‘Etsang Metsoalle ka Matlotlo a sa Lokang’
“Iketsetseng metsoalle ka matlotlo a sa lokang . . . Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse kholo o tla ba khabane.”—LUKA 16:9, 10.
1. Moshe le bara ba Iseraele ba ile ba rorisa Jehova joang ka mor’a hore ba pholohe Egepeta?
HO PHOLOSOA ka mohlolo—ke phihlelo e matlafatsang tumelo hakaakang! Ho falla ha Iseraele Egepeta ho ne ho ke ke ha amahanngoa le mang kapa mang haese Jehova, ea Matla ’Ohle. Ha ho makatse hore ebe Moshe le Baiseraele ba ile ba bina: “Matla a ka le thoko ea ka ke Jehova, e bile eena ho pholoha ha ka: ke eena Molimo oa ka, ke tla mo rorisa; ke Molimo oa ntate, ke tla mo tlotlisa.”—Exoda 15:1, 2; Deuteronoma 29:2.
2. Batho ba Jehova ba ile ba tloha Egepeta ba nkile eng?
2 Tokoloho eo Baiseraele ba e fumaneng bocha e ne e fapane hakaakang le boemo boo e neng e le ho bona Egepeta! Joale ba ne ba ka rapela Jehova ntle ho tšitiso. ’Me ha baa ka ba tloha Egepeta ba sa nka letho. Moshe o re: “Bana ba Iseraele . . . ba qela mesebetsi ea silefera le mesebetsi ea khauta le liaparo ho ba-Egepeta. Jehova a etsa hore sechaba se bone mohau mahlong a ba-Egepeta hore ba ba nee, ’me ba hlobolisa ba-Egepeta.” (Exoda 12:35, 36) Empa ba ile ba sebelisa matlotlo aa a Egepeta joang? Na see se ile sa fella ka ho ‘tlotlisa Jehova’? Re ithuta eng mohlaleng oa bona?—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 10:11.
“Se Abetsoeng Jehova”
3. Ho sebelisa ha Iseraele khauta borapeling ba bohata ho ile ha susumetsa Jehova hore a arabele ka ho etsa eng?
3 Nakong ea matsatsi a 40 eo Moshe a e lutseng Thabeng ea Sinai ho ea fuoa litaelo tsa Molimo ho Baiseraele, batho ba neng ba letile tlaase ba ile ba hloka mamello. Ha ba rola masale a bona a khauta, ba ile ba laela Aarone hore a ba etsetse setšoantšo seo ba tla se rapela. Aarone o ile a ba hahela le aletare, ’me qalong ea letsatsi le latelang, ba ile ba nyehela mahlabelo ho eona. Na tšebeliso ee ea khauta ea bona e ile ea etsa hore ba ratehe ho Molopolli oa bona? Le hanyenyane! Jehova o ile a re ho Moshe: “Joale, u ntlohele, bohale ba ka bo tle bo ba tukele, ke ba timetse.” E bile feela ka lebaka la kōpo e tiileng ea Moshe Jehova a ileng a qenehela sechaba sena, le hoja baeta-pele ba marabele ba ile ba bolaoa ke lefu la seoa le tsoang ho Molimo.—Exoda 32:1-6, 10-14, 30-35.
4. “Se abetsoeng Jehova,” e ne e le eng, hona ke bo-mang ba neng ba fana ka sona?
4 Hamorao, Baiseraele ba ile ba ba le monyetla oa ho sebelisa matlotlo ao ba neng ba e-na le ’ona ka tsela eo ka sebele e ileng ea thabisa Jehova. Ba ile ba bokella “se abetsoeng [monehelo oa, NW] Jehova.”a Khauta, silevera, koporo, purepera, masela a mebala, matlalo a lipheleu, matlalo a liqibi, le lifate tsa leoka li ne li le har’a menehelo ea kaho ea tabernakele le thepa ea eona. Tlaleho ena e lebisa tlhokomelo ea rōna boikutlong ba motho ea nehelang. “Motho ka mong eo pelo ea hae e ratang, a ke a tlise se abetsoeng Jehova.” (Exoda 35:5-9) Iseraele e ile ea arabela haholo. Kahoo, ha re qotsa mantsoe a setsebi se seng, tabernakele e ne e le mohaho oa “botle le bokhabane bo tsotoang.”
Menehelo ea Tempele
5, 6. Mabapi le tempele, Davida o ile a sebelisa matlotlo a hae joang, ’me ba bang ba ile ba arabela joang?
5 Le hoja Morena Salomone oa Iseraele a ne a laola ho hahoa ha ntlo e tsitsitseng ea borapeli ba Jehova, Davida, ntat’ae, o ne a entse litokisetso tse ngata bakeng sa eona. Davida o ile a bokella ka bongata khauta, silevera, koporo, tšepe, lifate, le majoe a bohlokoa. Davida o ile a bolella sechaba sa hae: “Ka baka la ho rata ntlo ea Molimo oa ka, khauta le silefera tsee e leng tsa ka ka sebele, ke li ntšetsa ntlo ea Molimo oa ka, ka ntle ho tsohle tsee ke li lokiselitseng ntlo ea sehalalelo, e le litalenta tsa khauta tse likete tse tharo . . . le litalenta tsa silefera e hloekileng tse likete tse supileng, ho tle ho manehuoe mabota a matlo.” Davida o ile a khothaletsa ba bang hore le bona ba fane ka seatla se bulehileng. Karabelo e bile ntle haholo: khauta, silevera, koporo, tšepe, le majoe a bohlokoa tse eketsehileng. “Ka pelo eohle,” sechaba se ile sa “neela Jehova limpho tsa . . . ho rata.”—1 Likronike 22:5; 29:1-9.
6 Ka menehelo ena ea boithatelo, Baiseraele ba ile ba bontša kananelo ea bona e tebileng bakeng sa borapeli ba Jehova. Davida o ile a rapela ka boikokobetso: “’Na ke’ng, ’me sechaba sa ka ke’ng, hore re tle re tsebe ho u ntšetsa ntho tsa rōna joalo ka ho rata?” Hobane’ng? “[Hobane, NW] tsohle li tsoa ho uena, ’me ke letsoho la hao le re fileng seo re u neang sona. . . . ’Na, ha ke u neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ea ka.”—1 Likronike 29:14, 17.
7. Ke thuto efe e lemosang eo re ithutang eona mehleng ea Amose?
7 Leha ho le joalo, meloko ea Iseraele e ile ea hlōleha ho eteletsa borapeli ba Jehova pele likelellong le lipelong tsa bona. Lekholong la borobong la lilemo B.C.E., Iseraele e arohaneng e ile ea ba molato oa ho se itlhokomele moeeng. Mabapi le ’muso oa Iseraele o ka leboea oa meloko e leshome, Jehova o ile a re ka Amose: “Ho malimabe lōna ba iketlileng Sione, le lōna ba tšepileng thaba ea Samaria.” O ile a ba hlalosa ka ho re “ba sekame holim’a litulo tse entsoeng ka manaka a tlou, ba ikotlolotse holim’a liphate tsa bona, ba ja likonyana tsa mohlape le manamane a fepuoang . . . ba noa veine mehopeng, e khethehileng.” Empa leruo la bona e ne e se tširelo. Molimo o ile a lemosa: “Ba tla ea kholehong, ba beiloe ka pele ho bohle ba isoang teng; lerata la ba ikotlolotseng le tla fela.” Ka 740 B.C.E., Assyria e ile ea utloisa Iseraele bohloko. (Amose 6:1, 4, 6, 7) ’Me ka nako e loketseng ’muso o ka boroa oa Juda le oona o ile oa oela lerabeng la lerato la lintho tse bonahalang.—Jeremia 5:26-29.
Tšebeliso e Loketseng ea Matlotlo Mehleng ea Bokreste
8. Josefa le Maria ba behile mohlala ofe o motle tabeng ea ho sebelisa matlotlo?
8 Ka ho fapaneng, boemo ba bahlanka ba Molimo linakong tsa ka morao ho moo boo ha ho bapisoa e leng ba ho futsaneha ha boa ka ba ba thibela ho bontša cheseho bakeng sa borapeli ba ’nete. Nahana ka mohlala oa Maria le Josefa. Ka lebaka la ho ikokobeletsa taelo ea Cesare Augusto, ba ile ba nka leeto le eang motseng oa habo bona, Bethlehema. (Luka 2:4, 5) Jesu o ile a hlahela moo. Matsatsi a mashome a mane hamorao, Josefa le Maria ba ile ba etela tempeleng Jerusalema haufi le moo ba neng ba le teng ho ea fana ka nyehelo e hloekisang e laetsoeng. Ho bontša boemo ba bona ba bofutsana, Maria o ile a nyehela linonyana tse nyenyane tse peli. Ho eena le Josefa ha ho ea ileng a itela bofutsana. Ho e-na le hoo, ba ile ba sebelisa matlotlo a bona a fokolang ka boikokobetso.—Levitike 12:8; Luka 2:22-24.
9-11. (a) Mantsoe a Jesu ho Mattheu 22:21 a fana ka tataiso efe mabapi le tsela eo re sebelisang chelete ka eona? (b) Ke hobane’ng ha monehelo o monyenyane oa mohlolohali e ne e se oa lefeela?
9 Hamorao, Bafarisi le balateli ba mokha oa Heroda ba ile ba leka ho tšoasa Jesu ka mano, ba re: “Re bolelle khopolo ea hao: Hleka hoa lokela ho ntšetsa Sesare lekhetho, kapa che?” Karabo ea Jesu e ile ea senola hore o na le temoho. Ha a bua ka chelete ea tšepe eo ba ileng ba mo neha eona, Jesu o ile a botsa: “Setšoantšo sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?” Ba ile ba araba: “Ke la Sesare.” Ka bohlale o ile a phetha: “Hommeng! Ntšetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” (Mattheu 22:17-21) Jesu o ne a tseba hore bolaoli bo nehelanang ka chelete ea tšepe bo ne bo lebeletse hore lekhetho le lefshoe. Empa tabeng eo o ile a thusa balateli ba hae le lira tsa hae ka tsela e tšoanang hore ba hlokomele hore Mokreste oa ’nete o leka ka matla hore a buseletse “Molimo tseo e leng tsa Molimo.” Sena se akarelletsa tšebeliso e loketseng ea lintho tse bonahalang tseo motho a nang le tsona.
10 Ketsahalo eo Jesu a ileng a e bona ka mahlo ka tempeleng e bontša sena. O ne a sa tsoa nyatsa bangoli ba meharo ba neng ba “metsa matlo a basali ba bahlolohali.” Luka oa tlaleha: “Ha Jesu a ntse a talima, a bona barui ba nokelang limpho tsa bona polokelong ea letlotlo. A bona le mosali oa mohlolohali ea fumanehileng a nokela licheletana tse peli. A re: Ka ’nete ke re ho lōna: Mohlolohali eo ea fumanehileng, o noketse ho feta ba bang bohle; hobane bao kaofela ba noketse likabelong tsa Molimo, ba nkile ho tlalloeng ha bona; kanthe enoa seo a se noketseng o se nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a phela ka hona.” (Luka 20:46, 47; 21:1-4) Batho ba bang ba ile ba bolela hore tempele e ne e khabisitsoe ka majoe a bohlokoa. Jesu o ile a arabela: “Ha e le ka tseo le li talimileng, ho ea tla matsatsi ao lejoe le sa tl’o ka le lesoa holim’a lejoe le leng, le sa heletsoa.” (Luka 21:5, 6) Na monehelo oo o monyenyane oa mosali oa mohlolohali e ne e le oa lefeela? Le hanyenyane. O ile a tšehetsa tokisetso eo Jehova a neng a e entse ka nako eo.
11 Jesu o ile a bolella balateli ba hae ba ’nete: “Ha ho mohlanka ea ka sebeletsang marena a mabeli; hobane a ka hloea e mong, a rata e mong; mohlomong a ka khomarela e mong, a nyelisa e mong. Le ka sitoa ho sebeletsa Molimo le Mamona [maruo, NW].” (Luka 16:13) Kahoo, re ka bonahatsa ho leka-lekana ho nepahetseng joang ha re sebelisa chelete ea rōna?
Bahlokomeli ba Tšepahalang
12-14. (a) Bakreste ke bahlokomeli ba matlotlo afe? (b) Kajeno batho ba Jehova ka botšepehi ba phetha bohlokomeli ba bona ka litsela life tse ikhethang? (c) Kajeno chelete ea ho lefa litšenyehelo tsa mosebetsi oa Molimo e tsoa hokae?
12 Ha re nehela bophelo ba rōna ho Jehova, ha e le hantle re bolela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re nang le eona, matlotlo ’ohle a rōna, ke a hae. Joale, re lokela ho sebelisa seo re nang le sona joang? Ha a bua ka tšebeletso ea Bokreste ka phuthehong, Moena C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a ngola: “E mong le e mong o lokela ho inka joaloka ea khethiloeng ke Morena ho ba mohlokomeli oa nako ea hae, tšusumetso, chelete, joalo-joalo, ’me e mong le e mong o lokela ho batla ho sebelisa litalenta tsena hamolemo kamoo a ka khonang, tlotlisong ea Morena.”—The New Creation, leqepheng la 345.
13 Ba-Korinthe ba Pele 4:2 e re: “Se batloang ho liabi [bahlokomeli, NW], ke hoba se seng le se seng se fumanoe e le se tšepehang.” E le mokhatlo oa machaba, Lipaki tsa Jehova li leka ka matla ho phelela tlhaloso eo, li sebelisa nako ea tsona e ngata kamoo li ka khonang tšebeletsong ea Bokreste, li hlaolela matla a tsona a ho ruta ka hloko. Ho feta moo, baithaopi ba bangata ba sebetsang hammoho tlas’a tataiso ea Komiti ea Kaho ea Libaka ka boithatelo ba fana ka nako ea bona, matla, le tsebo ho haha liholo tse ntle tsa liboka tse sebelisoang bakeng sa borapeli. Sena sohle se thabisa Jehova haholo.
14 Chelete ea ho lefa litšenyehelo tsa phutuho ena e khōlō le mosebetsi oa kaho e tsoa hokae? Ho ba lipelo li ratang, feela joalokaha ho ile ha etsahala nakong ea kaho ea tabernakele. Ka bomong, na re nka karolo? Na tsela eo re sebelisang chelete ea rōna ka eona e bontša hore tšebeletso ea Jehova ke ea bohlokoa bo boholo haholo ho rōna? Litabeng tsa chelete, a re beng bahlokomeli ba tšepahalang.
Mohlala oa ho Fana ka Seatla se Bulehileng
15, 16. (a) Bakreste ba mehleng ea Pauluse ba ile ba bontša joang hore ba fana ka seatla se bulehileng? (b) Re lokela ho talima puisano ea rōna ea hona joale joang?
15 Moapostola Pauluse o ile a ngola ka moea oa ho fana ka seatla se bulehileng oa Bakreste ba Masedonia le Akaea. (Ba-Roma 15:26) Le hoja bona ka bobona ba ne ba hlorisoa, ba ile ba ntša monehelo ba sa tsila-tsile bakeng sa ho thusa baena ba bona. Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ba Korinthe ka ho tšoanang hore ba fane ka seatla se bulehileng, ba nehele ka se setseng ha ba sebelisa seo ba se hlokang ho koala likhaello tsa ba bang. Ho ne ho se ea ka qosang Pauluse ka ho qhekella. O ile a ngola: “Ea jalang hanyenyane o tla kotula hanyenyane; ’me ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo. E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.”—2 Ba-Korinthe 8:1-3, 14; 9:5-7, 13.
16 Menehelo e fanoang ka seatla se bulehileng eo baena ba rōna le batho ba thahasellang ba e etsang bakeng sa mosebetsi oa ’Muso oa lefatše lohle kajeno e fana ka bopaki ba kamoo ba nkang tokelo ena e le e phahameng kateng. Empa, joalokaha Pauluse a ile a hopotsa Bakorinthe, re etsa hantle ha re nahana ka puisano ena e le khopotso.
17. Pauluse o ile a khothaletsa tokisetso efe ea ho fana, ’me na see se ka etsoa kajeno?
17 Pauluse o ile a phehella baena hore ba latele tokisetso e hlophisehileng ha ba fana. O itse: “Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong oa lōna a bee kathōko ha hae see a ka se bokellang, a lekanye ka see a sitsitsoeng ka sona.” (1 Ba-Korinthe 16:1, 2) Seo se ka sebeletsa e le mohlala ho rōna le ho bana ba rōna ha re ntša monehelo, ho sa tsotellehe hore na re o ntša phuthehong kapa ka ho toba ofising ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower e haufi le moo re lulang teng. Banyalani ba bang ba baromuoa ba ileng ba fuoa kabelo ea boboleli toropong e ’ngoe ea Afrika Bochabela ba ile ba memela ba thahasellang ho kopanela le bona thutong ea Bibele. Ha seboka sena sa pele se tsoa, ka bohlale baromuoa ba ile ba tšela chelete ea tšepe ka lebokoseng le ngotsoeng “Menehelo bakeng sa mosebetsi oa ’Muso.” Ba bang ba neng ba le teng ba ile ba etsa se tšoanang. Hamorao, ka mor’a hore bana ba bacha ba hlophisoe ho ba phutheho ea Bokreste, molebeli oa potoloho o ile a ba etela ’me a bua ka menehelo ea bona e etsoang kamehla.—Pesaleme ea 50:10, 14, 23.
18. Re ka thusa baena ba rōna ba matšoenyehong joang?
18 Hape re na le tokelo ea ho sebelisa matlotlo a rōna bakeng sa ho thusa ba hlasetsoeng ke likoluoa tsa tlhaho le ba phelang libakeng tse tsekolotsoeng ke ntoa. Re ile ra thaba hakaakang ha re bala ka liphallelo tse ileng tsa romeloa Europe Bochabela ha phetoho e khōlō moruong le lipolotiking e hlasela ka mabifi ho pholletsa le karolo eo ea lefatše! Menehelo ea thepa le chelete e ile ea bontša hore baena ba rōna ba fana ka seatla se bulehileng le hore ba bonngoeng le Bakreste ba hlokang.b—2 Ba-Korinthe 8:13, 14.
19. Re ka etsa lintho life tse molemo ho thusa ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng?
19 Re nka mosebetsi oa baena ba rōna ba leng tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho, balebeli ba tsamaeang, baromuoa, le baithaopi ba Bethele e le oa bohlokoa haholo, na ha ho joalo? Ha maemo a rōna a lumela, re ka ’na ra khona ho ba etsetsa thuso ea lintho tse bonahalang ka ho toba. Ka mohlala, ha molebeli oa potoloho a etela phutheho ea heno, u ka ’na ua khona ho mo amohela lelapeng la hao, ho mo fa lijo, kapa ho thusa mabapi le litšenyehelo tsa hae tsa ho tsamaea. Ntate oa rōna oa leholimo, ea batlang ha bahlanka ba hae ba hlokomeloa, ha a hlokomolohe ho fana ho joalo. (Pesaleme ea 37:25) Lilemong tse itseng tse fetileng moena e mong ea neng a khona ho fana ka lijo tse bobebe feela o ile a memela molebeli ea tsamaeang le mosali oa hae ha hae. Ha banyalani bana ba tloha ba ea tšebeletsong ea tšimo ea mantsiboea, moena enoa o ile a fa baeti bana ba hae enfelopo. Ka hare ho eona ho ne ho e-na le chelete ea pampiri (e lekanang le ranta e le ’ngoe) hammoho le lengolo lena le ngotsoeng ka letsoho: “Bakeng sa kopi ea tee kapa galone ea peterole.” Ke kananelo e ntle hakaakang e ileng ea bontšoa ka tsela ena e bontšang boikokobetso!
20. Ha re rate ho hlokomoloha tokelo le boikarabelo bofe?
20 Batho ba Jehova ba hlohonolofalitsoe moeeng! Re thabela mekete ea moea likopanong tsa rōna tse nyenyane le tse khōlō, moo re fumanang likhatiso tse ncha, thuto e molemo, le keletso e sebetsang. Ka lipelo tse tletseng kananelo bakeng sa litlhohonolofatso tsa rōna tsa moea, ha re lebale tokelo le boikarabelo ba rōna ba ho nehela chelete e tla sebelisoa bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso oa Molimo pele lefatšeng ka bophara.
‘Etsang Metsoalle ka Matlotlo a sa Lokang’
21, 22. Ho tla tloha ho etsahala eng ka “matlotlo a sa lokang,” ’me ho hlokahala hore re etse joang hona joale?
21 Ruri, ho na le mekhoa e mengata eo ka eona re ka bontšang hore borapeli ba Jehova bo tla pele bophelong ba rōna, ’me oa bohlokoa ka ho khethehileng o akarelletsa ho ela hloko keletso ea Jesu: “Iketsetseng metsoalle ka matlotlo a sa lokang; hore, etlere mohla a hlokahalang [hlōlehang, NW], ba le amohele meahong e sa feleng.”—Luka 16:9.
22 Hlokomela hore Jesu o ile a bua ka ho hlōleha ha matlotlo a sa lokang. E, letsatsi le tla tla leo ka lona chelete ea tsamaiso ena e tla ba e se nang thuso. Ezekiele o ile a profeta: ‘Ba tla lahlela silefera ea bona literateng, ’me khauta ea bona e tla ba litšila feela; silefera le khauta tsa bona ha li na ho ba le matla a ho ba pholosa tsatsing la khalefo ea Jehova.’ (Ezekiele 7:19) Ho fihlela sena se etsahala, re tlameha ho sebelisa bohlale le temoho tseleng eo re sebelisang lintho tsa rōna tse bonahalang ka eona. Kahoo re ke ke ra hetla morao ka ho ikoahlaea bakeng sa ho hlōleha ho ela hloko temoso ea Jesu: “Ha esita maruong a sa lokang le sa ka la ba khabane, ke mang ea tla le tšepela maruo a ’nete? . . . Le ka sitoa ho sebeletsa Molimo le Mamona [maruo, NW].”—Luka 16:11-13.
23. Re lokela ho sebelisa eng ka bohlale, ’me moputso oa rōna e tla ba eng?
23 Joale, kaofela ha rōna ka botšepehi a re eleng hloko likhopotso tse mabapi le ho beha borapeli ba Jehova pele bophelong ba rōna le ho sebelisa matlotlo ’ohle a rōna ka bohlale. Kahoo ho ka etsahala hore re boloke botsoalle ba rōna le Jehova le Jesu, ba tšepisang hore ha chelete e hlōleha ba tla re amohela “meahong e sa feleng,” ka tebello ea bophelo bo sa feleng ’Musong oa leholimo kapa paradeiseng lefatšeng.—Luka 16:9.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “monehelo” le tsoa leetsing leo ka ho toba le bolelang “ho ba holimo; ho phahama; ho phahamisetsa holimo.”
b Bona Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, maqepheng a 307-15, e hatisitsoeng ka 1993 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na Ua Hopola?
◻ Iseraele e ile ea arabela joang memong ea Jehova ea ho etsa monehelo oa kaho ea tabernakele?
◻ Ke hobane’ng ha monehelo oa mosali oa mohlolohali e ne e se oa lefeela?
◻ Bakreste ba jara boikarabelo bofe mabapi le tsela eo ka eona ba sebelisang matlotlo a bona?
◻ Re ka qoba ho ikoahlaea joang bakeng sa tšebeliso ea rōna ea chelete?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Monehelo oa mosali oa mohlolohali, le hoja o ne o le monyenyane, e ne e se oa lefeela
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Menehelo ea rōna e lefa litšenyehelo tsa mosebetsi oa ’Muso oa lefatše ka bophara