Mekete ea Matsatsi a Tsoalo e Siile Mohoula oa Lefu
KAJENO batho ba bangata ba talima ho keteka matsatsi a tsoalo e le tloaelo feela e se nang molato. Empa Bibele ha e bue ka mokhoa o amohelehang ka neano ena. Lebaka le leng ke hore Mangolo ha a na pontšo ea hore leha e le bafe ba bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba ile ba keteka matsatsi a tsoalo.
Matsatsi a tsoalo a mabeli feela ao Bibele e buang ka ’ona e ne e le a babusi bao e neng e le lira tsa Molimo. Mokete ka mong o ile oa kopanyelletsa polao, e le hore ba tlileng moketeng ba ka thabela ho shebella lefu la motho ea neng a khopisitse morena. Ketsahalong ea pele, Faro, morena oa Egepeta, o ile a bolaea molaoli oa hae oa baapehi. (Genese 40:2, 3, 20, 22) ’Musi oa Egepeta o ile a etsa joalo nakong ea mokete hobane o ne a halefetse mohlanka oa hae. Ketsahalong ea bobeli, Heroda, ’musi ea itšoereng hampe oa Galilea, o ile a khaola Johanne Mokolobetsi hlooho e le ho thabisa ngoanana eo tantši ea hae e neng e mo khahlile moketeng. E bile lipono tse khesehang hakaakang!—Mattheu 14:6-11.
Empa na Bibele ha ea lebisa tlhokomelo matsatsing a tsoalo a mabeli ao e leng mekhelo haholo? Eseng hakaalo. Rahistori oa Mojode oa boholo-holo Josephus o senola hore liketsahalo tsena e ne e se tse ikhethang. O tlaleha ka liketsahalo tse ling tsa ho ithabisa ka lipolao matsatsing a tsoalo.
Ka mohlala, tse ling li ile tsa etsahala ka mor’a timetso ea Jerusalema ka 70 C.E., ha Bajode ba 1 000 000 ba timela ’me ba 97 000 ba ileng ba phonyoha ba haptjoa e le batšoaruoa. Ha ba le tseleng e eang Roma, molaoli oa Moroma Titus o ile a isa batlamuoa ba hae ba Bajode haufi le boema-kepe ba Cesarea.
Josephus oa ngola: “Ha Titus a ntse a le Cesarea, o ile a keteka letsatsi la tsoalo la moena oa hae Domitian ka khanya e khōlō, a bolaea batšoaruoa ba fetang 2 500 ka ho bapala le libatana le ka malakabe. Ka mor’a mona o ile a leba Berytus [Beirut], kolone ea Roma e Fenicia, moo a ileng a keteka letsatsi la tsoalo la ntat’ae ka ho bolaea batlamuoa ba eketsehileng libakeng tsa lipontšo tse khōlō tsa sechaba.”—The Jewish War, VII, 37, e fetoletsoeng ke Paul L. Maier ho Josephus: The Essential Writings.
Hase ho makatsang ha The Imperial Bible-Dictionary e hlalosa: “Baheberu ba morao-rao ba ne ba talima ketekelo ea matsatsi a tsoalo e le karolo ea borapeli ba litšoantšo, e leng pono e ileng ea tiisoa haholo ke seo ba se boneng meketeng e amanang le matsatsi ana.”
Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ke ke ba ikutloa ba rata ho kopanela moetlong ona o hlahisitsoeng hampe ka Bibeleng le o neng o ketekoa ke Baroma ka mokhoa o tšosang hakaalo. Kajeno, Bakreste ba tšepahalang baa hlokomela hore litlaleho tsa Bibele tse buang ka matsatsi a tsoalo li har’a lintho tse ileng tsa ngolloa ho ba laea. (Ba-Roma 15:4) Ba qoba ho keteka matsatsi a tsoalo hobane mekete e joalo e beha bohlokoa bo sa lokelang holim’a motho ea itseng. Habohlokoa haholoanyane, ka bohlale bahlanka ba Jehova ba nahana ka ho teba ka hore e be ho buuoe hampe ka matsatsi a tsoalo ka Bibeleng.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Lebala la boithabiso Cesarea