Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 2/1 leq. 30
  • “Ha ho Mohla Nkileng ka Bona Ntho e Joaloka Ena!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ha ho Mohla Nkileng ka Bona Ntho e Joaloka Ena!”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 2/1 leq. 30

“Ha ho Mohla Nkileng ka Bona Ntho e Joaloka Ena!”

KA 1993 ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower, Argentina e ile ea memeloa ho romela baemeli ba sekete Santiago, Chile, bakeng sa Kopano ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea matsatsi a mane ea “Thuto ea Bomolimo.” Lena e ne e le lekhetlo la pele la hore Lipaki tsa Argentina li mengoe ho tsamaea e le sehlopha se seholo ho ea kopanong ea sebaka se seng.a Karabo e ile ea e-ba efe? Likōpo tse ka holimo ho 8 500 li ile tsa kena lenyele-nyele, tseo ho tsona baemeli ba 1 039 ba ileng ba khethoa.

Ho ile ha hiroa libese tse 14 ho nka leeto lena la likh’ilomithara tse 1 400 ho tloha Buenos Aires ho ea Santiago. Leeto la lihora tse 26 le ile la natefisoa ke botle ba tlhaho bo hlollang. Ha ba e-hloa Lithaba tsa Andes, baemeli ba ile ba feta haufi le Aconcagua, e bolelele ba limithara tse 6 960 e leng tlhōrō e phahameng ka ho fetisisa Karolong e ka Bophirimela ea Lefatše. Se hopolehang ka ho khetheha ke mothipoloha o matsoeli-ntsoeke ho ea kena Chile. Bakhanni ba ile ba amohela mahofi a ileng a nka nako e telele bakeng sa tsebo ea bona ea ho khanna libese matsoeli-ntsoekeng a joalo!

Leha ho le joalo, pono e ntle ka ho fetisisa, e ne e tla fumanoa kopanong ka boeona. Lefatšeng le nang le ntoa ea bochaba le khohlano ea merabe, e bile ho khathollang hakaakang ho bona letšoele la ba 80 000 ho tsoa linaheng tse 24 ba le teng—boena ba sebele ba machaba! Ka lebaka la ho inoesa ka nkho mabapi le bonngoe bo har’a ba tlileng kopanong, bakhanni ba bang ba libese ba ile ba bolela thahasello ea bona ea ho ithuta ho eketsehileng ka Lipaki tsa Jehova. E mong oa bona o ile a khotsa: “Ha ho mohla nkileng ka bona ntho e joaloka ena!”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lithibelo tsa ’muso Argentina ho tloha ka 1949 ho isa ka 1982 li ile tsa etsa hore ketso e joalo e se ke ea khoneha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela