Ho Loanela ho ba “Mosebetsi eo ho Seng Letho Leo a ka Hlajoang ke Lihlong ka Lona”
JOALOKAHA HO BOLETSE ANDRÉ SOPPA
Ntoa ea II ea Lefatše e ne e kupa, ’me e fella ka polao e sehlōhō le ho hloka tšepo. Kaha ke ne ke le mola oli Lebothong la Metsing la Jeremane haufi le Narvik, Norway, ke ile ka khona ho iponela ka bonna sehlōhō sa motho ho motho e mong. Bosiu, ha ke lutse koung, botle ba leholimo ba mafube a leboea bo ile ba nketsa hore ke nahane ka ho teba ka bophelo. Ke ne ke kholisehile hore Molimo ea bōpileng lintho tse joalo o ne a sa jare boikarabelo ka bohlanya ba ntoa.
KE HLAHETSE motseng o monyenyane oa Lassoth (hona joale o Poland), haufi le moeli oa Czech Republic ka 1923, ’me ke hōletse lelapeng le futsanehileng la balemi. Batsoali ba ka e ne e le Mak’hatholike a khothetseng, ’me bolumeli bo ile ba phetha karolo e khōlō bophelong ba rōna. Leha ho le joalo, esale qalong haholo, ke ile ka qala ho ba le lipelaelo ka bolumeli ba ka. Motseng oa habo rōna, ho ne ho e-na le malapa a mararo a Maprostanta, ’me a ne a khesoa ke sechaba sa Mak’hatholike. Ke ne ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. Sekolong re ne re rutoa katekisima. Empa ka letsatsi le leng ha ke kōpa moprista hore a hlalose Boraro-bo-bong, karabo eo ke ileng ka e fumana feela e bile ho shapuoa lithupa tse leshome. Leha ho le joalo, ntho e ileng ea tiisa ho hloka tšepo ha ka kerekeng e ile ea etsahala ha ke le lilemo li 17. Batsoali ba ’Mè ba ile ba hlokahala ka ho latellana ka nako e etsang khoeli, ’me ’Mè o ne a se na chelete e lekaneng ea ho lefella litšebeletso tse peli tsa lepato tsa kereke. Kahoo o ile a kōpa moprista hore a tle a mo lefe hamorao. Karabo ea moprista e ile ea e-ba hore: “Batsoali ba hao ba ne ba e-na le lintho tse itseng, na ha ho joalo? Li rekise ’me u sebelise chelete eo bakeng sa lepato.”
Lilemo tse ’maloa pele ho moo, ka mor’a hore Hitler a nke puso ka 1933, re ne re se re sa lumelloe ho bua Sepholishe; re ne re tlameha ho bua Sejeremane. Hamorao re ile ra bolelloa hore ba neng ba hana, kapa ba neng ba sa ithute Sejeremane, ba ile ba nyamela hanyane ka hanyane—ba romeloa likampong tsa mahloriso. Esita le lebitso la motse oa habo rōna le ile la fetoleloa ho la Sejeremane, Grünfliess. Ke ile ka tlohela sekolo ha ke le lilemo li 14, ’me kahobane ke ne ke se mokhatlong oa Bacha oa Hitler, ke ile ka thatafalloa ke ho fumana mosebetsi. Leha ho le joalo, qetellong ke ile ka hiroa ke le setei sa litšepe se se nang boiphihlelo. Hang ho ba ntoa e qale, ho ne ho rapelloa Hitler le mabotho a Jeremane ka kerekeng. Ke ne ke ipotsa hore na ebe ba lehlakore le leng le bona ba ne ba etsa lithapelo tse tšoanang tsa ho batla tlhōlo.
Tšebeletso Lebothong la Metsing la Jeremane
Ka December 1941, ke ile ka kena Lebothong la Metsing la Jeremane, ’me mathoasong a 1942, ka romeloa lebōpong la Norway ho ea sebeletsa ke le sehloela likepeng. Re ile ra abeloa ho tsamaea le likepe pakeng tsa Trondheim le Oslo, re felehetsa likepe tse nkileng mabotho, libetsa kapa thepa. Ke nakong ea ha ke le leoatleng ha ke utloa basesisi ba babeli ba sekepe ba bua ka bofelo ba lefatše bo boletsoeng esale pele ka Bibeleng. Le hoja ba ne ba tšaba ho bua pepenene, ba ile ba mpolella hore batsoali ba bona ba kopanela le Lipaki tsa Jehova empa bona ba ne ba sa latela mohlala oa batsoali ba bona. Lena e ne e le lekhetlo la pele ke utloela ka Lipaki tsa Jehova.
Bofelong ba ntoa, re ile ra tšoaroa ke Manyesemane ’me ha nehelanoa ka rōna ho Maamerika hore re khutlisetsoe Jeremane. Ba bang ho rōna bao joale mahae a bona a neng a se a le ka karolong ea Soviet re ile ra romeloa kampong ea chankana Liévin, ka leboea ho Fora, ho ea sebetsa merafong ea mashala. Sena se etsahetse ka August 1945. Ke sa hopola ke botsa e mong oa balebeli ba ka ba Mafora hore na bolumeli ba hae ke bofe. O ile a araba: “Ke Mok’hatholike.” Kaha le ’na ke ne ke le Mok’hatholike, ke ile ka mo botsa hore na joale re ne re fosetsane ka eng? Karabo ea hae e ile ea e-ba hore: “Ha ho na lebaka la ho leka ho utloisisa. Ke kamoo ho leng kateng.” Ho ’na ho ne ho sa utloahale hore batho ba bolumeli bo le bong ba loantšane le ho bolaeana.
Lehlaseli la Khanya Morafong oa Mashala
Letsatsing la ka la pele morafong hammoho le basebetsi ba morafo ba sebakeng seo, motho e mong eo ho thoeng ke Evans Emiot o ile a nkarolela li-sandwhich tsa hae. Hahabo e ne e le Ohio, United States, empa o ne a lutse Fora ka lilemo tse ngata. O ile a mpolella ka lefatše leo ho lona ho neng ho ke ke ha hlola ho e-ba le ntoa. Boikutlo ba hae bo mosa bo ile ba ’makatsa. O ne a sa mpontše lehloeo le hoja ke ne ke le Mojeremane ’me eena e le Moamerika. Ha rea ka ra hlola re kopana ho fihlela mathoasong a 1948 ha a ne a mpha bukana e nang le sehlooho se reng “The Prince of Peace.” Joale qetellong ke ile ka ithuta ka Molimo ea molemo ea hloileng ntoa—e leng eena Molimo eo ke ileng ka nahana ka eena ha ke ne ke shebeletse mafube a leboea. Ke ile ka ikemisetsa ho fumana bolumeli bo rutang sena. Kaha Evans o ne a sebetsa karolong e ’ngoe ea morafo, ha kea ka ka khona ho kopana le eena. Ke ile ka potoloha le lihlopha tsohle tse sa tšoaneng tsa malumeli ka kampong ea chankana, ke botsa hore na ebe ba tseba letho ka bukana ena, empa ka se ke ka atleha.
Qetellong, ka April 1948, ke ile ka lokolloa kampong ea chankana ’me ka ba mosebetsi ea lokolohileng. Sontaheng se latelang feela, ke ile ka makala ha ke utloa ho lla tšepe e nyenyane seterateng. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona Evans! O ne a e-na le sehlopha sa Lipaki tsa Jehova, se apere mamatjana a phatlalatso a neng a tsebisa ka sehlooho sa puo ea phatlalatsa. Paki e neng e letsa tšepe e ne e le Marceau Leroy, eo hona joale e leng setho sa Komiti ea Lekala Fora. Ke ile ka tsebisoa Mopholishe e mong ea buang Sejeremane ea bitsoang Joseph Kulczak, ea neng a hlokofalitsoe likampong tsa mahloriso ka lebaka la tumelo ea hae. O ile a ’memela ho tla libokeng mantsiboeeng ao. Ha kea ka ka utloisisa boholo ba se neng se boleloa, empa eitse ha bohle ba leng teng ba phahamisa matsoho, ke ile ka botsa motho ea pel’a ka hore na ke hobane’ng ha ba phahamisa matsoho. “Ke batho ba il’o etsa boboleli Dunkerque bekeng e tlang.” Ke ile ka botsa: “Na nka tla?” Karabo e ile ea e-ba hore: “E, ehlile!” Kahoo Sontaheng se latelang ke ne ke bolela ka ntlo le ntlo. Le hoja e se e mong le e mong eo re kopaneng le eena ea ileng a lumela, ke ne ke thabile ’me hang-hang ke ile ka kopanela boboleling kamehla.
Ho Ithuta ho Laola Bohale ba Ka
Kapele ka mor’a moo, Lipaki li ile tsa qala ho bolela liahelong tsa sesole moo ho neng ho lula batšoaruoa ba Majeremane ba lokolotsoeng. Hona ho ne ho se bonolo ho ’na, kaha ke ne ke tsejoa hantle ka ho ba bohale bo tukang. Haeba motho a ne a hana ho ’mamela ka hloko, ke ne ke mo sokela, ka ho re: “Ha u sa hlokomele, u tla kena khathatsong.” Ka nako e ’ngoe ha ke ntse ke sebetsa morafong, ke ile ka otla motho e mong ea neng a soma Jehova ka feisi.
Leha ho le joalo, ka thuso ea Jehova, ke ile ka khona ho fetola botho ba ka. Ka letsatsi le leng ha re ntse re bolela liahelong tsa sesole, sehlopha sa banna ba neng ba tahiloe se ne se khathatsa Lipaki tse ling. Kaha ba ne ba tseba kamoo ke halefang kapele kateng, barab’eso bao ke neng ke e-na le bona ba ile ba leka ho nthibela ho kenella puisanong, empa e mong oa banna bao o ile a ikatametsa ho ’na ka ho ntšokela ’me a qala ho hlobola baki. Ke ile ka theoha baesekeleng, ’me ka e fa eena monna eo hore a e tšoare, ’me ka kenya matsoho lipokothong. O ne a maketse hona hoo a ileng a mamela seo ke neng ke se bua. Ke ile ka mo bolella hore a ee hae a il’o robala ’me ka mor’a moo a tle puong ea phatlalatsa. Ho ile ha etsahala hantle feela ka tsela eo, ka 3:00 thapama, o ne a le teng! Qetellong, batho ba ka bang 20 bao pele e neng e le batšoaruoa ba ile ba amohela molaetsa. Ha e le ’na, ke ile ka kolobetsoa ka September 1948.
Kemiso e Maphathaphathe Empa e le e Putsang
Ke ile ka fuoa boikarabelo ba ho hlokomela masimo ao re neng re lokela ho bolela ho ’ona le ho fumana libaka tseo ho tsona re neng re ka tšoarela lipuo tsa phatlalatsa. E le ho etsa sena, ka linako tse ling ke ne ke tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 50 ka sethuthuthu sa ka se senyenyane, pele ke ea mosebetsing oa chifi e kenang hamorao merafong. Joale, mafelong a beke re ne re ea tšimong ka bese ebe e theola bahoeletsi ba babeli kapa ba bane hammoho le sebui. Ha re ne re fumana sebaka se loketseng metseng e meholoanyane, re ne re paka lisutuk’heise tsa rōna hammoho ho li sebelisa e le tafole ea ho balla ea sebui. Hangata re ne re apara mamatjana a phatlalatso hore re tsebahatse sehlooho sa puo ea phatlalatsa eo re neng re memela batho ho tla ho eona.
Ka 1951 ke ile ka kopana le Jeannette Chauffour, Paki e tsoang Reims. Re ile ra ratana hang-hang, ’me selemo hamorao, ka la 17 May, 1952, re ile ra nyalana. Re ile ra fallela Pecquencourt, toropong e nyenyane ea merafo haufi le Douai. Leha ho le joalo, kapele, ke ile ka qala ho ba le mathata a bophelo. Tlhahlobo ea ngaka e ile ea bontša hore ke na le silicosis, boloetse ba matšoafo bo bakoang ke ho sebetsa merafong, empa ke ne ke sa khone ho fumana mosebetsi oa mofuta leha e le ofe. Kahoo, ka 1955, kopanong ea machaba Nuremberg, Jeremane, ha re ne re kōptjoa ho ea thusa phutheho e nyenyane sebakeng sa Kehl, toropong e nyenyane ea indasteri Rhine, re ne re lokolohile hore re fallele moo. Nakong eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 45 feela ka phuthehong. Lilemo tse fetang tse supileng tseo re sebelitseng le phutheho ena ka tsona, palo ea bahoeletsi e ile ea eketseha ho ea ho 95.
Litokelo Tse Eketsehileng Tsa Tšebeletso
Ha re bona hore phutheho e hlonngoe ka mokhoa o tiileng, re ile ra kōpa Mokhatlo ho re fa kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng Fora. Re ile ra makala haholo ha re abeloa Paris. Likhoeli tse robeli tseo re ileng ra li qeta moo li ne li tletse ka thabo e khōlō. Ka bobeli, ’na le Jeannette re ile ra ba le tokelo ea ho khanna lithuto tsa Bibele tse 42. Ba bahlano ho liithuti tsa rōna ba ile ba kolobetsoa re sa ntse re lula moo, ’me ka mor’a moo ba bang ba 11 ba ile ba amohela ’nete.
Kaha re ne re lula Latin Quarter (sebakeng sa lirutehi), hangata re ne re kopana le baprofesa ba tsoang Sorbonne. Moprofesa e mong oa filosofi ea neng a tlohetse mosebetsi, ea folisang ka tumelo, o ile a ithuta Bibele ’me a qetella e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka letsatsi le leng ke ile ka qala ho buisana ka Bibele le moenjiniere oa mesebetsi ea sechaba ea neng a tloaelane le matichere a Majesuite. O ile a tla foleteng ea rōna ka hora ea boraro thapama ’me a tloha ka hora ea leshome bosiung boo. Ho ileng ha re makatsa ke hore o ile a khutlela ha rōna ka nako ea hora le halofo hamorao. O ne a buisane le Mojesuite ea neng a sitiloe ho araba lipotso tsa hae ka boprofeta ba Bibele. Ka hora ea pele hoseng, o ile a ea lapeng, ’me a boela a khutla ka hora ea bosupa. Ka mor’a nako, le eena o ile a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ho nyoreloa ’nete ho joalo e ne e le khothatso e khōlō ho ’na le mosali oa ka.
Ka mor’a ho sebeletsa Paris, ke ile ka memeloa ho sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang ka bochabela ho Fora. Re ne re thaba e le kannete ho etela liphutheho tse buang Sefora le Sejeremane, re matlafatsa barab’abo rōna. Ke ile ka kopana le Stanislas Ambroszczak ha re etetse phutheho ea Rombas, e Lorraine. E ne e le Mopholishe ea neng a sebelelitse Lebothong le Kopaneng le neng le le sekepeng se tsamaeang ka tlas’a metsi nakong ea ntoa ’me o ne a loanne leoatleng le laoloang ke Norway. Re ne re bile mahlakoreng a loantšanang ha re ne re tsamaea ka likepe leoatleng lona leo. Hona joale re ne re se re le bara ba motho ba kopaneng ho sebeletsa Jehova, Molimo oa rōna. Ketsahalong e ’ngoe ha re le kopanong Paris, ha ke re heli! ke ile ka bona motho e mong eo ke mo tsebang. E ne e le molaoli oa kampo eo ke neng ke le motšoaruoa ho eona ka leboea ho Fora. Re ile ra thaba hakaakang ha re sebetsa hammoho kopanong! Ao ke matla a Lentsoe la Molimo a fetolang bao pele e neng e le lira hore e be bara ba motho le metsoalle e haufi-ufi!
Ka masoabi, ka mor’a lilemo tse 14 ke le mosebetsing oa ho tsamaea, ke ile ka lokela ho khaotsa ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo. Leha ho le joalo, ’na le mosali oa ka re ne re ikemiselitse ho tsoela pele re sebeletsa Jehova ka hohle kamoo re neng re ka khona kateng. Kahoo re ile ra fumana bolulo le mosebetsi toropong ea Mulhouse, ka bochabela ho Fora, ’me ra ba bo-pula-maliboho (baevangeli ba nako e tletseng).
Ntho e ’ngoe e ileng ea nthabisa haholo ho theosa le lilemo e bile ho kopanela kahong ea Liholo tsa ’Muso. Ka 1985, ke ile ka kōptjoa hore ke hlophise sehlopha sa kaho bakeng sa karolo e ka bochabela ho Fora. Re sebelisa litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le ho koetlisa baithaopi ba ratang, re ile ra khona ho etsa sehlopha se ’nileng sa kopanela kahong kapa ho nchafatsoeng ha liholo tse fetang 80, re li etsa hore e be tse loketseng borapeli ba Jehova. ’Me ke ile ka thaba hakaakang ka 1993, ha ke sebetsa kahong ea Holo ea Kopano le Liholong tsa ’Muso tse hlano French Guiana, Amerika Boroa!
Ho Tsoela Pele ho sa Tsotellehe Liteko
Ka sebele, nka bolela hore lilemong tse 50 tse fetileng tsa tšebetso ea puso ea Molimo, bophelo ba ka bo tletse thabo e khōlō le litokelo tsa tšebeletso. Ka masoabi, ka December, 1995, mosali oa ka ea ratehang, eo ke neng ke qetile lilemo tse 43 le eena, o ile a hlokahala. Le hoja ena e bile nako ea ho sareloa haholo—’me le kajeno ke ntse ke le mesarelong—Jehova o mpha matla, ’me bara le barali beso ba moea ba mpontšitse lerato le ho ntšehetsa, e leng hoo ka tsela e itseng ho fokotsang bohloko ha nako e ntse e feta.
Ke sa ntse ke hopola ka ho hlaka mantsoe a mor’abo rōna e mong oa motlotsuoa kopanong ea Munich, Jeremane, ka 1963. O ile a re: “André, u se ke ua talima ka ho le letšehali kapa ka ho le letona. Barab’abo rōna ba ile ba feta litekong likampong tsa mahloriso. Joale ho ho rōna hore re tsoele pele. Le ka mohla ha rea lokela ho ikutloela bohloko. Kahoo, tsoela pele!” Kamehla ke lula ke hopotse sena. Kaha hona joale ha ke sa khona ho etsa ho hongata ka lebaka la ho kula le ho tsofala, mantsoe a fumanoang ho Baheberu 6:10 a lula e le mohloli oa matšeliso ho ’na: “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae.” E, ho sebetsa tšebeletsong ea Jehova ke tokelo e khōlō ka ho fetisisa eo motho leha e le ofe a ka bang le eona. Ka lilemo tse 50 tse fetileng, pakane ea ka e ’nile ea e-ba, ’me e ntse e le ho ba “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona.” 2 Timothea 2:15.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Mofuta oa seketsoana seo ke neng ke sebeletsa ho sona likoung tsa Norway
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho etsa boboleli ka baesekele ka leboea ho Fora
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lisutuk’heise tse pakiloeng hammoho li ne li sebeletsa e le tafole ea ho balla ea sebui bakeng sa puo ea phatlalatsa
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
’Na le mosali oa ka Jeannette, lechatong la rōna ka 1952