Ke Hobane’ng ha Lipaki li Eta Khafetsa?
‘KE BAO hape! Empa ba ne ba le mona libeke tse seng kae feela tse fetileng!’ Na ke seo u se nahanang ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a u etela? Kajeno batho ba limilione ba eteloa ke Lipaki tsa Jehova joalo-joalo. U ka ’na ua botsa, Ke hobane’ng ha li phehella le hoja li tseba hore batho ba bangata ba na le bolumeli ba bona kapa ha ba thahaselle? Potso eo e lokela ho arajoa.
Boikarabelo ka Pel’a Molimo
Lipaki tsa Jehova li ithutile Mangolong hore ho tloha ka 1914, e leng selemo seo Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea qala ka sona, liketsahalo tsa lefatše li ’nile tsa phethahatsa boprofeta ba Bibele mabapi le bofelo ba tsamaiso ea lefatše ea hona joale le ho tla ha puso ea ’Muso oa Molimo holim’a lefatše lena. Hoo e ka bang lekholo la lilemo la pefo, tšollo ea mali, le lehloeo ho bonahala le siile moloko oa batho o le hōle ho feta leha e le neng pele le tharollo ea lipolotiki ea mathata a oona. Lintoa le botšosi tse sa ntseng li hlasela lelapa la motho ke bopaki ba hore puso ea motho e hlōlehile ho fetola lipelo, likelello, le maikutlo a batho. Ho khopeha ho tebileng mabapi le liketsahalo tse etsahetseng nakong e fetileng historing ho sa ntse ho senya likamano pakeng tsa mefuta ea batho, merabe, le lihlopha tsa bolumeli. Seo ke ’nete libakeng tse arohaneng joaloka Afghanistan, Afrika Boroa, Bochabela bo Hare, India, Ireland Leboea, le moo pele e neng e le Yugoslavia. Joale, tharollo e tšoarellang ke efe?
Lipaki li Susumetsoa Ke’ng?
Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore tharollo ea Molimo—puso ea hae ea ’Muso e tšepisitsoeng eo ho eona ho tla busa Jesu Kreste—ke eona feela karabo e sebetsang. Jesu o bile a kenyeletsa boipiletso bakeng sa puso eo ea ’Muso thapelong ea hae ea mohlala e tummeng: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” Lipaki li lumela hore thapelo ena e hlile e kōpa hore Molimo a kenelle litabeng tsa moloko oa batho.—Mattheu 6:9, 10.
Kahoo ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ikutloa hore ho hlokahala hore li ee ka ntlo le ntlo khafetsa ho leka ho fetisa molaetsa oo? Ka lebaka la melao e ’meli eo Jesu a ileng a e totobatsa: “Rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle. Molao oo ke o moholo oa pele. ’Me oa bobeli, o tšoanang le oona, ke o reng: Rata oa heno joalo ka ha u ithata.”—Mattheu 22:37-39.
Lipaki li ipatlela tlhohonolofatso ea Molimo, ’me kahobane li rata baahelani ba tsona, li ba batlela tlhohonolofatso eona eo. Kahoo, ho latela mohlala oa Jesu, li ikutloa li khannoa ke lerato le se nang boithati ho etela baahelani ba tsona. Li batla hore bonyane li ba fe monyetla oa ho tseba seo “Molimo ea thabileng” a se tšepisitseng moloko oa batho ba mamelang lefatšeng le hloekisitsoeng.—1 Timothea 1:11, NW; 2 Petrose 3:13.
Moromuoa oa Mokreste Pauluse o ne a lumela litšepisong tsa Molimo ’me kahoo o ne a ka ngola: “Pauluse, lekhoba la Molimo le moapostola oa Jesu Kreste ho latela tumelo ea bakhethoa ba Molimo le tsebo e nepahetseng ea ’nete e lumellanang le boinehelo ba bomolimo holim’a motheo oa tšepo ea bophelo bo sa feleng boo Molimo‚ ea ke keng a bua leshano‚ a bo tšepisitseng esale linakong tsa pele.” E, bao ka boikokobetso ba batlang ho tseba le ho sebeletsa Molimo, “ea ke keng a bua leshano” ‘o ba tšepisitse’ bophelo bo sa feleng.—Tite 1:1, 2, NW; Sofonia 2:3.
Na Lipaki Lia Lefshoa?
Ka linako tse ling batho ba bang ba ’nile ba nahana hore Lipaki lia lefshoa bakeng sa tšebeletso ea tsona. Ha ho ntho e joalo! Li nka ka ho teba mantsoe a Pauluse ho phutheho ea Korinthe: “Ha re barekisi ba lentsoe la Molimo joalokaha ho le joalo ka ba bangata, empa joaloka ba tiileng, e, joaloka ba ronngoeng ke Molimo, ka pel’a Molimo re bua re le ba sebetsang le Kreste.”—2 Ba-Korinthe 2:17, NW.
Baeta-pele ba bolumeli ba bang ba ruta ka lebaka la chelete, ebang ke tefo bakeng sa litšebeletso tsa bolumeli kapa ho buella mekhatlo ea khoebo litšebeletsong tsa bona tsa TV. Malumeli a mangata a na le baruti ba lefshoang.
Ka ho fapaneng, Lipaki ha li na baruti ba lefshoang, ’me hangata lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele li fanoa ka ntle ho tefo ho ba batlang ’nete ka tieo, le hoja ba bangata ho bona ba susumeletseha ho etsa menehelo ea boithatelo. Eona e sebelisoa bakeng sa ho jara litšenyehelo tsa mosebetsi ona oa ho bolela lefatšeng ka bophara. Tumellanong le keletso ea Jesu: “Le neiloe feela, neang feela,” Lipaki li sebelisa chelete ea tsona ka bolokolohi, ho akareletsa le nako le matla, ha li nehelana ka lihora tse limilione selemo le selemo tšebeletsong ea Molimo. Kahoo, li ruta batho ba thahasellang ka ntlo le ntlo le lithutong tsa Bibele tsa mahae.—Mattheu 10:8; 28:19, 20; Liketso 20:19, 20.
Linnete li paka hore Lipaki tsa Jehova ha li na pakane ea ho etsa chelete e le batho ka bomong, molemong oa liphutheho tsa bona tsa sebaka ka seng, kapa oa Mokhatlo oa Watch Tower. Ha ho ea lefeloang ho ea ka ntlo le ntlo. Joale mosebetsi oo o tšehetsoa joang ka lichelete? Ka menehelo ea boithatelo e tsoang ho batho ba ananelang lefatšeng lohle. Ha ho mohla ho nkoang likoleke.
Phello ea ho Paka ha Tsona
Na tšebeletso ea ntlo le ntlo le bopaki bo sa reroang ba Lipaki li na le phello e hlokomelehang ho batho bohle? Bopaki ba mecha ea litaba bo re e, ka ho utloahalang potsong eo. Ho ’nile ha buuoa ka Lipaki tsa Jehova mananeong a TV le libaesekopong ha ho bontšoa e mong ea kokotang monyako. Lipale tsa litšoantšo tse qabolang tse hlophisitsoeng ka ho latellana li ’nile tsa bua ka Lipaki. Mosebetsi oa tsona o bonahatsang cheseho o tsebahala hoo batho ba etsang litšoantšo tse qabolang ho pota lefatše ba ’nileng ba kenyeletsa boitsebiso bo buang ka Lipaki tsa Jehova. Sena se ka ’na sa bonahala e le ho soma, empa hangata li thehiloe ’neteng ea motheo e nepahetseng—ea hore Lipaki li tsebahala ka ho bolela ka ntlo le ntlo li sa phetse.—Liketso 20:20.
Setšoantšo se seng se qabolang se ile sa bontša monna ea hloang thaba ho ea buisana le “tichere ea moea.” O ile a re: “Mpolelle lintho tse hlollang tse tlang!” “Tichere ea moea” e ile ea araba joang? “E re ke bone . . . Ho tla ba le litlala, mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše. Letsatsi le tla fifala, le khoeli e fetohe mali.” Motho ea batlisisang o ile a botsa: “Litaba tse molemo ke life?” ’Me “tichere ea moea” e ile ea araba ka ho re: “Molimo o tla hlakola meokho eohle . . . ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng leha e le masoabi kapa bohloko!” Moeti enoa o ile a botsa: “U tseba lintho tse joalo joang?” Karabo e bile efe? “Ha ho motho ea phonyohang Lipaki tsa Jehova!” ’Me ho tlameha ebe ho bile joalo le ka moetsi eo oa litšoantšo tse qabolang ka boeena!
Se thahasellisang paleng ena ea litšoantšo tse qabolang le tse ling tse kang eona ke hore ha e senole ho eta khafetsa ha Lipaki feela empa e senola le ho lumellana ha molaetsa oa tsona. Ka mantsoe a seng makae feela, moetsi enoa oa litšoantšo o ile a fana ka karolo e ka sehloohong ea bopaki ba ntlo le ntlo a ba a qotsa mangolo.—Bapisa le Mattheu 24:7, 29; Tšenolo 21:3, 4.
’Nete ea hore batho ba bangata ba hana molaetsa oa tsona ha e nyahamise Lipaki kapa hona ho fokotsa cheseho ea tsona. Moapostola Petrose o ile a lemosa: “Mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bo-ntate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joalo ka qalong, ha li hloloa.” Ho sa tsotellehe sena, li susumetsoa ke lerato, Lipaki li tsoela pele ho etela baahelani ba tsona ’me li tla etsa seo ho fihlela Molimo a felisa tsamaiso ena e senyehileng.—2 Petrose 3:3, 4.
Jesu o itse mehleng ea qetello, litaba tse molemo li ne li tla boleloa pele. Bakeng sa tlhahlobo e eketsehileng ea hore na ke hobane’ng hona joang, bona lihlooho tse peli tse latelang.—Mareka 13:10.
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Lipaki tsa Jehova ha li na sehlopha sa baruti ba lefshoang—kaofela ke basebeletsi ba baithaopi