Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 12/15 maq. 8-13
  • Jehova A ka U Etsa Hore U be Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova A ka U Etsa Hore U be Matla
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matla ka Mora oa Hae
  • Ho Fuoa Matla Kolosse
  • Ho Fuoa Matla le Kajeno
  • Ho Fuoa Matla ho Finyella Eng?
  • Buka ea Bibele ea 51—Ba-Kolosse
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Thusa ba Bang ho Tsamaea ka Mokhoa o Tšoanelang Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Batlang Jehova le Matla a Hae”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Jehova o Matla Haholo”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 12/15 maq. 8-13

Jehova A ka U Etsa Hore U be Matla

“O fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng.”—ESAIA 40:29.

1, 2. Ke bopaki bofe bo bong ba matla a maholo a Jehova?

JEHOVA ke Molimo ea nang le ‘matla a maholo.’ Re ka bona bopaki ba “matla a oona a ka mehla le bomolimo” ba Molimo botleng bo hlollang ba pōpo ea hae e bonahalang. Ba hanang ho lumela bopaki bo joalo ba hore ke ’Mōpi ba hloka meitatolo.—Pesaleme ea 147:5; Ba-Roma 1:19, 20.

2 Matla a Jehova a ntse a totobala ka ho eketsehileng ha litsebi tsa saense li etsa liphuputso hare-hare ho bokahohle, bo nang le lihlopha tse se nang palo tsa linaleli tse alehileng sebaka sa lik’hilomithara tse makholo a limilione. Bosiung bo lefifi empa le sele, talima maholimong ’me u bone hore na u ke ke ua ikutloa joaloka mopesaleme: “Ha ke boha leholimo la hao, mosebetsi oa menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li bōpileng, ke re: Na motho ke’ng, ha u tla mo hopola? le mor’a motho ke’ng, ha u tla mo hlokomela?” (Pesaleme ea 8:3, 4) ’Me Jehova o hlokometse motho, rōna, hantle hakaakang! O ile a lokisetsa monna oa pele le mosali lehae le letle la lefatšeng. Le mobu oa lona o ne o e-na le matla—a ho melisa limela, ho hlahisa lijo tse matlafatsang, lijo tse sa silafalang. Motho le liphoofolo ba fumana matla a ’mele pontšong ena ea matla a Molimo.—Genese 1:12; 4:12; 1 Samuele 28:22.

3. Ka ntle ho lintho tsa sebele tsa bokahohle, ke eng e ’ngoe e bonahatsang matla a Molimo?

3 Ka ntle le hore maholimo ke a hlollang le bophelo ba limela le ba liphoofolo ke bo thabisang, li bonahatsa matla a Molimo ho rōna. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Litšoaneleho tse sa bonahaleng tsa hae li bonahala ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li bonoa linthong tseo a li entseng, esita le matla a hae a sa feleng le Bomolimo ba hae.” (Ba-Roma 1:20, NW) Empa ho na le bopaki bo bong ba matla a hae bo hlokang hore re bo ele hloko le ho bo ananela. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke eng e bonahatsang matla a Molimo ho feta bokahohle?’ Karabelo ke Jesu Kreste. Ha e le hantle, tlas’a pululelo moapostola Pauluse o bolela hore Kreste ea khokhothetsoeng ke “matla a Molimo le bohlale ba Molimo.” (1 Ba-Korinthe 1:24) U ka ’na ua botsa, ‘Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hona ho ka ba le tšusumetso efe bophelong ba ka hona joale?’

Matla ka Mora oa Hae

4. Matla a Molimo a ile a bonahatsoa joang malebana le Mora oa hae?

4 Matla a Molimo a ile a bonahatsoa ka lekhetlo la pele ha a ne a bōpa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, ea entsoeng ka setšoantšo sa hae. Mora enoa oa moea o ile a sebeletsa Jehova e le “mosebetsi ea hloahloa” (NW) ka ho sebelisa matla a maholo a Molimo ho bōpeng lintho tse ling tsohle. (Liproverbia 8:22, 30) Pauluse o ile a ngolla baena ba hae ba Bakreste Kolosse: “Ka ho eena ho hloliloe tsohle tse maholimong le tse lefatšeng, tse bonoang le tse sa bonoeng, . . . tsohle li hloliloe ka eena, ’me li hloletsoe eena.”—Ba-Kolosse 1:15, 16.

5-7. (a) Nakong e fetileng, batho ba ne ba ameha joang ho bonahatseng matla a Molimo? (b) Ho na le lebaka lefe la ho lumela hore matla a Molimo a ka bonahatsoa tabeng ea Bakreste kajeno?

5 Re karolo ea ‘lintho tse bōpiloeng lefatšeng.’ Kahoo na matla a Molimo a ka atolosetsoa ho rōna batho? Litšebelisanong tsa Molimo le batho ba sa phethahalang, nako le nako Jehova o ’nile a fana ka matla a eketsehileng ho bahlanka ba hae e le hore ba ka phethahatsa merero ea hae. Moshe o ne a tseba hore, ka kakaretso, batho ba sa phethahalang ba phela lilemo tse 70 kapa tse 80. (Pesaleme ea 90:10) Ho thoe’ng ka Moshe ka boeena? O ile a phela ho fihlela a le lilemo li 120, empa leha ho le joalo “mahlo a hae a na a e-so ho fifale; ’me matla a hae a na a e-so ho kokobele.” (Deuteronoma 34:7) Le hoja hoo ho sa bolele hore Molimo o nolofaletsa e mong le e mong oa bahlanka ba hae hore a phele halelele hakaalo kapa ho boloka matla a joalo, ho paka hore Jehova a ka fa batho matla.

6 Ho tsoela pele ho bontša hore Molimo o khona ho fa banna le basali matla ke seo a ileng a se etsa ka mosali oa Abrahama. “Sara le eena o filoe matla a ho emola peō, a ba a tsoala a se a tsofetse, kahobane a na a lumetse hoba ea ’maletseng ke ea tšepehang.” Kapa nahana ka kamoo Molimo a ileng a fa baahloli le ba bang matla kateng Iseraeleng: ‘Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta ba bang, bao ho fokoleng ha bona ba ileng ba boela ba matlafala.’—Ba-Heberu 11:11, 32-34, Bibele Phetolelo e Ncha.

7 Matla a joalo a ka sebetsa le boemong ba rōna. Koana, hona joale re ka ’na ra se ke ra lebella bana ka mohlolo, kapa re ka ’na ra se ke ra bontša bonatla bo tšoanang le ba Samsone. Empa re ka ba le matla, joalokaha Pauluse a boleletse batho ba tloaelehileng Kolosse. E, Pauluse o ile a ngolla banna, basali, le bana, ba kang bao re ba fumanang liphuthehong kajeno, ’me o ile a re ba ne ba “tiile ka ’nģa tsohle ka matla.”—Ba-Kolosse 1:11.

8, 9. Lekholong la pele la lilemo, matla a Jehova a ile a totobatsoa joang mabapi le batho ba kang rōna?

8 Nakong ea tšebeletso ea Jesu lefatšeng, Jehova o ile a hlakisa hore matla a hae a ne a sebetsa ka Mora oa hae. Ka mohlala, nakong eo matšoele a neng a bokana ho Jesu Kapernauma, “matla a Morena a na a bonahala ka ho folisa.”—Luka 5:17.

9 Hoba a tsohe bafung, Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae hore ba ne ba tla ‘fuoa matla mohla moea o Halalelang o tlang ho bona.’ (Liketso 1:8) Ke ’nete hakaakang! Rahistori e mong o tlaleha ka liphetoho matsatsi a se makae ka mor’a Pentekonta ka 33 C.E.: “Baapostola ba ne ba paka tsoho ea Morena Jesu Kreste ka matla a maholo.” (Liketso 4:33) Pauluse ka boeena ke e mong ea ileng a matlafaletsoa mosebetsi oo Molimo a neng a mo romile hore a o etse. Ka mor’a hore a sokolohe ’me a boele a bone, “a ’na a ipha matla a maholo, a hlōla ba-Juda ba ahileng Damaseka, ka ho ba bontša hore Jesu ke Kreste.”—Liketso 9:22.

10. Matla a tsoang ho Molimo a bile le thuso joang tabeng ea Pauluse?

10 Ka sebele Pauluse o ne a hloka matla a eketsehileng, ha re nahana ka mokoka oa moea le oa kelello o neng o hlokahala ho phetha maeto a mararo a boromuoa a neng a akarelletsa ho tsamaea likete tsa lik’hilomithara. O boetse a tiisetsa mathata a mefuta eohle, a mamella ho kenngoa chankaneng le ho tobana le ho shoela tumelo. Joang? O ile a arabela: “Morena a nkemela, ’me a nkenya matla, hore polelo ea Evangeli ea hae e phethehe ka ’na.”—2 Timothea 4:6-8, 17; 2 Ba-Korinthe 11:23-27.

11. Mabapi le matla a Molimo, ke tšepo efe eo Pauluse a ileng a bua ka eona bakeng sa bahlanka-’moho le eena Kolosse?

11 Joale, ha ho makatse hore ebe Pauluse ha a ngolla ‘baena ba hae ba leng ho Jesu Kreste’ Kolosse, o ile a ba tiisetsa hore ba ne ba ka ‘tiisoa ka ’nģa tsohle ka matla [a Jehova] a khanyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo.’ (Ba-Kolosse 1:2, 11) Le hoja ka ho khetheha mantsoe ao a ne a lebisitsoe ho Bakreste ba tlotsitsoeng, bohle ba latelang mehato ea Kreste ba ka rua molemo haholo ho seo Pauluse a se ngotseng.

Ho Fuoa Matla Kolosse

12, 13. Semelo sa lengolo le eang ho Bakolosse ke sefe, hona e ka ’na eaba karabelo e bile efe ho lona?

12 Phutheho e Kolosse, e profensing ea Roma ea Asia, ho ka etsahala hore ebe e ile ea thehoa ka ho bolela ha Mokreste ea tšepahalang ea bitsoang Epafrase. Ho bonahala hore ha a utloa ka ho kenngoa ha Pauluse chankaneng Roma hoo e ka bang ka 58 C.E., Epafrase o ile a ikemisetsa ho etela moapostola eo le ho mo khothatsa ka tlaleho e ntle ea lerato le ho tiea ha baena ba hae Kolosse. Mohlomong Epafrase o bile a fetisa le tlaleho ea ’nete ka mathata a mang phuthehong ea Kolosse a neng a hloka ho lokisoa. Ka lehlakoreng le leng, Pauluse o ile a ikutloa a susumelletseha hore a ngolle phutheho lengolo la khothatso le keletso. Le uena u ka fumana khothatso e khōlō khaolong ea pele ea lengolo leo, hobane e totobatsa kamoo Jehova a ka etsang hore bahlanka ba hae ba be matla kateng.

13 U ka inahanela hore na baena le bo-khaitseli Kolosse e tlameha ebe ba ile ba ikutloa joang ha Pauluse a ba hlalosa e le “baena [ba tšepahalang, NW] ba leng ho Jesu Kreste.” Ba ne ba lokela ho babaletsoa ‘lerato la bona ho bahalaleli bohle’ le bakeng sa ho ‘beha litholoana tsa Evangeli’ ho tloha nakong eo e e-bang Bakreste! Na lipolelo tse tšoanang li ka buuoa ka phutheho ea rōna, le ho rōna ka bomong?—Ba-Kolosse 1:2-8.

14. Takatso ea Pauluse e ne e le efe mabapi le Bakolosse?

14 Pauluse o ile a susumetsoa ke tlaleho eo a ileng a e fumana hoo a ileng a bolella Bakolosse hore o ne a sa khaotsa ho ba rapella le ho ba kōpela hore ba “tlale tsebo ea thato ea [Molimo], ka bohlale bohle, le kelello eohle ea Moea; [ba] tle [ba] tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena.” A rapela hore ba ‘behe litholoana mesebetsing e metle eohle, ba ntse ba hola tsebong ea Molimo; ba ntse ba tiile ka ’ng̀a tsohle ka matla a oona a khanyang, ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo.’—Ba-Kolosse 1:9-11.

Ho Fuoa Matla le Kajeno

15. Re ka bonahatsa boikutlo bo tšoanang le bo ileng ba bonahatsoa ke Pauluse joang ha a ngolla Bakolosse?

15 Ke mohlala o motle hakaakang oo Pauluse a re behetseng oona! Baena ba rōna ho pota lefatše ba hloka lithapelo tsa rōna hore ba mamelle le ho boloka thabo ea bona ho sa tsotellehe mahlomola a bona. Joaloka Pauluse, re lokela ho toba taba lithapelong tsa rōna ha re fumana litaba tsa hore baena ba phuthehong e ’ngoe, kapa naheng e ’ngoe, ba ba le mathata. E ka ’na ea e-ba hore phutheho e haufinyane e anngoe ke koluoa ea tlhaho kapa bothata bo bong ba moea. Kapa e ka ba hore Bakreste ba mamella naheng e harasantsoeng ke ntoa ea lehae kapa lipolao tsa merabe. Ka thapelo re lokela ho kōpa Molimo hore a thuse baena ba rōna hore ba “tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena,” ba tsoele pele ba beha litholoana tsa ’Muso ha ba ntse ba mamella, le ho hōla tsebong. Ka tsela ena bahlanka ba Molimo ba amohela matla a moea oa hae, ba ‘tiisoa ka ’nģa tsohle ka matla.’ U ka kholiseha hore Ntate oa hao o tla u utloa ’me a arabele.—1 Johanne 5:14, 15.

16, 17. (a) Joalokaha Pauluse a ngotse, re lokela ho leboha eng? (b) Ke ka kutloisiso efe batho ba Molimo ba lokollotsoeng le ho tšoareloa?

16 Pauluse o ile a ngola hore Bakolosse ba ne ba lokela ho ‘leboha Ntate ea ba entseng ba loketsoeng ke ho ba le kabelo lefeng la bahalaleli leseling.’ Le rōna a re leboheng Ntate oa rōna oa leholimo bakeng sa sebaka seo re nang le sona tokisetsong ea hae, ebang ke sebakeng sa leholimong kapa lefatšeng sa ’Muso oa hae. Molimo o ile a etsa joang hore batho ba sa phethahalang ba tšoanelehe mahlong a hae? Pauluse o ile a ngolla baena ba hae ba tlotsitsoeng: “O re ntšitse matleng a lefifi, oa re falletsa ’musong oa Mora oa oona ea ratoang; eo re nang le topollo ka mali a hae, e leng tšoarelo ea libe.”—Ba-Kolosse 1:12-14.

17 Ho sa tsotellehe hore na tšepo ea rōna ke efe, ea leholimong kapa ea lefatšeng, re leboha Molimo letsatsi ka leng bakeng sa ho re lopolla tsamaisong ena e khopo ea lefifi, ho finyelletsoeng ka tumelo ea rōna tokisetsong e babatsehang ea sehlabelo sa thekollo sa Mora oa Jehova ea ratoang. (Mattheu 20:28) Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba ruile molemo thekollong e sebelisitsoeng ho bona ka tsela e khethehileng e le hore ba ka ‘fallisetsoa ’musong oa Mora oa Molimo ea ratoang.’ (Luka 22:20, 29, 30) Empa “linku tse ling” le tsona li rua molemo thekollong le hona joale. (Johanne 10:16) Ba ka fumana tšoarelo ea Molimo e le hore ba ka ba le boemo bo lokileng ka pel’a hae e le metsoalle ea hae. Ba na le karolo e khōlō ho phatlalatseng “evangeli ena ea ’muso” nakong ena ea bofelo. (Mattheu 24:14) Ho feta moo, ba na le tšepo e babatsehang ea ho ba ba lokileng ka ho feletseng le ba phethahetseng ’meleng, qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete. Ha u bala tlhaloso e ho Tšenolo 7:13-17, bona hore na u ke ke ua lumela hore sena e tla ba bopaki ba ho lokolloa le ho hlohonolofatsoa.

18. Ke poelano efe e boletsoeng ho Bakolosse eo Molimo a ntseng a e finyella?

18 Lengolo la Pauluse le re thusa ho hlokomela hore na re kolota motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela hakaakang. Molimo o ne a finyella eng ka Kreste? “[E ne e le] ho busetsa lintho tsohle khotsong ea Molimo ka eena, leha e le tse lefatšeng, leha e le tse maholimong, kahobane e le eena ea entseng khotso ka mali a sefapano sa hae.” Morero oa Molimo ke ho busetsa pōpo eohle kutloanong e feletseng le eena, kamoo e neng e le kateng pele ho bofetoheli ba Edeneng. Ea neng a sebelisoa ho bōpa lintho tsohle esale Eena ea sebelisoang ho finyella poelano ena.—Ba-Kolosse 1:20.

Ho Fuoa Matla ho Finyella Eng?

19, 20. Ho halalela le ho hloka letheba ha rōna ho itšetlehile ka eng?

19 Boikarabelo bo tla ho rōna bao re boelantsoeng le Molimo. Re kile ra ba boetsalibeng ’me re arohile ho Molimo. Empa hona joale, ka ho ba le tumelo sehlabelong sa Jesu ’me ka likelello tsa rōna re se re sa hlole re le mesebetsing e khopo, ha e le hantle re eme boemong bo ‘halalelang le bo se nang letheba,’ re ‘se na molato ka pel’a Molimo.’ (Ba-Kolosse 1:21, 22) Nahana, feela joalokaha Molimo a sa ka a hlajoa ke lihlong ka lipaki tseo tse tšepahalang tsa pele, le rōna ha a hlajoe ke lihlong ka rōna, hore a bitsoe Molimo oa rōna. (Ba-Heberu 11:16) Kajeno, ha ho ea ka re qosang ka hore re jere lebitso la hae le khanyang ka ho fetisisa ka phoso, leha e le hore re tšaba ho phatlalatsa lebitso leo ho isa lipheletsong tsa lefatše!

20 Empa hlokomela temoso eo Pauluse a e ekelitseng ho Ba-Kolosse 1:23: “Ha le fela le tiea tumelong, le theiloe teng, le sa sisinyehe, ’me le sa lahle tšepo ea Evangeli eo le e utloileng, e leng eona e boleletsoeng babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.” Boholo bo itšetlehile ka ho lula ha rōna re tšepahala ho Jehova, re latela mehato ea Mora oa hae ea ratoang. Jehova le Jesu ba re etselitse ho hoholo hakaakang! E se eka re ka ba bontša lerato la rōna ka ho latela keletso ea Pauluse.

21. Ke hobane’ng ha re na le lebaka le leholo la ho hlolloa kajeno?

21 E tlameha ebe Bakreste ba Bakolosse ba ile ba hlolloa ha ba utloa hore ‘evangeli eo ba e utloileng’ e se e ‘boleletsoe babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.’ Kajeno ke ho thabisang le ho feta ho utloa hore na litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa ho isa bohōleng bofe ke Lipaki tse fetang limilione tse ’nè le halofo linaheng tse fetang 230. Selemo le selemo ba ka bang 300 000 ba tsoang lichabeng tsohle ba boelanngoa le Molimo!—Mattheu 24:14; 28:19, 20.

22. Esita le haeba re utloa bohloko, Molimo a ka re etsetsa eng?

22 Le hoja Pauluse ho latela bopaki bo fanoeng a ne a koalletsoe chankaneng ka nako eo o ile a ngolla Bakolosse lengolo lena, ha aa ka a llela bophelo ba hae ka tsela leha e le efe. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Joale, ke thabela mahloko a ntlhahelang ka baka la lōna.” Pauluse o ne a tseba hore na ke eng “ho ba le mamello nthong tsohle le sebete se selelele ka thabo.” (Ba-Kolosse 1:11, 24) Empa o ne a tseba hore o ne a sa etse sena ka matla a hae. Jehova o ne a mo entse ea matla! Hoa tšoana le kajeno. Lipaki tse likete tse ileng tsa kenngoa chankaneng le ho hlorisoa ha li e-s’o lahleheloe ke thabo ea tsona ea ho sebeletsa Jehova. Ho e-na le hoo, li ile tsa tla ananela bonnete ba mantsoe a Molimo a fumanoang ho Esaia 40:29-31: “O fa ea khathetseng matla, . . . ba itšepelang Jehova ba bona matla a macha.”

23, 24. Sephiri se boletsoeng ho Ba-Kolosse 1:26 ke eng?

23 Tšebeletso ea litaba tse molemo e likolohang ho Kreste e ne e bolela ho hoholo ho Pauluse. O ne a batla hore ba bang ba ananele bohlokoa ba karolo ea Kreste morerong oa Molimo, kahoo o ile a e hlalosa e le “sephiri se ’nileng sa patoa mehleng eohle le melokong eohle.” Leha ho le joalo, e ne e sa lokela ho ba sephiri kamehla. Pauluse o ile a phaella: “Joale se pepeselitsoe bahalaleli ba oona.” (Ba-Kolosse 1:26) Ha bofetoheli bo e-ba teng Edene, Jehova o ile a tšepisa lintho tse molemo tse tlang, a bolela esale pele hore ‘peo ea mosali e ne e tla khoba hloho ea noha.’ (Genese 3:15) Hoo ho ne ho bolela eng? Ka meloko, ka makholo a lilemo, ho ile ha lula e le sephiri. Eaba Jesu oa tla, ’me “a bea bophelo le ho se shoe leseling ka Evangeli.”—2 Timothea 1:10.

24 E, “sephiri” sena se likoloha ho Kreste le ’Musong oa Bomessia. Pauluse o boletse “lintho tse maholimong,” a bua ka ba tla arolelana puso ea ’Muso le Kreste. Bana ba tla sebelisoa ho tlisa litlhohonolofatso tse khōlōhali ho ‘lintho tsohle tse lefatšeng,’ ba tla thabela paradeise e sa feleng mona. Joale, u ka bona kamoo ho neng ho loketse kateng hore Pauluse a bue ka “monono oa khanya ea sephiri seo.”—Ba-Kolosse 1:20, 27.

25. Joalokaha ho bontšitsoe ho Ba-Kolosse 1:29, hona joale boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe?

25 Pauluse o ne a lebelletse sebaka sa hae ’Musong ona. Empa o ile a hlokomela hore hase ntho eo a ka lulang a phuthile matsoho eaba o ba le tšepo. “Ke seo ke se sebetsang, ke ntse ke loana ka tšebetso ea hae e sebetsang ka ho ’na ka matla.” (Ba-Kolosse 1:29) Hlokomela hore Jehova, ka Kreste, o ile a fa Pauluse matla a ho finyella tšebeletso e pholosang bophelo. Jehova a ka re etsetsa se tšoanang kajeno. Empa re lokela ho ipotsa, ‘Na ke na le moea oa boevangeli oo ke neng ke e-na le oona ha ke qala ho ithuta ’nete?’ Karabelo ea hao ke efe? Ke eng e ka thusang e mong le e mong oa rōna ho tsoela pele a ‘sebetsa ka thata le ho ikitlaetsa tumellanong le tšebetso ea matla a Jehova’? Sehlooho se latelang se tšohla eona taba ena.

Na u Hlokometse?

◻ Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Jehova a ka bonahatsa matla a hae molemong oa batho?

◻ Semelo sa mantsoe a Pauluse ke sefe ho Ba-Kolosse khaolo ea pele?

◻ Molimo o phethahatsa poelano e boletsoeng ho Ba-Kolosse 1:20 joang?

◻ Ka matla a hae, Jehova a ka finyella eng ka rōna?

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 8]

KOLOSSE

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela