F. Hurst o ile a ngola bukeng ea hae Short History of the Reformation: “Phello ea Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e bile ho nyollela batho lenyoreng la tokoloho le la ho ba baahi ba phahameng le ba hloekileng haholoanyane. Kae le kae moo tsela ea Boprostanta e ileng ea atolohela teng, e ile ea etsa hore matšoele a iponahatse haholoanyane seo a leng sona.” Litsebi tse ngata li lumela hore tsoelopele ea Bophirima joalokaha re e tseba kajeno e ne e ke ke ea etsahala ntle ho Phetoho e Khōlō ea Bolumeli. Leha ho le joalo, re tlameha ho botsa: Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ile ea finyella eng bolumeling? E ile ea etsa eng molemong oa ha moloko oa batho o ntse o batla Molimo oa ’nete?
42. (a) Ke eng seo ntle ho pelaelo e leng molemo o moholohali o finyelletsoeng ka Phetoho e Khōlō ea Bolumeli? (b) Ke potso efe mabapi le se finyelletsoeng kannete ka Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e tlamehang ho botsoa?
42 Ha ho pelaelo hore molemo o moholo haholo o finyelletsoeng ke Phetoho e Khōlō ea Bolumeli, ke hore e ile ea etsa hore batho feela ba fumane Bibele ka lipuo tsa habo bona. Ka lekhetlo la pele, batho ba bile le Lentsoe le felletseng la Molimo ka pel’a bona hore ba le bale, e le hore ba ka feptjoa moeeng. Empa, joalokaha ho ka lebelloa, ho hlokahala ho eketsehileng ho feta feela ho bala Bibele. Na Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ha ea tlisetsa batho tokoloho feela matleng a mopapa empa hape le lithutong tse fosahetseng le mekhoeng ea ho ruta eo ba neng ba behiloe tlas’a eona ka makholo a lilemo?—Johanne 8:32.
43. (a) Likereke tse ngata tsa kajeno tsa Boprostanta li tšehetsa litumelo life, li ipolela hore li lumela eng? (b) Moea oa bolokolohi le ho se tšoane tse ileng tsa hlahisoa ke Phetoho e Khōlō ea Bolumeli li entse eng molemong oa ha moloko oa batho o ntse o batla Molimo oa ’nete?
43 Hoo e ka bang likereke tsohle tsa Boprostanta li tšehetsa litumelo tse tšoanang—ea Nicaea, ea Athanasius, ea Baapostola—’me tsena li tiisa tse ling tsa lithuto tseo Bok’hatholike bo ’nileng ba li ruta ka makholo a lilemo, tse kang Boraro-bo-bong, hore moea ha o shoe, le mollo oa lihele. Lithuto tse joalo tseo e seng tsa Mangolo li ile tsa nea batho pono e sothehileng ka Molimo le morero oa oona. Ho e-na le ho ba thusa ha ba ntse ba batla Molimo oa ’nete, lihlotšoana tse ngata tsa bokhelohi le mekha tse ileng tsa hlaha ka lebaka la moea oa bolokolohi oa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea Boprostanta li mpile feela tsa tsamaisa batho ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. Haele hantle, ho se tšoane le pherekano li entse hore ba bangata ba belaele le hore na Molimo o hlile o teng. Phello ke efe? Lekholong la lilemo la bo19 ho ile ha hlaha leqhubu le hōlang la ho se lumele ho Molimo le boagnostic. Seo e tla ba taba ea khaolo ea rōna e latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Ka 1525 Martin Luther o ile a nyala Katharina von Bora, eo e neng e le moitlami oa mosali ea neng a balehile sebakeng sa baitlami sa Cistercian. Ba bile le bana ba tšeletseng. O boletse hore o ile a nyala ka mabaka a mararo: ho khahlisa ntat’ae, ho khopisa mopapa le Diabolose, le ho tiisa bopaki ba hae pele a shoela tumelo.
c Henry VIII o bile le basali ba tšeletseng. Khahlanong le litakatso tsa mopapa, lenyalo la hae la pele le ile la nyopisoa, ’me le leng la fella ka tlhalo. O ile a etsa hore basali ba babeli ba hae ba pongoe lihlooho, ’me ba babeli ba ile ba shoa lefu la tlhaho.
Lentsoe la Segerike e·piʹsko·pos le fetoleloa e le “bishopo” ka Libibeleng tsa Senyesemane tse kang King James Version.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 322]
“Liphoso tsa Boraro-bo-bong”
Ha a le lilemo li 20, Michael Servetus (1511-53), Lespanishe le neng le koetlisitsoe lithutong tsa molao le tsa bongaka, o ile a phatlalatsa De Trinitatis erroribus (Liphoso tsa Boraro-bo-bong), eo ho eona a ileng a bolela hore eena “a ke ke a sebelisa poleloana Boraro-bo-bong, e sa fumaneheng ka Mangolong, le eo ho bonahalang feela e ntšetsa pele phoso ea filosofi.” O ile a nyatsa Boraro-bo-bong hore ke thuto “e ke keng ea utloisisoa, e ke keng ea etsahala ho latela mokhoa oo lintho li bōpehileng ka oona, le e ka ’nang ea talingoa e le bonyefoli!”
Ka lebaka la ho bua ha hae a sa tšabe letho, Servetus o ile a nyatsoa ke Kereke e K’hatholike. Empa ke Macalvin a ileng a etsa hore a tšoaroe, a isoe ka pel’a lekhotla, ’me a bolaoe ka ho chesoa butle. Calvin o ile a lokafatsa liketso tsa hae ka mantsoe ana: “Ha Baroma K’hatholike ba le sehlōhō ba bile ba le mabifi hakana ho sireletsa litumela-khoela tsa bona hoo ba futuhang ka sehlōhō ho tšolla mali a se nang molato, na bo-maseterata ba Bakreste ba ka ba lihlong ho iponahatsa ba cheseha haholoanyane ho sireletsa ’nete e tiileng?” Cheseho e fetelletseng ea bolumeli ea Calvin le lehloeo la botho li ile tsa foufatsa kahlolo ea hae le ho pupetsa melao-motheo ea Bokreste.—Bapisa le Mattheu 5:44.
[Litšoantšo]
John Calvin, ka letsohong le letšehali, o ile a etsa hore Michael Servetus, ka letsohong le letona, a chesoe ho isa lefung ka hore ke mokhelohi
[Chate e leqepheng la 327]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lethathamo le Nolofalitsoeng la Malumeli a Maholo a Bokreste-’mōtoana
Qaleho ea Bokoenehi
Lekholo la lilemo la bo4
Lekholo la lilemo la bo5
Kereke ea Roma e K’hatholike
Bocoptic Bojakobo
1054 C.E.
Orthodox ea Bochabela
Marussia Bagerike Maromania le ba bang
Lekholo la lilemo la bo16
Phetoho e Khōlō ea Bolumeli
Puso ea Babishopo ea Chache
Methodiste
Salvation Army
Congregational
Maluthere
Majeremane Masweden Maamerika le ba bang
Bocalvin
Mapresbiterien
Mabaptist
Mapentekonta
Lekholo la lilemo la bo2
Likereke tse Fetotsoeng
(Constantine)
[Litšoantšo tse leqepheng la 307]
Litšoantšo tse hopiloeng holim’a lehong tsa lekholong la lilemo la bo16 li bontša phapang ho haneng ha Kreste baananyi ba lichelete le ho rekisa ha mopapa mangolo a tšoarelo
[Litšoantšo tse leqepheng la 311]
Jan Hus thupeng
Moeta-pele oa Phetoho e Khōlō ea Bolumeli le mofetoleli oa Bibele oa Lenyesemane John Wycliffe
[Litšoantšo tse leqepheng la 314]
Martin Luther, ka letsohong le letona, o ile a ipelaetsa ka ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ho neng ho etsoa ke forere John Tetzel