Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 3/15 leq. 32
  • Bibele ke Bokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele ke Bokae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 3/15 leq. 32

Bibele ke Bokae?

HAUFINYANE tjena Laebrari ea Brithani e lumetse ho lefa R5 800 000 bakeng sa kopi ea phetolelo ea Senyesemane ea Mangolo a Segerike a Bakreste ea William Tyndale. E hatisitsoe lilemong tse 468 tse fetileng, ke eona feela khatiso ea pele e feletseng ea Bibele ea Tyndale e phonyohileng boiteko bo matla ba ho e felisa. Bibele ena e behiloe pontšeng London.

Bibele ea Tyndale e ne e rekoe Kolecheng ea Baptist e Bristol, Engelane, moo esale e bolokoa teng ho tloha ka 1784. Dr. Roger Hayden, motlatsi oa molula-setulo oa komiti ea koleche, o ile a re: “Ena ke tokomane ea bohlokoa haholo ea sechaba, ea setso le ea Bokreste ’me re ne re batla hore e fumanehe ka bophara haholoanyane, joalokaha re ile ra e boloka ka likamoreng tsa polokelo tse ka tlas’a mohaho.”

Ka makholo a lilemo Bibele ena e ne e ’nile ea fumaneha haholo-holo ka Selatine ’me e ne e ka baloa feela ke baruti le batho ba rutehileng ba phahameng sechabeng. Joaloka John Wycliffe ea tlileng pele ho eena, Tyndale o ne a batla ho etsa hore ho fumanehe Bibele e neng e ka baloa le ho utloisisoa ke bohle. O kile a re ho moruti e mong ea neng a mo hanyetsa: ‘Haeba Molimo a boloka bophelo ba ka, pele ho lilemo tse ngata, ke tla etsa hore moshanyana ea hulang teu a tsebe Mangolo ho u feta.’

Ena e ne e le tšebetso e kotsi, kaha baruti ba ne ba hanyetsa ka bohale boiteko leha e le bofe ba ho etsa hore Mangolo a fumanehe ho batho ba tloaelehileng. Ka lebaka leo, Tyndale o ile a baleha Engelane a ea Jeremane. Ha a le moo o ile a fetolela “Testamente e Ncha” ho tsoa Segerikeng sa pele. Likopi tse ka bang 3 000 li ile tsa hatisoa eaba li kenngoa ka sekhukhu Engelane. Mobishopo oa London o ile a reka kopi e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a ka khona ho e fumana ’me a li chesa phatlalatsa setšeng sa kereke ea St. Paul. Qetellong, Tyndale o ile a tšoaroa, a qosoa, ’me a fumanoa a le molato oa bokhelohi. Ka 1536 o ile a fenethoa ’me a chesetsoa thupeng. Ke ho thahasellisang hakaakang hore ebe Bibele e neng e hloiloe hakaalo ke baruti, hona joale e bitsa chelete e ngata hakaale!

Ka tieo Lipaki tsa Jehova li loanela ho fetisetsa tsebo e nepahetseng ea Bibele ho bohle ba e batlang. Ka ntle le ho hatisa le ho aba liphetolelo tse ling, li hlahisitse phetolelo ea Bibele eohle e tsoang lipuong tsa pele e nepahetseng le e balehang habonolo. Ka 1995 likopi tse fetang 74 000 000 tsa New World Translation of the Holy Scriptures li ne li hatisitsoe ka lipuo tse 12. Ka ho hlakileng, bohlokoa ba sebele ba Bibele leha e le efe ke molaetsa oa eona o fanang ka bophelo.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

William Tyndale

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From an old engraving in the Bibliothèque Nationale

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela