Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 10/1 maq. 22-26
  • Ka Mehla ke ’Nile ka Fumana ho Hong Hoo Nka ho Etsetsang Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Mehla ke ’Nile ka Fumana ho Hong Hoo Nka ho Etsetsang Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo ba ho se Nke Lehlakore
  • Kabelo ea ka e Ncha—Teronko
  • Ho Falla
  • Motšoaruoa oa Ntoa
  • Ho Bolella Batho ba Mefuta Eohle
  • Ho Atolosa Tšebeletso ea ka
  • Jehova, Qhobosheane e Matla
  • Ho Fumana Lintho Tse Eketsehileng Tseo Nka li Etsetsang Jehova
  • Ke Tlohetse ho ba Sengangele sa Lipolotiki ka ba Mokreste ea sa Nkeng Lehlakore
    Tsoha!—2002
  • Motho a ke ke a Phela ka Bohobe Feela—Kamoo ke Ileng ka Phonyoha Kateng Lichankaneng Tsa Manazi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ho Letela ’Muso oo ‘e Seng Karolo ea Lefatše Lena’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Loanela ho ba “Mosebetsi eo ho Seng Letho Leo a ka Hlajoang ke Lihlong ka Lona”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 10/1 maq. 22-26

Ka Mehla ke ’Nile ka Fumana ho Hong Hoo Nka ho Etsetsang Jehova

Joalokaha ho boletse Jean Queyroi

ENE e le lehlabula le khanyang morao koana ka 1939. Naha e mathōkong a Martigny, motseng oa Switzerland, Valais, e ne e phatsima tlas’a letsatsi la Phato. Ka holim’a rōna ho ne ho eme tse ling tsa litlhoro tse phahameng ka ho fetisisa tsa Lithaba tse Telele, tse kang Grand Combin e koahetsoeng ke lehloa, e fihlang bophahamong ba limithara tse 4 314. Ke ne ke thabetse kamohelo e mofuthu ea lelapa le leng la Bakreste ka matsatsi a se makae, ’me re ile ra qeta lihora tse ngata tsa phomolo re ntse re hloa re theosa le mekoalaba hammoho. Ke ile ka ikutloa eka ke se ke ntse ke le Paradeiseng.

Ka mor’a nakoana e khutšoanyane haholo e ne e se e le nako ea ho re ba sale hantle le ho khutlela Paris. Ke ile ka reka koranta e ’ngoe eo ke neng ke tla e bala ka tereneng, ’me litaba tse nyarosang li ile tsa nkhutlisetsa bophelong ba sebele ka ho nyaroha. Boemo ba lefatše bo ne bo mpefetse haholo, ’me ntoa e ne e le haufi.

Ke ile ka qalisa mosebetsi oa ka hape ofising ea Paris ea Mokhatlo oa Watch Tower, moo ke neng ke sebelelitse teng ka nako e fetang selemo. Empa matsatsi a seng makae hamorao, ke ile ka fumana tsebiso e mpitsetsang sesoleng ’me ka laeloa hore ke itlalehe mehahong ea sesole ea Fort of Vincennes, ka bochabela feela ho Paris. Bophelo ba ka bo ne bo tla fetoha haholo.

Boemo ba ho se Nke Lehlakore

Ka la 3 Loetse, 1939, Fora le Brithani li ile tsa phatlalatsa ntoa khahlanong le Jeremane. Ke ile ka itlaleha Vincennes ’me ka totobatsa boemo ba ka tsekong ea ho se nke lehlakore ha Bakreste. Ka potlako ke ile ka iphumana ke le setulong se lehlakoreng la sethuthuthu sa masole se khannoang ke lesole le lenyenyane le neng le laetsoe ho nkisa Fort of Charenton e haufi le moo. Ho sa tsotellehe molumo o thibang litsebe oa sethuthuthu, lesole leo le lenyenyane, le neng le tseba hore na ke hobane’ng ha ke ne ke isoa moo, le ile la leka ho mpehela mabaka. Le ile la ipiletsa: “Queyroi, ka kōpo se k’a tsoela pele ka sena. Se k’a hana ho loana, ho seng joalo lintho li tla u tsamaela hampe.” Ke ile ka potlakela ho le kholisa hore ha kea tšoha.

Joale ho ile ha latela bosiu ba pele boo ke bo qetileng seleng ea teronko. Sele e ne e le bolelele ba limithara tse 2 le bophara ba limithara tse 1,5 ’me e e-na le likobo tse seng kae feela le lepolanka leo ho robaloang ho lona. Ho ne ho se lebone. Ke ile ka nahanisisa ka seo ke neng nka se etsetsa Jehova boemong boo ke neng ke le ho bona ka nako eo. Ha ke tsoha, ke ile ka fumana hore ho ne ho se leha e le fensetere e nyenyane feela ho kenya khanya ea motšehare. Ka nako e etsang kotara ea hora letsatsi le leng le le leng, ke ile ka lumelloa ho itlhatsoa, ha ke ea sinking ke ne ke lebeloa ke sajene ea tšoereng sethunya se senyenyane, a e-na le masole a mabeli a nkileng lithunya. Ke ne ke tšoeroe joaloka motlōli oa molao ea kotsi!

Masole a fapa-fapaneng a ne a ntlisetsa lijo. A ne a makalitsoe ke boemo ba ka, ’me sena se ile sa mpha monyetla oa ho etsetsa Jehova ho hong. Ke ile ka a fa bopaki bo botle, ’me ka mor’a nakoana a mang a ’ona a ile a e-ba mofuthu ho ’na ’me a mpha mollo, lik’hantlele, esita le lijo tse eketsehileng. Qalong ke ile ka amohuoa Bibele ea ka, empa ka thuso ea ofisiri e ’ngoe, e ile ea khutlisetsoa ho ’na. Ke ile ka ananela ho bala mantsoe a eona a bohlokoahali ka khanya ea k’hantlele hakaakang!

Hamorao ke ile ka isoa teronkong ea masole e seng e le sieo, e neng e le rue du Cherche-Midi, Paris. Ke ile ka koalloa ke le mong ka seleng, kahoo ka ba le nako e ngata ea ho thuisa ka boemo boo ke neng ke le ho bona.

Ke ne ke le lilemo li 27 ’me ke ne ke sebelelitse Jehova ka nako e tletseng ka lilemo tse peli. Ha lelapa leso le qala ho kopana le Lipaki tsa Jehova e bile ka liphatlalatso tse neng li etsoa Seea-le-moeeng sa Vitus, seteishene sa Paris seo e seng sa ’muso. Hoo e ne e le ka 1933. Ke ile ka nka khato ea ho emela ’nete ka 1935, ka mor’a ho qeta tšebeletso ea sesole e tlamang. Ke ile ka kolobetsoa Lucerne, Switzerland, ka Phato 1936.

’Na, batsoali ba ka, moen’a ka, le khaitseli’a ka, re ne re kopanela le phutheho e le ’ngoe feela e neng e le teng Paris. Moena Knecht, eo ka nako eo a neng a ikarabella bakeng sa mosebetsi Fora, o ne a khothatsa bacha ba Lipaki ka mehla hore ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Ka baka leo, ka ’Mesa 1938, ’na, moen’a ka, le khaitseli’a ka re ile ra etsa qeto ea ho ba bo-pula-maliboho, kapa basebeletsi ba nako e tletseng. Kabelo ea rōna e ne e le Auxerre, motse o ka bang lik’hilomithara tse 154 ka boroa-bochabela ho Paris. Khaitseli’a ka Jeannette o ne a paka motseng oo ka booona, ’me ’na le moen’a ka Marcel re ne re ea metseng e mathōkong a oona ka libaesekele sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 30. Morao koo mosebetsi oa boboleli o ne o etsoa haholo-holo ka ho aba libuka tsa Bibele, ho sa etsoe maeto a ho boela. Ke sa hopola kamoo sena se neng se ntšoenya kateng.

Ka Phuptjane 1938 ke ile ka memeloa ho ea sebetsa ofising ea Paris ea Mokhatlo oa Watch Tower. Ka nako eo basebetsi, kapa lelapa la Bethele Fora, e ne e le litho tse ka bang leshome, ’me ke ile ka abeloa ho ea thusa Lefapheng la Thomello. Mona ke hona moo ke neng ke sebetsa teng ha ke bitsetsoa tšebeletsong ea sesole ’me ke fumana “kabelo e ncha.”

Kabelo ea ka e Ncha—Teronko

Ho tloha qalong ke ile ka hlokomela hore haeba ke sa batle litsela tsa ho etsetsa Jehova ho hong—ho sa tsotellehe hore na ho honyenyane hakae—ha ke ntse ke le teronkong, ka potlako tumelo ea ka e ne e tla fokola. Empa kapele ke ile ka khona ho bula menyetla ea ho bua ka ’nete ea Lentsoe la Molimo. Libeke tse seng kae ka mor’a hore ke fihle teronkong ea Cherche-Midi, ke ile ka isoa kamoreng eo ke neng ke e kopanetse le batšoaruoa ba bang. Ha ke le moo ke ile ka kopana le seithuti sa molao se neng se ahloletsoe ho ea teronkong kahobane se ile sa khutla nakong ea sona ea phomolo sesoleng matsatsi a seng makae ka mor’a nako. Ho ne ho boetse ho e-na le seithuti se tsoang seminaring ea K’hatholike se neng se ahloletsoe ho utsoa. Boraro ba rōna re ile ra thabela ho ba le meqoqo e melelele ka ’nete ea Bibele.

Ka letsatsi le leng ke ile ka hlokomela motšoaruoa e mong ea neng a lutse a le mong feela hukung ea jarete. Ha ke atamela, ke ile ka bona hore o ne a ntse a bala. Ke ile ka bua le eena. O ile a reteleha ’me a mpontša Bibele ea hae. U ka inahanela! E ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova! E ne e le oa morabe oa Polish, lebitso la hae e le Ceglarski, ’me joaloka ’na, o ne a le teronkong ka baka la ho se nke lehlakore ha hae. Botsoalle ba Bokreste qetellong! U ka inahanela hore na ka bobeli re ile ra thaba hakaakang. Joale re ne re ka thabela lihora tse ngata tsa moqoqo o hahang.

Teronkong ena re ne re lumelletsoe ho tsoela ka ntle jareteng lihora tse ’maloa ka letsatsi, kahoo ke ne ke khona ho bua le batšoaruoa ba seng bakae ba neng ba thabela ho utloa molaetsa oa Bibele. Ka linako tse ling esita le ba bang ba balebeli ba ne ba kenella lipuisanong tsa rōna. Ke ne ke fumane ho hong hoo nka ho etsetsang Jehova. Ha e le hantle, teronko e ne e fetohile kabelo ea ka e ncha ea boboleli, ’me joale ke ne ke etsa lihora tsa pula-maliboho, esita le hoja ke ne ke sitoa ho li tlaleha. Empa hoo ho ne ho sa ntšoenye.

Ho Falla

Likhoeli li ile tsa feta ha ho bapisoa ho se letho le leholo le etsahalang—e le ho bitsoang Ntoa ea Moritaoke. Empa sena se ile sa fihla qetellong ka Motšeanong 1940, ha Majeremane a hlasela Fora. Ka Phuptjane ba boholong Fora ba ile ba ntša batšoaruoa bohle literonkong tsa Paris ka baka la mabotho a Jeremane a neng a ntse a atamela. Re ile ra palamisoa literaka tsa masole eaba re isoa Orleans, motse o bohōle ba lik’hilomithara tse 100 ka boroa ho Paris. Ka mor’a khefu e khutšoanyane, batšoaruoa ba tlōtseng melao ea naha hammoho le ba sesole ba ile ba aroloa ka lihlopha ’me ba laeloa hore ba tsoele pele ho leba boroa-bochabela ba tsamaea ka maoto ba ikhohlile ka lebōpo le ka leboea la nōka ea Loire. Balebeli ba hlometseng ba ne ba lebetse sehlopha sena. Leeto le ne le le boima tlas’a letsatsi le chesang la Phuptjane.

Ho ne ho e-na le batlōli ba molao har’a rōna, ’me balebeli ba ne ba fuoe litaelo tsa ho thunya mang kapa mang ea neng a emisa, a oela fatše, kapa ea neng a sitoa ho tsoela pele ho tsamaea. Letsatsing la boraro, Moena Ceglarski o ile a qala ho hlōloa ke mocheso oa letsatsi. Ho mo siea joang kapa joang ho ne ho tla bolela lefu la hae. Balebeli ba ile ba ntumella, ka thuso ea batšoaruoa ba bang, ho mo thatela ka kobo, eaba rea mo jara. Letsatsing le latelang o ne a ikutloa hamolemonyana ’me o ile a khona ho tsoela pele ho tsamaea ka maoto.

Pejana re fihla Briare, motse o monyenyane o lebōpong le ka leboea la Loire, sehlopha sa rōna se ile sa kopana le mokoloko oa batho ba kakatetseng maruo a bona a mangata ka hohle kamoo ba ka khonang kapa ba a khanna ka likariki. Ba ne ba ea boroa ba baleha mabotho a Jeremane a neng a ntse a atamela. Re ile ra khona ho utloisisa ho fihlela tekanyong e itseng hore na ho falla ha batho ba sa loaneng ho ne ho le hoholo hakae kaha ba likete ba ne ba baleha ho pholosa bophelo ba bona.

Joale re ile ra fumana hore balebeli ba rōna ba nyametse, ’me re ne re setse re le bang. Joale re ne re tla etsa joang? Re ne re ke ke ra tšela nōka ea Loire e sephara eaba re tsoela pele ka leeto la rōna ho leba boroa hobane marokho ’ohle a ne a phatlotsoe. Sehlotšoana sa rōna (se entsoeng ka ’na, Moena Ceglarski, le batšoaruoa ba bang ba babeli) se ile sa etsa qeto ea ho khutlela Paris.

Re ile ra fumana lipere tse ling tse siiloeng feela, ’me re ile ra li qhaneha ka tsela e molemo ka hohle kamoo re ka khonang. Ke ne ke utloile bohloko lengoleng ’me ke ne ke sitoa ho koba lengole la ka, kahoo metsoalle ea ka e ile ea lokela ho nthusa ho hloella pereng. Joale ra hlokomela hore pere ea ka le eona e ne e hlotsa! Kahoo re ile ra tsamaea butle kaha pere ea ka e ne e tla e ntse e hulana. Leha ho le joalo, ka potlako leeto la rōna le ile la fela ka tšohanyetso. Re ne re tsamaile lik’hilomithara tse seng kae feela ha re re ptjang-ptjang le sehlopha se arohileng lebothong la Jeremane, ’me lepolesa la masole le ile la re laela hore re theohe. Sohle seo re neng re atlehile ho se etsa e ne e le ho tloha ho balebeli ba bang ho ea ho ba bang!

Motšoaruoa oa Ntoa

Nakoana ka mor’a hore re tšoaroe, ’na le Moena Ceglarski re ile ra arohanngoa, ’me o ile a sala e le motšoaruoa oa Majeremane ho fihlela qetellong ea ntoa. Ka mor’a likhoeli tse seng kae teronkong e neng e le mehahong ea masole ea Joigny, Fora bohareng, ke ile ka isoa Stettin, kou ea hoo e neng e le Prussia Bochabela. Hona joale e se e le kou ea Poland ea Szczecin.

Kaha ha e le hantle ke ne ke le teronkong ea masole a Fora ha Majeremane a ntšoara, ke ile ka kenngoa ka kampong ea batšoaruoa ba ntoa, moo maemo a neng a se mabe joaloka likampong tsa mahloriso. Kampo eo e ne e le setoro se seholo sa lifofane se neng se lulisa batšoaruoa ba 500, ba lebetsoe ke balebeli ba hlometseng. Batšoaruoa ba ne ba sebetsa mesebetsing e fapaneng motseng nakong ea motšehare ’me ba ne ba khutlisetsoa kampong mantsiboea. Kahoo ke ne ke tla fumana ho hong hoo nka ho etsetsang Jehova joang, ha banna bao ba le sieo letsatsi lohle?

Ka setorong sa lifofane, ho ne ho e-na le lepolanka le leholo leo boitsebiso bo neng bo ka phatlalatsoa ho lona, ’me ke ile ka fumana tumello ea ho sebelisa sebaka se senyenyane lepolankeng leo. Ke ile ka fumana pampiri, ’me ka mor’a hore ke e otlolle ka hloko, ke ile ka ngola litemana tse ’maloa tse khutšoanyane tsa lihlooho tsa Bibele. Botlaaseng ba eona ke ile ka hlalosa hore na mang kapa mang ea thahasellang molaetsa oa ’Muso oa Molimo o ne a ka tla mpona hokae hona ka nako efe.

Ho Bolella Batho ba Mefuta Eohle

Mokhoa ona o ile oa tlisa litholoana tse ntle. Ka mor’a nakoana ke ile ka khona ho tšoara seboka se senyenyane mantsiboea a mang le a mang ’me ho ne ho e-ba teng batho ba tšeletseng, ba robeli, ’me ka linako tse ling esita le ba leshome. Hangata lipuisano tsa rōna li ne li qeta hora kapa ho feta, ho itšetlehiloe ka lipotso tse phahamisoang. Nako le nako, molebeli oa Lejeremane ea neng a bua Sefora o ne a kenella.

Kaha ke ne ke e-na le Bibele e le ’ngoe feela, ke ile ka ngolla Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu Geneva, ka kōpa hore ba nthomelle Libibele tse ngata ka hohle kamoo ba ka khonang. Nako e ile ea feta, empa qetellong ka fumana sephutheloana sa pele sa Libibele tse sebelisitsoeng. Ka letsatsi le leng ke ile ka bolelloa hore ke ee ofising ea kampo hobane moeti, moemeli oa Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu, o ne a rata ho mpona. Ho ile ha fumaneha hore ke mosebeletsi oa Prostanta. Ho bonahala eka o ne a nahana hore le ’na ke Moprostanta. O ne a batla a nyahame ha a ithuta hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova!

Ho ntse ho le joalo, o ile a ba mosa ’me o bile a mpabatsa ka seo ke neng ke se etsa. O ile a nkholisa hore nka tsoela pele ho odara Libibele le hore ke tla li fumana. Sena se ile sa ipaka e le ’nete. Ka baka leo, ke ile ka khona ho aba hoo e batlang e le Libibele tse 300 nakong eo ke e lutseng kampong eo. Ka mor’a ntoa, e ile ea e-ba thabo e kaakang ho ithuta hore motšoaruoa oa Belgium ea bitsoang Wattiaux, eo ke neng ke ile ka mo pakela kampong ea Stettin, o nkile khato ho emela ’nete!

Ha ke ntse ke le litlamong Jeremane, ke ile ka fuoa tokelo ea ho amohela liphutheloana tsa lijo tse tsoang ho lelapa leso. Kapele ke ile ka fumana hore sephutheloana ka seng se ne se boetse se patile lijo tsa bohlokoahali tsa moea ka bongata. Khaitseli’a ka o ne a thaepa lihlooho tse tsoang ho Molula-Qhooa pampiring e bobebe haholo ’me a li pata ka har’a lipakete tsa mak’haroni. Ha ho mohla balebeli ba kileng ba li fumana. Ke bile ka amohela kopi ea buka Children ka har’a sephutheloana sa lijo. Sena se ile sa ipaka e le thuso e khōlō ka ho fetisisa ho ’na tšebeletsong ea ka.

Ho Atolosa Tšebeletso ea ka

Kaha ke ne ke tseba ho tea, qetellong ke ile ka abeloa ho ea sebetsa ka karacheng ke lokisa literekere. Majeremane a ka bang 20, ao boholo ba ’ona a neng a se a hōlile haholo hore a ka bitsetsoa tšebeletsong ea sesole, a ne a sebetsa moo. Kahoo ke ile ka etsa boiteko ba ho ithuta Sejeremane se fokolang. Takatso ea ka e tlohang botebong ba pelo e ne e le ho atolosa tšebeletso ea ka le hore ke se lekanyetse boboleli ba ka ho batšoaruoa ba buang Sefora feela.

Leha ho le joalo, ke ne ke lokela ho ba hlokolosi hobane banna ba sebetsang moo ba Majeremane ba ne ba tšaba ho senola maikutlo a bona pontšeng. Kahoo ke ne ke buisana le bona ka bomong. Hangata, ba ne ba tseba Bibele hantle ’me ba ne ba utloile ka Lipaki tsa Jehova. Ba bang ba ne ba bile ba tseba hore Lipaki tse ngata li isitsoe likampong tsa mahloriso.

Letsatsi le leng le le leng ka karacheng, ke ne ke le phetha ka ho potoloha ho basebetsi ’moho le ’na ho bua le bona ka ’nete. Ba bang ba ne ba amohela molaetsa empa monna ea ikarabellang o ne a sa o amohele. Ha ho pelaelo hore ke ile ka fetelletsa lintho ha ke ngola Jehovas Zeugen (Lipaki tsa Jehova) ka mokoetla bankeng eo a sebeletsang ho eona ho mo thusa ho utloisisa hore na ke mang. Monna eo o ile a bonahala a tšohile ha a e bona ’me ka potlako o ile a e hlakola. Empa ha aa ka a mpha kotlo. Ha nako e ntse e ea, basebetsi ba bang ba ile ba bontša botsoalle. Ha e le hantle, ba ne ba ntlisetsa lijo tse ngata hoo ke neng ke khona ho li arolelana le batšoaruoa ba bang ba ’maloa morao koana kampong.

Jehova, Qhobosheane e Matla

Ho theosa le lilemo, ke ithutile hore ka mehla re ka etsetsa Jehova le batho ba bang ho hong, ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ba thata hakae. Stettin e ile ea qhomisoa haholo ke mabotho a Selekane ka makhetlo a ’maloa. Re ile ra leka ho ipata mekoting e koahetsoeng ka mapolanka le mobu. Mekoti ena e ne e fana ka tšireletseho e thetsang feela, hobane batšoaruoa ba mashome-shome ba ile ba lahleheloa ke bophelo ba bona ka mekoting eo. Nakong ea litlhaselo tsa moeeng, ka linako tse ling ke ne ke utloa letsoho le ntšoara lefifing, e be lea ntlohela ha tlhaselo e fetile. Ha ho mohla nkileng ka tseba hore na e ne e le mang. Ho bonahala eka batšoaruoa ba bang ba ne ba nahana hore ke na le tšireletso e khethehileng kahobane ke ne ke bua ka Molimo.

Nakong ea tlhaselo e ’ngoe ea moeeng, kampo ea rōna e ile ea chesoa lore! ke liqhomane tse ntšang mollo. Re siiloe re le bang literateng tsa motse, re ile ra bona liketsahalo tse ngata tse sisimosang. Batho ba sa loaneng ba neng ba chele hampe ba ne ba itahlela ka har’a melatsoana ea Nōka ea Oder e neng e phalla Stettin. Ha batho bana ba cheleng ba e-tsoa ka metsing, phosphorus e ile ea ’na ea tsoela pele ho ba chesa. Ba bangata ba ile ba shoa.

Ka baka la ho atamela ha mabotho a Russia, re ile ra laeloa hore re tlohe Stettin ’me re lebe bophirimela Neubrandenburg e be joale re leba Güstrow. Re lutse holimo terekereng e khōlō, re ile ra tsamaea ka ’mila oo liqhomane tsa Soviet li neng li oela ho oona nako le nako. Qetellong litanka tsa Marussia li ile tsa re fumana Güstrow. Mabotho a koetliselitsoeng ho hlasela ka mabifi a Soviet e ile ea e-ba bo-’mampoli ba motse ka beke e le ’ngoe. Mabotho a Manyesemane a ne a ntse a atamela, ’me ha ba ntse ba emetse mabotho ho kopana, ba boholong ba Soviet ba ile ba arola batšoaruoa ba sesole le baahi. Ba ile ba kenya batšoaruoa ba bang litlamong ’me ba nehelana ka ba bang (ho akarelletsa ’na) ho Manyesemane.

Eo e ile ea e-ba qetello ea boemo boo bo sisimosang. Libeke tse seng kae hamorao, ke ile ka iphumana ke boetse ke eme seemelong sa terene seteisheneng sa Gare du Nord se Paris. Letsatsi le ne le qala ho chaba. E ne e le bohareng ba Motšeanong ka 1945, ’me ke ne ke khutlile qetellong, ka mor’a likhoeli tse 69 litlamong.

Ho Fumana Lintho Tse Eketsehileng Tseo Nka li Etsetsang Jehova

Ka 1946 Mokhatlo o ile oa boela oa ’memela ho sebeletsa Bethele, eo ka nako eo e neng e le Montmorency, motse o ka thōko ka leboea ho Paris. Likhoeli tse seng kae hamorao, ’na le Moena Paul Dossman re ile ra abeloa ho etela liphutheho Fora joaloka balebeli ba potoloho. Ka nako eo, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 2 000 feela ka har’a naha kaofela. Kajeno, lilemo tse fetang 40 hamorao, ho na le bahoeletsi ba fetang likete tse lekholo.

Hamorao ke ile ka bitsetsoa Bethele hape, eo ka nako eo e neng e se e le tikolohong ea bolulo Paris. Ka 1949, ke khothalitsoe ke baena ba babeli ba baromuoa ba tsoang Engelane, ke ile ka qala ho ithuta Senyesemane—le hoja ke tlameha ho lumela hore ho ne ho le thata. Selemong se latelang, ke ile ka memeloa Sekolong sa Watchtower sa Bibele sa Gileade.

Ha ke se ke khutletse Fora, ke ile ka sebeletsa mosebetsing oa potoloho ka nakoana, eaba Mokhatlo o nkōpa hore ke e’o sebeletsa joaloka moromuoa Afrika. Khabareng, ke ile ka nyala Titica, khaitseli oa morabe oa Magerike. Re ile ra lula Senegal ka lilemo tse hlano ’me ra ba le tokelo ea ho bona phutheho ea pele e theoa Dakar. Ka mabaka a bophelo, hamorao re ile ra tlameha ho khutlela Fora.

Hona joale ke selemong sa ka sa bo50 tšebeletsong ea nako e tletseng ’me ho theosa le lilemo tsena kaofela ke bile le thabo ea ho thusa batho ba fetang lekholo ho nka khato ho emela ’nete. Ka sebele Jehova o ’nile a tsoela pele ho ba molemo le ho fana ho ’na. Ke ithutile liphihlelong tsa bophelo hore ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna e ka ba bofe, ka mehla re ka fumana tsela e ’ngoe ea ho rorisa le ho hlompha Molimo oa rōna, Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jean Queyroi le mosali oa hae, Titica

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela