Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
U ka araba ka ho re’ng? Keresemese ke (1) nako ea ho ba le lelapa la hao; (2) nako ea meketjana; (3) nako ea bolumeli; (4) nako e bakang khatello kelellong; (5) nako ea ho hopola liketsahalo tsa nako e fetileng; (6) nako ea khoebo e totobetseng.
LE HOJA ho ka bonahala ho makatsa, ho batho ba fetang 1 000 bao ho ileng ha fuputsoa ho bona Brithani, ke karolo ea 6 lekholong feela e ileng ea nka hore Keresemese haholo-holo ke ketsahalo ea bolumeli. Ha ho bapisoa, karolo ea 48 lekholong e ile ea nahana hore Keresemese ka ho khetheha ke nako ea ho ba le malapa a bona. Ka sebele, ba bangata ba na le maikutlo a hore ke nako e khethehileng bakeng sa bana. Ketsahalong ea sebele, ngoanana e mong ea lilemo li 11, ha a botsoa hore na o rata eng haholo ka Keresemese, o ile a araba: “Ho ba moeeng, boikutlo ba thabo, [le] ho fana ka limpho.” The Making of the Modern Christmas ea lumela hore “ha ho pelaelo hore Keresemeseng . . . ‘ea neano’ khatiso e ba khōlō tabeng ea ntlo, lelapa ’me haholo-holo bana.”
Empa ka ho khetheha ke Bokreste-’mōtoaneng ba bophirimela moo Keresemese e leng taba ea lelapa, ha seng se khobokana ho fapanyetsana limpho. Linaheng tseo ho tsona Kereke ea Orthodox ea Bochabela e nang le tšusumetso e matla, batho ba beha khatiso e khōlō tabeng ea Easter; ho ntse ho le joalo, nako ea Keresemese ka tloaelo ke nako ea phomolo.
“Mokhoa oa Khoebo”
The New Encyclopædia Britannica e re Keresemese e “qalisitse ho ba mokhoa oa khoebo . . . o memang tlhokomelo.” Mohlomong ha ho kae kapa kae moo sena e leng ’nete ho feta Japane.
Daily Record ea Washington ea tlaleha: “Majapane a lahlile boikaketsi bohle ba bolumeli ’me a fetotse Keresemese mokhoa oa khoebo ka ho feletseng.” E phaella ka ho bolela hore Keresemese Japane ke “mokete o moholo oo ka oona khatiso e bang khōlō khoebong ’me e batla e le tlaase lehlakoreng la bolumeli.”
Esita le linaheng tse ngata tseo ho thoeng ke tsa Bokreste, hangata ‘lehlakore lena la bolumeli’ le bonahala ka thata. Lilemong tse fetileng tse ka bang 40, pampitšana e hananang le Keresemese e ile ea lla ka ho re: “Keresemese e phahamisoa ke lefatše la khoebo. Ke nako ea selemo eo ho etsoang chelete e ngata haholo ka eona. Batho ba khoebo ba ipolelang hore ke Bakreste ba lebella nako ea Keresemese ka thabo, eseng molemong oa Kreste, empa molemong oa phaello ea chelete.” Mantsoe ao ke ’nete hakaakang kajeno! Linaheng tse ngata, ke seoelo re fihlang qalong ea kotara ea ho qetela ea selemo pele re utloa likhopotso tsa hore na ho setse matsatsi a makae bakeng sa ho reka limpho tsa Keresemese e latelang. Khoebo e phela haholo ha selemo se ea ho feleng, hoo e ka bang kotara e le ’ngoe ea thepa ea mabenkele e rekisoang selemo le selemo e rekisoa ka nako ea Keresemese.
Ho sa tsotellehe hore na Keresemese e bolela eng ho uena hona joale, mohlomong ua ipotsa hore na e qalile joang. Ha e le hantle, na Bibele e tšehetsa ho fana ka limpho ka Keresemese? Na mekete ea kajeno ea Keresemese kannete e lumellana le Bokreste? A re boneng.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover: Thomas Nast/Dover Publications, Inc., 1978