Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 3/1 maq. 29-31
  • Bothata ba Thuto ea Bolumeli

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bothata ba Thuto ea Bolumeli
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Qaleha ha Bothata le ho Hōla ha Bona
  • Na Pauluse o ne a lumela ho “Boemo bo Bohareng”?
  • Tsoho—’Nete ea Bibele e Khanyang
  • Bontša Tumelo Bakeng sa Bophelo bo sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tumelo ea Hao e Matla Hakae Tsohong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Lefu le Tla Etsoa Lefeela”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 3/1 maq. 29-31

Bothata ba Thuto ea Bolumeli

“KHOPOLO ea ho se shoe ha moea le tumelo tsohong ea bafu . . . ke likhopolo tse peli maikutlong a fapaneng ka ho feletseng, ao ho lokeloang hore ho etsoe khetho lipakeng tsa ’ona.” Mantsoe ana a Philippe Menoud a akaretsa bothata bo talimaneng le baruti ba thuto ea bolumeli ba Maprostanta le ba K’hatholike mabapi le boemo ba bafu. Bibele e bua ka tšepo ea tsoho “ka letsatsi la bofelo.” (Johanne 6:39, 40, 44, 54) Moruti oa thuto ea bolumeli Gisbert Greshake, o re tšepo ea balumeli ba bangata “e thehiloe ho se shoeng ha moea, o arohanang le ’mele lefung ebe o khutlela ho Molimo, ha tšepo ea tsoho e batla e nyametse, haeba ha ea nyamela ka ho feletseng.”

Boemong boo, ho hlaha bothata bo bakang likhang, ho hlalosa Bernard Sesboüé: “Boemo ba bafu ke bofe nakong ea ‘khefu’ pakeng tsa ho shoa ha ’mele le tsoho ea ho qetela?” Ho bonahala potso eo e ’nile ea likoloha liphehisanong tsa thuto ea bolumeli lilemong tse seng kae tse fetileng. E bakiloe ke eng? ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, tšepo ea sebele ea bafu ke efe?

Ho Qaleha ha Bothata le ho Hōla ha Bona

Bakreste ba pele ba ne ba e-na le kutloisiso e hlakileng tabeng ena. Ba ne ba tseba ka Mangolo hore bafu ha ba tsebe ntho leha e le efe, hobane Mangolo a Seheberu a re: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng . . . Hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:5, 10) Bakreste bao ba ne ba tšepile hore tsoho e tla etsahala nakong e tlang “ho beng teng ha Morena.” (1 Ba-Thessalonika 4:13-17, NW) Ba ne ba sa lebella hore ba tla phela sebakeng se seng ha ba ntse ba letetse nako eo. Joseph Ratzinger, eo hona joale e leng hlooho ea Phutheho ea Vatican ea Thuto ea Tumelo, o re: “Ha ho na bopaki bo neng bo le teng Kerekeng ea boholo-holo bo neng bo tšehetsa thuto ea ho se shoe ha moea.”

Leha ho le joalo, Nuovo dizionario di teologia, e hlalosa hore ha ho baloa lingoliloeng tsa Bo-ntate ba Kereke, ba kang Augustine kapa Ambrose, “re hlokomela ntho e ’ngoe e ncha mabapi le neano ea Bibele—ho hlahella ha litumelo tsa Segerike, tse fapaneng ka ho feletseng le tsa Bakreste ba Bajode.” Thuto ena e ncha e ne e thehiloe “ho se shoeng ha moea, ho ahloloeng ha motho ka mong ka ho fumana moputso kapa kotlo kapele-pele ka mor’a lefu.” Kahoo, ho ile ha botsoa potso mabapi le “boemo bo bohareng”: Haeba moea oa phonyoha ha ’mele o e-shoa, ho etsahala’ng ka oona ha o ntse o letetse tsoho “ka letsatsi la bofelo”? Bona ke bothata boo baruti ba thuto ea bolumeli ba ’nileng ba loanela ho bo rarolla.

Lekholong la botšelela la lilemo C.E., Mopapa Gregory I o ile a pheha khang hore lefung kapele-pele meea e ea sebakeng seo e se reretsoeng esale pele. Mopapa John XXII oa lekholong la bo14 la lilemo o ne a kholisehile hore bafu ba tla amohela moputso oa bona oa ho qetela ka Letsatsi la Kahlolo. Leha ho le joalo, Mopapa Benedict XII, o ile a hanyetsa eo e neng e bile mopapa pele ho eena. Lengolong la bopapa le bitsoang Benedictus Deus (1336), o ile a laela hore “kapele ka mor’a lefu, meea ea ba shoeleng e kena boemong ba thabo e fetisisang [leholimo], ba tlhoekiso [pelekatori], kapa ba tsuo [lihele] ’me e tla kopanngoa le litopo tsa eona tse tsositsoeng bofelong ba lefatše.”

Ho sa tsotellehe ho phehisana le ho tsekisana, sena e ’nile ea e-ba boemo ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana ka makholo a lilemo, le hoja ka kakaretso likereke tsa Boprostanta le Orthodox li sa lumele pelekatori. Leha ho le joalo, ho tloha bofelong ba lekholo le fetileng la lilemo, litsebi tse eketsehileng ka palo li ile tsa lebisa tlhokomelo ea batho mohloling oo eseng oa Bibele oa thuto ea ho se shoe ha moea, ’me ka lebaka leo, “hona joale thuto ea bolumeli ea mehleng ena hangata e leka ho talima motho e le ntho e le ’ngoe e felang ka ho feletseng lefung.” (The Encyclopedia of Religion) Ka hona, bahlalosi ba Bibele ba fumana ho le thata ho paka bonnete ba ho ba teng ha “boemo bo bohareng.” Na Bibele e bua ka bona, kapa na e fana ka tšepo e fapaneng?

Na Pauluse o ne a lumela ho “Boemo bo Bohareng”?

Catechism of the Catholic Church e re: “Hore re tsohe le Kreste, re tlameha ho shoa le Kreste: re tlameha re ‘falle ’meleng’ ’me re be hae le Morena’. [2 Ba-Korinthe 5:8] Ka ho ‘falla’ hoo e leng lefu moea o arohanngoa le ’mele. [Ba-Filippi 1:23] O tla boela o kopanngoa le ’mele ka letsatsi la tsoho.” Empa litemaneng tse qotsitsoeng mona, na moapostola Pauluse o re moea oa phonyoha ha ’mele o e-shoa ebe joale o emela “Kahlolo ea ho Qetela” hore o tle o kopanngoe le ’mele?

Ho 2 Ba-Korinthe 5:1, Pauluse o supa lefu la hae ’me o bua ka ‘ntlo ea lefatše’ e “senyehang.” Na o ne a nahanne ka ’mele o siiloeng ke moea oa oona o sa shoeng? Che. Pauluse o ne a lumela hore motho ke moea, eseng hore o na le moea. (Genese 2:7; 1 Ba-Korinthe 15:45) Pauluse e ne e le Mokreste ea tlotsitsoeng ka moea eo tšepo ea hae, joaloka ea baena ba hae ba lekholong la pele la lilemo, e neng e ‘bolokiloe maholimong.’ (Ba-Kolosse 1:5; Ba-Roma 8:14-18) Ka hona, ‘takatso ea hae e tiileng,’ e ne e le ho tsosetsoa leholimong e le sebōpuoa sa moea se sa shoeng ka nako e khethiloeng ea Molimo. (2 Ba-Korinthe 5:2-4, bapisa le NW.) Ha a bua ka tšepo ena, o ile a ngola: “Re tla fetoha bohle . . . ka terompeta ea morao; hobane terompeta e tla lla, ’me bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, ’me le rōna re tla fetoha.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—1 Ba-Korinthe 15:51, 52.

Ho 2 Ba-Korinthe 5:8, Pauluse o re: “Re na le tšepo e tieang, ’me hoo re ho ratang ke ho falla ’meleng, re be hae ho Morena.” Ba bang ba lumela hore mantsoe ana a supa boemo bo bohareng ba ho leta. Ba joalo hape ba supa tšepisong ea Jesu ho balateli ba hae ba tšepahalang ea hore o ne a il’o lokisa sebaka seo a tla ba ‘amohella ho sona ka boeena.’ Empa litebello tse joalo li ne li tla phethahala neng? Kreste o boletse hore e ne e tla ba nakong ea ha a ‘e-tla hape’ ho beng teng ha hae ha nakong e tlang. (Johanne 14:1-3) Ka ho tšoanang, ho 2 Ba-Korinthe 5:1-10, Pauluse o boletse hore tšepo e tšoanang ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ne e le ho ja lefa la ho lula leholimong. Sena se ne se ke ke sa etsahala ka ho se shoe ho itseng ha moea ho inahaneloang, empa ka tsoho nakong ea ho ba teng ha Kreste. (1 Ba-Korinthe 15:23, 42-44) Mohlalosi Charles Masson o etsa qeto ea hore 2 Ba-Korinthe 5:1-10 “joale e ka utloisisoa hantle ka ntle le hore ho reteleheloe khopolong ea ‘boemo bo bohareng.’”

Ho Ba-Filippi 1:21, 23 (BPN), Pauluse o re: “Ho ’na, bophelo ke Kreste, ’me lefu le molemo ho feta. Ke qakiloe ke ntho tsena tse peli: Ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke e’o ba le Kreste, ’me hona ho molemo ka ho fetisisa.” Na moo Pauluse o bua ka “boemo bo bohareng”? Ba bang ba nahana joalo. Leha ho le joalo, Pauluse o bolela hore o ne a behiloe tlas’a khatello ea menyetla e ’meli—bophelo kapa lefu. O ile a eketsa, a bolela monyetla oa boraro, “ke lakatsa ho falla bophelong bona, ke e’o ba le Kreste.” Na ke ho “falla” ho ea ba le Kreste kapele-pele ka mor’a lefu? Ha e le hantle, joalokaha ho se ho bonahetse, Pauluse o ne a lumela hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba ne ba tla tsosoa nakong ea ho ba teng ha Kreste. Ka hona, e tlameha ebe o ne a nahanne ka liketsahalo tsa nako eo.

Sena se ka bonoa mantsoeng a hae a fumanoang ho Ba-Filippi 3:20, 21 le 1 Ba-Thessalonika 4:16. Ho “falla” ho joalo nakong ea ho ba teng ha Kreste Jesu ho ne ho tla nolofaletsa Pauluse ho amohela moputso oo Molimo a neng a mo lokiselitse oona. ’Nete ea hore ena e ne e le tšepo ea hae, e bonoa mantsoeng a hae ho mohlankana Timothea: “Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka oa ho loka oo ke o behetsoeng, oo Morena, moahloli ea lokileng, a tlang ho ’nea oona ka letsatsi lela, e seng ’na feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.”—2 Timothea 4:8.

Tsoho—’Nete ea Bibele e Khanyang

Bakreste ba pele ba ne ba talima tsoho e le ketsahalo e neng e tla qala nakong ea ho ba teng ha Kreste, ’me ba ile ba fumana matla le matšeliso ’neteng ena ea Bibele e khanyang. (Mattheu 24:3; Johanne 5:28, 29; 11:24, 25; 1 Ba-Korinthe 15:19, 20; 1 Ba-Thessalonika 4:13) Ka botšepehi ba ile ba letela bokamoso boo bo thabisang, ba qhelela thōko lithuto tsa bokoenehi tsa ho se shoe ha moea.—Liketso 20:28-30; 2 Timothea 4:3, 4; 2 Petrose 2:1-3.

Ka ho hlakileng, tsoho ha ea lekanyetsoa feela hore e felle ho Bakreste ba nang le tšepo ea leholimo. (1 Petrose 1:3-5) Bapatriareka le bahlanka ba bang ba Molimo ba boholo-holo ba ile ba bontša tumelo matleng a Jehova a ho khutlisetsa bafu bophelong lefatšeng. (Jobo 14:14, 15; Daniele 12:2; Luka 20:37, 38; Ba-Heberu 11:19, 35) Esita le ba limilione tse likete bao ho pholletsa le makholo a lilemo ba sa kang ba tseba Molimo le ka mohla, ba na le monyetla oa ho khutlela bophelong lefatšeng la paradeise, kaha “tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Liketso 24:15; Luka 23:42, 43) Na ee hase tebello e hlollang?

Ho e-na le ho etsa hore re lumele hore lefu le bohloko li tla ba teng kamehla, Jehova o lebisa tlhokomelo ea rōna nakong ea ha “sera sa ho qetela, lefu,” se tla tlosetsoa ruri ’me moloko oa batho o tšepahalang o tla phela ka ho sa feleng lefatšeng le tsosolositsoeng hore e be Paradeise. (1 Ba-Korinthe 15:26, NW; Johanne 3:16; 2 Petrose 3:13) E tla ba ho babatsehang hakaakang ho bona baratuoa ba rōna ba shoeleng ba khutlela bophelong! Tšepo ee e tiileng e molemo hakaakang ho feta khopolo e inahaneloang ea ho se shoe ha moea oa motho—thuto e thehiloeng filosofing ea Segerike, eseng Lentsoeng la Molimo! Haeba u beha tšepo ea hao tšepisong e tiileng ea Molimo, le uena u ka kholiseha hore haufinyane “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng”!—Tšenolo 21:3-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Tsoho ke ’nete ea Bibele e khanyang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela