Sebetsa ka Thata Bakeng sa Polokeho ea Lelapa la Hao
“Tsoelang pele le ba hōlisa ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova.”—BA-EFESE 6:4, NW.
1, 2. Batsoali ba tobana le liphephetso life kajeno?
MAKASINE o mong o tummeng o ile oa e bitsa phetoho e khōlō. Sehlooho sena se ne se bua ka liphetoho tse tšosang tse etsahetseng ka lapeng lilemong tsa morao tjena. Tsena ho ne ho thoe ke “phello ea seoa sa tlhalo, ho nyala hape, ho hlala hape, ho belehoa ha bana ba matšeo, le litsitsipano tse ncha ka malapeng a sa angoang ke tlhalo kapa karohano.” Likhatello tse joalo le litsitsipano hase tse makatsang, hobane Bibele e boletse esale pele hore batho ba ne ba tla tobana le “linako tse bohloko” “mehleng ea qetello.”—2 Timothea 3:1-5.
2 Kahoo, kajeno batsoali ba tobana le liphephetso tseo meloko e fetileng e sa li tsebeng. Le hoja batsoali ba bang har’a rōna ba hōliselitse bana ba bona litseleng tsa bomolimo “ho tloha boseeng,” malapa a mangata a sa tsoa qala ho “tsamaea ’neteng.” (2 Timothea 3:15, NW; 3 Johanne 4) Ho ka etsahala hore ebe bana ba bona ba ne ba se ba le baholo ha batsoali ba qala ho ba ruta litsela tsa Molimo. Ho feta moo, palo e ntseng e eketseha ea malapa a motsoali a le mong le malapa a motsoali oa bobeli a teng ka har’a rōna. Ho sa tsotellehe hore na maemo a lōna ke afe, keletso ea moapostola Pauluse ea sebetsa: “Tsoelang pele le ba hōlisa ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Ba-Efese 6:4.
Batsoali ba Bakreste le Karolo ea Bona
3, 4. (a) Ke lintho life tse entseng hore karolo ea ntate e nyenyefale? (b) Ke hobane’ng ha bo-ntate ba Bakreste ba tlameha ho etsa ho fetang ho phelisa malapa a bona nameng?
3 Hlokomela hore Pauluse o ile a tobisa mantsoe a hae a ho Ba-Efese 6:4 (NW) haholo-holo ho “bo-ntate.” Mongoli e mong o hlalosa hore melokong e fetileng “bo-ntate ba ne ba ikarabella bakeng sa khōliso ea bana ba bona boitšoarong le moeeng; bo-ntate ba ne ba ikarabella bakeng sa thuto ea bana ba bona. . . . Empa Phetoho e Khōlō ea Indasteri e ile ea felisa katamelano ena; bo-ntate ba ile ba siea mapolasi a bona le mabenkele a bona, ba siea mahae a bona ba ea sebetsa lifekthering ’me hamorao liofising. Bo-’mè ba ile ba qala ho etsa mesebetsi e mengata eo bo-ntate ba kileng ba ikarabella ho eona. Ka ho eketsehileng, ho ba ntate ho ile ha fetoha khopolo feela.”
4 Banna ba Bakreste: Le se ke la khotsofatsoa ke ho ba ba phelisang malapa a lōna nameng, le siea koetliso eohle le khōliso ho basali ba lōna. Liproverbia 24:27 e phehella bo-ntate ba linakong tsa boholo-holo: “Hleka mosebetsi oa hao kantle, u lokise le tšimo ea hao; hamorao u tla tseba ho haha ntlo ea hao.” Ka ho tšoanang kajeno, joaloka monna ea sebetsang, ho ka ’na ha hlokahala hore u sebetse ka thata ka lihora tse telele bakeng sa ho lokisetsa lintho tsa boipheliso. (1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, ka mor’a moo ka kōpo iphe nako ea ho “haha ntlo ea hao”—maikutlong le moeeng.
5. Basali ba Bakreste ba ka sebeletsa polokeho ea malapa a bona joang?
5 Basali ba Bakreste: Le lōna le tlameha ho sebetsa ka thata bakeng sa polokeho ea malapa a lōna. Liproverbia 14:1 e re: “Mosali ea bohlale o haha ntlo ea hae.” Joaloka balekane ba lenyalo, uena le monna oa hao le arolelana boikarabelo ba ho koetlisa bana ba lōna. (Liproverbia 22:6; Malakia 2:14) Sena se ka akareletsa ho laea bana ba hao, ho ba lokisa bakeng sa liboka tsa Bokreste le tšebeletso ea tšimo, kapa esita le ho khanna thuto ea lelapa ha monna oa hao a sa khone ho e khanna. Hape u ka etsa se eketsehileng tabeng ea ho ruta bana ba hao mesebetsi ea lelapa, mekhoa e metle, paballo ea ’mele, le lintho tse ling tse ngata tse thusang. (Tite 2:5) Ha banna le basali ba sebetsa hammoho ka tsela ena, ba ka tobana le litlhoko tsa bana ba bona hamolemo. Hantle-ntle tse ling tsa litlhoko tseo ke life?
Ho Hlokomela Litlhoko tsa Bona tsa Maikutlo
6. Ke likarolo life tseo bo-’mè le bo-ntate ba li phethang mabapi le khōlo ea maikutlo ea bana ba bona?
6 “Moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato,” ba ikutloa ba bolokehile, ba sireletsehile, ba ratoa. (1 Ba-Thessalonika 2:7; Pesaleme ea 22:9) Ke bo-’mè ba seng bakae feela ba ka hanelang tšusumetso ea ho lebisa tlhokomelo maseeng a bona. Moprofeta Esaia o ile a botsa: “Hleka mosali a ka lebala lesea leo a le anyesang na? Na a ka lesa ho hauhela ngoan’a mala a hae na?” (Esaia 49:15) Ka hona bo-’mè ba phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho hōla ha bana maikutlong. Leha ho le joalo, bo-ntate le bona ba phetha karolo ea bohlokoa tabeng ena. Morupeli oa malapa Paul Lewis o re: “Ha ke e-so ho be le mosebeletsi oa sechaba leha a le mong ea kileng a ba le ngoana [oa setlokotsebe] ea bolelang hore o ne a na le kamano e ntle le ntate oa hae. Ha ho lea mong ho ba makholo.”
7, 8. (a) Ke bopaki bofe bo leng teng ba tlamo e matla pakeng tsa Jehova Molimo le Mora oa hae? (b) Bo-ntate ba ka bōpa tlamo e lerato joang le bana ba bona?
7 Kahoo, ke habohlokoa hore bo-ntate ba Bakreste ka hloko ba hlaolele tlamo e lerato le bana ba bona. Ka mohlala, nahana ka Jehova Molimo le Jesu Kreste. Kolobetsong ea Jesu, Jehova o ile a re: “U Mor’a ka ea ratoang; ke khahlisoa ke uena.” (Luka 3:22) Mantsoe ao a seng makae a bolela ho hongata! Jehova o (1) ile a amohela Mora oa hae, (2) o ile a bolela lerato la hae bakeng sa Jesu phatlalatsa, ’me a (3) tsebahatsa hore o nka Jesu e le motho oa bohlokoa. Leha ho le joalo, hase lekhetlong lena feela moo Jehova a ileng a bolela lerato la hae bakeng sa Mora oa hae. Hamorao Jesu o ile a re ho Ntate oa hae: “U nthatile lefatše le e-so ho theoe.” (Johanne 17:24) Leha ho le joalo, na hase ’nete hore bara le barali bohle ba mamelang ho hlokahala hore ba amoheloe, ba ratoe, le ho nkoa e le batho ba bohlokoa ke bo-ntate ba bona?
8 Haeba u ntate, ho ka etsahala hore u etse se eketsehileng bakeng sa ho bōpa tlamo e lerato le bana ba hao ka hore kamehla u ba bontše ka liketso le ka lipolelo tse loketseng hore ua ba rata. Ke ’nete hore ho thata ho banna ba bang ho bontša lerato la bona, haholo-holo haeba le ka mohla ba e-so ho fumane lerato le totobetseng ho bo-ntate ba bona. Empa esita le boiteko ba ho bontša lerato ho bana ba hao bo bontšang ho hloka tsebo bo ka ba le phello e matla. Etsoe, “lerato lea hahisa.” (1 Ba-Korinthe 8:1) Haeba bana ba hao ba ikutloa ba sireletsehile ka lebaka la lerato la hao la bontate, ba tla sekamela haholoanyane ho ba ‘bara le barali ba sebele’ le ho ikutloa ba lokolohile ho u tšepa.—Liproverbia 4:3, NW.
Ho Hlokomela Litlhoko tsa Bona tsa Moea
9. (a) Batsoali ba Baiseraele ba tšabang Molimo ba ile ba hlokomela litlhoko tsa moea tsa malapa a bona joang? (b) Ke menyetla efe eo Bakreste ba nang le eona ea ho ruta bana ba bona ka mokhoa o sa reroang?
9 Bana ba boetse ba na le litlhoko tsa moea. (Mattheu 5:3) Moshe o ile a khothatsa batsoali ba Baiseraele ka matla: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” (Deuteronoma 6:6, 7) Haeba u motsoali oa Mokreste, u ka etsa ho hongata tabeng ea ho ruta ka mokhoa o sa reroang, joaloka ha “u le tseleng u tsamaea.” Nako eo le e nkang ha le tsamaea ka koloi ea lelapa, ha le reka, kapa le tsamaea hammoho le bana ba lōna ka ntlo le ntlo tšebeletsong ea Bokreste e fana ka menyetla e molemo ea ho fana ka thuto ha ba lokolohile. Linako tsa lijo li molemo ka ho khethehileng bakeng sa hore malapa a ka qoqa. Motsoali e mong oa hlalosa: “Re sebelisa nako ea lijo bakeng sa ho bua ka lintho tse ileng tsa etsahala motšehare.”
10. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling thuto ea lelapa e le phephetso, ’me batsoali ba lokela ho ba le boikemisetso bofe?
10 Leha ho le joalo, taeo e lokiselitsoeng ka sebōpeho sa thuto ea kamehla ea Bibele le bana ba hao le eona ea hlokahala. Ke ’nete hore, “bohlanya bo tlameletsoe pelong” tsa bana. (Liproverbia 22:15) Batsoali ba bang ba bolela hore bana ba bona ba ka sitisa thuto ea lelapa habonolo. Joang? Ka ho sola-sola le ho teneha, le ka ho etsa litšitiso tse halefisang (tse kang ho loantšana), kapa ka ho iketsa eka ha ba tsebe linnete tsa motheo tsa Bibele. Haeba sena se ea boemong ba ho fetoha tlhōlisano e rerang hore na ho lokela ho etsoa thato ea mang, thato ea motsoali e tlameha ho ba matla ka ho fetisisa. Batsoali ba Bakreste ha baa tlameha ho tela ebe ba tlohella hore bana ba laole lelapa.—Bapisa le Ba-Galata 6:9.
11. Thuto ea lelapa e ka etsoa hore e be e nyakallisang joang?
11 Haeba bana ba hao ba sa thabele thuto ea lelapa, mohlomong liphetoho tse itseng li ka etsoa. Ka mohlala, na thuto e sebelisoa e le kofuto ea ho hlahloba mefokolo ea morao-rao ea bana ba hao? Mohlomong ho ka ba molemohali ho buisana ka mathata a joalo lekunutung. Na thuto ea lōna e tšoaroa kamehla? Haeba u tlohela ho e tšoara e le hore le ka shebella lenaneo le ratoang la thelevishene kapa lipapali, ho ka etsahala hore bana ba hao ba se ke ba nka thuto ka ho teba. Na ua tšepahala le ho cheseha mokhoeng oa hao oa ho khanna thuto? (Ba-Roma 12:8) E, thuto e lokela ho nyakallisa. Leka ho etsa hore bana bohle ba amehe. E-ba le maikutlo a nepahetseng ’me u be ea hahang, u babatse bana ba hao ka mofuthu ha ba nka karolo. U se ke ua koahela boitsebiso feela ka tsela eo bo ngotsoeng ka eona, empa leka ho finyella lipelo.—Liproverbia 23:15.
Ho Laea ka ho Loka
12. Ke hobane’ng ha e se kamehla taeo e akareletsang ho shapa?
12 Ho na le tlhoko e matla ea hore bana ba lauoe. Joaloka motsoali, u lokela ho ba behela litekanyetso. Liproverbia 13:24 e re: “Ea hlokisang mora oa hae thupa, o mo hloile; empa ea mo ratang o mo laea a sa le monyenyane.” Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele hore taeo e tlameha hore kamehla e fanoe ka ho shapa. Liproverbia 8:33 (NW) e re: ‘Mamela taeo,’ ’me re bolelloa hore “motho ea kelello o utloa khalemelo, ho feta lehlanya ha le shapuoa halekholo.”—Liproverbia 17:10.
13. Taeo ea bana e lokela ho fanoa joang?
13 Ka linako tse ling, taeo e fanoang ka ho shapa e ka ba e loketseng. Leha ho le joalo, haeba e fanoa ka bohale ho ka etsahala hore e be e tlōlisang le e sa sebetseng. Bibele ea hlokomelisa: “Bo-ntat’a bana, se halefiseng bana ba lōna, ba tle ba se ke ba nyahama lipelo.” (Ba-Kolosse 3:21) Ka sebele, “hloriso e ee e hlantše ea hlalefileng.” (Moeklesia 7:7) Mocha ea halefisitsoeng a ka ba a hanyetsa litekanyetso tse lokileng. Kahoo batsoali ba lokela ho sebelisa Mangolo ho laea bana ba bona ka ho loka ka tsela e tiileng le hoja e le e leka-lekaneng. (2 Timothea 3:16) Taeo ea bomolimo e fanoa ka lerato le ka bonolo.—Bapisa le 2 Timothea 2:24, 25.a
14. Batsoali ba lokela ho etsa eng haeba ba ikutloa hore ba na le tšekamelo ea ho inehela bohaleng?
14 Ha e le hantle, “bohle re khopjoa nthong tse ngata.” (Jakobo 3:2) Esita le motsoali eo ka ho tloaelehileng e leng ea lerato a ka inehela khatellong eo a nang le eona ka nako e itseng ’me a bua ntho e ’ngoe e seng mosa kapa a bonahatsa khalefo. (Ba-Kolosse 3:8) Haeba seo se ka etsahala, u se ke ua lumella letsatsi hore le likele ngoana oa hao a ntse a tšoenyehile haholo kapa uena ka bouena u halefile. (Ba-Efese 4:26, 27) Rarolla mathata le ngoana oa hao, u kōpe tšoarelo haeba ho bonahala ho loketse. (Bapisa le Mattheu 5:23, 24.) Ho bonahatsa boikokobetso bo joalo ho ka ’na ha etsa hore uena le ngoana oa hao le atamelane. Haeba u ikutloa u ke ke ua khona ho laola bohale ba hao ’me u tla inehela khalefong, kōpa thuso ho baholo ba phutheho ba khethiloeng.
Malapa a Motsoali a le Mong le a Motsoali oa Bobeli
15. Bana ba leng malapeng a motsoali a le mong ba ka thusoa joang?
15 Leha ho le joalo, hase bana bohle ba hōlisoang ke batsoali ba babeli. United States, ngoana a le mong ho ba bane o hōlisoa ke motsoali a le mong. ‘Bashanyana ba se nang bo-ntat’a bona’ ba ne ba le bangata linakong tsa Bibele, ’me kameho bakeng sa bona e boleloa hangata ka Mangolong. (Exoda 22:22, NW) Kajeno, ka ho tšoanang malapa a motsoali a le mong a Bakreste a tobana le likhatello le mathata, empa a tšelisoa ke ho tseba hore Jehova ke “ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntat’a bona le moahloli oa bahlolohali.” (Pesaleme ea 68:5, NW) Bakreste ba phehelloa hore ba ‘hlokomele likhutsana le bahlolohali mahlomoleng a bona.’ (Jakobo 1:27, NW) Balumeli-’moho ba ka etsa ho hongata ho thusa malapa a motsoali a le mong.b
16. (a) Batsoali ba se nang balekane ba lokela ho etsetsa malapa a bona eng? (b) Ke hobane’ng ha taeo e ka ’na ea e-ba thata, empa ke hobane’ng ha e lokela ho fanoa?
16 Haeba u motsoali ea se nang molekane, uena ka bouena u ka etsa eng ho fumantša lelapa la hao molemo? Ho hlokahala hore u be mafolo-folo mabapi le thuto ea Bibele ea lelapa, ho kopanela libokeng, le tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, taeo e ka ’na ea ba phephetso e matla ka ho khethehileng. Mohlomong u ntse u saretsoe ka lebaka la ho shoelloa ke molekane ea ratoang. Kapa e ka ’na eaba u loana le ho ikutloa u le molato kapa bohale ka lebaka la ho qhalana ha lelapa. Haeba ka bobeli le na le tokelo ea molao ea ho nka bana, ho ka etsahala hore u tšohe hore ngoana oa hao a ka ’na a khetha ho lula le molekane eo u arohaneng le eena kapa eo u hlalaneng le eena. Maemo a joalo a ka ’na a etsa hore maikutlo a hao a o thatafaletse ho fana ka taeo e leka-lekaneng. Leha ho le joalo, Bibele e re bolella hore “mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Kahoo u se ke ua inehela ho ikutloeng u le molato, ho ikoahlaeeng, kapa khatellong ea maikutlo e tlisoang ke molekane oa pele. Beha litekanyetso tse nang le kahlolo e molemo le tse sa feto-fetoheng. U se ke ua sekisetsa melao-motheo ea Bibele.—Liproverbia 13:24.
17. Likarolo tsa litho tsa lelapa li ka fetoha tse sa hlakang joang lelapeng la motsoali ea se nang molekane, ’me ho ka etsoa’ng ho thibela see?
17 Leha ho le joalo, mathata a ka hlaha haeba ’mè ea se nang molekane a tšoara mora oa hae e le ea emeng sebakeng sa monna oa hae—monna oa lelapa—kapa morali oa hae e le eo a tšepelang ho eena bakeng sa ho mo bolella makunutu, a mo jarisa mathata a tebileng. Ho etsa joalo ha hoa lokela ebile ho ferekanya ngoana. Ha likarolo tsa motsoali le ngoana e e-ba tse sa hlakang, taeo e ke ke ea sebetsa. Etsa hore ho tsebahale hore u motsoali. Haeba u ’mè ea hlokang keletso e thehiloeng Bibeleng, e kōpe ho baholo kapa mohlomong ho khaitseli ea hōlileng moeeng le lilemong.—Bapisa le Tite 2:3-5.
18, 19. (a) Malapa a motsoali oa bobeli a talimane le liphephetso life? (b) Batsoali le bana ba leng malapeng a motsoali oa bobeli ba ka bontša bohlale le temoho joang?
18 Malapa a motsoali oa bobeli ka ho tšoanang a tobana le liphephetso. Hangata, batsoali ba bobeli ba fumana hore ke ka seoelo ba ka fumanang “lerato la kapele.” Ka mohlala, bana ba molekane e mong ba ka ’na ba ameha habonolo ka se bonahalang eka ke leeme mabapi le bana ba motsoali oa bobeli. (Bapisa le Genese 37:3, 4.) Ha e le hantle, bana ba molekane e mong ba ka ’na ba be ba ntse ba loantša ho llela motsoali ea tsamaileng ’me ba tšaba hore ho rata motsoali oa bobeli ka tsela e itseng e tla be e le ho se tšepahale ho ntate kapa ’mè oa bona. Boiteko ba ho fana ka taeo e hlokahalang bo ka ’na ba tobana le khopotso e mabifi, ‘Ha u motsoali oa ka oa sebele!’
19 Liproverbia 24:3 e re: “Ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene.” E, ho hlokahala hore bohle ba be le bohlale le temoho e le hore lelapa la motsoali oa bobeli le ka atleha. Ka mor’a nako e itseng, bana ba tlameha ho amohela ’nete eo hangata e leng bohloko ea hore lintho li fetohile. Ka ho tšoanang ho ka ’na ha hlokahala hore batsoali ka bobeli ba ithute ho mamella le ho ba le kutloelo-bohloko, ba se ke ba potlakela ho khopisoa ke ho tobana le seo ho bonahalang eka ke khanyetso. (Liproverbia 19:11; Moeklesia 7:9) Pele u qala ho nka karolo ea ho ba ea laeang, sebeletsa ho etsa setsoalle le ngoana oa motsoali e mong. Ho fihlela tlamo e joalo e thehiloe, ba bang ba ka ’na ba ho nka ho le molemo ho tlohela hore e be motsoali oa ngoana ea mo laeang. Ha likhohlano li hlaha, boiteko ba ho buisana bo tlameha ho etsoa. Liproverbia 13:10 (NW) e re: “Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.”c
Tsoela Pele U Sebeletsa Polokeho ea Lelapa la Hao!
20. Lihlooho tsa malapa a Bakreste li lokela ho tsoela pele ho etsa eng?
20 Malapa a Bakreste a matla ha a be teng ka kotsi. Lōna lihlooho tsa malapa le tlameha ho tsoela pele ho sebetsa ka thata bakeng sa polokeho ea malapa a lōna. E-bang hlokolosi, le hlokomele litšobotsi tse seng molemo kapa litšekamelo tsa lefatše. Behang mohlala o motle lipuong, boitšoarong, leratong, tumelong, le bohloeking. (1 Timothea 4:12) Bonahatsang litholoana tsa moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23) Mamello, ho nahanela, tšoarelo, le bonolo li tla matlafatsa boiteko ba lōna ba ho ruta bana ba lōna litsela tsa Molimo.—Ba-Kolosse 3:12-14.
21. Ho ka etsoa joang hore ho bolokoe tikoloho e mofuthu, e thabileng ka lapeng?
21 Ka thuso ea Molimo, lekang ho boloka moea o thabileng, o mofuthu ka lapeng la lōna. Nkang nako le le hammoho joaloka lelapa, le leke ka matla ho ja hammoho bonyane hang ka letsatsi. Liboka tsa Bokreste, tšebeletso ea tšimo, le thuto ea lelapa lia hlokahala. Leha ho le joalo, ho boetse ho na le ‘nako ea ho tšeha le ea ho hobela.’ (Moeklesia 3:1, 4) E, hlophisa linako tsa boikhathollo bo hahang. Ho ea limusiamong, libakeng tsa polokelo ea liphoofolo, le libakeng tse tšoanang le tseo ho nyakallisa lelapa lohle. Kapa le ka ’na la koala TV ’me la sebelisa nako eo bakeng sa ho bina, ho mamela ’mino, ho bapala lipapali, le ho qoqa. Sena se ka thusa lelapa hore le atamelane.
22. Ke hobane’ng ha le lokela ho sebeletsa polokeho ea lelapa la lōna ka thata?
22 E se eka lōna bohle batsoali ba Bakreste le ka tsoela pele ho sebeletsa ho thabisa Jehova ka ho feletseng “ha le ntse le beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o motle ’me le hōla tsebong e nepahetseng ea Molimo.” (Ba-Kolosse 1:10, NW) Hahang lelapa la lōna holim’a motheo o matla oa ho mamela Lentsoe la Molimo. (Mattheu 7:24-27) ’Me le kholisehe hore o tla nka boiteko ba lōna ba ho hōlisa bana ba lōna “ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova” e le ba bohlokoa.—Ba-Efese 6:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Pono ea Bibele: ‘Thupa ea Taeo’—Na e Siiloe ke Nako?” ho Tsoha! ea September 8, 1992.
b Bona Molula-Qhooa oa March 15, 1981, maqepheng a 18-30.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Monna le mosali ba ka sebelisana joang tabeng ea ho haha lelapa la bona?
◻ Litlhoko tse ling tsa bana tsa maikutlo ke life, ’me li ka khahlametsoa joang?
◻ Lihlooho tsa malapa li ka ruta bana ba tsona ka mokhoa o reriloeng le o sa reroang joang?
◻ Batsoali ba ka laea ka ho loka joang?
◻ Ho ka etsoa eng molemong oa malapa a motsoali a le mong le malapa a motsoali oa bobeli?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lerato la ntate le ho nka ngoana e le motho oa bohlokoa lia hlokahala bakeng sa khōlo ea ngoana ea maikutlo