Kopano ea “Thuto ea Bomolimo” ea Ethiopia—Nako ea Thabo e Khethehileng
E NE e se kopano ea setereke ea pele ea Ethiopia haesale e lokoloha, empa ha ho pelaelo hore e ne e khethehile. Esale li amoheloa ka molao ka la 11 November, 1991, Lipaki tsa Jehova li ne li kopana ka lekhetlo la boraro lebaleng la lipapali le leholo ka ho fetisisa naheng eo, City Stadium, le leng bohareng ba Addis Ababa. Kaha qalong sebaka sena se ne se sa fumanehe ka Sontaha ’me ho se sebaka se seng se seholo ho lekana se neng se ka fumaneha, lenaneo le ile la peteletsoa matsatsing a mararo, ho tloha Labone ho ea Moqebelo, la 13-15 January, 1994.
Matsatsing ana a mararo hase feela hore ho bile le boemo ba leholimo bo itekanetseng tlas’a maholimo a maputsoa empa hape ho bile le ho khantšetsoa moeeng ka tšusumetso e feletseng ea “Thuto ea Bomolimo.” Tikolohong ea lipalesa tse lokisitsoeng ka tsela e khahlehang ho pota sethala, sehlooho sa kopano eo se ile sa hlahella ka mongolo oa Seamharic.
Empa ke’ng se ileng sa etsa hore kopano eo e be e khethehileng? Hammoho le lenaneo le enneng, mehopolo ea e mong le e mong le boikutlo li ne li lebisitsoe boeneng bo lerato ba rōna ba machaba le liponahatso tse hlakileng tsa tlhohonolofatso ea Molimo bathong ba hae ka sebōpeho sa khōlo ea ’Muso. Ho ne ho na le baeti ba 270 ba tsoang linaheng tse 16, ho akareletsa le Djibouti le Yemen. Ba ka holimo ho halofo ba ne ba e-tsoa mariheng a Europe le Amerika Leboea. Baeti ba ne ba akareletsa litho tse peli tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, Lloyd Barry le Daniel Sydlik.
Ho amohela baeti ka mofuthu ha neano ha Ethiopia hammoho le lerato le tlohang botebong ba pelo bakeng sa baena ba bona ba etileng li ile tsa fella ka nyakallo e ileng ea hlōla mekoallo ea puo. Litumeliso li ne li sa etsoe feela ka ho tšoarana ka matsoho empa ho ne ho kopanoa ho bile ho akanoa, ho isa makhetlong a tšeletseng! Baeti ba bangata ba ne ba ile ba bala ka mosebetsi oa ’Muso Ethiopia ’me ba ne ba tseba hore baena ba bona ba Ethiopia ke baboloki ba botšepehi ba lekiloeng ba ileng ba mamella ho kenngoa literonkong le mefuta e meng ea mahloriso.a Empa ba etileng ba ne ba makaletse ho bona bacha ba bangata hakaalo ba lifahleho li thabileng le ba mekhoa e metle e leng lintho tse fokotsehang linaheng tse ngata kajeno. Bo-khaitseli ba bangata ba Ethiopia ba ne ba apere mese ea bona e mesoeu ea se ha habo bona, e khabisitsoeng ka tsela e bonahatsang tsebo, e leng se ileng sa phahamisa moea oa nyakallo.
Kolobetso ka Labohlano e ile ea ipaka ho ba e thabisang. Mola o molelele oa ba 530 ba sa tsoa inehela, ho tloha ho ba lilemo li 10 ho ea ho ba lilemo li 80, o ile oa otloloha oa fetela ka ’ng̀ane ho halofo ea lebala la bolo ka har’a lebala la lipapali. Ba ne ba le bangata haholo ho feta kamoo e mong le e mong a neng a lebeletse—ba feta a le mong ho Lipaki tse ling le tse ling tse supileng naheng eo. Ke bopaki bo hlollang hakaakang ba tlhohonolofatso ea Jehova ho batho ba hae sebakeng see! Ho bile le meokho ea thabo e mengata ka lebaka la pono ena, ’me e ile ea eketsoa ke ’mino o monate oa baeti ba tsoang Italy ba fetang 40. Ba bangata ba ile ba nahana ka mantsoe a boprofeta a Esaia 60:5: “Ka ho bona hoo, u tla thaba, pelo ea hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ea leoatle e lebile ho uena, le maruo a lichaba a ea tla ho uena.”
Lisosa tse Khethehileng tsa Thabo
Tlhohonolofatso ea Jehova e ile ea hatisoa ka ho eketsehileng ka Labohlano, ha qaleho e nyenyane ea mosebetsi oa ’Muso Ethiopia e ne e hopoloa ka lipuisano. Tsena li ile tsa etsoa ka ho buisana le sehlopha sa baromuoa ba pele ba ileng ba sebeletsa moo ka bo-1950 le bo-1970. Batho ba ka holimo ho 8 000 ba ile ba utloa Ray Casson, John Kamphuis, le Haywood Ward ha ba hlalosa mosebetsi oa bona oa thuto ea Bibele, ho tloha ka la 14 September, 1950, ha ba fihla Addis Ababa. ’Muso oa bohatelli oa mehleng eo o ne o batla hore ba be mafolo-folo thutong e akaretsang. Kahoo ba ile ba bula sekolo bakeng sa thuto ea batho ba baholo bohareng ba toropo, se rutang lithuto tse sa tšoaneng. Empa nakong ea bona ea bolokolohi, baromuoa bana ba ile ba leka ho ntšetsa pele thuto e lebisitseng tlhokomelo thutong ea bomolimo. Ba ne ba lokela ho leka ka matla ho ithuta Seamharic, e leng puo e thata e nang le litlhaku tsa alefabeta tse 250. Hoo e ka bang halofo ea selemo e ile ea feta pele ba atleha ho khanna thuto ea bona ea lehae ea Bibele ea pele. Hoo e ka bang lilemo tse 43 hamorao, ba ile ba kopana le batho seterateng ba ileng ba hopola matichere ana a nakong e fetileng. Leha ho le joalo, kopanong, ba ile ba thabela ho kopana hape le bongata ba lithuto tsa bona tsa Bibele tsa nakong e fetileng tse ileng tsa ba mafolo-folo tumelong, le tse ileng tsa ba tsebisa bana le litloholo tsa bona tsa moea.—1 Ba-Thessalonika 2:19, 20.
Bamameli ba thabileng le ba mametseng ka hloko ba ile ba opa liatla ka nako e telele eseng feela bakeng sa lipuisano le baromuoa ba nakong e fetileng empa le bakeng sa litlaleho le litumeliso tse tsoang Brithani, Canada, Iseraele, Italy, Jeremane, Kenya, le Netherlands, le United States—tse tlang le baemeli ba linaha lisele. Sena se boetse se hatisa boena bo lerato ba lefatše lohle ba batho ba Molimo. Lipuo tsa sehlooho tseo baena ba tlotsitsoeng ba Sehlopha se Busang ba ileng ba nehelana ka tsona, esita le lithapelo tsa bona tse tlohang botebong ba pelo le tsona li ile tsa ama bamameli ka ho teba. Bacha ba leng lebaleng la lipapali ba ile ba ipona batšoantšising ba leng tšoantšisong ea bacha ba hopolang ’Mōpi oa bona, tšoantšiso ena e ile ea nehelanoa ka tsela ea tlhaho le e tletseng bophelo. Ho phaella litokollong tse ncha tsa Senyesemane, litokollo tse ncha tse tharo tsa Seamharic li ile tsa fehla cheseho e khōlō.b
Linakong tsa khefu le ka linako tse ling, ho ne ho e-na le menyetla e metle ea ho tloaelana le batho ba bangata ba bohlokoa. Ka mohlala, moleng o ka pele, setulong sa leqala se entsoeng ka matsoho, ho ne ho lutse mohoeletsi ea hōlileng lilemong ho feta bohle Ethiopia, Tulu Mekuria. Selemong se fetileng, ha a le lilemong tsa botsofali tse 113, o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kopanong ena o bile le thabo ea ho bona mosali oa hae ea lilemo li 80 a latela mohlala oa hae, a eketsa ka ho ba khaitseli ea hae ea moea. Ho ba teng ha hae lenaneong lohle e bile tšusumetso e molemo ho ba bacha. E mong ea joalo e bile Yohanes Gorems, ea lilemo li 16 ’me e ntse e le seithuti sekolong o se a sebelelitse e le mohoeletsi oa pula-maliboho ea kamehla ka lilemo tse ’nè. Eena le bo-pula-maliboho ba bang ba banyenyane ho eena ba lilemong tsa ho kena sekolo ba ithutile ho reka nako e loketseng, ka mekhoa e kang ho paka hoseng haholo tseleng ha ba ea sekolong kapa ka ho sebelisa linako tsa khefu le tsa ha sekolo se tsoile.
Ke Mehlala e Hlollang Hakaakang ea Botšepehi!
Ba makholo ho bamameli ba bile le phihlelo ea ho ba literonkong le ho hlokofatsoa tlas’a mebuso e fetileng. Mandefro Yifru o hetla morao lilemong tse hlano tse joalo tsa ho ba teronkong, empa hona joale o thabela ho sebeletsa Addis Ababa ofising e sa tsoa buloa, e hlokomelang phetolelo, khatiso, le thomello. Mohlankana e mong ea sebeletsang le eena, Zecarias Eshetu, ha a ka a checha botšepehing ba hae lilemong tse robeli tse fetileng ha ntate oa hae a ne a bolaeloa ho boloka ho se nke lehlakore ha Bokreste lilemong tse tharo tsa ho koalloa teronkong. Zecarias, e mong oa bana ba bahlano, o ne a le lilemo li leshome ha ntate oa hae a kena teronkong. Meswat Girma le khaitseli ea hae, Yoalan, bao hona joale ba habileng ho ba lilemo li 20 ’me ba sa ntse ba le sekolong, ba hopola ntate oa bona feela ka ho mo bona lifotong, hobane ba ne ba le banyenyane haholo ha ka tšohanyetso a ahloleloa lefu ka lebaka la ho se nke lehlakore. Botšepehi ba hae bo ile ba ba susumetsa, ’me bobeli ba bona ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla, joalokaha ntate oa bona a ne a etsa nakong ea lefu la hae.
’Moloki oa botšepehi e mong e ne e le Tamirat Yadette, eo hona joale a sebeletsang e le pula-maliboho ea khethehileng sebakeng se setle sa Rift Valley. Ka lebaka la ho se nke lehlakore ha Bokreste, o ile a nka lilemo tse supileng a le literonkong tse tharo tse sa tšoaneng, ka linako tse ling a tlamiloe ka liketane a shapuoa habohloko. Leha ho le joalo, ha a le teronkong o ile a thusa batho ba ka holimo ho leshome le metso e ’meli hore ba emele ’Muso oa Molimo.
Tesfu Temelso, eo hona joale a sebeletsang e le molebeli oa potoloho, o ile a kenngoa teronkong ka makhetlo a 17 nakong ea ha e ne e le pula-maliboho ea khethehileng. O na le mehoabali ka lebaka la ho shapuoa, empa o thabetse ho bona liphutheho likabelong tsa hae tsa nakong e fetileng. Baena le bo-khaitseli ba bangata ba tsoang Phuthehong ea Akaki ba ile ba hlokofatsoa ke ho kenngoa literonkong le ke bokhopo, leha ho le joalo phutheho eo e hōtse ho isa ho bahoeletsi ba fetang lekholo. Ba hahile Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ea pele Ethiopia. Dese, toropo eo tikoloho ea eona e hapang tlhokomelo e bohōle ba lik’hilomithara tse 300 ka leboea ho motse-moholo, ho ne ho hlaha sehlopha sa ba bahlano ba ileng ba tobana le lefu ’me ba bona ha moena oa sebaka seo a e-shoa ka lebaka la ho hlokofatsoa. Moholo e mong har’a bona, Maseresha Kasa, o ile a hlalosa hore o ile a mamella lilemo tse tšeletseng tsa ho ba teronkong, eseng ka lebaka la ho ba ea khethehileng ka tsela leha e le efe, empa feela hobane o ile a ithuta ho tšepa Jehova.—Ba-Roma 8:35-39; bapisa le Liketso 8:1.
Esita le haufinyane tjena, ba bang ba ile ba bontša botšepehi ba bona tlas’a teko. Sehlopha se seholo se ne se tlile kopanong se tsoa naheng e haufinyane moo, ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona, Lipaki li ileng tsa amohuoa tšireletso ea sepolesa, litokomane tsa ho eta, mangolo a lenyalo, phekolo lipetlele, le mesebetsi. Ha ntoa e ntse e loana haufi le Mesewa, boema-kepeng ba Eritrea Leoatleng le Lefubelu, phutheho eohle, ea ba 39, ho akareletsa le bana, e ile ea lula ka tlas’a borokho bo bokhutšoanyane lehoatateng ka likhoeli tse ’nè e le hore ba ka pholoha ha ’muso oa pele o qhomisa mahae a bona ka libomo. Tikolohong eo ea mocheso le ho hloka, lipuisano tsa bona tsa temana ea letsatsi le liboka tse ling li ile tsa ba fa matla a maholo ’me tsa etsa hore ba khomarele Jehova haufi-ufi esita le hore ba khomarelane. Bo-khaitseli ba babeli ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba sebeletsang pel’a mohloli oa Blue Nile ba ile ba mamella litšokelo tsa mahoo-hoo le ho hobosoa ho ileng ha hlohleletsoa ke Kereke ea Orthodox, empa ba babeli bana ba ile ba mamella ’me ba bona ha liithuti tsa Bibele tse ngata li tšoantšetsa boinehelo ba tsona ka kolobetso kopanong ena.
Moena e mong o ile a pheta teko ea hae ea ho aroha ho ba bang mosebetsing hare-hare ho sebaka se omeletseng sa Ogaden, se seng hōle le Somalia. O ile a ipoloka a phela moeeng ka ho bolela le ho tšoara liboka le ba thahasellang, ho akareletsa le lingaka tsa meriana, tse ileng tsa fumana molemo thutong ea bomolimo ’me hona joale li ruta ba bang. Mohlala o mong o motle oa ho boloka botšepehi ke oa pula-maliboho ea khethehileng Addis Ababa eo, ka 1992, sehlopha sa mahoo-hoo se hlohlelelitsoeng ke moprista oa Orthodox se ileng sa mo shapa ka sehlōhō ’me sa mo siea se re o shoele. Hoa thabisa hore ebe o ile a hlaphoheloa ’me o tsoela pele ho sebeletsa tšimong eona eo. Pososelo e khanyang sefahlehong sa hae ha e senole khalefo le e nyenyane. Ho eena, joaloka ba bang bohle ba ileng ba lekoa le ba bacha, Kopano ena ea “Thuto ea Bomolimo” e bile mokete oa thabo.
Tsamaiso ea kopano e ile ea sebetsa ntle ho tšitiso, ea etsa hore baeti ba nahane hore baithaopi ba amehang ba bile le phihlelo ea lilemo tse ngata. Ha e le hantle, ba entse tsoelo-pele e potlakileng nakong ea lilemo tse peli tse fetileng. Kopano ea matsatsi a mararo e ile ea fela kapele haholo. Tlhōrō ea palo ea ba bileng teng ka Moqebelo e bile 9 556. Thelevishene ea sechaba, seea-le-moea, le likoranta li ile tsa finyeletsa lenaneo ho batho ka tsela e atlehileng. Bohle ba ne ba ka bona hore Jehova o entša batho ba hae moeeng. Bamameli ba ne ba akareletsa likete tsa ba thahasellang ba qalileng ho fumana molemo ‘Thutong ea Bomolimo.’ Tšimo e khōlō e bulehetse Lipaki tsa Jehova naheng ena ea batho ba ka bang limilione tse 50, ’me kopano ena e ile ea matlafatsa bohle boikemisetsong ba bona ba ho sebelisa nako e setseng tsamaisong ena ea lintho ho thusa ba thahasellang ka tieo hore le bona ba fumane molemo thutong ea bomolimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona 1992 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona, Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, le Lipaki tsa Jehova—Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Addis Ababa, ka la 13-15 January, 1994
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Sehlopha sa bo-pula-maliboho Addis Ababa (ka letsohong le letona); baboloki ba botšepehi bao kaofela ha bona ba ileng ba kenngoa teronkong (ka tlaase); Paki e lilemo li 113 le mosali oa eona