Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 3/15 leq. 31
  • Jehova o Tla Boloka Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Tla Boloka Lefatše
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 3/15 leq. 31

Jehova o Tla Boloka Lefatše

BOEMA-FOFANE ba sehleke-hleke sa Maldives bo koaloa ka lihora tse ngata letsatsi ka leng. Hobane’ng? Hobane nakong eo maqhubu a phahameng haholo metsi a hohola tselana ea lifofane, ’me a etsa hore ho se ke ha sireletseha bakeng sa lifofane ho lula. Bo-rasaense ba bang ba tšaba hore bophahamo ba leoatle lihleke-hlekeng tsa Maldives bo ka ’na ba phahama bonyane ka mithara e le ’ngoe lilemong tse lekholo tse tlang. Le hoja sena se bonahala e le tekanyo e sa reng letho, keketseho e joalo e ka hlakola ka ho feletseng lichaba tse supileng tsa lihleke-hleke ’mapeng. Ho ea ka UN Chronicle, ka sebele bophahamo ba limithara tse peli bo ne bo ka koahela hoo e ka bang sehlopha sohle sa lihleke-hleke, e leng lihleke-hleke tse ka bang 1 200!

Ke eng se bakang ho eketseha ha bophahamo ba leoatle? Ho ea ka Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng, ho silafala ha sepaka-paka se potolohileng lefatše ka lebaka la meea e etsang hore lefatše le chese ho tlōla e baka hore maoatle likarolong tse futhumetseng haholoanyane a phatlohe, maqhoa le liqhoqhoane li qhibilihe, ’me kahoo, li baka hore bophahamo ba leoatle bo eketsehe. Mokhatlo oa Panos o London, o bolela hore ‘e ka ’na eaba tšilafalo e bakile tlokotsi e tlang butle-butle e fetolang meeli ea lefatše le leoatle ka boeona.’

Bo-rasaense ba ntse ba phehisana khang ka boteng ba mofuthu oa lefatše ka kakaretso. Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore mathata a tikoloho a ke ke a sitisa morero oa Molimo. Bibele e bolela hore “lefatše le behang le tsitsitse ka ho tiileng! Le ka mohla le ke ke la sisinyeha.” (1 Likronike 16:30, NW) Jehova o na le taolo holim’a tikoloho ea lefatše, ’me re ka thaba hore ebe haufinyane o tla sireletsa lefatše hammoho le moloko oa batho tšenyehong.—Pesaleme ea 24:1, 2; 135:6; 2 Petrose 3:13.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Drawing based on NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela