Boqapi—Mpho eo Molimo a Fanang ka Eona ka Seatla se Bulehileng
JEHOVA o thabela mesebetsi eo a e qapileng. (Pesaleme ea 104:31) Khotsofalo e tebileng eo a e fumanang mosebetsing oa ho qapa e hlalosoa ho Genese 1:31: “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.”
Jehova ha aa ka a ipolokela thabo ena. O ile a neha Jesu tokelo ea ho ba kofuto, kapa sesebelisoa, seo ka sona lintho tsohle li ileng tsa qaptjoa. (Johanne 1:3; Ba-Kolosse 1:16, 17) Joaloka “motlatsi,” Jesu le eena o ne a “nyakaletse pel’a sefahleho sa [Jehova] ka mehla.”—Liproverbia 8:30, 31.
Empa matla a ho qapa ha a leholimong feela. “A haheletsoe ka hare ho moloko oa batho,” joalokaha Eugene Raudsepp a bolela bukeng ea hae How Creative Are You? Sena ha se iketsahalle feela ka tšohanyetso, hobane motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo. (Genese 1:26) Ka tsela eo Jehova o file moloko oa batho matla a ho qapa a khotsofatsang.—Jakobo 1:17.
Kahoo ha ho makatse hore ebe Bibele e bua hamolemo haholo ka ho bina, ho tjeka, ho loha, ho pheha, ho tseba mesebetsi ea matsoho, le boiteko bo bong ba ho qapa. (Exoda 35:25, 26; 1 Samuele 8:13; 18:6, 7; 2 Likronike 2:13, 14) Betsaleele, setsebi sa mesebetsi ea matsoho, o ile a sebelisa tsebo ea hae ea “ho qapa” bakeng sa ho thusa kahong ea tabernakele. (Exoda 31:3, 4) Molisa Jabale e ka ’na eaba e bile moqapi oa litente, boqapi bo molemo bakeng sa bophelo ba bo-hloma-o-hlomole. (Genese 4:20) Davida e ne e se sebini feela le moqapi, empa hape o ne a etsa liletsa tse ncha tsa ’mino. (2 Likronike 7:6; Pesaleme ea 7:17; Amose 6:5) E ka ’na eaba Miriame o ile a qapa motjeko oa thabo oo ka oona Baiseraele ba neng ba keteka topollo ea bona ea mohlolo ea ho tšela Leoatle le Lefubelu.—Exoda 15:20.
Hangata boqapi ke letlotlo tabeng ea ho phahamisa borapeli ba ’nete. Ka matla a boqapi Jesu o ile a sebelisa litšoantšo le mehlala ea sebele thutong bakeng sa ho fetisa molaetsa oa hae. Balateli ba hae ka ho tšoanang ba phehelloa ho ‘sebetsa polelong le thutong.’ (1 Timothea 5:17) E, mosebetsi oa bona oa ho bolela hase feela o etsoang ka tloaelo. Ke o etsoang ka tsebo e hlokang mekhoa ea ho ruta e bontšang boqapi. (Ba-Kolosse 4:6) Sena se hlokahala ka ho khethehileng ha motho a ruta bana ba hae.—Deuteronoma 6:6, 7; Ba-Efese 6:4.
Kahoo, Jehova o arolelana le ba bang thabo eo ho qapa ho mo fang eona. Ke mpho e fanoang ka seatla se bulehileng hakaakang!