Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 2/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 2/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Bafilesta ba boleloang ka Bibeleng ke bo-mang?

Hangata Bibele e bua ka batho ba neng ba tsebahala e le Bafilesta, ba neng ba phela Kanana ha batho ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba rua Naha e Tšepisitsoeng. Ka nako e telele, Bafilesta bana ba boholo-holo ba ile ba hanyetsa batho ba Molimo, joalokaha ho totobatsoa tlalehong ea ho qoaketsana ha Davida le ’mampoli oa senatla oa Mofilesta ea bitsoang Goliathe.—1 Samuele 17:1-3, 23-53.

Bibele e bontša hore Bafilesta ba boholo-holo ba ile ba falla Kaftore ho ea lebōpong la leoatle le ka boroa-bophirimela ho Kanana. (Jeremia 47:4) Kaftore e ne e le hokae? The International Standard Bible Encyclopedia (1979) ea hlokomela: “Le hoja ho se na bopaki bo lekaneng bo ka fanang ka karabo e nang le matla, phuputso e nepahetseng ea morao-rao e supa hore sebaka ka sebele e ka ’na ea e-ba sehleke-hleke sa Krete (kapa mohlomong Krete ho kopanyeletsa le Lihleke-hleke tsa Aegean, tseo hammoho li nang le setso se tšoanang).”—Moqolo 1, leqephe la 610.

Tumellanong le sena, New World Translation of the Holy Scriptures ea baleha ho Amose 9:7: “‘Na ho ’na ha le joaloka bara ba Bakushe, Lōna bara ba Iseraele?’ ho rialo Jehova. ‘Na ha kea ka ka nyolla Iseraele ka boeona naheng ea Egepeta, le Bafilesta Krete, le Baasiria Kire?’”

Ha ho tsebahale hore na basesisi bana ba likepe ba boholo-holo ba ile ba falla neng Krete ho ea karolong ea Kanana e ileng ea bitsoa Filestia, lebōpong la leoatle le ka boroa-bophirimela lipakeng tsa Joppa le Gaza. Ho bonahala eka ba ne ba se ntse ba le sebakeng sena sa lithota se mosikong oa lebōpo la leoatle mehleng ea Abrahama le Isaaka.—Genese 20:1, 2; 21:32-34; 26:1-18.

Bafilesta ba ile ba tsoela pele e le tšusumetso e matla sebakeng seo nako e telele ka mor’a hore Baiseraele ba kene naheng eo Molimo a neng a ba tšepisitse eona. (Exoda 13:17; Joshua 13:2; Baahloli 1:18, 19; 3:3, 4; 15:9, 10; 1 Samuele 4:1-11; 7:7-14; 13:19-23; 1 Marena 16:15) Ho fihlela morao-rao nakong ea puso ea Uzzia morena oa Juda, Bafilesta ba ne ba ntse ba le metseng ea bona Gathe, Jabne, le Ashdode. (2 Likronike 26:6) Metse e meng ea bona e hlahellang litlalehong tsa Bibele e ne e le Ekrone, Ashkelone, le Gaza.

Alexandere e Moholo o ile a hapa motse oa Bafilesta oa Gaza, empa ka mor’a nako, kamoo ho bonahalang kateng Bafilesta ba ile ba khaotsa ho ba sechaba se arohileng. Moprofesa Lawrence E. Stager o ile a ngola ho Biblical Archaeology Review (May/June 1991): “Bafilesta le bona ba ile ba isoa kholehong Babylona. . . . Leha ho le joalo, ha ho tlaleho ea hore na ho ile ha etsahala eng ka Bafilesta ba neng ba le kholehong. Bao e ka bang mohlomong ba ile ba sala Ashkelone ka mor’a tlhōlo ea Nebukadrezare kamoo ho bonahalang kateng ba ne ba se ba se na se ba khethollang joaloka morabe osele. Ha e le hantle ba ile ba nyamela historing.”

Lebitso la mehleng ena Palestina le fumanehile mantsoeng a Selatine le Segerike, le ka saloa morao ho ea lentsoeng la Seheberu “Filestia.” Liphetolelo tse ling tsa Bibele ka puo ea Searabia li sebelisa lentsoe “Bafilesta” le ka ferekanngoang habonolo le lentsoe la mehleng ena le bolelang Mapalestina. Leha ho le joalo, Today’s Arabic Version e sebelisa lentsoe le fapaneng la Searabia, kahoo e khetholla lipakeng tsa Bafilesta ba boholo-holo le Mapalestina a mehleng ena.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Tse ling tsa lithako tsa Ashkelone

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela